Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Latela Kreste, Moeta-pele ea Phethahetseng

Ho Latela Kreste, Moeta-pele ea Phethahetseng

Ho Latela Kreste, Moeta-pele ea Phethahetseng

BATHO ba latelang babusi ba batho ba atisa ho soetseha. Leha ho le joalo, boeta-pele ba Kreste bo etsa hore batho ba ikokobelletsang bona ba ikutloe ka tsela e fapaneng haholo. Jesu o itse: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Mat. 11:28, 29) Boeta-pele ba Jesu boa khatholla ebile boa hlasimolla. O na le thahasello e tebileng ho batho ba tlaase le ba hateletsoeng, ’me o ba mema hore ba kene jokong ea hae e bobebe. Leha ho le joalo, ho latela boeta-pele ba Jesu ho akarelletsa’ng?

Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Pet. 2:21) Ke habohlokoa hakae hore re latele mehato ea Jesu? A re re u ne u le sehlopheng se neng se lokela ho feta sebakeng se nang le maraba a libomo ’me e le motho a le mong feela har’a lōna ea tsebang hore na le ka feta joang le sireletsehile. Na u ne u ke ke ua latela mehato ea hae haufi-ufi, mohlomong u be u hate mehlaleng ea hae? Ka tsela e tšoanang, tšireletseho ea rōna ea nakong e tlang e itšetlehile ka hore re latele mohlala oa Jesu ka hohle kamoo re ka khonang kateng tseleng eo re phelang ka eona. Ho etsa joalo ho akarelletsa ho mamela le ho phetha seo a se bolelang le ho sebelisana le baemeli ba hae.

Utloa Seo a se Bolelang ’me U se Phethe

Pejana Jesu a phethela Thuto ea hae ea Thabeng, o ile a re: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika. Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo, empa ha ea ka ea heleha, kaha e ne e thehiloe holim’a lefika.”—Mat. 7:24, 25.

Kahoo, Jesu o ile a bolela hore motho ea utloang mantsoe a hae a bile a a phetha o “masene.” Na re bontša hore re hlompha mohlala oa Kreste ebile rea o ananela ka hore re mamele ho tsoa botebong ba pelo, kapa re na le tšekamelo ea ho khetha feela litaelo tseo ho leng bonolo ho li mamela le tse lumellanang le rōna litaelong tsa Jesu? Jesu o itse: ‘Kamehla ke etsa lintho tse khahlisang Molimo.’ (Joh. 8:29) A re loaneleng ho etsisa mohlala oo.

Lekholong la pele la lilemo, baapostola ba ile ba beha mohlala o motle oa ho ikokobelletsa boeta-pele ba Kreste. Ka lekhetlo le leng, Petrose o ile a re ho Jesu: “Bona! Re siile lintho tsohle ’me re ’nile ra u latela.” (Mar. 10:28) Ka sebele, baapostola ba ne ba nka hore boeta-pele ba Jesu e ne e le ba bohlokoa haholo hoo ka boithatelo ba ileng ba siea lintho tse ling e le hore ba mo latele.—Mat. 4:18-22.

Sebelisana le Baemeli ba Kreste

Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolela tsela e ’ngoe eo re ka latelang boeta-pele ba hae ka eona. O ile a re: “Ea amohelang leha e le mang eo ke mo romang le ’na oa nkamohela.” (Joh. 13:20) Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela hore baemeli ba hae ba tlotsitsoeng ke ‘barab’abo.’ (Mat. 25:40) Ka mor’a hore Jesu a tsosetsoe maholimong, ‘barab’abo’ ba ile ba khethoa lebitsong la hae, e le manģosa “a emeng bakeng sa Kreste” ho mema ba bang hore ba boelane le Jehova Molimo. (2 Bakor. 5:18-20) Ho hlompha boeta-pele ba Kreste ho akarelletsa hore re ikokobeletse ‘barab’abo.’

E ka ba hantle hore re hlahlobe hore na re ikutloa joang ka keletso ea Mangolo e nakong e fanoang ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Ha re ithuta Mangolo re bile re ba teng libokeng tsa phutheho, re hopotsoa lipolelo tsa Kreste. (2 Pet. 3:1, 2) Re bontša hore re ananela lijo tsena tsa moea haholo ka hore re li je kamehla. Leha ho le joalo, re lokela ho ikutloa joang haeba keletso e itseng e pheta-phetoa nako le nako? Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le eletsa Bakreste hore ba nyale kapa ba nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Taba ena e ’nile ea tšohloa nako le nako Molula-Qhooeng ka lilemo tse fetang lekholo. Ka sebele, barab’abo Kreste ba bontša hore ba tsotella bomoea ba rōna ka ho hatisa lihlooho tse buang ka taba ena le likeletso tse ling tse bululetsoeng. Ho ela likhopotso tsena hloko ke tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re latela Moeta-pele oa rōna ea phethahetseng, Jesu Kreste.

Liproverbia 4:18 e re: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” Ka sebele, boeta-pele ba Jesu bo tsoela pele, ha boa ema nģa e le ’ngoe. Tsela e ’ngoe eo re ka sebelisanang le ‘barab’abo’ Kreste ka eona ke ka ho ba le maikutlo a matle ka lintlafatso leha e le life tse bang teng tseleng eo ka eona re utloisisang linnete tsa Mangolo tse hatisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45.

Re boetse re bontša hore re ikokobelletsa ‘barab’abo’ Kreste ka ho sebelisana le balebeli ba khethiloeng ka phuthehong ea Bokreste. Moapostola Pauluse o itse: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna.” (Baheb. 13:17) Ka mohlala, moholo a ka ’na a re fa khothatso mabapi le bohlokoa ba hore re be le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ba kamehla kapa a ka ’na a re fa litlhahiso mabapi le karolo e itseng ea tšebeletso ea rōna ea tšimo. Molebeli ea tsamaeang a ka ’na a re fa keletso e molemo ea Mangolo mabapi le karolo e itseng ea bophelo ba Bokreste. Ho sebelisa keletso e joalo ka boithatelo ho bontša hore re latela Moeta-pele oa rōna, Jesu.

Ka masoabi, lefatše ha le na boeta-pele bo khotsofatsang. Empa ruri ho latela boeta-pele bo lerato ba Kreste hoa khatholla! A re etseng sohle se matleng a rōna hore re mamele Moeta-pele oa rōna re be re sebelisane le batho bao a ba sebelisang kajeno.

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Na u amohela keletso ea Mangolo ea hore u se ke ua kena jokong le motho ea sa lumelang?