Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tšepa Jehova ka ho Feletseng ho Etsa Hore re be le Kholiseho

Ho Tšepa Jehova ka ho Feletseng ho Etsa Hore re be le Kholiseho

Ho Tšepa Jehova ka ho Feletseng ho Etsa Hore re be le Kholiseho

“Jehova o tla utloa ha ke hoeletsa ho eena.”—PES. 4:3.

1, 2. (a) Davida o ile a tobana le boemo bofe bo mahlonoko? (b) Re tla tšohla lipesaleme life?

MORENA DAVIDA o se a busitse Iseraele ka nako e itseng empa hona joale o tobane le boemo bo mahlonoko. Mora oa hae oa lehlabaphio, Absalome, o ile a etsa hore ho phatlalatsoe hore ke morena, ’me Davida a tlameha ho baleha Jerusalema. O boetse o tsoiloe tlaase ke motšepuoa oa hae, ’me joale o tsamaea le batho ba seng bakae ba tšepahalang ho eena, o tsamaea Thabeng ea Mehloaare a sa roala lieta a bile a ntse a lla. Ho feta moo, Shimei, eo e leng setho sa ntlo ea Morena Saule, o betsa Davida ka majoe ebile o mo hasa ka mobu a ntse a mo rohaka.—2 Sam. 15:30, 31; 16:5-14.

2 Na phihlelo ee e bohloko e tla theolela Davida Sheole ka mesarelo le lihlong? Che, hobane o tšepile Jehova. Sena se bonahala Pesalemeng ea 3, eo Davida a e qapileng mabapi le paleho ea hae. O ile a boela a ngola Pesaleme ea 4. Lipesaleme tsena tse peli li bontša hore Davida o ne a kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo ebile oa li araba. (Pes. 3:4; 4:3) Lipesaleme tsena li re kholisa hore Jehova o na le bahlanka ba hae ba tšepahalang bosiu le motšehare, o ba hlohonolofatsa ka tšehetso ea hae hammoho le ka khotso le tšireletseho. (Pes. 3:5; 4:8) Ka lebaka leo, a re ke re hlahlobeng lipesaleme tsena ’me re bone kamoo li re thusang kateng hore re be le kholiseho le hore re tšepe Molimo.

Ha ‘Batho ba Bangata ba re Tsohela Matla’

3. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 3:1, 2, boemo ba Davida e ne e le bofe?

3 Lenģosa le re: “Lipelo tsa batho ba Iseraele li setse Absalome morao.” (2 Sam. 15:13) A ipotsa hore na Absalome o khonne joang hore a tšehetsoe ke batho ba bangata hakaalo, Davida oa botsa: “Jehova, ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ka ba ngatafetse? Ke hobane’ng ha ba bangata ba ntsohela matla? Ba bangata ba re ka moea oa ka: ‘Ha ho poloko e tsoang ho Molimo bakeng sa hae.’” (Pes. 3:1, 2) Baiseraele ba bangata ba nahana hore Jehova a ke ke a lopolla Davida tlokotsing eo a tla e bakeloa ke Absalome le mahlahana a hae.

4, 5. (a) Davida o ne a kholisehile ka eng? (b) Mantsoe a reng, “Ea phahamisang hlooho ea ka” a na le moelelo ofe?

4 Empa Davida o kholisehile kaha o tšepile Molimo ka ho feletseng. Oa bina o re: “Leha ho le joalo, Jehova, u thebe e mpotolohileng, u khanya ea ka le Ea phahamisang hlooho ea ka.” (Pes. 3:3) Davida o kholisehile hore Jehova o tla mo sireletsa feela joalokaha thebe e sireletsa lesole. Morena ea tsofetseng o baleha a ikoahetse hloohong a bile a iname ke ho hlajoa ke lihlong. Empa Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla fetola boemo ba Davida hore a tlotlisoe. Jehova o tla mo thusa hore a eme a otlolohile, a phahamise hlooho ’me a se ke a hlola a hlajoa ke lihlong. Davida o kōpa thuso ho Molimo a kholisehile hore O tla mo araba. Na le uena u bontša hore u tšepile Jehova ka tsela e tšoanang?

5 Ka mantsoe a reng, “Ea phahamisang hlooho ea ka,” Davida o bontša hore thuso eo a tla e fumana e tsoa ho Jehova. Today’s English Version e re: “Empa uena, MORENA, kamehla u thebe ea ka kotsing; u mpha tlhōlo ’me u tsosolosa sebete sa ka.” Mabapi le mantsoe a reng, “Ea phahamisang hlooho ea ka,” buka e ’ngoe e re: “Ha Molimo a phahamisa . . . ‘hlooho’ ea motho, O etsa hore a tlale tšepo le kholiseho.” Davida o na le lebaka le utloahalang la hore a nyahame ka lebaka la ho tlosoa teroneng ea Iseraele. Leha ho le joalo, ‘ho phahamisoa ha hlooho ea hae’ ho tla etsa hore a boele a be le sebete, kholiseho, le tšepo e feletseng ho Molimo.

‘Jehova o Tla Araba!’

6. Ke hobane’ng ha Davida a ile a bolela hore Jehova o ne a tla araba thapelo ea hae a le thabeng ea Hae e halalelang?

6 Kaha Davida o tšepile Jehova ebile o tletse kholiseho, o tsoela pele o re: “Ke tla hoeletsa ho Jehova ka lentsoe la ka, o tla nkaraba a le thabeng ea hae e halalelang.” (Pes. 3:4) Tumellanong le litaelo tsa Davida, areka ea selekane, e neng e tšoantšetsa boteng ba Molimo, e isitsoe Thabeng ea Sione. (Bala 2 Samuele 15:23-25.) Kahoo, ho loketse hore ebe Davida o bolela hore Jehova o tla araba thapelo ea hae a le thabeng ea Hae e halalelang.

7. Ke hobane’ng ha Davida a sa ka a tšoha letho?

7 Kaha o ne a kholisehile hore ho rapela Molimo e ne e ke ke ea e-ba ha lefeela, Davida ha a tšohe. Ho e-na le hoo, oa bina o re: “Ha e le ’na, ke tla sekama e le hore nka robala; ka sebele ke tla tsoha, etsoe Jehova o ntse a ntšehetsa.” (Pes. 3:5) Esita le bosiu, e leng nako eo ka eona a leng kotsing e khōlō ka ho fetisisa ea ho hlaseloa ka tšohanyetso, Davida ha a tšabe ho robala. O kholisehile hore o tla tsoha, hobane lintho tse mo hlahetseng nakong e fetileng li entse hore a kholisehe ka ho feletseng hore a ka tšepa hore ntle ho pelaelo Molimo o tla mo tšehetsa. Le rōna re ka kholiseha ka tsela e tšoanang haeba re khomarela “litsela tsa Jehova” ’me le ka mohla re sa li khelohe.—Bala 2 Samuele 22:21, 22.

8. Pesaleme ea 27:1-4 e bontša joang hore Davida o ne a tšepile Molimo?

8 Kholiseho ea Davida le tšepo e feletseng eo a neng a e-na le eona ho Molimo li boetse li bonahala pesalemeng e ’ngoe ea hae, e nang le mantsoe ana a bululetsoeng: “Jehova ke leseli la ka le poloko ea ka. Ke tla tšaba mang? Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka. Ke tla tšoha mang? . . . Le hoja batho ba liahelong ba ka hloma tente khahlanong le ’na, pelo ea ka e ke ke ea tšaba. . . . Ke kōpile ntho e le ’ngoe ho Jehova—ke seo ke tla se batla, hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka, ho bona thabo ea Jehova le ho talima tempele ea hae ka kananelo.” (Pes. 27:1-4) Haeba eo ke tsela eo u ikutloang ka eona ebile maemo a hao a u lumella, u tla bokana kamehla le barapeli ba bang ba Jehova.—Baheb. 10:23-25.

9, 10. Ho sa tsotellehe mantsoe a Pesaleme ea 3:6, 7, u ka re ke hobane’ng ha Davida a ne a se na moea oa boiphetetso?

9 Le hoja Davida a tobane le bohlabaphio ba Absalome le ho se tšepahale ha batho ba bang ba bangata, oa bina o re: “Nke ke ka tšaba batho ba likete tse leshome ba nketselitseng thekō ka hohle. Tsoha, Jehova! U mpholose, Molimo oa ka! Etsoe u tla lokela ho otla lira tsohle tsa ka mohlahareng. U tla lokela ho roba meno a ba khopo.”Pes. 3:6, 7.

10 Davida ha a na moea oa boiphetetso. Haeba lira tsa hae li ne li lokela ho ‘otloa mohlahareng,’ ke Molimo ea neng a tla li otla. Morena Davida o ikopilelitse Molao ’me oa tseba hore ho oona Jehova o re: “Phetetso ke ea ka, le tefetso.” (Deut. 17:14, 15, 18; 32:35) Ebile ke boikarabelo ba Molimo ho “roba meno a ba khopo.” Ho ba roba meno ho bolela ho etsa hore ba se ke ba ba le matla a ho baka kotsi. Jehova ke eena ea tsebang hore na ba khopo ke bo-mang hobane “o bona seo pelo e leng sona.” (1 Sam. 16:7) Ruri rea thaba hore ebe Molimo o etsa hore re be le tumelo le matla a ho ema re tiile khahlanong le motho ea ka sehloohong ea khopo, e leng Satane, eo haufinyane a tla lahleloa ka mohohlong joaloka tau e purumang feela empa e se na meno, e lokeloang feela ke hore e timetsoe!—1 Pet. 5:8, 9; Tšen. 20:1, 2, 7-10.

“Poloko ke ea Jehova”

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapella balumeli-’moho le rōna?

11 Davida oa hlokomela hore ke Jehova feela ea ka tlisang topollo eo a e hlokang ka matla. Empa mopesaleme ha aa inahana boeena feela. Ho thoe’ng ka batho ba bang ka kakaretso ba hauhetsoeng ke Jehova? Ka nepo, Davida o phethela pesaleme ea hae e bululetsoeng ka mantsoe a reng: “Poloko ke ea Jehova. Tlhohonolofatso ea hao e holim’a batho ba hao.” (Pes. 3:8) Ke ’nete hore Davida o na le mathata a maholo, empa o nahana ka batho ba Jehova ka kakaretso ’me o kholisehile hore Molimo o tla ba hlohonolofatsa. Na le rōna ha rea lokela ho nahana ka balumeli-’moho le rōna? A re ba hopoleng lithapelong tsa rōna, re kōpe Jehova hore a ba fe moea oa hae o halalelang e le hore ba ka ba sebete le hore ba phatlalatse litaba tse molemo ka kholiseho.—Baef. 6:17-20.

12, 13. Ho ile ha etsahala’ng ka Absalome, hona Davida o ile a etsa’ng?

12 Absalome o ile a shoa ka tsela e hlabisang lihlong—e leng temoso ho bohle ba neng ba ka hlekefetsa ba bang, haholo-holo batlotsuoa ba Molimo, ba kang Davida. (Bala Liproverbia 3:31-35.) Ho qhoma ntoa, ’me mabotho a Absalome aa hlōloa. Absalome o baleha a palame ’moulo ’me moriri oa hae o sehlotho o tšoaseha lekaleng la sefate se seholo. O ile a leketla moo—a ntse a phela empa ho se seo a ka se etsang—ho fihlela Joabe a mo bolaea ka ho mo hlaba ka metsu e meraro pelong.—2 Sam. 18:6-17.

13 Na Davida oa thaba ha a utloa se hlahetseng mora oa hae? Che. Ho e-na le hoo, oa rabaraba, oa lla ’me oa hoeletsa o re: “Mora oa ka Absalome, mora oa ka, mora oa ka Absalome! Hoja ebe ke shoele, ho e-na le uena, Absalome mora oa ka, mora oa ka!” (2 Sam. 18:24-33) Mantsoe a Joabe ke ’ona feela a etsang hore Davida a khaotse ho sareloa ho neng ho batla ho mo sithabetsa. Ruri eo e bile qetello e bohloko ho Absalome, eo ho rata bophahamo ho ileng ha mo susumelletsa hore a loantše ntate oa hae—e leng motlotsuoa oa Jehova—a be a ipakele tlokotsi!—2 Sam. 19:1-8; Liprov. 12:21; 24:21, 22.

Davida o Boetse o Bontša Hore o Tšepa Molimo

14. Ho ka thoe’ng mabapi le ho qaptjoa ha Pesaleme ea 4?

14 Joaloka Pesaleme ea boraro, Pesaleme ea bone le eona ke thapelo e tiileng ea Davida e bontšang hore o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng. (Pes. 3:4; 4:3) Mohlomong Davida o ile a qapa pina ena e le hore a bontše ho imoloha le ho leboha Molimo ka mor’a hore boiteko ba Absalome ba ho liha ’muso bo folotse. Kapa e ka ’na eaba e ile ea ngoloa ho nahannoe ka libini tsa Balevi. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho thuisa ka eona ho ka matlafatsa tšepo ea rōna ho Jehova.

15. Ke hobane’ng ha re ka rapela Jehova ka kholiseho ka Mora oa hae?

15 Davida o boetse o bontša tšepo e feletseng ho Molimo ’me o bontša hore o kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo tsa hae ebile oa li araba. Oa bina o re: “Ha ke hooa, u nkarabe, Molimo oa ka ea lokileng. U nketsetse sebaka se pharaletseng ha ke le mahlomoleng. Mpontše mohau ’me u utloe thapelo ea ka.” (Pes. 4:1) Le rōna re ka kholiseha ka tsela e tšoanang haeba re etsa lintho tse lokileng. Kaha re hlokomela hore Jehova, ‘Molimo ea lokileng,’ o hlohonolofatsa batho ba hae ba lokileng, re ka mo rapela ka kholiseho ka Mora oa hae re e-na le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (Joh. 3:16, 36) Ruri sena se re fa khotso!

16. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Davida a ile a nyahama?

16 Ka linako tse ling, re ka ’na ra tobana le boemo bo nyahamisang bo etsang hore re felloe ke kholiseho. E ka ’na eaba ke sona se ileng sa etsahalla Davida ka nakoana, hobane ha a bina o re: “Lōna bara ba batho, khanya ea ka e tla rohakoa halelele hakae, ha le ntse le rata lintho tsa lefeela, ha le ntse le batla ho fumana leshano?” (Pes. 4:2) Ntle ho pelaelo mantsoe a reng, “bara ba batho” a bua ka batho empa e le ka tsela e sa amoheleheng. Lira tsa Davida ‘li ne li rata lintho tsa lefeela.’ New International Version e fetolela temana eo tjena: “Le tla rata thetso le be le batle melimo ea bohata ho fihlela neng?” Esita le haeba re nyahamisoa ke seo batho ba bang ba se etsang, a re tsoeleng pele re rapela ka tieo re bile re bontša hore re tšepa Molimo a le mong feela oa ’nete ka ho feletseng.

17. Hlalosa hore na re ka etsa lintho tumellanong le Pesaleme ea 4:3 joang.

17 Tsela eo Davida a neng a tšepa Molimo ka eona e hlakisoa ke mantsoe a reng: “Kahoo tsebang hore ka sebele Jehova o tla khetholla ea tšepahalang oa hae; Jehova o tla utloa ha ke hoeletsa ho eena.” (Pes. 4:3) Ho hlokahala hore re be sebete re be re tšepe Jehova ka ho feletseng e le hore re ka lula re tšepahala ho eena. Ka mohlala, ho hlokahala hore lelapa la Bakreste le be le litšobotsi tsena ha setho sa lelapa se sa bakeng se khaoloa. Molimo o hlohonolofatsa batho ba tšepahalang ho eena ba bile ba tšepahalla litsela tsa hae. Ka lehlakoreng le leng, botšepehi le ho tšepa Jehova ka ho feletseng ho etsa hore ho rene thabo har’a batho ba hae.—Pes. 84:11, 12.

18. Tumellanong le Pesaleme ea 4:4, re lokela ho etsa’ng haeba re buisitsoe hampe kapa re tšoeroe hampe?

18 Re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a bua kapa a etsa lintho tse re khopisang? Re ka lula re thabile haeba re etsa seo Davida a se buang: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong, holim’a libethe tsa lōna, ’me le khutse.” (Pes. 4:4) Haeba motho e mong a re buisitse hampe kapa a re tšoere hampe, a re se keng ra etsa sebe ka ho iphetetsa. (Bar. 12:17-19) Re ka buela ka lipelong tsa rōna re le holim’a libethe tsa rōna. Haeba re rapella taba eo, re ka ’na ra fetola maikutlo a rōna ka eona ebe re susumelletseha ho tšoarela motho ka lerato. (1 Pet. 4:8) Keletso ea moapostola Pauluse eo ho bonahalang e thehiloe Pesalemeng ea 4:4 ke ea bohlokoa tabeng ena, o re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.”—Baef. 4:26, 27.

19. Pesaleme ea 4:5 e ka re thusa joang mabapi le mahlabelo a rōna a moea?

19 Ha a hatisa bohlokoa ba ho tšepa Molimo, Davida oa bina o re: “Etsang mahlabelo a ho loka, le tšepe Jehova.” (Pes. 4:5) Mahlabelo a neng a nyeheloa ke Baiseraele e ne e e-ba a bohlokoa hafeela ba ne ba a nyehela ka sepheo se nepahetseng. (Esa. 1:11-17) E le hore Molimo a ka amohela mahlabelo a rōna a moea, le rōna re lokela ho ba le sepheo se setle ’me re tlameha ho mo tšepa ka ho feletseng.—Bala Liproverbia 3:5, 6; Baheberu 13:15, 16.

20. ‘Leseli la sefahleho sa Jehova’ le tšoantšetsa’ng?

20 Davida o tsoela pele: “Ho na le ba bangata ba reng: ‘Ke mang ea tla re bontša se molemo?’ Jehova, phahamisetsa leseli la sefahleho sa hao ho rōna.” (Pes. 4:6) ‘Leseli la sefahleho sa Jehova’ le tšoantšetsa mohau oa hae. (Pes. 89:15) Kahoo ha Davida a rapela a re: ‘Phahamisa leseli la sefahleho sa hao,’ o bolela hore ‘re bontše mohau.’ Kaha re tšepa Jehova, o re bontša mohau ebile re thaba haholo ha re ntse re etsa thato ea hae ka kholiseho.

21. Re ka kholiseha ka eng haeba re kopanela ka botlalo mosebetsing oa kajeno oa kotulo ea moea?

21 Kaha Davida o ne a lebeletse lintho tse tsoang ho Molimo tse thabisang ho feta tsa nakong ea kotulo, o ile a binela Jehova a re: “Ka sebele u tla fana ka thabo ka pelong ea ka e khōlō ho feta nakong ea ha lijo-thollo tsa bona le veine ea bona e ncha e le ngata.” (Pes. 4:7) Re ka kholiseha hore re tla thaba ho tsoa botebong ba pelo haeba re ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa kajeno oa kotulo ea moea. (Luka 10:2) Ha ‘sechaba se nang le baahi ba bangata’ sa batlotsuoa se ntse se etella pele, rea thaba ha lenane la ‘bakotuli’ le ntse le eketseha. (Esa. 9:3) Na u kenya letsoho ka tsela e khotsofatsang e le kannete kotulong ee e thabisang?

Tsoela Pele ka Kholiseho U Tšepile Molimo ka ho Feletseng

22. Tumellanong le Pesaleme ea 4:8, lintho li ne li tsamaela Baiseraele joang ha ba ne ba boloka Molao oa Molimo?

22 Davida o phethela pesaleme ena ka mantsoe ana: “Ke tla sekama ’me ke robale ka khotso, etsoe, Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.” (Pes. 4:8) Ha Baiseraele ba ne ba boloka Molao oa Jehova, ho ne ho e-ba le khotso pakeng tsa bona le eena ’me ba ne ba ikutloa ba sireletsehile. Ka mohlala, ‘Bajuda le Baiseraele ba ile ba lula ba sireletsehile’ nakong ea puso ea Solomone. (1 Mar. 4:25) Batho ba neng ba tšepa Molimo ba ne ba e-ba le khotso esita le ha lichaba tsa boahelani li ne li tletse bora. Joaloka Davida, re robala ka khotso hobane Molimo o etsa hore re ikutloe re sireletsehile.

23. Re ka fumana eng haeba re tšepa Molimo ka ho feletseng?

23 A re tsoeleng pele ka kholiseho tšebeletsong ea Jehova. E se eka re ka boela ra rapela ka tumelo ebe re fumana “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:6, 7) Ruri seo se re thabisa haholo! Ho feta moo, ruri re ka talimana le bokamoso ka kholiseho haeba re lula re tšepa Jehova ka ho feletseng.

U ka Araba Joang?

• Davida o ile a thulana le mathata afe ka lebaka la Absalome?

Pesaleme ea 3 e etsa hore re be le kholiseho joang?

Pesaleme ea 4 e ka matlafatsa tšepo ea rōna ho Jehova ka litsela life?

• Ho tšepa Molimo ka ho feletseng ho ka re tsoela molemo joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Esita le ha a ne a baleha ka lebaka la Absalome, Davida o ne a tšepile Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Na u tšepile Jehova ka ho feletseng?