Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Malapa a Bakreste—“Le Lule le Lokile”

Malapa a Bakreste—“Le Lule le Lokile”

Malapa a Bakreste—“Le Lule le Lokile”

“Le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.”—LUKA 12:40.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko keletso ea Jesu ea hore ‘re lule re lokile’?

“HA Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae” ’me a arola “batho e mong ho e mong,” ho tla etsahala’ng ka uena le lelapa la hao? (Mat. 25:31, 32) Kaha sena se tla etsahala ka hora eo re sa nahaneng hore e ka ba eona, ruri ke habohlokoa haholo hore re ele hloko keletso ea Jesu ea hore ‘re lule re lokile’!—Luka 12:40.

2 Sehloohong se tlileng pele ho sena, ho tšohliloe kamoo setho ka seng sa lelapa se ka thusang lelapa lohle kateng hore le lule le falimehile moeeng ka hore se nke boikarabelo ba sona ka botebo. A re ke re tšohleng litsela tse ling tseo re ka kenyang letsoho ka tsona ho etsa hore malapa a rōna kapa abo rōna a be matla moeeng.

Etsang Hore Mahlo a Lōna a Lule a ‘Talimile Nģa e le ’Ngoe’

3, 4. (a) Malapa a Bakreste a lokela ho itebela ho eng? (b) Ho etsa hore mahlo a rōna a lule a ‘talimile nģa e le ’ngoe’ ho bolela’ng?

3 E le hore malapa a ka lula a loketse ho tla ha Kreste, a tlameha ho ba hlokolosi hore a se ke a faposoa linthong tse amanang le borapeli ba ’nete. A lokela ho itebela hore a se ke a khelosoa ke litšitiso. Kaha malapa a mangata a tšoasitsoe ke leraba la ho rata lintho tse bonahalang, hlokomela seo Jesu a se buileng mabapi le ho etsa hore mahlo a rōna a lule a ‘talimile nģa e le ’ngoe.’ (Bala Matheu 6:22, 23.) Joalokaha lebone le ka khantša tsela eo re tsamaeang ho eona ebe le re thusa hore re se ke ra oa ha re tsamaea, seo re se bonang ka ‘mahlo a tšoantšetso a lipelo tsa rōna’ se ka re beha leseling, sa re thusa hore re itšoare ka tsela eo re ke keng ra khoptjoa.—Baef. 1:18.

4 E le hore leihlo la sebele le ka bona ka ho hlaka, le tlameha ho sebetsa ka nepo ’me le khone ho tsepama ho seo le se shebileng. Ho joalo le ka mahlo a pelo. Ho ba le leihlo la tšoantšetso le talimileng nģa e le ’ngoe ho bolela hore re tsepamisitse mohopolo morerong o le mong. Ho e-na le hore bophelong re shebane feela le ho batla lintho tse bonahalang le ho ameha haholo ka ho hlokomela malapa a rōna nameng, re lula re tsepamisitse mahlo a rōna linthong tsa moea. (Mat. 6:33) Sena se bolela hore re lula re khotsofaletse lintho tseo re nang le tsona ’me re etelletsa tšebeletso ea Molimo pele bophelong ba rōna.—Baheb. 13:5.

5. Ngoanana e mong o ile a bontša joang hore “leihlo” la hae le ne le tsepame tabeng ea ho sebeletsa Molimo?

5 Ruri ha bana ba koetlisoa hore mahlo a bona a lule a talimile nģa e le ’ngoe ho ka ba le litholoana tse molemo! Nahana ka mohlala oa ngoanana e mong oa naheng ea Ethiopia. O ile a sebetsa hantle haholo sekolong hoo e ileng eare ha a qeta thuto ea hae ea motheo, a ileng a tšepisoa lihlapiso tsa hore a ntšetse thuto ea hae pele. Leha ho le joalo, kaha leihlo la hae le ne le tsepame tabeng ea hore a sebeletse Jehova, o ile a hana lihlapiso tseo. Nakoana ka mor’a moo, o ile a fumana mosebetsi oo ho oona a neng a tšepisoa moputso oa li-euro tse 3 000 (R28 200) ka khoeli—e leng chelete e ngata ha e ne e bapisoa le moputso o neng o tloaelehile naheng ea habo. Empa “leihlo” la ngoanana eo le ne le tsepame tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ha hoa ka ha hlokahala hore a rerisane le batsoali ba hae hore a hane mosebetsi oo. Batsoali ba hae ba ile ba ikutloa joang ha ba ne ba utloa seo morali oa bona a neng a se entse? Ba ile ba thaba ’me ba mo bolella kamoo ba neng ba le motlotlo ka eena kateng!

6, 7. Re lokela ho ‘lula re butse mahlo’ mabapi le likotsi life?

6 Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:22, 23 a na le temoso e totobetseng mabapi le meharo. Jesu ha aa ka a bapisa poleloana ‘ho talima nģa e le ’ngoe’ le lehanyetsi la eona e leng “ho qamaka,” empa o ile a e bapisa le ho ba “khopo.” ‘Leihlo le khopo’ “le lebe; le na le mohono,” ka mantsoe a mang, le chacheha ka mohono kapa le meharo. (Mat. 6:23; NW, ftn.) Jehova o ikutloa joang ka ho chacheha ka mohono kapa meharo? Bibele e re: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo [kapa, “ho chacheha ka mohono”] le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna.”—Baef. 5:3; NW, ftn.

7 Le hoja ho ka ba bonolo ho hlokomela hore motho e mong o meharo, ha ho bonolo hakaalo hore rōna re itlhokomele haeba re le meharo. Kahoo, e ka ba bohlale hore re ele hloko keletso ena ea Jesu: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:15) Ho etsa joalo ho hloka hore re itlhahlobe ho bona hore na re tsepamisitse lipelo tsa rōna hokae. Malapa a Bakreste a lokela ho nahana ka botebo ka nako le chelete eo a e sebelisang boithabisong, boikhathollong le ho batla lintho tse bonahalang.

8. Re ka ‘lula re butse mahlo’ joang tabeng ea ho reka lintho?

8 Pele u reka ntho, ha ua lokela ho nahana feela ka hore na u na le chelete e lekaneng ea ho e reka kapa che. Nahana ka lipotso tse kang tsena: ‘Na ke tla ba le nako ea ho sebelisa thepa ee kamehla ke be ke khone ho e hlokomela? Ho tla nka nako e kae hore ke ithute ho e sebelisa hantle?’ Bacha, le se ke la kholoa lipapatso tsohle tsa lefatše mabapi le thepa e rekoang ebe le batla ho reka liaparo tsa mabitso tse turang kapa lintho tse ling le hoja le sa li hloke. E-bang le boitšoaro. Hape, nahanang hore na ho reka ntho e itseng ho tla thusa malapa abo lōna hore a lule a loketse ho tla ha Mor’a motho kapa che. E-bang le tumelo tšepisong ea Jehova e reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheb. 13:5.

Phehellang Lipakane Tsa Moea

9. Ho hahamalla lipakane tsa moea ho ka thusa lelapa joang?

9 Tsela e ’ngoe eo litho tsa malapa li ka matlafatsang tumelo ea tsona tsa ba tsa kenya letsoho tabeng ea hore lelapa ka kakaretso le be matla moeeng, ke ka hore li ipehele lipakane tsa moea li be li li hahamalle. Sena se tla thusa malapa ho bona hore na a sebetsa joang tšebeletsong ea ’ona ho Jehova ebile ho ka a thusa hore a khethe hore na ke lintho life tseo e lokelang ho ba tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ’ona.—Bala Bafilipi 1:10.

10, 11. Ke lipakane life tsa moea tseo le li phehellang le le lelapa, hona le ka rata ho ipehela lipakane life tsa nakong e tlang?

10 Esita le ho ipehela lipakane tse nyenyane tse utloahalang, tseo setho ka seng sa lelapa se ka li finyellang ho ka tsoela lelapa molemo. Ka mohlala, nahana ka pakane ea ho tšohla temana ea letsatsi kamehla. Litlhaloso tseo litho tsa lelapa li fanang ka tsona li ka thusa hlooho ea lelapa ho hlokomela boemo ba tsona ba moea. Pakane ea hore lelapa le bale Bibele hammoho kamehla e fana ka monyetla o motle oa hore bana ba ntlafatse tsebo ea bona ea ho bala hammoho le tsela eo ba utloisisang molaetsa oa Bibele ka eona. (Pes. 1:1, 2) Na e ke ke ea e-ba hantle hore re ikemisetse ho ntlafatsa lithapelo tsa rōna? Pakane e ’ngoe e ntle eo re ka e hahamallang ke ho loanela ho bonahatsa litšobotsi tsa tholoana ea moea haholoanyane. (Bagal. 5:22, 23) Ntle le moo, ho ka ba joang ha re ka batla litsela tsa ho bontša hore re amehile ka batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo? Ha lelapa le loanela ho etsa joalo, seo se ka thusa bana hore ba ithute ho ba le kutloelo-bohloko, ’me ho ka etsahala hore ba lakatse ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa baromuoa.

11 Ho ka ba joang ha uena le ba lelapa la hao le ka hlahloba lipakane tseo le ka li hahamallang? Na lelapa la hao le ka ipehela pakane ea ho qeta nako e ngatanyana tšebeletsong? Na u ka loanela ho hlōla tšabo ea ho paka ka thelefono, seterateng kapa libakeng tsa khoebo? U nahana joang ka ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba bangata ba ’Muso? Na ebe setho se seng sa lelapa se ka ithuta puo e ’ngoe e le hore se ka bolella batho ba lichaba tse ling litaba tse molemo?

12. Lihlooho tsa malapa li ka etsa’ng ho thusa malapa a tsona hore a hōle moeeng?

12 Joaloka hlooho ea lelapa, ela hloko likarolo tseo lelapa la hao le ka ntlafatsang ho tsona moeeng. Ka mor’a moo, beha lipakane tse tobileng tsa ho finyella seo. Lipakane tseo le ipehelang tsona le le lelapa e lokela ho ba tse utloahalang le tseo le ka li finyellang ho ea ka maemo le bokhoni ba lōna. (Liprov. 13:12) Ho hlakile hore ho finyella pakane ea bohlokoa ho nka nako. Kahoo, rekang nako eo le e qetang le shebeletse thelevishene ebe le e sebelisetsa lipakane tsa moea. (Baef. 5:15, 16) Sebetsang ka thata hore le finyelle lipakane tseo le ipehetseng tsona le le lelapa. (Bagal. 6:9) Lelapa le hahamallang lipakane tsa moea le tla etsa hore tsoelo-pele ea lona ‘e bonahale ho batho bohle.’—1 Tim. 4:15.

Lulang le E-na le Borapeli ba Lelapa ba Mantsiboea

13. Ke phetoho efe e ileng ea etsoa kemisong ea liboka tsa phutheho tsa beke le beke, hona re lokela ho nahana ka lipotso life?

13 Ntho ea bohlokoa haholo e ka thusang malapa hore ‘a lule a loketse’ ho tla ha Mor’a motho, ke phetoho e khōlō e ileng ea etsoa kemisong ea liboka tsa beke le beke, e ileng ea qala ho sebetsa ka la 1 January, 2009. Ha ho sa hlokahala hore re kopane ka letsatsi le itseng har’a beke bakeng sa seboka se neng se bitsoa Thuto ea Buka ea Phutheho. Seboka sena se se se kopantsoe le seboka sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Phetoho ena e ile ea etsoa ka morero oa ho fa malapa a Bakreste monyetla oa hore a imatlafatse moeeng ka ho behella mantsiboea a itseng ka thōko beke le beke bakeng sa borapeli ba lelapa. Joalokaha ho se ho fetile nakoana ho tloha ha ho ne ho etsoa phetoho eo, re ka ipotsa: ‘Na re sebelisa nako ee eo re e filoeng bakeng sa Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea kapa thuto ea botho? Na ke atlehile ho finyella morero oa tokisetso eo?’

14. (a) Morero o moholo oa ho ba le lenaneo le tsoelang pele la Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea kapa thuto ea botho ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho behella mantsiboea a itseng ka thōko bakeng sa ho ithuta e le habohlokoa?

14 Morero o moholo oa ho lula re e-na le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea kapa thuto ea botho ke hore re atamele haufi le Molimo. (Jak. 4:8) Ha re qeta nako re ithuta Bibele kamehla re bile re eketsa tsebo eo re nang le eona ka ’Mōpi, kamano ea rōna le eena ea matlafala. Ha re atamela haufi le Jehova haholoanyane, re tla susumelletseha le ho feta hore re mo rate ‘ka lipelo tsa rōna tsohle le ka meea ea rōna eohle le ka likelello tsa rōna tsohle le ka matla a rōna ’ohle.’ (Mar. 12:30) Ka sebele, re chesehela ho mamela Molimo le ho ba baetsisi ba hae. (Baef. 5:1) Ka lebaka leo, ho ba le lenaneo le tsoelang pele la Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, ke karolo ea bohlokoa e tla thusa litho tsohle tsa malapa a rōna hore li ‘lule li lokile’ moeeng ha re ntse re letetse “matšoenyeho a maholo” a boletsoeng esale pele. (Mat. 24:21) Borapeli ba Lelapa ke ba bohlokoa e le hore re ka pholoha.

15. Ho ba le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ho ka ama tsela eo litho tsa lelapa li ikutloang ka eona ka litho tse ling joang?

15 Tokisetso ea Borapeli ba Lelapa e na le sepheo se seng—e leng sa ho thusa litho tsa malapa hore li be le kamano e haufi. Ho qeta nako hammoho bakeng sa ho tšohla lintho tsa moea beke le beke ho etsa phetoho e khōlō tseleng eo litho tsa lelapa li ikutloang ka eona ka litho tse ling. Ruri banyalani ba ba bonngoeng le ho feta ha ba thabela ho ithuta Bibele hammoho! (Bala Moeklesia 4:12.) Ho ka etsahala hore batsoali le bana ba rapelang hammoho ba momahane ka lerato, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakol. 3:14.

16. Hlalosa hore na baralib’abo rōna ba bararo ba rua molemo joang mantsiboeeng ao ba a beheletseng ka thōko bakeng sa ho ithuta Bibele.

16 Hlokomela kamoo barali ba bang babo rōna ba bararo ba ileng ba rua molemo kateng tokisetsong ea ho behella mantsiboea a itseng ka thōko bakeng sa ho ithuta Bibele. Le hoja bahlolohali bana ba bararo ba hōlileng ba sa amane, ba lula motseng o le mong ’me e se e le lilemo tse ngatanyana e le metsoalle ea hlooho ea khomo. Kaha ba ne ba lakatsa ho qeta nako e ngatanyana ba le ’moho empa ka nako e tšoanang ba batla ho akarelletsa lintho tsa moea eseng setsoalle feela, ba ile ba etsa qeto ea ho behella mantsiboea a itseng ka thōko e le hore ba ka kopana ’me ba ithuta Bibele. Ba ile ba qala ba sebelisa buka ea “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo. E mong oa bona o re: “Re thabela nako eo re e qetang hammoho haholo hoo thuto ea rōna e atisang ho nka nako e fetang hora. Re leka ho nahana ka maemo ao barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le ho ’ona ebe re tšohla seo re neng re ka se etsa maemong a tšoanang. Ka mor’a moo, ha re le tšebeletsong re leka ho sebelisa lintlha tseo re ithutileng tsona puisanong ea rōna. Sena se entse hore mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa o re thabise haholoanyane o be o behe litholoana ho feta pele.” Ho phaella tabeng ea ho ba matlafatsa moeeng, tokisetso ena e entse hore barali bana babo rōna ba bararo bao e leng metsoalle e meholo, ba be le kamano e haufi le ho feta. Ba re: “Re ananela tokisetso ena haholo.”

17. Ke lintho life tse etsang hore Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea bo atlehe?

17 Uena u rua molemo joang mantsiboeeng ao u a beheletseng ka thōko bakeng sa borapeli ba lelapa kapa thuto ea botho? Haeba tokisetso ena e sebelisoa ngope’a-setšoha, e ke ke ea finyella morero oo ho lebeletsoeng hore e o finyelle. Setho ka seng sa lelapa se lokela ho ba malala-a-laotsoe ho ithuta ka nako e behiloeng. Lintho tse sa reng letho ha lia lokela ho lumelloa ho kena-kenana le mantsiboea ana. Ho feta moo, boitsebiso bo ithutoang bo lokela ho khethoa ka tsela eo ka eona bo tla tsoela lelapa la hao molemo. U ka etsa joang hore linako tsee tsa ho ithuta li be monate? Sebelisa mekhoa e atlehang ea ho ruta, ’me u etse hore ho rene moea oa tlhompho le khutso.—Jak. 3:18. *

‘Lulang le Falimehile’ ’me “le Lule le Lokile”

18, 19. Ho tseba hore ho tla ha Mor’a motho ho haufi ho lokela ho u ama joang hammoho le ba lelapa la hao?

18 Maemo a lefatše a ntseng a mpefala a khethollang mehla ea rōna, a paka ntle ho tika-tiko hore lefatše le khopo la Satane le ile la kena matsatsing a lona a ho qetela ho tloha ka 1914. Sefefo sa Armagedone se qholong ea nta. Haufinyane e tla be e le nako ea hore Mor’a motho a tle ’me a tlise kahlolo ea Jehova ho batho ba sa tšabeng Molimo. (Pes. 37:10; Liprov. 2:21, 22) Na ho tseba seo ha hoa lokela ho u ama ho be ho ame le lelapa la hao?

19 Na u sekehela tsebe keletso ea Jesu ea hore u etse hore leihlo la hao le lule le ‘talimile nģa e le ’ngoe’? Le hoja batho ba lefatše lena ba ka hahamalla maruo, botumo kapa bophahamo, na lelapa la hao le hahamalla lipakane tsa moea? Na tokisetso ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea kapa nako ea thuto ea botho e u tsoela molemo? Na u finyella morero oa eona? Joalokaha ho tšohliloe sehloohong se fetileng, na u phetha boikarabelo ba hao ba Mangolo joaloka monna, mosali kapa ngoana, ’me ka tsela eo ebe u thusa lelapa lohle hore le ‘lule le falimehile’? (1 Bathes. 5:6) Haeba u etsa joalo, u tla ‘lula u loketse’ ho tla ha Mor’a motho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Ho fumana malebela a se ka ithutoang le litsela tsa ho etsa hore Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea e be bo molemo le bo monate, sheba Molula-Qhooa oa October 15, 2009, leqepheng la 29-31.

U Ithutile Eng?

• Hlalosa hore na malapa a Bakreste a ka ‘lula a lokile’ joang ka . . .

ho ba le leihlo le ‘talimileng nģa e le ’ngoe.’

ho ipehela lipakane tsa moea le ho li hahamalla.

ho lula a e-na le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Leihlo le ‘talimileng nģa e le ’ngoe’ le tla re susumelletsa hore re hlōle litšitiso tsa lefatše