Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Malapa a Bakreste—‘Lulang le Falimehile’

Malapa a Bakreste—‘Lulang le Falimehile’

Malapa a Bakreste—‘Lulang le Falimehile’

“A re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—1 BATHES. 5:6.

1, 2. Ho hlokahala’ng e le hore lelapa le atlehe ho lula le falimehile moeeng?

HA MOAPOSTOLA PAULUSE a ne a bua ka “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova,” o ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika a re: “Barab’eso, ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang joalokaha le ne le tla fihlela masholu, kaha kaofela le bara ba leseli le bara ba motšehare. Ha re ba bosiu kapa ba lefifi.” Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Kahoo, joale, a re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala, empa a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—Joele 2:31; 1 Bathes. 5:4-6.

2 Keletso ea Pauluse e eang ho Bathesalonika ke e loketseng ka ho khetheha ho Bakreste ba phelang “nakong ea bofelo.” (Dan. 12:4) Ha bofelo ba tsamaiso ea Satane e khopo ea lintho bo ntse bo atamela, o ikemiselitse ho khelosa barapeli ba ’nete ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba khaotse ho sebeletsa Molimo. Ka lebaka leo, re tla be re le bohlale haeba re nka ka botebo keletso ea Pauluse ea hore re lule re falimehile moeeng. E le hore lelapa la Bakreste le atlehe hore le lule le falimehile, ke habohlokoa hore setho ka seng se jare boikarabelo ba sona ba Mangolo. Kahoo, banna, basali le bana ba phetha karolo efe ho thusa malapa hore a ‘lule a falimehile’?

Banna—Etsisang “Molisa ea Khabane”

3. Ho latela 1 Timothea 5:8, kaha monna ke hlooho ea lelapa, boikarabelo ba hae bo akarelletsa’ng?

3 Bibele e re: “Hlooho ea mosali ke monna.” (1 Bakor. 11:3) Kaha monna ke hlooho ea lelapa, boikarabelo ba hae bo akarelletsa’ng? Ha Mangolo a bontša hore na karolo e ’ngoe ea bohlooho ke efe, a re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Tim. 5:8) Ka sebele, monna o lokela ho hlokomela ba lelapa la hae ka lintho tseo ba li hlokang nameng. Leha ho le joalo, e le hore a thuse lelapa la hae hore le lule le falimehile moeeng, ha aa lokela hore feela a fumane chelete ea ho hlokomela lelapa. O lokela ho matlafatsa lelapa la hae moeeng, a thuse bohle ka lapeng hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo. (Liprov. 24:3, 4) A ka etsa seo joang?

4. Ke eng e ka thusang monna hore a atlehe ho matlafatsa lelapa la hae moeeng?

4 Kaha “monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho,” monna ea nyetseng o lokela ho hlahloba hore na Jesu o sebelisa bohlooho ba hae joang holim’a phutheho ebe oa mo etsisa. (Baef. 5:23) Hlokomela hore na Jesu o ile a hlalosa kamano ea hae le balateli ba hae joang. (Bala Johanne 10:14, 15.) Ke ntho efe ea bohlokoa e ka thusang monna hore a matlafatse lelapa la hae moeeng? Ke ho ithuta seo Jesu a se buileng le seo a ileng a se etsa kaha ke “molisa ea khabane,” ’me a “latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 Pet. 2:21.

5. Ke eng eo Molisa ea Khabane a e tsebang ka phutheho?

5 Ka tsela ea tšoantšetso, molisa o na le kamano e ntle le linku tsa hae kaha oa li tseba ’me lia mo tšepa. Molisa o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka linku tsa hae, linku le tsona li tseba molisa ebile lia mo tšepa. Li tseba lentsoe la hae ebile lia le mamela. Jesu o ile a re: “Ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba.” Hase hore o tseba phutheho hanyenyane feela. Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “tseba” le bolela “ho tseba motho hantle.” Ka sebele, Molisa ea Khabane o tseba linku tsa hae ka bonngoe. Oa tseba hore na nku ka ’ngoe e hlokang, mefokolo ea eona ke efe le hore na makhabane a eona ke afe. Ha ho ntho eo ’Mehi-mohlala oa rōna a sa e tsebeng ka linku tsa hae. Linku le tsona li tseba molisa oa tsona hantle li bile li tšepa boeta-pele ba hae.

6. Banna ba ka etsisa Molisa ea Khabane joang?

6 E le hore monna a etsise Kreste ha a sebelisa bohlooho ba hae, o lokela ho ithuta ho inka e le molisa ’me batho bao a ba hlokomelang e le linku. O lokela ho loanela hore a tsebe lelapa la hae hantle. Na monna a ka hla a ba le tsebo e joalo? E, a ka ba le eona haeba a buisana le litho tsa lelapa hantle, a mamela hore na li tšoenyehile ka eng, a etella lelapa pele linthong tseo le li etsang a bile a le hlokolosi hore a etse liqeto tse nepahetseng mabapi le lintho tse kang borapeli ba lelapa, ho ba teng libokeng, tšebeletso ea tšimo, boikhathollo le boithabiso. Ha monna oa Mokreste a etella pele ka tsela e bontšang hore ha a tsebe Lentsoe la Molimo feela empa o boetse o tseba le batho bao a ba hlokometseng, ho ka etsahala hore litho tsa lelapa li tšepe bohlooho ba hae le hore o tla khotsofala ha a bona li lula li momahane borapeling ba ’nete.

7, 8. Monna a ka etsisa Molisa ea Khabane joang ka hore a bontše lerato ho batho bao a ba hlokomelang?

7 Molisa ea molemo o boetse o rata linku tsa hae. Ha re ithuta litlaleho tsa Kosepele tse buang ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae, lipelo tsa rōna li susumelletseha hore li ananele lerato leo a neng a rata barutuoa ba hae ka lona. O ile a ba a ‘nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.’ Banna ba lokela ho etsisa Jesu ka hore ba bontše batho bao ba ba hlokomelang hore baa ba rata. Ho e-na le hore a tšoare mosali oa hae ka thata a mo hatelle, monna ea batlang ho amoheloa ke Molimo o tsoela pele a rata mosali oa hae “feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho.” (Baef. 5:25) Mantsoe a hae a lokela ho ba mosa a be a nahanele, kaha o lokeloa ke tlhompho.—1 Pet. 3:7.

8 Hlooho ea lelapa e lokela ho tsepama melao-motheong ea Molimo ha e koetlisa bana. Leha ho le joalo, e lokela ho bontša hore e rata bana ba eona. Ha ho hlokahala hore bana ba khalemeloe ba lokela ho khalemeloa ka lerato. Ho ka ’na ha nka bana ba bang nako e telele hore ba utloisise hore na ho lebeletsoe hore ba etse’ng. Ha ho le joalo, ntate o lokela ho ba mamella haholoanyane. Ha banna ba latela mohlala oa Jesu kamehla, ba etsa hore ka lapeng ho be le tšireletseho. Malapa a bona a thabela tšireletseho ea moea eo mopesaleme a ileng a bina ka eona.—Bala Pesaleme ea 23:1-6.

9. Joaloka mopatriareka Noe, banna ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe, hona ba tla thusoa ke’ng hore ba bo phethahatse?

9 Mopatriareka Noe o ne a phela nakong ea bofelo ea lefatše la mehleng ea hae. Empa Jehova o ile a ‘sireletsa Noe hammoho le ba bang ba supileng ha a ne a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.’ (2 Pet. 2:5) Noe o ne a e-na le boikarabelo ba ho thusa ba lelapa la hae hore ba pholohe Moroallo. Bakreste bao e leng lihlooho tsa malapa le bona ba boemong bo tšoanang matsatsing ana a ho qetela. (Mat. 24:37) Ruri ke habohlokoa hore ba ithute mohlala oa “molisa ea khabane” ’me ba loanele ho mo etsisa!

Basali—‘Hahang Matlo a Lōna’

10. Hore mosali a ikokobeletse monna oa hae ho bolela’ng?

10 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Basali ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena.” (Baef. 5:22) Ho hang polelo ena ha e bolele hore basali ke batho ba boemo bo tlaase. Pele a bōpa mosali oa pele e leng Eva, Molimo oa ’nete o ile a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Gen. 2:18) Mosebetsi oa ho ba “mothusi” le “motlatsi”—e leng oa ho thusa monna ha a phetha boikarabelo ba hae ba lelapa—ke o hlomphehang e le kannete.

11. Mosali ea behang mohlala o ‘haha ntlo ea hae’ joang?

11 Mosali ea behang mohlala o etsa lintho tse tsoelang lelapa la hae molemo. (Bala Liproverbia 14:1.) Ho fapana le mosali oa leoatla, ea sa hlompheng tokisetso ea bohlooho, mosali ea bohlale o hlompha tokisetso ena haholo. Ho e-na le hore a bontše moea oa ho se mamele le oa boitaolo oo lefatše le tsejoang ka oona, o ikokobelletsa molekane oa hae. (Baef. 2:2) Mosali oa leoatla ha a tsilatsile ho bua monna oa hae hampe, athe mosali ea bohlale o loanela ho eketsa tlhompho eo bana ba hae le batho ba bang ba hlomphang monna oa hae ka eona. Mosali ea joalo o hlokolosi hore a se ke a hlompholla bohlooho ba monna oa hae ka ho mo kena ka tsebeng kapa ka ho ngangisana le eena. Taba e ’ngoe ea bohlokoa ke ea ho baballa. Ho ka etsahala hore mosali oa leoatla a senye matlotlo ao lelapa le a sebelelitseng ka thata. Mosali ea tšehetsang monna oa hae eena ha a joalo. O sebelisana le monna oa hae litabeng tsa lichelete. Ha a etsa lintho o bontša masene ebile oa baballa. Ha a hatelle monna oa hae hore a sebetse nako e eketsehileng.

12. Mosali a ka etsa’ng ho thusa ba lelapa la hae hore ba ‘lule ba falimehile’?

12 Mosali ea behang mohlala o thusa lelapa la hae hore le ‘lule le falimehile’ ka ho thusa monna oa hae ho ruta bana ka Jehova. (Liprov. 1:8) O tšehetsa lenaneo la Borapeli ba Lelapa ka mafolofolo. Ho feta moo, o tšehetsa monna oa hae ha a eletsa bana le ha a ba khalemela. Ruri o fapane le mosali ea se nang tšebelisano-’moho eo bana ba hae ba bang le mathata nameng le moeeng!

13. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore mosali a tšehetse monna oa hae ha a ntse a phathahane ka mesebetsi ea puso ea Molimo?

13 Mosali ea tšehetsang monna oa hae o ikutloa joang ha a bona monna oa hae a le mafolofolo phuthehong ea Bokreste? Ruri oa thaba! Hore na monna oa hae ke mohlanka ea sebeletsang, ke moholo kapa mohlomong ke setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele kapa Komiti ea Kaho ea Lebatooa, o thabela tlotla eo monna oa hae a nang le eona. Ruri ho tla hlokahala hore a bontše boitelo e le hore a tšehetse monna oa hae ka mantsoe le ka liketso. Empa oa hlokomela hore kaha monna oa hae o phathahane ka mosebetsi oa puso ea Molimo, seo se thusa lelapa lohle hore le lule le falimehile moeeng.

14. (a) Mosali ea tšehetsang monna oa hae a ka ’na a thatafalloa ke’ng, hona a ka hlōla bothata boo joang? (b) Mosali o kenya letsoho joang ho etsa hore lelapa lohle le atlehe?

14 Ho ka ’na ha e-ba thata hore mosali a behe mohlala tabeng ea ho tšehetsa monna oa hae ha a etsa qeto eo a sa lumellaneng le eona. Leha ho le joalo, o bonahatsa “moea o thōtseng le o bonolo” ’me o sebelisana le eena ho etsa hore qeto ea hae e atlehe. (1 Pet. 3:4) Mosali ea molemo o leka ho latela mohlala o motle oa basali ba boholo-holo ba neng ba tšaba Molimo ba kang Sara, Ruthe, Abigaile le ’mè oa Jesu e leng Maria. (1 Pet. 3:5, 6) O boetse o latela mohlala oa basali ba kajeno ba hōlileng “ba nang le tlhompho ea borapeli boitšoarong.” (Tite 2:3, 4) Ha mosali ea behang mohlala a bontša hore o rata monna oa hae ebile oa mo hlompha, o phetha karolo e khōlō ho etsa hore lenyalo le lelapa lohle le atlehe. Lelapa la hae ke sebaka sa boiketlo le tšireletseho. Monna oa moea o nka mosali ea mo tšehetsang e le oa bohlokoa haholo!—Liprov. 18:22.

Bacha—‘Behang Mahlo a Lōna Linthong Tse sa Bonoeng’

15. Bacha ba ka sebelisana le batsoali ba bona joang e le hore lelapa le ka ‘lula le falimehile’?

15 Bacha, le ka sebelisana le batsoali ba lōna joang e le hore malapa abo lōna a ka ‘lula a falimehile’ moeeng? Nahanang ka moputso oo Jehova a le tšepisitseng oona. Mohlomong ho tloha ha le sa le banyenyane batsoali ba lōna ba ile ba le bontša litšoantšo tse bontšang bophelo ba Paradeiseng. Ho ka etsahala hore ha le ntse le hōla ba ile ba sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste ho le thusa hore le nahane hore na bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha e tla ba ntho e joang. Haeba le ka tsepamisa mahlo a lōna tšebeletsong ea Jehova la ba la rera seo le tla se etsa bophelong le ipapisitse le seo, seo se tla le thusa hore le ‘lule le falimehile.’

16, 17. Bacha ba ka etsa’ng e le hore ba ka atleha peisong ea bophelo bo sa feleng?

16 Nkang mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Bakorinthe 9:24 ka botebo. (E bale.) Ha le matha peisong ea bophelo, le mathe ka morero oa ho hlōla. Khethang tsela e tla le thusa hore le fumane moputso oa bophelo bo sa feleng. Ba bangata ba lumeletse hore ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ba sitise ho tsepamisa mahlo moputsong. Ruri ke booatla! Ha boikemisetso ba motho e le ho bokella maruo bophelong, seo hase bolele hore o tla thaba e le kannete. Lintho tse bonahalang ke tsa nakoana feela. Leha ho le joalo, lōna behang mahlo a lōna “linthong tse sa bonoeng.” Hobane’ng? Hobane “lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.”—2 Bakor. 4:18.

17 “Lintho tse sa bonoeng” li akarelletsa litlhohonolofatso tsa ’Muso. Rerang ho phela ka tsela eo le tla li fumana. Le tla fumana thabo ea ’nete ka hore le sebelise bophelo ba lōna tšebeletsong ea Jehova. Ho sebeletsa Molimo oa ’nete ho le fa menyetla ea hore le hahamalle lipakane tsa nako e khutšoanyane le tsa nako e telele. * Ho ipehela lipakane tsa moea tseo le ka li fihlelang, ho ka le thusa hore le lule le tsepamisitse maikutlo tabeng ea ho sebeletsa Molimo e le hore le ka fumana moputso oa bophelo bo sa feleng.—1 Joh. 2:17.

18, 19. Mocha a ka tseba joang hore na o na le kamano le Jehova?

18 Bacha, bohato ba pele boo le ka bo nkang tseleng e isang bophelong ke hore le loanele ho ba le kamano le Jehova. Na u se u nkile bohato boo? Ipotse: ‘Na ke motho oa moea, kapa ke itšetlehile ka batsoali ba ka hore ke kopanele mesebetsing ea moea? Na ke loanela ho ba le litšobotsi tse etsang hore ke ratoe ke Molimo? Na ke leka ho lula ke phathahane ka mesebetsi e amanang le borapeli ba ’nete e kang ho rapela kamehla, ho ithuta, ho ba teng libokeng le ho ea tšebeletsong ea tšimo? Na ke atamela ho Molimo ka ho loanela ho ba le kamano e haufi le eena?’—Jak. 4:8.

19 Nahana ka mohlala oa Moshe. Le hoja Moshe a ne a hōliselitsoe setsong sesele, o ile a khetha ho tsejoa e le morapeli oa Jehova ho e-na le ho tsejoa e le mora oa morali oa Faro. (Bala Baheberu 11:24-27.) Bacha ba Bakreste, le lōna le lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ha le etsa joalo, le tla fumana thabo ea ’nete, le phele bophelo bo molemo ka ho fetisisa hona joale ’me le be le tšepo ea ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”—1 Tim. 6:19.

20. Peisong ea bophelo, ke bo-mang ba fumanang moputso?

20 Lipapaling tsa boholo-holo, ke semathi se le seng feela se neng se hlōla peisong. Ha ho joalo peisong ea bophelo. Ke thato ea Molimo “hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Batho ba bangata ba atlehile ho matha pele ho uena, ’me ba bangata ba matha le uena. (Baheb. 12:1, 2) Moputso o tla fumanoa ke bohle ba sa teleng. Kahoo ikemisetse ho hlōla!

21. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa’ng?

21 Joang kapa joang “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova” le tla tla. (Mal. 4:5) Letsatsi leo ha lea lokela ho tsometsa malapa a Bakreste. Ke habohlokoa haholo hore litho tsohle tsa lelapa li phethe boikarabelo ba tsona ba Mangolo. Ke eng hape eo u ka e etsang e le hore u lule u falimehile moeeng u be u matlafatse kamano ea hao le Molimo? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa lintlha tse tharo tse amang boemo ba moea ba lelapa ka kakaretso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

U Ithutile Eng?

• Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore malapa a Bakreste a ‘lule a falimehile’?

• Monna a ka etsisa Molisa ea Khabane joang?

• Mosali ea behang mohlala a ka etsa’ng e le hore a tšehetse monna oa hae?

• Bacha ba ka thusa malapa abo bona joang hore a lule a falimehile moeeng?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Monna oa moea o nka mosali ea mo tšehetsang e le oa bohlokoa haholo