Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Molebeli ea Tsotehang le Motsoalle ea Ratehang”

“Molebeli ea Tsotehang le Motsoalle ea Ratehang”

“Molebeli ea Tsotehang le Motsoalle ea Ratehang”

JOHN (JACK) BARR, ea neng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova o ile a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka Moqebelo hoseng, ka la 4 December, 2010. O ne a le lilemo li 97. O hlalositsoe e le “molebeli ea tsotehang le motsoalle ea ratehang.”

Mor’abo rōna Jack Barr o hlahetse Aberdeen, Scotland, ’me ke oa ho fela baneng ba bararo. Batsoali ba hae ka bobeli e ne e le batlotsuoa. Mor’abo rōna Barr o ne a atisa ho bua ka thabo ha a hopola bophelo ba lelapa labo ha a ne a sa le monyenyane; o ne a ananela mohlala o motle haholo oo batsoali ba hae ba ratehang ba mo behetseng oona.

Ha a kena bohlankaneng, Jack ea neng a sa le mocha o ile a qala ho thatafalloa haholo ke ho bua le batho bao a sa ba tsebeng. Leha ho le joalo, o ile a sebetsa ka thata hore a hlōle bothata boo, ’me ka Sontaha se seng motšehare oa mantsiboea, ka 1927, ha a le lilemo li 14, o ile a bolella ntate oa hae hore o batla ho tsamaea le eena mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. E ile eaba ke ha a qalile. Ho tloha letsatsing leo ho fihlela lefung, Mor’abo rōna Barr o ile a lula e le ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo.

Kotsi e tšabehang e ileng ea batla e bolaea ’mè oa hae ea ratehang, e ile ea etsa hore Jack ea neng a sa le mocha a nahanisise ka morero oa bophelo ’me ka 1929 o ile a inehela ho Jehova, a bonahatsa boinehelo boo lekhetlo la pele feela ha a ne a fumana monyetla, e leng ka 1934. Ka 1939, e ile ea e-ba setho sa lelapa la Bethele la London, Engelane. Kahoo, o ile a qala tšebeletso ea nako e tletseng e nkileng lilemo tse 71.

Ka la 29 October, 1960, Mor’abo rōna Barr o ile a kena ho seo a neng a se bitsa “kamano ea bohlokoa ka tsela e ikhethang” ha a ne a nyala Mildred Willett, eo e neng e se e bile pula-maliboho le moromuoa ea chesehang ka nako e telele. Mora le Morali oabo rōna Barr ba ne ba tsebahala e le banyalani ba behang mohlala le ba ratanang haholo, ’me ba ile ba lula ba le joalo ho fihlela ha Mildred a ne a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka October, 2004. Nakong eohle ea ho nyalana ha bona, Mora le Morali oabo rōna Barr ba ne ba bala Bibele hammoho letsatsi le leng le le leng.

Ho batho ba neng ba mo tseba, Jack Barr e ne e le motho ea nahanang pele a fana ka keletso—kamehla a fana ka keletso e leka-lekaneng, e mosa le e thehiloeng Mangolong. O ne a sebetsa ka thata, a nahanela ebile e le molebeli ea lerato le motsoalle ea tšepahalang. Mantsoe a hae, lipuo tsa hae le lithapelo tsa hae li ne li bontša hore na o ne a rata ’nete hakae le hore o ne a e-na le kamano e haufi le Jehova.

Le hoja re tla hloloheloa Mor’abo rōna Barr ea ratehang, re thaba le eena ha e le mona a amohetse mpho ea ho se shoe—e leng tokelo eo a neng a e labalabela le eo a neng a atisa ho bua ka eona. Ke sona seo a neng a hlile a se batla.—1 Bakor. 15:53, 54. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Sheba Molula-Qhooa oa July 1, 1987, leqepheng la 26 ho ea ho la 31, moo pale ea bophelo ea John E. Barr e hlahang teng.