Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motho oa Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba Hao ke Mang?

Motho oa Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba Hao ke Mang?

Motho oa Bohlokoa ka ho Fetisisa Bophelong ba Hao ke Mang?

“Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—PES. 83:18.

1, 2. Ke hobane’ng ha ho sa lekana hore feela re tsebe lebitso la Jehova e le hore re bolokehe?

MOHLOMONG ha u ne u qala ho bona lebitso la Jehova ke ha u ne u le bontšoa Pesalemeng ea 83:18. Ho ka etsahala hore ebe u ile ua makala ha u ne u bala mantsoe ao a reng: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ha ho pelaelo hore ho tloha ka nako eo u sebelisitse lengolo lena ho thusa batho ba bang hore ba tsebe Molimo oa rōna ea lerato, e leng Jehova.—Bar. 10:12, 13.

2 Le hoja e le habohlokoa hore batho ba tsebe lebitso la Jehova, ho ba le tsebo eo feela ha hoa lekana. Hlokomela kamoo mopesaleme a totobatsang ntlha e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa e le hore re ka bolokeha, ha a re: “Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ka sebele, Jehova ke eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng bohle. Kaha ke eena ’Mōpi oa lintho tsohle, o na le tokelo ea ho lebella hore libōpuoa tsohle tsa hae li ikokobeletse eena ka botlalo. (Tšen. 4:11) Kahoo, re na le lebaka le utloahalang la hore re ipotse, ‘Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka ke mang?’ Ke habohlokoa haholo hore re hlahlobe ka hloko hore na re araba potso eo ka ho re’ng!

Tseko e Ileng ea Hlaha Serapeng sa Edene

3, 4. Satane o ile a khona joang ho thetsa Eva, hona phello e ile ea e-ba efe?

3 Lintho tse ileng tsa etsahala serapeng sa Edene li bontša ka ho hlaka kamoo potso ena e leng ea bohlokoa kateng. Ke moo lengeloi la lerabele leo hamorao le ileng la tsejoa e le Satane Diabolose le ileng la eka mosali oa pele, Eva, hore a etelletse litakatso tsa hae pele ho taelo ea Jehova ea hore ba se ke ba ja litholoana tsa sefate se itseng. (Gen. 2:17; 2 Bakor. 11:3) O ile a hlōloa ke teko ena ’me ka tsela eo a bontša hore o ne a sa hlomphe bobusi ba Jehova. Eva ha aa ka a bontša hore Jehova e ne e le Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Empa Satane o ile a khona joang ho thetsa Eva?

4 Satane o ile a sebelisa maqheka a ’maloa a poteletseng ha a ne a bua le Eva. (Bala Genese 3:1-5.) La pele, Satane ha aa ka a sebelisa lebitso la Jehova. O ile a re feela “Molimo.” Ho fapana le hoo, mongoli oa Genese eena o ile a sebelisa lebitso la Jehova temaneng ea pele ea khaolo eo. La bobeli, ho e-na le hore Satane a re ‘taelo’ ea Molimo, o ile a botsa feela hore na Molimo o ‘itse’ng.’ (Gen. 2:16) Ka tsela ena e poteletseng, e ka ’na eaba Satane o ile a leka ho nyenyefatsa bohlokoa ba taelo eo. La boraro, le hoja a ne a bua le Eva feela, o ile a sebelisa seemeli se ka bongateng, e leng “le.” Ka tsela eo, ho ka etsahala hore o ile a leka ho mo hlohlelletsa hore a ikhohomose, a leka ho etsa hore a inke e le motho oa bohlokoa—joalokaha eka o ne a ipuella ebile e le ’muelli oa monna oa hae. Phello e ile ea e-ba efe? Kamoo ho bonahalang kateng, ka boikhohomoso Eva o ile a etsa qeto ea ho buella eena le monna oa hae ha a ne a re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng.”

5. (a) Satane o ile a susumelletsa Eva hore a nahane haholo ka eng? (b) Eva o ile a bontša eng ka hore ebe o ile a ja tholoana e hanetsoeng?

5 Satane o ile a boela a sotha litaba. O ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o ne a hloka toka ka hore ebe o ile a batla hore Adama le Eva ‘ba se ke ba ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng.’ Ka mor’a moo, Satane o ile a susumelletsa Eva hore a inahane boeena le kamoo a neng a ka ntlafatsa maemo a hae kateng, e le hore a be “joaloka Molimo.” Qetellong, o ile a mo susumelletsa hore a nahane haholo ka sefate seo le litholoana tsa sona ho e-na le ho nahana haholo ka kamano ea hae le Ea neng a mo file ntho e ’ngoe le e ’ngoe. (Bala Genese 3:6.) Ka masoabi, ka hore ebe Eva o ile a ja tholoana eo, o ile a bontša hore Jehova e ne e se Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.

Tseko e Ileng ea Hlaha Mehleng ea Jobo

6. Satane o ile a belaella tlaleho ea botšepehi ba Jobo joang, hona Jobo o ile a fuoa monyetla ofe?

6 Lilemo tse makholo hamorao, Jobo ea tšepahalang o ile a ba le monyetla oa ho bontša hore na Motho eo e neng e le oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae e ne e le mang. Ha Jehova a ne a bontša Satane tlaleho ea botšepehi ba Jobo, Satane o ile a araba ka bohale a re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?” (Bala Jobo 1:7-10.) Satane ha aa ka latola hore Jobo o ne a mamela Molimo. Ho e-na le hoo, o ile a belaella sepheo sa Jobo. Ka mano o ile a qosa Jobo ka hore o ne a sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati, eseng hobane a mo rata. Jobo ke eena feela ea neng a ka araba qoso eo, ’me o ile a fuoa monyetla oa ho etsa joalo.

7, 8. Jobo ile a tobana le liteko life, hona o ile a bontša’ng ka ho mamella ha hae ka botšepehi?

7 Jehova o ile a lumella Satane hore a hlahisetse Jobo litlokotsi ka ho latellana. (Jobo 1:12-19) Jobo o ile a etsa’ng ka lebaka la maemo aa a fetohileng? Re bolelloa hore “ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato.” (Jobo 1:22) Leha ho le joalo, Satane ha aa ka a tela. O ile a boela a ipelaetsa a re: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.” * (Jobo 2:4) Satane o ile a bolela hore haeba Jobo a ne a ka hlokofatsoa, o ne a tla etsa qeto ea hore Jehova e ne e se Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.

8 Jobo o ile a senngoa tšobotsi ke lefu le nyonyehang ’me ka mor’a moo mosali oa hae a mo susutlella hore a rohake Molimo ’me a shoe. Hamorao, batšelisi ba bararo ba bohata ba ile ba mo qosa ka hore ho na le ntho e mpe eo a neng a e entse. (Jobo 2:11-13; 8:2-6; 22:2, 3) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mahlomola ana ’ohle, Jobo o ile a hana ho tlohela botšepehi ba hae. (Bala Jobo 2:9, 10.) Ka hore a mamelle ka botšepehi, o ile a paka hore Jehova e ne e le eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Jobo o ile a boela a bontša hore motho ea sa phethahalang a ka khona ho araba liqoso tsa bohata tsa Diabolose, le hoja e le ka tsela e fokolang.—Bapisa le Liproverbia 27:11.

Karabo ea Jesu e Phethahetseng

9. (a) Satane o ile a etsa boiteko ba ho leka Jesu joang mabapi le takatso ea hae? (b) Jesu o ile a etsa’ng ha a ne a lekoa ka tsela ee?

9 Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a leka ho eka Jesu hore a hahamalle lintho tse bontšang boithati ho e-na le hore a tsoele pele a nka Jehova e le eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Diabolose o ile a teka liteko tse tharo ka pel’a Jesu. Ea pele, o ile a leka Jesu ka ho mo susumelletsa hore a amehe ka takatso ea nama, a mo leka ka hore a fetole majoe bohobe. (Mat. 4:2, 3) Jesu o ne a sa tsoa qeta matsatsi a 40 a itima lijo ’me o ne a lapile haholo. Kahoo, Diabolose o ile a mo susumelletsa hore a sebelise matla a hae a ho etsa mehlolo hampe e le hore a loantše lephako. Jesu o ile a etsa’ng? Ho fapana le Eva, Jesu o ile a nahana haholo ka Lentsoe la Jehova ’me hang-hang a hana ho inehela molekong oo.—Bala Matheu 4:4.

10. Ke hobane’ng ha Satane a ile a leka Jesu hore a itihele toreng ea tempele?

10 Satane o ile a boela a leka ho susumelletsa Jesu hore a bontše boithati. O ile a mo leka hore a itihele toreng ea tempele. (Mat. 4:5, 6) Satane o ne a batla ho finyella’ng? Satane o ile a bolela hore haeba Jesu a ne a ke ke a lemala ha a oa, seo se ne se tla bontša hore e ne e le “mora oa Molimo.” Ho hlakile hore Diabolose o ne a batla hore Jesu a amehe ho feta tekano ka botumo ba hae, hoo a neng a tla etsa mponeng. Satane o ne a tseba hore motho a ka ’na a lumela ho ipeha kotsing ka lebaka la boikhohomoso le ho se batle hore batho ba mo khelle fatše. Satane o ile a sotha lengolo, empa Jesu o ile a bontša hore O ne a utloisisa Lentsoe la Jehova ka botlalo. (Bala Matheu 4:7.) Ka hore ebe Jesu o ile a hana teko eo, o ile a boela a bontša hore Jehova e ne e le Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae.

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a hana ho amohela tšepiso ea Diabolose ea ho mo fa mebuso eohle ea lefatše?

11 Boitekong ba hae ba makhaola-khang, Satane o ile a tšepisa Jesu mebuso eohle ea lefatše. (Mat. 4:8, 9) Hang-hang Jesu o ile a hana ho amohela tšepiso eo. O ile a hlokomela hore ho e amohela ho ne ho tla bolela hore o ne a lahla bobusi ba Jehova—e leng tokelo ea Molimo ea ho ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Bala Matheu 4:10.) Lekhetlong le leng le le leng, Jesu o ile a araba Satane ka ho qotsa mangolo a neng a e-na le lebitso la Jehova.

12. Jesu o ile a tobana le qeto efe e boima ha bophelo ba hae ba lefatšeng bo se bo le haufi le ho fela, hona re ithuta’ng ho seo a ileng a se etsa mabapi le qeto eo?

12 Ha bophelo ba Jesu ba mona lefatšeng bo se bo tla fela, o ile a tobana le qeto e boima haholo. Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, o ne a ile a bolela hore o ikemiselitse ho nyehela bophelo ba hae e le sehlabelo. (Mat. 20:17-19, 28; Luka 12:50; Joh. 16:28) Leha ho le joalo, Jesu o ile a hlokomela hore o ne a tla boela a qosoe ka bohata a be a fumanoe a le molato tsamaisong ea molao ea Sejuda ’me a bolaoe joaloka monyefoli. Ntlha ena e amanang le lefu la hae e ile ea mo tšoenya haholo. O ile a rapela a re: “Ntate, haeba ho khoneha, senoelo sena se ke se mphete.” Empa o ile a tsoela pele ka ho re: “Empa leha ho le joalo, eseng kamoo ho ratang ’na, empa kamoo ho ratang uena.” (Mat. 26:39) Ka sebele, taba ea hore ebe Jesu o ile a tšepahala ho fihlela lefung e ile ea paka ntle ho pelaelo hore na Motho eo e neng e le oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae e ne e le mang!

Karabo ea Rōna Potsong Eo

13. Ho fihlela joale, re ithutile lintho life mohlaleng oa Eva, oa Jobo le oa Jesu Kreste?

13 Ho fihlela joale, re ithutile’ng? Tabeng ea Eva, re ithuta hore batho ba inehellang litakatso tsa boithati kapa boikakaso, ba bontša hore Jehova hase eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Ho fapana le hoo, botšepehing ba Jobo re ithuta hore esita le batho ba sa phethahalang ba ka bontša hore ba etelletsa Jehova pele ka hore ba mamelle litsietsi ka botšepehi—esita le haeba ba sa utloisise ka botlalo hore na mathata ao a bakoa ke eng. (Jak. 5:11) Qetellong, mohlala oa Jesu o re ruta hore re ikemisetse ho hlabisoa lihlong ’me re se ke ra nka botumo ba rōna e le ba bohlokoa ho feta tekano. (Baheb. 12:2) Empa re ka sebelisa lintho tsee tseo re ithutileng tsona joang?

14, 15. Seo Jesu a ileng a se etsa ha a ne a lekoa se fapane joang le seo Eva a ileng a se etsa, hona re ka etsisa Jesu joang? (Hlalosa setšoantšo se leqepheng la 18.)

14 Le ka mohla u se ke ua lumella liteko hore li u lebatse Jehova. Eva o ile a lumella kelello ea hae hore e nahane ka teko eo a neng a tobane le eona ka nako eo. O ile a bona hore litholoana tseo ‘li ne li loketse ho jeoa le hore li ne li lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa.’ (Gen. 3:6) Seo se fapane hakaakang le seo Jesu a ileng a se etsa ha a ne a tobane le liteko tse tharo! Lekhetlo le leng le le leng ha aa ka a lumella teko hore e mo lebatse hore na liphello tsa liketso tsa hae e ka ba life. O ne a tšepile Lentsoe la Molimo a bile a sebelisa lebitso la Jehova.

15 Ha re tobane le lintho tse re lekang hore re etse lintho tse sa khahliseng Jehova, ke eng eo re nahanang ka eona haholo? Haeba re nahana haholo ka ntho e re lekang, takatso ea ho etsa se fosahetseng e tla ba matla le ho feta. (Jak. 1:14, 15) Ho hlokahala hore re nke bohato ka potlako hore re ntše takatso eo ka metso, esita le haeba ketso e joalo e ka ’na ea bonahala e le matla joalokaha eka re hlile re khaola setho sa ’mele oa rōna. (Mat. 5:29, 30) Joaloka Jesu, ho hlokahala hore re nahane haholo ka liphello tsa liketso tsa rōna—hore na li tla ama kamano ea rōna le Jehova joang. Re lokela ho hopola seo Lentsoe la hae, e leng Bibele le se buang. Ke ka tsela ena feela re ka bontšang hore Jehova ke eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna.

16-18. (a) Re ka ’na ra nyahamisoa ke’ng? (b) Ke eng e ka re thusang ho sebetsana ka katleho le maemo a sithabetsang?

16 Le ka mohla u se ke ua lumella litsietsi tse u hlahelang hore li etse hore u halefele Jehova. (Liprov. 19:3) Ha re ntse re atamela haholoanyane bofelong ba lefatše lena le khopo, batho ba Jehova ba bangata le ho feta ba angoa ke likoluoa le litlokotsi. Hona joale ha rea lebella hore re sireletsoe ka mohlolo. Leha ho le joalo, joaloka Jobo, re ka ’na ra iphumana re nyahame ha baratuoa ba rōna ba hlokahala kapa ha re hlaheloa ke mathata.

17 Jobo o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a lumeletse lintho tse itseng hore li etsahale, ’me ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahala. Ho ka etsahala hore ebe re utloile ka barab’abo rōna ba tšepahalang ba bolailoeng ke tšisinyeho ea lefatše, joaloka ba Haiti, kapa ba bolailoeng ke koluoa e ’ngoe ea tlhaho. Kapa mohlomong re tseba motho ea tšepahalang ea ileng a hlaseloa ka mabifi kapa ea ileng a hlaheloa ke kotsi e mpe eaba oa hlokahala. Kapa re ka ba ra iphumana re tšoenngoa ke maemo a itseng a sithabetsang kapa ra bona eka re tšoaroa ka ho hloka toka. Lipelo tsa rōna tse sithabetseng li ka ’na tsa etsa hore re hooe, re re: ‘Hobaneng Jehova. Ke hobane’ng ha ke hlaheloa ke ntho e tjee? Ke fositse hokae?’ (Hab. 1:2, 3) Ke eng e ka re thusang hore re sebetsane le boemo ka katleho linakong tse joalo?

18 Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra nahana hore lintho tse joalo ke pontšo ea hore Jehova ha a re amohele. Jesu o ile a hatisa ntlha ena ha a ne a bua ka likoluoa tse peli tse ileng tsa etsahala mehleng ea hae. (Bala Luka 13:1-5.) Likoluoa tse ngata li bakoa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moek. 9:11) Empa ho sa tsotellehe hore na litsietsi tsa rōna li bakoa ke eng, re ka sebetsana le tsona ka katleho haeba re tsepamisa likelello tsa rōna ho “Molimo oa matšeliso ’ohle.” O tla re fa matla a hlokahalang hore re tsoele pele re tšepahala.—2 Bakor. 1:3-6.

19, 20. Ke eng e ileng ea thusa Jesu hore a mamelle maemo a hlabisang lihlong, hona ke eng e ka re thusang hore re etse se tšoanang?

19 Le ka mohla u se ke ua lumella hore ho nahana haholo ka uena le ho tšaba ho hlajoa ke lihlong e be tsona lintho tseo u amehileng ka tsona haholo. Boikokobetso ba Jesu bo ile ba mo thusa hore a ‘ikhokhothe a be a nke sebōpeho sa lekhoba.’ (Bafil. 2:5-8) O ile a khona ho mamella maemo a mangata a hlabisang lihlong hobane o ne a tšepile Jehova. (1 Pet. 2:23, 24) Ka tsela eo, Jesu o ile a etelletsa thato ea Jehova pele, ’me sena se ile sa etsa hore a phahamisetsoe boemong bo phahameng. (Bafil. 2:9) Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba phele ka tsela e tšoanang.—Mat. 23:11, 12; Luka 9:26.

20 Ka linako tse ling, liteko tse itseng tsa tumelo li ka re hlabisa lihlong. Ho sa tsotellehe seo, re lokela ho ba le kholiseho e kang ea moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ka lebaka lena ke boetse ke utloisoa bohloko ke lintho tsena, empa ha ke lihlong. Etsoe ke tseba eo ke mo lumetseng, ’me ke kholisehile hore o khona ho lebela seo ke se behileng tlhokomelong ea hae ho fihlela ka letsatsi leo.”—2 Tim. 1:12.

21. Ho sa tsotellehe moea oa lefatše oa boithati, u ikemiselitse’ng?

21 Bibele e boletse esale pele hore mehleng ea rōna batho e ne e tla ba “baithati.” (2 Tim. 3:2) Kahoo, ha ho makatse hore ebe re phela har’a batho ba ichebileng bobona feela. E se eka le ka mohla re ke ke ra hahlameloa ke moea o joalo oa boithati! Ho e-na le hoo, ebang re tobane le teko, re hlahetsoe ke litlokotsi kapa re tobane le boiteko ba ho re hlabisa lihlong, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ho bontša hore ruri Jehova ke eena Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Litsebi tse ling tsa Bibele li lumela hore e ka ’na eaba poleloana e reng “letlalo bakeng sa letlalo” e fana ka maikutlo a hore ka boithati Jobo o ne a tla lumella liphoofolo tsa hae le bana ba hae hore ba lahleheloe ke matlalo a bona kapa bophelo, hafeela eena a ne a ka boloka letlalo la hae kapa bophelo. Tse ling li lumela hore poleloana ena e hatisa hore motho o ne a tla ikemisetsa ho lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae. Ka mohlala, motho a ka ’na a thiba ka letsoho e le hore a se ke a otloa hloohong, ebe ka tsela eo o lahleheloa ke karolo e ’ngoe ea letlalo e le hore a pholose letlalo la hae. Ho sa tsotellehe hore na maele ao a ne a bolela’ng, ho hlakile hore a fana ka maikutlo a hore Jobo o ne a tla tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka pelo e tšoeu hafeela a ne a ka pholosa bophelo ba hae.

Re ka Ithuta’ng . . . 

• tseleng eo Satane a ileng a thetsa Eva ka eona?

• tseleng eo Jobo a ileng a sebetsana le litlokotsi tse ileng tsa mo hlahela ka eona?

• tabeng ea hore na ke ntho efe e khōlō eo Jesu a neng a nahana ka eona?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Eva ha aa ka a nahana haholo ka kamano ea hae le Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jesu o ile a hana liteko tsa Satane ’me a nahana haholo ka ho etsa thato ea Jehova

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Ho fana ka bopaki litenteng ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, Haiti

Nakong ea litsietsi re ka tsepamisa likelello ho “Molimo oa matšeliso ’ohle”