Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ruri U Thabela ho Ithuta Lentsoe la Molimo?

Na Ruri U Thabela ho Ithuta Lentsoe la Molimo?

Na Ruri U Thabela ho Ithuta Lentsoe la Molimo?

LORRAINE o re: “Ha ke ne ke qala ho bala Bibele kamehla, ke ne ke utloa e le moroalo ho e-na le hore ke ho thabele. Ke ne ke sa e utloisise, kahoo hangata kelello ea ka e ne e lelera.”

Batho ba bang le bona baa lumela hore ha ba ne ba qala ho bala Bibele ba ne ba sa ho thabele. Leha ho le joalo, ba ile ba mamella kaha ba ne ba tseba hore ho bala Mangolo a Halalelang ke ntho e nepahetseng. Marc o re: “Ho bonolo ho lumella hore ho be le lintho tse u sitisang ho bala Bibele le ho etsa thuto ea botho. Ke ile ka tlameha ho rapela ka thata le ho etsa boiteko bo boholo hore ke kenyelletse ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng kemisong ea ka.”

U ka etsa’ng e le hore u ananele Bibele haholo, e leng Lentsoe la Molimo le ngotsoeng? U ka etsa’ng e le hore u thabele ho e bala? Nahana ka litlhahiso tse latelang.

Lipakane le Litsela Tsa ho Ithuta

Ha u bala Bibele rapela ’me u tsepamise maikutlo. Kōpa Jehova hore a u thuse hore u labalabele ho ithuta Lentsoe la hae. Mo kōpe ka tieo hore a bule kelello le pelo ea hao e le hore u utloisise bohlale ba hae ka botlalo. (Pes. 119:34) Haeba u sa etse joalo, u ka qetella u ithuta Bibele ho phetha molao feela, ’me u ka ’na ua felloa ke thahasello ea ho tsoela pele. Lynn o re: “Ka linako tse ling ke bala kapele haholo ebe ho hang ha ke hlokomele lintlha tse thahasellisang tseo eseng tsa sehlooho. Hangata ha ke utloisise lintlha tsa sehlooho hantle. Leha ho le joalo, ke rapella hore ke khone ho itaola ’me sena se nthusa hore ke tsepamise mohopolo.”

Nka seo u ithutang sona e le sa bohlokoa. Hopola hore ha u utloisisa ebile u sebelisa linnete tsa Bibele, u tla fumana bophelo. Ka hona, ikitlaetse ka matla hore u fumane lintlha tse tla u tsoela molemo u be u li sebelise. Chris o re: “Ke sheba lintho tse nthusang hore ke hlokomele haeba ke e-na le maikutlo a fosahetseng le merero e fosahetseng. Hoa khothatsa ho bona hore na Bibele hammoho le lingoliloeng tsa rōna tse ngata li na le boitsebiso bo bongata hakae bo nthusang ka ho khetheha le hoja bangoli ba e-s’o ka ba kopana le ’na.”

Ipehele lipakane tseo u ka li finyellang. Leka ho ithuta ntho e ncha ka batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng. U ka fumana lintlha tse hlollang ka ba bangata ba bona ha u ka sheba buka ea Insight on the Scriptures kapa Watch Tower Publications Index. Ha u ntse u ithuta hore banna le basali bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng e ne e le batho ba tloaelehileng le ba neng ba e-na le maikutlo le botho bo sa tšoaneng, seo u ithutang sona mehlaleng ea bona se tla u susumetsa haholo.

Batla litsela tse ncha tsa ho beha mabaka ka Mangolo. (Lik. 17:2, 3) Sophia o ithuta a nahanne ka seo. O re: “Takatso ea ka ke hore ke ithute le hore ke be le mokhoa o mocha oa ho beha mabaka ha ke le tšebeletsong le ka linako tse ling, e le hore nka bua ka tsela e hlakileng ha ke bolella batho linnete tsa Bibele. Tsela eo Molula-Qhooa o behang mabaka ka eona ke mohlala o motle haholo oa kamoo motho a ka etsang sena kateng.”—2 Tim. 2:15.

Ipehe maemong a liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela.” Ha u ntse u bala Mangolo, etsa hore molaetsa oa Molimo o phele ka kelellong ea hao ka hore u ipehe boemong ba batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, u bone seo ba neng ba se bona. Leka ho utloa seo ba neng ba se utloa u be u ikutloe ka tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona. Amahanya lintho tse etsahalang bophelong ba bona le maemo a itseng bophelong ba hao. Ithute hore na ba ile ba sebetsana le maemo joang. Sena se tla u thusa hore u utloisise litlaleho tsa Bibele le hore u se ke ua li lebala.

Iphe nako e ngata hore u ithute mangolo a thata le litlhaloso tsa ’ona e le hore u a utloisise ka ho hlaka. Iphe nako e ngata lekhetlo ka leng ha u ithuta. U ka ’na ua thulana le lipotso tse thahasellisang tse hlokang hore u etse lipatlisiso tse ka thōko. Sheba mantsoe ao u sa a tsebeng, hlahloba mengolo e botlaaseng ba leqephe u be u hlahlobe litšupiso tse bohareng ba leqephe ka Bibeleng. Ha u ntse u utloisisa seo u ithutang sona haholoanyane ebile u se sebelisa, u tla thabela ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le ho feta. Joaloka mopesaleme, le uena u tla re: “Ke nkile likhopotso tsa hao [Jehova] e le leruo ho isa nakong e sa lekanyetsoang, etsoe ke thabo e khaphatsehang ea pelo ea ka.”—Pes. 119:111.

U se ke ua bala ka lepotlapotla. Lekanyetsa lintho hantle ha u ipehela nako ea ho etsa thuto ea botho. Lekanyetsa nako ena u nahanne ka nako eo u e qetang ha u lokisetsa liboka tsa phutheho. Raquel o re: “Hangata ke ba tlas’a khatello hoo ke sitoang ho tsepamisa mohopolo. Kahoo, ke bona ho le molemo hore ke ithute ka nako e khutšoanyane. Sena se nthusa hore ke rue molemo o moholo ho seo ke ithutang sona.” Chris o re: “Ha ke ithuta ke potlakile letsoalo la ka lea nkhathatsa hobane ke hopola lintho tse seng kae feela. Hangata seo ke ithutang sona ha se ntšusumetse.” Kahoo, iphe nako.

E-ba le tabatabelo e khōlō ea ho ithuta lentsoe la Molimo. Moapostola Petrose o ile a re: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele tabatabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe, e le hore ka lona le ka hōlela polokong.” (1 Pet. 2:2) Ha ho hlokahale hore bana ba hlaolele tabatabelo ea lebese. Ba na le tabatabelo eo ka tlhaho. Empa Mangolo aa lumela hore rōna re lokela ho hlaolela tabatabelo ea lentsoe la Molimo. Haeba u bala leqephe le le leng feela la Bibele letsatsi le leng le le leng, ho e-s’o ee kae u tla ba le tabatabelo eo. Kapele feela u ka ’na ua thabela ntho eo e ka ’nang eaba qalong e ne e bonahala e le thata.

Thuisa ka litemana tsa Mangolo. U ka rua molemo o moholo haeba u thuisa ka seo u se balang. Sena se tla u thusa hore u bone hore na litaba tsa moea tseo u ithutileng tsona li amana joang. Ho e-so ee kae u tla ba le bohlale ba lintho tse ngata tsa bohlokoa tsa moea tseo u ithutileng tsona—e leng ntho eo ho leng monate ho ba le eona.—Pes. 19:14; Liprov. 3:3.

Nako e Sebelisitsoeng Hantle

Le hoja ho hlokahala hore motho a etse boiteko e le hore a se ke a tlohela mekhoa e metle ea ho ithuta, empa melemo ea seo e ke ke ea lekanngoa. Tsela eo u utloisisang Mangolo ka eona e tla ntlafala. (Baheb. 5:12-14) Temoho le bohlale tseo u li fumanang Mangolong a bululetsoeng li tla u tlisetsa thabo le khotso. Bohlale bo fumanoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng ke “sefate sa bophelo” ho ba bo fumanang le ba bo sebelisang.—Liprov. 3:13-18.

Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka botebo ho ka etsa hore u be le pelo e nang le kutloisiso. (Liprov. 15:14) Seo se tla u thusa hore ha u fana ka keletso u fane ka eona ka pelo eohle ’me e be keletso e thehiloeng ka botlalo Bibeleng. Haeba u etsa hore liqeto tsa hao li tataisoe ke seo u se balang ka Mangolong le ka har’a lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” u tla utloa hore na Lentsoe la Jehova le bululetsoeng le khatholla hakaakang ebile le etsa hore motho a be le khutso. (Mat. 24:45) U tla ba le boikutlo bo nepahetseng, u be le tšepo u be u susumetsoe ke Lentsoe la Jehova linthong tsohle. Ho feta moo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le kamano ea hao le Molimo e tla atleha.—Pes. 1:2, 3.

Ha u rata Molimo ka pelo ea hao eohle, seo se tla u susumetsa hore u bolelle batho ba bang ka seo u se lumelang. Sena le sona se ka u tsoela molemo haholo. Sophia o sebeletsa hore a hopole mangolo a fapa-fapaneng le hore a a sebelise ho hapa tlhokomelo ea beng ba matlo, le ho etsa hore tšebeletso ea hae ea Bokreste e atlehe ’me e be monate. O re: “Ha u bona hore na batho ba etsa joang ha ba utloa mantsoe a tsoang Bibeleng, seo se thabisa haholo.”

Leha ho le joalo, molemo o moholo ka ho fetisisa oa ho thabela ho ithuta Lentsoe la Molimo, ke hoba le kamano e haufi le Jehova. Ho ithuta Bibele ho u thusa hore u tsebe melao ea hae u be u ananele lerato la hae, ho fana ha hae le toka ea hae. Ha ho na ntho e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa le e molemo ho feta ena. Ikakhele ka setotsoana ha u ithuta Lentsoe la Molimo. Ha u etsa joalo, ruri u tla be u sebelisetse nako ea hao hantle.—Pes. 19:7-11.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]

HO BALA LENTSOE LA MOLIMO: LIPAKANE LE LITSELA TSA HO ITHUTA

▪ Ha u bala Bibele rapela ’me u tsepamise maikutlo.

▪ Nka seo u ithutang sona e le sa bohlokoa.

▪ Ipehele lipakane tseo u ka li finyellang.

▪ Batla litsela tse ncha tsa ho beha mabaka ka Mangolo.

▪ Ipehe maemong a liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng.

▪ Iphe nako e ngata hore u ithute mangolo a thata le litlhaloso tsa ’ona e le hore u a utloisise ka ho hlaka.

▪ U se ke ua bala ka lepotlapotla.

▪ E-ba le tabatabelo e khōlō ea ho ithuta lentsoe la Molimo.

▪ Thuisa ka litemana tsa Mangolo.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ha u bala tlaleho ea Bibele, ipehe boemong bo tšoanang