“Lisang Mohlape oa Molimo o Tlhokomelong ea Lōna”
“Lisang Mohlape oa Molimo o Tlhokomelong ea Lōna”
“Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata.”—1 PET. 5:2.
1. Bakreste ba ne ba talimane le maemo afe ha Petrose a ne a ngola lengolo la hae la pele?
MOAPOSTOLA PETROSE o ile a ngola lengolo la hae la pele nako e itseng pele Nero a hlorisa Bakreste ba Roma. O ne a batla ho matlafatsa balumeli-’moho le eena. Diabolose o ne a “tsamaea” hohle a batla ho harola Bakreste. E le hore ba eme ba tiile khahlanong le eena, ba ne ba lokela ho ‘lula ba hlaphohetsoe likelellong’ ’me ba “ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo.” (1 Pet. 5:6, 8) Ba ne ba boetse ba lokela ho lula ba le bonngoeng. E ne e se nako ea ho “lomana le ho harolana” kaha seo se ne se tla etsa hore ba ‘felisane.’—Bagal. 5:15.
2, 3. Ke mang eo re lokelang hore ebe re loana le eena, ’me re tla tšohla’ng letotong lee la lihlooho?
2 Kajeno re boemong bo tšoanang le boo. Diabolose o batla menyetla ea ho re harola. (Tšen. 12:12) Haufinyane ho tla ba le “matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše.” (Mat. 24:21) Feela joalokaha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho itebela hore ho se ke ha e-ba le liqabang har’a bona, le rōna re lokela ho etsa joalo. E le hore re finyelle sena, ka linako tse ling re hloka thuso ea banna ba baholo ba tšoanelehang.
3 A re ke re hlahlobeng hore na baholo ba ka etsa joang e le hore ba eketse kananelo ea bona ea mosebetsi oa ho ‘lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona.’ (1 Pet. 5:2) Ka mor’a moo, re tla hlahloba tsela e nepahetseng eo mosebetsi oa bolisa o ka etsoang ka eona. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba tsela eo ka eona litho tsa phutheho li ka ‘hlomphang ba sebetsang ka thata har’a tsona le ba okametseng’ mohlape. (1 Bathes. 5:12) Ho hlahloba lintlha tsena ho tla re thusa ho ema re tiile khahlanong le Mohanyetsi oa rōna ea ka sehloohong, re lemoha hore ke eena eo re loanang le eena.—Baef. 6:12.
Lisang Mohlape oa Molimo
4, 5. Banna ba baholo ba lokela ho talima mohlape joang? Bontša.
4 Petrose o ile a khothalletsa banna ba baholo har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba talime mohlape ka tsela eo Molimo a o talimang ka eona. (Bala 1 Petrose 5:1, 2.) Le hoja ho ne ho nkoa hore Petrose e ne e le tšiea ea phutheho, ha aa ka a bua le baholo ka tsela e bontšang hore o ba phahametse. Ho e-na le hoo, o ile a ba eletsa ka tsela e bontšang hore ke baholo hammoho le eena. (Bagal. 2:9) Kajeno Sehlopha se Busang se sebelisa mokhoa o tšoanang le oa Petrose ha se khothatsa baholo hore ba loanele ho phetha boikarabelo ba bona bo boima ba ho lisa mohlape oa Molimo.
5 Moapostola Petrose o ile a re banna ba baholo ba lokela ho ‘lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona.’ E ne e le habohlokoa haholo hore ba elelloe hore mohlape ke oa Jehova le Jesu Kreste. Baholo ba ne ba lokela ho ikarabella ka tsela eo ka eona ba lisang linku tsa Molimo. A re re motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o kōpa hore u sale le bana ba hae ha a le sieo. Na u ne u ke ke ua ba hlokomela hantle ’me ua ba fepa? Haeba ngoana e mong a ne a ka kula, na u ne u ke ke ua mo isa ngakeng? Ka ho tšoanang, baholo ba lokela ho ‘lisa phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.’ (Lik. 20:28) Ba lula ba hopola hore nku e ’ngoe le e ’ngoe e rekiloe ka mali a bohlokoa a Kreste Jesu. Kaha baholo ba tla ikarabella, ba fepa mohlape, baa o sireletsa ba bile baa o hlokomela.
6. Balisa ba boholo-holo ba ne ba e-na le boikarabelo bofe?
Gen. 31:40) Ba ne ba bile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba sireletse linku. Ha Davida e ne e sa le molisana, o ile a pholosa mohlape oa hae libataneng tse akhang tau le bere. Ha Davida a bua ka tau eo le bere o re o ile a ‘e tšoara ka litelu eaba oa e hlaba ’me oa e bolaea.’ (1 Sam. 17:34, 35) Ruri o ne a le sebete! E tlameha ebe li ile tsa batla li mo bolaea! Ho ntse ho le joalo, o ile a etsa sohle se matleng a hae e le hore a pholose linku.
6 Nahana ka boikarabelo boo balisa ba liphoofolo ba neng ba e-na le bona mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Ba ne ba tlameha ho mamella mocheso motšehare le mohatsela bosiu ha ba ntse ba hlokometse mohlape. (7. Baholo ba ka hlotha nku litleneng tsa Satane joang ka tsela ea tšoantšetso?
7 Kajeno baholo ba lokela ho falimehela litlhaselo tsa Diabolose tse kang tsa tau. Sena se ka ’na sa akarelletsa hore ba nke bohato bo bontšang sebete ba hore ka tsela ea tšoantšetso ba hlothe nku litleneng tsa Diabolose. Baholo ba ka pholosa nku ka hore ka tsela ea tšoantšetso ba tšoare sebatana ka litelu. Ba ka ’na ba behelana mabaka le barab’abo rōna ba sa falimehang ba hoheloang ke maraba a Satane. (Bala Juda 22, 23.) Ke ’nete hore baholo ba ke ke ba finyella sena ntle ho thuso ea Jehova. Ba tšoara nku e lemetseng ka bonolo, baa e tlamisa ’me ba e tlotsa ka moriana o thobang oa Lentsoe la Molimo.
8. Baholo ba tataisetsa mohlape hokae, ’me ba etsa see joang?
8 Molisa oa liphoofolo le eena o ne a tataisetsa mohlape makhulong a matle le lilibeng tsa metsi. Ka ho tšoanang, baholo ba tataisetsa mohlape phuthehong, ba o khothalletsa hore o be teng kamehla libokeng e le hore o fepehe hantle o be o fumane ‘lijo tsa oona ka nako e tšoanetseng.’ (Mat. 24:45) Ho ka ’na ha hlokahala hore baholo ba qete nako e eketsehileng ba thusa batho ba kulang moeeng hore ba amohele phepo e tsoang Lentsoeng la Molimo. Ho ka etsahala hore ebe nku e hlahlathelang e leka ho khutlela mohlapeng. Ho e-na le hore baholo ba tšose mora kapa morali enoa oabo bona, ba hlalosa melao-motheo ea Mangolo ka bonolo ’me ba mo bontša kamoo a ka e sebelisang kateng bophelong ba hae.
9, 10. Baholo ba lokela ho hlokomela batho ba kulang moeeng joang?
9 Ha u kula, u ka khetha ho ea ngakeng ea mofuta ofe? E nkang nako e seng kae e u mametse ebe kapele e u ngolla meriana e le hore e ka khona ho bona mokuli ea latelang? Kapa u ka khetha ho ea ngakeng e mamelang sohle seo u batlang ho e bolella sona, e u hlalosetsang hore na bothata ba hao bo hokae, ebe e u bolella hore na u ka phekoloa ka litsela life?
10 Ka ho tšoanang, baholo ba ka mamela motho ea kulang moeeng ’me ba mo thusa hore leqeba la hae le fole, ’me ka tsela ea tšoantšetso “ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.” (Bala Jakobo 5:14, 15.) Joaloka balsame e tsoang Gileade, Lentsoe la Molimo le ka thoba mokuli. (Jer. 8:22; Ezek. 34:16) Ha melao-motheo ea Bibele e sebelisoa e ka thusa motho ea fokolang hore a boele a matlafale moeeng. Ka sebele baholo ba khona ho thusa nku e kulang ha ba utloa hore na e tšoenyehile ka eng ebe ba rapela le eona.
Eseng ka ho Qobelloa Empa ka ho Rata
11. Baholo ba susumetsoa ke’ng hore ba lise mohlape oa Molimo ka ho rata?
11 Ka mor’a moo Petrose o ile a hopotsa banna ba baholo hore na mosebetsi oa bolisa o lokela ho etsoa joang le hore na ha oa lokela ho etsoa joang. Baholo ba lokela ho lisa mohlape oa Molimo “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata.” Baholo ba susumetsoa ke’ng hore ba sebeletse barab’abo bona ka ho rata? Ha e le hantle Petrose o ile a susumetsoa ke’ng hore a lise linku tsa Jesu a be a li fepe? Ntho e ka sehloohong e ileng ea mo susumetsa ke lerato leo a neng a rata Morena ka lona. (Joh. 21:15-17) Ka lebaka la lerato leo baholo ba nang le lona, ha ba sa ‘hlola ba iphelela, empa ba phelela ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.’ (2 Bakor. 5:14, 15) Lerato lena hammoho le lerato leo ba ratang Molimo le barab’abo bona ka lona, le qobella baholo hore ba etse boiteko bo matla ha ba sebeletsa mohlape, ’me ba sebelise nako le matlotlo a bona e le hore ba phethe mosebetsi ona. (Mat. 22:37-39) Ba itela ka ho rata eseng ka lekhonono.
12. Moapostola Pauluse o ile a itela hakae?
12 Baholo ba lokela ho itela hakae? Ha ba hlokomela linku, ba etsisa moapostola Pauluse, joalokaha le eena a ne a etsisa Jesu. (1 Bakor. 11:1) Kaha Pauluse le bo-mphato’a hae ba ne ba rata barab’abo bona ba Thesalonika ka lerato le mofuthu, ha baa ka ba khahloa ke ho ba fa ‘litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea ea bona.’ Ba ile ba etsa sena ka bonolo “joaloka ha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.” (1 Bathes. 2:7, 8) Pauluse o ne a utloisisa kamoo ’mè ea anyesang a ikutloang kateng ka bana ba hae. O ne a ka ba etsetsa ntho leha e le efe, ho akarelletsa le ho tsoha har’a mp’a bosiu e le hore a ba fepe.
13. Baholo ba lokela ho etsa joang e le hore ba lekanyetse lintho hantle?
13 Baholo ba lokela ho hlokomela hore ba lekanyetse lintho hantle mabapi le boikarabelo ba bona ba bolisa le ba malapa a bona. (1 Tim. 5:8) Nako eo baholo ba e qetang le litho tsa phutheho ke nako ea bohlokoa eo ba ka beng ba e qeta le ba malapa a bona. Tsela e ’ngoe ea ho lekanyetsa lintho hantle mabapi le boikarabelo ba bona phuthehong le malapeng a bona, ke hore ka linako tse ling ba memele ba bang Borapeling ba bona ba Lelapa ba mantsiboea. Ka lilemo-lemo Masanao, eo e leng moholo Japane, o ’nile a mema masoha le bana bao bo-ntate ba bona ba seng ka phuthehong hore ba be teng thutong ea lelapa la hae. Ha nako e ntse e feta, ba bang bao Masanao a ileng a ba thusa e ile ea e-ba baholo ’me ba etsisa mohlala oa hae o motle.
Qobang Lerato la Leruo—Le Lise Mohlape ka Tabatabelo
14, 15. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho itebela hore ba se ke ba e-ba le “lerato la leruo la ho se tšepahale,” hona ba ka etsisa Pauluse joang tabeng ee?
14 Petrose o ile a boela a khothalletsa baholo ho lisa mohlape “eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” Baholo ba qeta nako e ngata haholo ba etsa mosebetsi oa bona, empa ha baa lebella hore ba lefshoe. Petrose o ile a bona ho hlokahala hore a lemose banna ba baholo bao a neng a sebetsa le bona ka kotsi ea ho lisa mohlape ka lebaka la “lerato la leruo la ho se tšepahale.” Kotsi ea seo e bonahala ka ho hlaka tseleng eo baeta-pele ba bolumeli ba “Babylona e Moholo” ba phelang Tšen. 18:2, 3) Kajeno baholo ba na le lebaka le utloahalang la hore ba itebele e le hore ba se ke ba ba le maikutlo a joalo.
bophelo bo mabotho-botho ka eona le hoja batho ba bangata e le mafutsana. (15 Pauluse o behetse baholo ba Bakreste mohlala o motle. Le hoja e ne e le moapostola ’me e ka be e bile “moroalo o litšenyehelo li boima” ho Bakreste ba Thesalonika, ha aa ka a “ja lijo ho mang kapa mang ntle ho tefo.” Ho e-na le hoo, o ile a ‘sebetsa le ho sehla bosiu le motšehare.’ (2 Bathes. 3:8) Baholo ba bangata ba mehleng ena, ho akarelletsa le ba leng mosebetsing oa ho potoloha ba beha mohlala o motle tabeng ena. Le hoja ba thabela ho amoheloa ka mofuthu malapeng a balumeli-’moho le bona, ha ba ‘behe moroalo o litšenyehelo li boima’ holim’a mang kapa mang.—1 Bathes. 2:9.
16. Ho lisa mohlape “ka tabatabelo” ho bolela’ng?
16 Baholo ba lisa mohlape “ka tabatabelo.” Tabatabelo ea bona e bonahala ka tsela eo ba itelang ka eona ha ba thusa mohlape. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ba qobella mohlape hore o sebeletse Jehova; ebile baholo bana ba lerato ha ba khothalletse ba bang hore ba sebeletse Molimo ka moea oa tlhōlisano. (Bagal. 5:26) Baholo baa utloisisa hore linku ha li tšoane. Ba labalabela ho thusa barab’abo bona hore ba sebeletse Jehova ba thabile.
Eseng ka ho Rena ka Thata Holim’a Mohlape Empa ka Hore e be Mehlala
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tse ling baapostola ba ile ba thatafalloa ho utloisisa thuto ea Jesu ea hore ba ikokobetse? (b) Re ka ’na ra iphumana re le boemong bofe bo tšoanang le boo?
17 Joalokaha re se re tšohlile taba ena, baholo ba lokela ho hopola hore mohlape oo ba o lisang ke oa Molimo eseng oa bona. Ba hlokolosi hore ba se ke ba “rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo.” (Bala 1 Petrose 5:3.) Ka linako tse ling, baapostola ba Jesu ba ile ba hahamalla litokelo ka sepheo se fosahetseng. Joaloka batho ba neng ba busa lichaba, le bona ba ne ba batla ho ba maemong a phahameng.—Bala Mareka 10:42-45.
18 Kajeno, e ka ba hantle hore barab’abo rōna ba ‘hahamallang boemo ba molebeli’ ba itlhahlobe hore na ke hobane’ng ha ba hahamalla boemo boo. (1 Tim. 3:1) E ka ba hantle hore bao e seng e le baholo ba ipotse ka botšepehi hore na ba batla ho laola kapa ho ba maemong a phahameng joalokaha baapostola ba bang ba ile ba etsa joalo. Haeba baapostola ba ile ba e-ba le bothata ka taba ena, baholo ba lokela ho hlokomela hore ho hlokahala hore ba sebetse ka thata e le hore ba qobe tšekamelo ea lefatše ea ho thabela ho laola batho ba bang.
19. Baholo ba lokela ho hopola’ng ha ba sireletsa mohlape?
19 Ke ’nete hore ka linako tse ling baholo ba lokela ho tiea, haholo-holo nakong eo ba sireletsang mohlape ‘liphiring tse hatellang.’ (Lik. 20:28-30) Pauluse o ile a re Tite a tsoele pele ho “eletsa le ho khalemela ka matla a feletseng.” (Tite 2:15) Leha ho le joalo, le nakong eo ba lokelang ho etsa sena, baholo ba leka ho hlompha batho bao ba ba thusang. Baa hlokomela hore hangata ntho e susumetsang batho hore ba latele tsela e nepahetseng ke ho ba khothatsa ka tsela e bonolo ho e-na le ho ba tšoaea liphoso ka tsela e sa bontšeng kutloelo-bohloko.
20. Baholo ba ka etsisa Jesu joang ka hore ba behe mohlala o motle?
20 Mohlala oa Kreste o motle o susumetsa baholo hore ba rate mohlape. (Joh. 13:12-15) Rea thaba ha re bala kamoo a ileng a ruta barutuoa ba hae kateng hore na ba ka etsa mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa joang. Mohlala oa hae oa boikokobetso o ile oa ama lipelo tsa barutuoa ba hae, oa ba susumelletsa hore ba bontše hore ba ‘ikokobelitse likelellong le hore ba nka hore ba bang ba ba phahametse.’ (Bafil. 2:3) Ka tsela e tšoanang, kajeno baholo ba susumelletseha hore ba latele mohlala oa Jesu, ’me le bona ba batla ho ‘ba mehlala ho mohlape.’
21. Baholo ba ka lebella hore ba tla fumana moputso ofe?
21 Petrose o ile a qetella keletso eo a ileng a e fa banna ba baholo ka hore a bue ka seo ba tšepisitsoeng hore ba tla se fumana nakong e tlang. (Bala 1 Petrose 5:4.) Balebeli ba tlotsitsoeng ba tla “amohela moqhaka o sa senyeheng oa khanya” hammoho le Kreste leholimong. Balisa ba tlaasana ba “linku tse ling” ba tla ba le tlotla ea ho lisa mohlape oa Molimo lefatšeng tlas’a puso ea “molisa ea ka sehloohong.” (Joh. 10:16) Sehloohong se latelang ho tla tšohloa litsela tseo ka tsona litho tsa phutheho li ka tšehetsang ba khethiloeng hore ba etelle pele.
Tlhahlobo
• Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Petrose a eletse baholo hammoho le eena hore ba lise mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona?
• Baholo ba lokela ho lisa batho ba kulang moeeng joang?
• Baholo ba susumetsoa ke’ng hore ba lise mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Joaloka balisa ba boholo-holo, kajeno baholo ba lokela ho sireletsa “linku” tse tlhokomelong ea bona