Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka “Atlehisa Tsela ea Hao” Joang?

U ka “Atlehisa Tsela ea Hao” Joang?

U ka “Atlehisa Tsela ea Hao” Joang?

“KATLEHO”—leo ke lentsoe le hapang mahlo! Ba bang ba fumane maemo a phahameng ’me ba khonne ho rua haholo ba bile ba fumane botumo. Ba bang ba ’nile ba lakatsa ho atleha empa ho hang ba hlōlehile.

Hangata, ho atleha ho itšetlehile ka hore na ke’ng eo u batlang e tle pele bophelong ba hao. Lintho tse ling tse peli tsa bohlokoa ke hore na u sebelisa nako ea hao le matla a hao joang le hore na ua ikitlaetsa.

Bakreste ba bangata ba hlokometse hore ha ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli, seo se etsa hore ba khotsofale haholo. Ho iketsetsa pakane ea hore tšebeletso ea nako e tletseng e be mosebetsi oa bophelo bohle, ho entse hore ba bacha le ba baholo ba atlehe. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba utloa eka mosebetsi oa boboleli ha o monate ’me ba se ke ba o etelletsa pele bophelong ba bona, ba shebana le ho phehella lipakane tse ling. Ke hobane’ng ha see se ka etsahala? U ka etsa’ng e le hore lintho tsa bohlokoa e le kannete li se ke tsa u sirela? Hona u ka etsa joang e le hore ‘u atlehise tsela ea hao’?—Josh. 1:8.

Lintho Tse Etsoang ka Mor’a Sekolo le Mesebetsi ea ho Itlosa Bolutu

Bacha ba Bakreste ba lokela ho lekanyetsa lintho hantle mabapi le ho sebeletsa Molimo oa ’nete le lintho tse ling tseo ba li etsang. Ba etsang joalo ba tla atleha bophelong ’me ba lokela ho babatsoa ka lerato.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba Bakreste ba ikakhela ka setotsoana linthong tse etsoang ka mor’a sekolo le mesebetsing ea ho itlosa bolutu. Ho etsa lintho tse joalo ka bohona ha ho phoso. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste ba lokela ho ipotsa: ‘Ke tla nka nako e kae ke etsa lintho tsee? Ho thoe’ng ka batho bao ke tla kopana le bona moo? Ha ke etsa lintho tsee, ke tla kopana le batho ba bontšang moea ofe? Hona ke eng e ka ’nang ea tla pele bophelong ba ka?’ Ho ka etsahala hore ebe ua hlokomela hore u ka ’na ua rata lintho tsena hoo u ka ’nang ua salloa ke nako e nyenyane feela le matla a ho loanela ho lula u e-na le kamano e ntle le Molimo. Joale ua bona hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho a etse qeto ea hore na ke lintho life tse lokelang ho tla pele bophelong ba hae.—Baef. 5:15-17.

Nahana ka mohlala oa Wiktor. * O re: “Ha ke ne ke le lilemo li 12 ke ile ka ba setho sa sehlopha sa volleyball. Ha nako e ntse e e-ea ke ile ka hapa likhau tse ngata. Ke ne ke e-na le monyetla oa ho ba khalala.” Ha nako e ntse e e-ea, Wiktor o ile a tšoenyeha ke tsela eo ka eona ho phehella papali eo ho neng ho ama kamano ea hae le Jehova. Ka letsatsi le leng o ile a ea le sephume sa boroko ha a ntse a leka ho bala Bibele. Hape o ile a hlokomela hore o ne a se a sa thabele tšebeletso ea tšimo hakaalo. “Papali eo e ne e etsa hore ke khathale, ’me ho e-s’o ee kae ke ile ka hlokomela hore e ne e boetse e etsa hore ke se hlole ke chesehela ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke tseba hore ha ke etse sohle seo ke neng nka khona ho se etsa.”

Thuto e Phahameng Eona?

Mangolo a file Mokreste boikarabelo ba hore a hlokomele ba lelapa la hae, ’me seo se akarelletsa hore a ba hlokomele ka lintho tseo ba li hlokang nameng. (1 Tim. 5:8) Ho ntse ho le joalo, na seo se bolela hore motho o lokela ho fumana lengolo la k’holeje kapa lengolo le phahameng la univesithi?

E ka ba hantle hore motho a nahane ka hore na ho phehella thuto e phahameng ho ka ama kamano ea hae le Jehova joang. A re ke re etseng mohlala oa sena ka hore re hlahlobe mohlala o tsoang ka Mangolong.

Baruke e ne e le mongoli oa moprofeta Jeremia. Ho na le nako eo Baruke a ileng a rata maemo ho e-na le ho tsepamisa kelello tokelong eo a neng a e-na le eona ea ho sebeletsa Jehova. Jehova o ile a hlokomela sena ’me o ile a sebelisa Jeremia hore a mo fe temoso ena: “U ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.”—Jer. 45:5.

“Lintho tse khōlō” tseo Baruke a neng a ipatlela tsona e ne e le eng? E ka ’na eaba o ile a lekeha hore a iketsetse lebitso tsamaisong ea lintho ea Sejuda. Kapa mohlomong lintho tse khōlō e ne e le maruo. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, o ne a siretsoe ke hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life, e leng tse ileng tsa mo thusa hore a lule a e-na le kamano e haufi le Jehova. (Bafil. 1:10) Leha ho le joalo, ho hlakile hore Baruke o ile a mamela temoso eo Jehova a ileng a mo fa eona a sebelisa Jeremia eaba o fumana moea oa hae e le thepa e hapuoeng.—Jer. 43:6.

Re ithuta’ng tlalehong ee? Keletso eo Baruke a ileng a e fumana e bontša hore ho ne ho e-na le ho phoso ka eena. O ne a ipatlela lintho tse khōlō. Haeba u e-na le mokhoa oa ho iphelisa, na ho hlile hoa hlokahala hore u qete nako, chelete le matla a hao hore feela u fumane lintho tseo u lakatsang ho ba le tsona kapa tseo batsoali ba hao kapa beng ka uena ba li batlang?

Nahana ka Grzegorz, eo e leng moetsi oa mananeo a k’homphieutha. Ka lebaka la khothalletso ea metsoalle ea hae, o ile a ea thupelong moo a neng a tla fumana koetliso e ’ngoe e khethehileng. Ho e-s’o ee kae o ne a se a se na nako ea ho etsa lintho tsa moea. O re: “Ke ne ke lula ke sa phutholoha. Letsoalo la ka le ne le nkhathatsa kaha ke ne ke sitoa ho finyella lipakane tsa moea tseo ke neng ke ipehetse tsona.”

Ho Phathahana Mosebetsing oa Boipheliso

Lentsoe la Molimo le khothalletsa Bakreste ba ’nete hore ba sebetse ka thata le hore e be basebetsi kapa bahiri ba nang le boikarabelo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.” (Bakol. 3:22, 23) Leha ho le joalo, le hoja ho le hotle hore motho a sebetse ka thata, ho hlokahala se eketsehileng—e leng kamano e ntle le ’Mōpi oa rōna. (Moek. 12:13) Haeba Mokreste a phathahane haholo mosebetsing oa boipheliso, ho ka ba bonolo hore lintho tsa moea li se ke tsa tla pele bophelong ba hae.

Ho phathahana mosebetsing oa boipheliso ho ka etsa hore Mokreste a se ke a ba le matla a hore a tsitse moeeng le hore a thuse ba lelapa la hae. Morena Solomone o ile a hlokomela hore hangata ho etsa “mosebetsi o boima o tletseng matsoho” ho tsamaea le “ho lelekisa moea.” Haeba Mokreste a ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oa boipheliso, a ka qetella a lula a imetsoe haholo kelellong. Motho ea joalo e ka ba lekhoba la mosebetsi ho fihlela a e-ba le mokhathala o feteletseng. Haeba ho le joalo, na a ka hla a “thaba . . . le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata”? (Moek. 3:12, 13; 4:6) Habohlokoa le ho feta, na a ka ba le matla ’meleng le kelellong a hore a phethe boikarabelo ba hae ka lapeng le ho etsa mesebetsi ea moea?

Janusz, ea lulang Europe Bochabela o ile a phathahana khoebong ea hae ea ho lokisa lirapa. O re: “Batho ba lefatše ba ne ba ntsota hobane ke ne ke sa emele hore ke bolelloe hore na ke etse’ng e bile ke ne khona ho qeta mosebetsi o mong le o mong oo ke neng ke o filoe. Empa kamano ea ka le Jehova e ile ea senyeha, ’me ke ile ka khaotsa ho ea tšimong. Ho e-s’o ee kae ke ile ka khaotsa ho ea libokeng. Ke ile ka ikhohomosa hoo ke ileng ka hana keletso ea baholo eaba ke suthela hōle le phutheho.”

U ka Etsa Hore Bophelo ba Hao bo Atlehe

Re hlahlobile lintho tse tharo tseo Mokreste a ka ikakhelang ka setotsoana ho tsona eaba seo se senya kamano ea hae le Jehova. Na ho na le e ’ngoe ea tsona eo u e etsang? Haeba ho joalo, lipotso, mangolo hammoho le lintlha tse latelang, li ka u thusa hore u tsebe hore na u tla hle u atlehe.

Lintho Tse Etsoang ka Mor’a Sekolo le Mesebetsi ea ho Itlosa Bolutu: U ikakhetse ka setotsoana hakae linthong tse joalo? Na li ja nako eo u neng u e sebelisa ho etsa lintho tsa moea? Na u ikutloa u se u sa natefeloe ke ho ba le balumeli-’moho le uena? Haeba ho joalo, e ka ba hantle hore u etsise Morena Davida, ea ileng a kōpa Jehova ka tieo a re: “Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona.”—Pes. 143:8.

Molebeli e mong oa potoloho o ile a thusa Wiktor, eo ho builoeng ka eena pejana. Molebeli enoa o ile a re ho eena: “Ua cheseha ha u bua ka papali ea hao ea volleyball.” Wiktor o re: “Seo se ile sa ntšisinya maikutlo. Ke ile ka elelloa hore ke se ke keneletse haholo. Ho e-s’o ee kae ke ile ka khaotsa ho tloaelana le metsoalle ea lefatše eo ke neng ke e-na le eona sehlopheng sa volleyball eaba ke batla metsoalle ka phuthehong.” Kajeno Wiktor o sebeletsa Jehova ka cheseho phuthehong ea habo. O re: “Botsa metsoalle ea hao, batsoali ba hao kapa baholo ka phuthehong hore na ba hlokometse eng ka mesebetsi ea hao ea sekolo; na ba bona eka e u atametsa ho Jehova kapa e u hulela hōle le eena.”

E ka ba hantle hore u bontše baholo ka phuthehong ea heno hore u rata ho hahamalla litokelo tse eketsehileng tšebeletsong ea Molimo. Na u ka thusa batho ba hōlileng ba jeoang ke bolutu kapa ba hlokang motho ea ba thusang, mohlomong ka hore u ba ele mabenkeleng kapa u ba etsetse mesebetsi ea lapeng? Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, u ka khona ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me u bolelle ba bang lintho tse u thabisang.

Thuto e phahameng: Jesu o ile a lemosa hore re se ke ra “ipatlela thoriso.” (Joh. 7:18) Ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto ea ho ruteha hakae, na u “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo”?—Bafil. 1:9, 10.

Grzegorz, moetsi oa mananeo a k’homphieutha o ile a fetola tsela eo a neng a phela ka eona. O re: “Kaha ke ile ka nka keletso eo baholo ba ileng ba mpha eona ka ho teba, ke ile ka fokotsa lintho tse sa hlokahaleng. Ke ile ka hlokomela hore ha ho hlokahale hore ke ntšetse thuto ea ka pele. Seo se ne se tla ntjella nako feela se be se etse hore ke lule ke khathetse.” Grzegorz o ile a ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea phutheho. Ha nako e ntse e e-ea o ile a fumana lengolo sekolong seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha. Ka sebele, o ile a ‘ithekela nako’ ea ho ntšetsa thuto ea hae ea bomolimo pele.—Baef. 5:16.

Mosebetsi oa boipheliso: Na u ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oa hao oa boipheliso hoo u seng u se na nako ea lintho tsa moea? Na u ipha nako e lekaneng ea hore u buisane le ba lelapa la hao? Na u ntlafatsa lipuo tseo u fanang ka tsona ka phuthehong? Na u qoqa le ba bang ka lintho tse hahang? “Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae,” ’me Jehova o tla u hlohonolofatsa ebile u tla ‘bona se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hao o boima.’—Moek. 2:24; 12:13.

Janusz, eo ho builoeng ka eena pejana, ha aa ka a atleha khoebong ea hae ea ho lokisa lirapa, lintho li ile tsa mo tsamaela hampe. Kaha o ne a se a hloka chelete a bile a kene tloara! likolotong, o ile a kōpa thuso ho Jehova. Janusz o ile a lokisa litaba tsa hae ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla ebile ke moholo ka phuthehong. O re: “Ha ke khotsofalla lintho tse hlokahalang tseo ke nang le tsona, ke bile ke itella ho etsa lintho tsa moea, ke lula ke phutholohile ke bile ke e-na le khutso.”—Bafil. 4:6, 7.

Iphe nako ea hore ka botšepehi u hlahlobe hore na sepheo sa hao ke sefe le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba hao. Ho sebeletsa Jehova ho thusa motho hore a atlehe ka nako e telele bophelong. Etsa hore e be ntho ea bohlokoa bophelong ba hao.

U ka ’na ua tlameha ho etsa liphetoho tse itseng, esita le ho fokotsa lintho tse sa hlokahaleng e le hore u ipakele e le uena “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Bar. 12:2) Ho feta moo, u ka “atlehisa tsela ea hao” ka hore u mo sebeletse ka moea ’ohle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]

U ka Atlehisa Tsela ea Hao Joang?

Kaha ho na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa, u ka etsa joang hore u se ke ua sireloa ke lintho tseo e leng tsa bohlokoa e le kannete? Iphe nako ea ho hlahloba hore na sepheo sa hao ke sefe le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba hao ka hore u nahanisise ka lipotso tse latelang:

LINTHO TSE ETSOANG KA MOR’A SEKOLO LE MESEBETSI EA HO ITLOSA BOLUTU

▪ Ha u etsa lintho tsee u kopana le batho ba bontšang moea ofe?

▪ Li tla u jella nako e kae?

▪ Na e ka ba tsona tse tlang pele bophelong ba hao?

▪ Na li ja nako eo u neng u e sebelisa ho etsa lintho tsa moea?

▪ Ho thoe’ng ka batho bao u tla kopana le bona moo?

▪ Na u thabela setsoalle sa batho baa ho feta sa balumeli-’moho le uena?

THUTO E PHAHAMENG

▪ Haeba u e-na le mokhoa oa ho iphelisa, na ho hlile hoa hlokahala hore u qete nako, chelete le matla a hao e le hore u ntšetse thuto pele?

▪ E le hore u iphelise, na ehlile hoa hlokahala hore u fumane lengolo la k’holeje kapa lengolo le phahameng la univesithi?

▪ Na u tla khona ho ba teng libokeng kamehla?

▪ Na u entse bonnete ba hore u “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo”?

▪ Na ho hlokahala hore u matlafatse kholiseho eo u nang le eona ea hore Jehova o na le matla a ho u hlokomela?

MOSEBETSI

▪ Na mosebetsi oa hao o u fa nako ea hore u ‘thabe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hao o thata’?

▪ Na u na le matla ’meleng le kelellong a hore u phethe boikarabelo ba hao ba lelapa le hore u etse mesebetsi ea moea?

▪ Na u ipha nako e lekaneng ea hore u buisane le ba lelapa la hao?

▪ Na u ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oa hao oa boipheliso hoo u seng u se na nako ea lintho tsa moea?

▪ Na o ama boleng ba lipuo tseo u fanang ka tsona phuthehong?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Jehova o ile a lemosa Baruke ka kotsi ea ho rata maemo