Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Jehova ba Hlōla Nyeoe e Nkileng Lilemo!

Batho ba Jehova ba Hlōla Nyeoe e Nkileng Lilemo!

Batho ba Jehova ba Hlōla Nyeoe e Nkileng Lilemo!

E QALILE ka 1995 ’me e nkile lilemo tse 15. Nakong eo eohle, Bakreste ba ’nete ba Russia ba ne ba hlaseloa ke bahanyetsi ba tokoloho ea bolumeli. Bahanyetsi bana ba ne ba ikemiselitse ho etsa hore Lipaki Tsa Jehova li thibeloe ka molao Moscow le libakeng tse ling. Leha ho le joalo, ka lebaka la botšepehi ba bara le barali babo rōna ba ratehang ba Russia, Jehova o ile a bona ho loketse hore a ba putse ka hore ba hlōle nyeoe eo. Empa ke hobane’ng ha bara bao babo rōna ba ne ba qosoa?

BA ILE BA QETELLA BA LOKOLOHILE!

Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, barab’abo rōna ba Russia ba ile ba boela ba fumana tokoloho ea bolumeli eo ba ileng ba e amohuoa ka 1917. Ka 1991 ’muso oa Soviet Union o ile oa ngolisa bolumeli ba bona ka molao. Ha Soviet Union e se e oele, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao ’Musong oa Russia. Ho feta moo, ’Muso o ile oa nka Lipaki tse ’nileng tsa hlorisetsoa bolumeli ba tsona ka lilemo tse mashome e le mahlatsipa a khatello ea lipolotiki. Ka 1993, Lefapha la Toka la Moscow le ile la ngolisa Mokhatlo oa Moscow oa Lipaki Tsa Jehova, e leng lebitso la molao leo re tsejoang ka lona naheng eo. Selemong sona seo, e ne e le ha molao o mocha oa motheo oa Russia o tiisang hore ho na le tokoloho ea bolumeli o qala ho sebetsa. Ha ho makatse hore ebe mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ha ho mohla re kileng ra nahana hore re tla ke re fumane bolokolohi bo bokana!” A phaella ka ho re: “Re ’nile ra letela sena ka lilemo tse 50!”

Bara le barali babo rōna ba Russia ba ile ba sebelisa ‘nako eo e tšoanelang’ hamolemo ka hore ka potlako ba ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela, ’me ba bangata ba ile ba amohela molaetsa oa bona. (2 Tim. 4:2) Mosali e mong o ile a re: “Batho ba ne ba thahasella bolumeli haholo.” Kapele-pele palo ea bahoeletsi, ea bo-pula-maliboho le ea liphutheho e ile ea eketseha. Ha e le hantle, ho tloha ka 1990 ho fihlela ka 1995, palo ea Lipaki tsa Moscow e ile ea eketseha ho tloha ho tse 300 ho ea ho tse ka holimo ho 5 000! Kaha palo ea bahlanka ba Jehova ba Moscow e ile ea eketseha ka sekhahla, bahanyetsi ba tokoloho ea bolumeli ba ile ba haroha letsoalo. Bohareng ba bo-1990 ba ile ba ba hlasela ka ho ba isa makhotleng. Nyeoe ena e ile ea feta methating e mene pele ho etsoa qeto ea makhaola-khang.

LIPATLISISO TSA TLŌLO EA MOLAO LI FELLA KA TSELA E SA LEBELLOANG

Mothati oa pele oa nyeoe ena o bile ka June 1995. Sehlopha se neng se le Moscow seo ho hlakileng hore se sebelisana le Kereke ea Orthodox ea Russia se ile sa hlahlela nyeoe, se qosa barab’abo rōna ka liketso tsa tlōlo ea molao. Sehlopha sena se ile sa bolela hore se emetse litho tsa malapa tse neng li khopisoa ke hore ebe balekane ba tsona kapa bana e se e le Lipaki. Ka June 1996, bafuputsi ba ile ba qala ho batla bopaki ba hore na ho na le phoso e entsoeng, empa ha baa ka ba bo fumana. Ho ntse ho le joalo, sehlopha sona seo se ile sa hlahlela nyeoe e ’ngoe—sa boela sa qosa barab’abo rōna ka hore ba tlōtse molao. Bafuputsi ba ile ba boela ba batla bopaki, empa liqoso tsohle li ile tsa shanofatsoa. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba ile ba hlahlela nyeoe ka lekhetlo la boraro, ba qosa barab’abo rōna ka liqoso tsona tseo. Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow li ile tsa boela tsa phenyekolloa, empa moahloli a fihlela qeto e tšoanang—ea hore ha ho na mabaka a ho tsoela pele ka nyeoe ea tlōlo ea molao. Eaba bahanyetsi bana ba qosa barab’abo rōna ka liqoso tse tšoanang ka lekhetlo la bone, ’me moahloli a boela a fumana li se na bopaki. Hoa makatsa hore ebe sehlopha sona seo se ile sa batla hore ho etsoe phuputso e ’ngoe. Qetellong, ka la 13 April, 1998, mofuputsi e mocha o ile a qhala nyeoe eo.

’Muelli oa molao ea neng a sebetsana le nyeoe eo o re: “Empa joale ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang.” Le hoja moemeli oa ofisi ea moahloli e ileng ea etsa lipatlisiso ka lekhetlo la bohlano a ile a lumela hore ha ho na bopaki ba hore ho entsoe tlōlo ea molao, o ile a ’na a fana ka keletso ea hore barab’abo rōna ba qosoe ka ho tlōla melao ea kahisano. Moemeli enoa o ile a bolela hore Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow li tlōtse molao oa naha le oa machaba. Mochochisi Lekhotleng la ’Maseterata la Libaka Tse ka Leboea Tsa Moscow o ile a lumellana le eena eaba o hlahlela nyeoe e mabapi le litaba tsa kahisano. * Ka la 29 September, 1998, nyeoe ena e ile ea qala ho buuoa Lekhotleng la Setereke la Golovinsky e oelang Moscow. Ho ne ho qalile mothati oa bobeli.

BIBELE KA LEKHOTLENG

Ho ne ho tletse tsoete! ka lekhotleng le karolong e ka leboea ea Moscow, ha Mochochisi Tatyana Kondratyeva a qala ho qosa Lipaki, a sebelisa molao oa ’muso o saennoeng ka 1997 o bolelang hore Bokreste ba Orthodox, Boislamo, Bojuda le Bobuddha ke ’ona malumeli a motheo. * Molao ona o etsa hore ho be thata hore malumeli a mang a nkoe a amoheleha ka molao. O boetse o lumella makhotla hore a thibele malumeli a khothalletsang lehloeo. Mochochisi eo o ile a sebelisa molao ona ’me ka bohata a bolela hore Lipaki Tsa Jehova li khothalletsa lehloeo li bile li senya malapa, ka lebaka leo li lokela ho thibeloa.

Akhente e neng e buella barab’abo rōna e ile ea botsa potso ena: “Ke bo-mang Phuthehong ea Moscow ba tlōtseng molao?” Mochochisi eo o ile a sitoa ho fana ka lebitso leha le le leng. Leha ho le joalo, o ile a re lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova li khothalletsa lehloeo la bolumeli. E le hore a tšehetse taba ea hae, o ile a bala makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! le lingoliloeng tse ling (sheba ka holimo). Ha a botsoa hore na lingoliloeng tsena li khothalletsa lehloeo joang, a re: “Lipaki Tsa Jehova li ruta hore bolumeli ba tsona ke ba ’nete.”

Mora e mong oabo rōna oa akhente o ile a fa moahloli Bibele, a fa mochochisi eo Bibele e ’ngoe eaba o bala Baefese 4:5 e reng: “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.” Ho e-s’o ee kae, moahloli, mochochisi le akhente eo—bao kaofela ba neng ba tšoere Libibele—ba ne ba buisana ka mangolo a kang Johanne 17:18 le Jakobo 1:27. Litho tsa lekhotla li ile tsa botsa: “Na mangolo aa a khothalletsa lehloeo la bolumeli?” Mochochisi a re ha a khone ho hlalosa Bibele. Eaba akhente eo e ba bontša lingoliloeng tsa Kereke ea Orthodox ea Russia tse seollang Lipaki Tsa Jehova ka matla ea nt’o botsa potso ena: “Na lipolelo tsee li tlōla molao?” Mochochisi a araba ka ho re: “Ha ke khone ho araba liphehisano tsa baruti.”

LIQOSO TSE SE NANG BOPAKI

Ha mochochisi a ne a qosa Lipaki ka hore li senya malapa, o ile a re ha li keteke matsatsi a phomolo a kang Keresemese. Leha ho le joalo, hamorao o ile a lumela hore molao oa Russia ha o qobelle baahi hore ba keteke Keresemese. Batho ba Russia—ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova tsa Russia—ba na le boikhethelo. Mochochisi eo o ile a bolela hore mokhatlo oa rōna ‘o sitisa bana ho phomola joaloka bana ba bang le ho thabela bophelo.’ Empa ha a hlongoa lipotso o ile a lumela hore ha ho mohla a kileng a bua le mocha ea hōlisitsoeng ke batsoali ba Lipaki. Ha akhente e botsa mochochisi hore na o kile a ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, o ile a araba a re: “Ha ho hlokahale.”

Mochochisi o ile a hlahisa moprofesa oa mafu a kelello e le paki ea setsebi. O ile a re ho bala lingoliloeng tsa rōna ho bakela batho mathata a kelello. Ha akhente e re buellang e bolela hore seo moprofesa a se ngotseng se tšoana le mantsoe a tokomaneng e ngotsoeng ke Mobishopo oa Moscow oa Kereke ea Orthodox, moprofesa eo o ile a lumela hore ho na le likarolo tseo mantsoe a tsona a tšoanang hantle. O ile a re: “Re sebeletsa disketeng e le ’ngoe.” Ha a ntse a botsoa lipotso ho ile ha totobala hore ha ho Paki ea Jehova le e ’ngoe eo a kileng a e phekola. Ka lehlakoreng le leng, moprofesa e mong oa mafu a kelello o ile a fana ka bopaki ka lekhotleng bo bontšang hore o hlahlobile Lipaki tse fetang 100 Moscow. O ile a hlokomela hore batho bao ba phela hantle likelellong; ho phaella moo, a re ka mor’a hore e be Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba qala ho hlompha malumeli a mang ho feta pele.

RE ILE RA HLŌLA NYEOE—EMPA NTOA E NE E SA LALA

Ka la 12 March, 1999, moahloli o ile a khetha barutehi ba bahlano hore ba hlahlobisise lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me a fanyeha nyeoe. Lekala la Toka la ’muso oa kopanelo oa Russia le ne le se le laetse barutehi hore ba hlahlobisise lingoliloeng tsa rōna; tlhahlobo ena e ne e sa amane le nyeoe ea Moscow. Sehlopha sena se khethiloeng ke Lekala se ile sa fana ka tlaleho ea sona ka la 15 April, 1999, sa bolela hore ha sea fumana letho le kotsi ka har’a lingoliloeng tsa rōna. Ka hona, ka la 29 April, 1999, Lekala la Toka le ile la ngolisa Lipaki Tsa Jehova bocha naheng eo. Esita leha ho ne ho e-na le tlaleho ena e ntle, lekhotla la Moscow le ile la tsitlella hore sehlopha se seng se hlahlobe lingoliloeng tsa rōna. Sena se ne se makatsa hobane Lekala la Toka la Russia le ne le talima Lipaki Tsa Jehova e le bolumeli bo amohelehang naheng eohle le bo mamelang molao, ho ntse ho le joalo, Lekala la Toka la Moscow le ne le li hlahlobisisa hobane ho thoe li tlōla molao!

Ho ile ha feta lilemo tse ka bang peli pele nyeoe e tsoela pele, ’me ka la 23 February, 2001, Moahloli Yelena Prokhorycheva a fihlela qeto. Ka mor’a ho hlahloba se fumanoeng ke sehlopha seo a neng a se khethile, o ile a liha kahlolo ena: “Ha ho na lebaka la ho felisa le ho thibela mosebetsi oa bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova Moscow.” Qetellong, ho ile ha lihuoa kahlolo e reng barab’abo rōna ha ba na molato liqosong tsohle tseo ba qosoang ka tsona! Leha ho le joalo, mochochisi o ile a hana qeto ena ea lekhotla eaba o ipiletsa Lekhotleng la Motse oa Moscow. Ka mor’a likhoeli tse tharo, ka la 30 May, 2001, lekhotla leo le ile la qhela kahlolo ea Moahloli Prokhorycheva. Le ile la laela hore nyeoe e buuoe bocha ’me e tsamaisoe ke mochochisi eena eo empa e okameloe ke moahloli e mong. Mothati oa boraro o ne o le haufi le ho qala.

RE ILE RA HLŌLOA KE NYEOE—EMPA NTOA E NE E NTSE E SA LALA

Ka la 30 October, 2001, Moahloli Vera Dubinskaya o ile a sebetsa nyeoe ena bocha. * Mochochisi Kondratyeva o ile a tsosa qoso ea hore Lipaki Tsa Jehova li hlohlelletsa lehloeo, empa, a eketsa ka hore ho thibela Lipaki Tsa Jehova tse ngolisitsoeng ka molao ke tsela ea ho sireletsa litokelo tsa Lipaki tsa Moscow! Hang-hang Lipaki Tsa Jehova tsa Moscow tse 10 000, kaofela ha tsona li ile tsa arabela polelo ena e makatsang ka ho saena boipiletso li kōpa lekhotla hore le qhele monyetla ona oa “tšireletso” oo mochochisi a li nonosang oona.

Mochochisi eo o ile a re ha ho hlokahale hore a fane ka bopaki ba hore Lipaki li tlōtse molao. O ile a re nyeoeng ena ho qosoa Lipaki Tsa Jehova ka lebaka la lingoliloeng tsa tsona le seo li se lumelang, eseng ka lebaka la mesebetsi eo li e etsang. O ile a bolela hore o tla tlisa moemeli oa Kereke ea Orthodox ea Russia e le paki ea setsebi. Mantsoe ao a ile a etsa hore ho hlake hore baruti ke bona ba ka sehloohong ba neng ba hlohlelletsa hore Lipaki li thibeloe. Ka la 22 May, 2003, moahloli o ile a laela hore sehlopha sa litsebi se hlahlobisise lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova hape.

Ka la 17 February, 2004, nyeoe e ile ea qala ka hore ho hlahlojoe liphuputso tsa sehlopha seo. Litsebi tseo li ne li fumane hore lingoliloeng tsa rōna li khothalletsa babali hore ba “baballe tokisetso ea lelapa le ea lenyalo” le hore polelo e reng lingoliloeng tsa rōna li khothalletsa lehloeo “ha e na bopaki.” Litsebi tse ling li ile tsa lumellana le seo. Moprofesa e mong oa litaba tsa bolumeli o ile a botsoa potso ena: “Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li bolela?” O ile a arabela lekhotla a re: “Ke tlamo hore Bakreste ba etse mosebetsi oa boboleli. Ke sona seo Kosepele e se buang ebile ke sona seo Kreste a ileng a laela barutuoa ba hae hore ba se etse, ha a re, ‘e-eang le bolele linaheng tsohle.’” Leha ho le joalo, ka la 26 March, 2004, moahloli eo o ile a thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Moscow. Ka la 16 June, 2004, Lekhotla la Motse oa Moscow le ile la tšehetsa qeto eo. * Ha Paki e ’ngoe ea khale e bua ka kahlolo eo, e itse: “Mehleng ea Soviet Union, Morussia o ne a tlameha ho latola boteng ba Molimo. Kajeno, Morussia e tlameha ho ba Moorthodox.”

Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng ha mosebetsi oa rōna o thibeloa? Ba ile ba etsisa Nehemia oa mehleng ea boholo-holo. Mehleng ea Nehemia, ha lira tsa batho ba Molimo li ne li hanyetsa mosebetsi oa hae oa ho tsosolosa lerako la Jerusalema, eena le batho ba hae ha baa ka ba lumella bahanyetsi hore ba ba tlohelise mosebetsi oa bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba ‘’na ba haha’ ’me ba “tsoela pele ho ba le pelo bakeng sa ho sebetsa.” (Neh. 4:1-6) Ka ho tšoanang, le mehleng ea kajeno barab’abo rōna ba Moscow ha baa ka ba lumella bahanyetsi hore ba ba tlohelise mosebetsi o lokelang ho etsoa—e leng oa ho bolela litaba tse molemo. (1 Pet. 4:12, 16) Ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla ba hlokomela ba bile ba ikemiselitse ho kena mothating oa bone oa nyeoe ena e nkileng nako e telele.

LITLHASELO TSE EKETSEHILENG

Ka la 25 August, 2004, barab’abo rōna ba ile ba isa lengolo la boipiletso Kremlin le eang ho Vladimir Putin, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Russia. Lengolo lena la boipiletso la libuka tse 76 le saennoeng ke batho ba fetang 315 000, le ne le bontša hore barab’abo rōna ba amehile haholo ka thibelo eo. Nakong eona eo, baruti ba Kereke ea Orthodox ea Russia ba ile ba hlahisa ’mala oa bona o ka mpeng. Moemeli oa Mobishopo oa Moscow oa Kereke ea Orthodox, o ile a re: “Ho hang re khahlanong le mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova.” Moeta-pele oa Mamosleme o ile a re qeto e entsoeng ea ho thibela mosebetsi oa Lipaki ke “bohato ba bohlokoa le bo nepahetseng.”

Ha ho makatse hore ebe batho ba Russia ba thetsitsoeng ba ile ba ikutloa ba le sebete sa ho hlasela Lipaki Tsa Jehova. Bahanyetsi ba ile ba otla ba ba ba raha Lipaki tse ling tse neng li bolela litaba tse molemo Moscow. Monna e mong ea halefileng o ile a leleka morali’abo rōna mohahong o mong ’me a mo raha habohloko mokokotlong hoo a ileng a oela fatše eaba o mo otla hloohong. Morali eo oabo rōna o ne a hloka thuso ea ngaka, empa mapolesa ha aa ka a etsa letho ka motho eo ea mo hlasetseng. Lipaki tse ling li ne li tšoaroa ke mapolesa, a nka likhatiso tsa tsona tsa menoana, a li nka litšoantšo a bile a li kenya litlamong bosiu bohle. Baokameli ba libaka tseo ho tšoareloang liboka ho tsona Moscow ba ile ba sokeloa ka hore ba tla lelekoa mosebetsing haeba ba tsoela pele ho hirisetsa Lipaki liholo. Ho e-s’o ee kae, liphutheho tse ngata li ile tsa lelekoa libakeng tseo li neng li li hiretse ho tšoarela liboka ho tsona. Liphutheho tse 40 li ile tsa tlameha ho kopanela mohahong o nang le Liholo Tsa ’Muso tse ’nè. Phutheho e ’ngoe e sebelisang mohaho oo e ne e tlameha ho tšoara Seboka sa Puo ea Phatlalatsa ka 7:30 hoseng. Molebeli e mong oa potoloho o re: “Bahoeletsi ba ne ba tlameha ho tsoha ka hora ea bohlano e le hore ba be teng libokeng, empa ba entse sena ka thabo ka nako e fetang selemo.”

“HORE E BE BOPAKI”

E le hore liakhente tsa rōna li hlakise hore ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna Moscow ho khahlanong le molao, ka December 2004 li ile tsa kōpa thuso Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Lebaka la Hore Qeto e Entsoeng Russia e Hlahlojoe Fora,” leqepheng la 6.) Ka la 10 June, 2010, ho ne ho se ho fetile lilemo tse tšeletseng ha Lekhotla lena le e-ba ntsoe-leng ha le liha kahlolo ea hore ho hang Lipaki Tsa Jehova ha li na molato! * Lekhotla lena le ile la hlahloba liqoso tsohle tseo re neng re qosoa ka tsona ’me la fumana hore ho hang ha li na motheo. Le ile la boela la bolela hore molao o tlama ’muso oa Russia hore o “khaotse liketso tsa tlōlo ea molao tseo Lekhotla le fumaneng hore o molato oa tsona ’me o lokise liphello tsa tsona kahohle kamoo ho ka khonehang.”—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Kahlolo ea Lekhotla,” leqepheng la 8.

Qeto ena ea Lekhotla e boletsoeng ka ho hlaka ea kamoo Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho e sireletsang mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova kateng, ha e tlame Russia feela empa e tlama le linaha tse ling tse 46 tseo e leng litho tsa Lekhotla la Europe. Ho feta moo, kaha nyeoeng ena ho ile ha sekasekoa kahohle-hohle molao hammoho le lintlha tse amehang, lefatšeng lohle, litsebi tsa molao, baahloli, batho ba etsang molao hammoho le litsebi tsa litokelo tsa botho ke bona ba tla thahasella qeto ena. Hobane’ng? E le hore Lekhotla le finyelle qeto ea lona, ha lea ka la bua ka liqeto tse robeli feela tseo le kileng la li etsa tse emelang Lipaki Tsa Jehova empa hape le ile la bua ka linyeoe tse robong tseo Lipaki Tsa Jehova li li hlōtseng makhotleng a phahameng ka ho fetisisa Afrika-Boroa, Argentina, Canada, Japane, Russia, Spain, United Kingdom le United States. Liqeto tsena le ho hana ha Lekhotla ka tieo liqoso tse entsoeng ke mochochisi oa Moscow li fa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle lebaka le matla leo li ka le sebelisang ha li sireletsa tumelo ea tsona le mosebetsi oa tsona.

Jesu o itse ho balateli ba hae: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Mat. 10:18) Linyeoe tsena tsa Russia kaofela tse nkileng lilemo tse 15 li ile tsa fa barab’abo rōna monyetla oa ho tsebahatsa lebitso la Jehova Moscow le libakeng tse ling ho feta leha e le neng pele. Hore ebe mahlo a batho a ile a lebisoa ho Lipaki ka hore li phenyekolloe, li qosoe makhotleng ’me qeto ea nyeoe ea tsona e lihuoe ke lekhotla la machaba, ka sebele e bile “bopaki” ’me seo se thusitse hore “litaba tse molemo li tsoele pele.” (Bafil. 1:12) Ha e le hantle, kajeno ha Lipaki tsa Moscow li bolela litaba tse molemo, batho ba bangata ba re: “Empa na mosebetsi oa lōna ha oa thibeloa?” Potso eo e atisa ho fa barab’abo rōna monyetla oa ho bolella batho lintlha tse eketsehileng tse mabapi le seo re se lumelang. Ho hlakile hore ha ho na mohanyetsi ea ka re thibelang ho etsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso. Re rapella hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa le ho tšehetsa bara le barali babo rōna ba ratehang le ba sebete ba Russia.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Nyeoe eo e ile ea hlahleloa ka la 20 April, 1998. Ka mor’a libeke tse peli, ka la 5 May, Russia e ile ea saena Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho.

^ ser. 10 “Molao ona o ile oa etsoa tlas’a khatello e matla e tsoang Kerekeng ea Orthodox ea Russia, eo ka lefufa e sireletsang boemo ba eona Russia ’me hape e labalabelang ho bona Lipaki Tsa Jehova li thibeloa.”—Associated Press, ea la 25 June, 1999.

^ ser. 20 Ntho e makatsang ke hore ka lona letsatsi leo, ho ne ho fela lilemo tse leshome ho fetisitsoe molao Russia oa hore Lipaki Tsa Jehova li nkoe e le mahlatsipa ao bolumeli ba ’ona bo ileng ba hatelloa pusong ea Soviet Union.

^ ser. 22 Thibelo eo e ile ea felisa mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke liphutheho tsa Moscow. Bahanyetsi ba ne ba e-na le tšepo ea hore ha mokhatlo oa rōna o felisoa, barab’abo rōna ba tla sitoa ho tsoela pele ka tšebeletso ea bona.

^ ser. 28 Russia e ile ea etsa boipiletso ba hore nyeoe eo e sebetsoe ke Moifo o Moholo oa Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho. Empa ka la 22 November, 2010, sehlopha sa baahloli ba bahlano ba Moifo o Moholo se ile sa lahla boipiletso ba Russia. Kahoo, kahlolo e lihiloeng ka la 10 June, 2010, e ile ea e-ba ea makhaola-khang ’me e ne e tlameha ho phethahatsoa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Lebaka la Hore Qeto e Entsoeng Russia e Hlahlojoe Fora

Ka la 28 February, 1996, Russia e ile ea saenela Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho. (Ka la 5 May, 1998, Russia ea kenya Tumellano eo tšebetsong.) Ka ho saenela selekane seo, ’muso oa Russia o ne o bolela hore bafo ba oona ba na le

‘tokelo ea bolokolohi ba bolumeli le tokelo ea ho etsa mesebetsi ea bolumeli malapeng le phatlalatsa le ho fetola bolumeli ba bona haeba ba batla ho etsa joalo.’—Molao oa 9.

‘tokelo ea hore ka tsela e bontšang boikarabelo ba bue ba be ba ngole lintho tseo ba li nahanang le hore ba li bolelle batho ba bang.’—Molao oa 10.

‘tokelo ea hore ba be le seabo libokeng tse tšoeroeng ka khotso.’—Molao oa 11.

Batho kapa mekhatlo e ’nileng ea tšoaroa hampe khahlanong le selekane sena le e nkileng mehato eohle ea molao naheng ea habo eona e ka tlisa nyeoe ea eona Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho le Strasbourg, Fora (le bontšitsoeng ka holimo). Le entsoe ka baahloli ba 47—e leng palo e lekanang le ea linaha tse saenetseng Tumellano ea Linaha Tsa Europe ea Litokelo Tsa Botho. Likahlolo tsa Lekhotla lena ke tsa makhaola-khang. Linaha tse saenetseng selekane sena li tlameha ho mamela likahlolo tsa lona.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Kahlolo ea Lekhotla

Likarolo tse tharo tse khutšoanyane tse qotsitsoeng kahlolong ea Lekhotla ke tsena.

Qoso e ’ngoe e ne e le ea hore Lipaki Tsa Jehova li qhala malapa. Lekhotla le ile la etsa qeto e fapaneng le eo, la re:

“Se bakang khohlano ke hore litho tsa lelapa tse sa lumelang, li hanyetsa tokoloho ea bolumeli ea beng ka tsona ebile ha lia ikemisetsa ho amohela le ho hlompha bolokolohi ba bona ba hore ba tsebahatse bolumeli ba bona le ho tsoela pele ka litšebeletso tsa bona.”—Ser. 111.

Hape Lekhotla lena ha lea ka la fumana bopaki bo tšehetsang qoso ea hore li “laola likelello tsa batho ba bang,” eaba le re:

“Lekhotla le bona ho makatsa hore ebe makhotla a [Russia] ha aa ka a bolela lebitso le le leng la motho eo ho ka thoeng ho sebelisitsoe mekhoa eo ho hatakela tokelo ea hae ea ho ba le bolokolohi ba letsoalo.”—Ser. 129.

Qoso e ’ngoe e ne e le ea hore Lipaki Tsa Jehova ha li baballe bophelo ba balumeli ba tsona hobane li hana hore ba tšele mali. Lekhotla le ile la etsa qeto e fapaneng le eo, la re:

“Bolokolohi ba ho amohela kapa ho hana phekolo e itseng, kapa ho khetha ho phekoloa ka mekhoa e meng, ke karolo ea bohlokoa ea melao-motheo ea ho ikhethela le ea ho iketsetsa liqeto. Motho e moholo ea kulang ea khonang ho iketsetsa liqeto o na le bolokolohi ba ho khetha, ka mohlala, a ka iketsetsa qeto ea hore na oa buuoa kapa o phekoloa ka meriana ’me hoa tšoana le tabeng ea ho tšeloa mali.”—Ser. 136.