Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kene Phomolong ea Molimo?

Na U Kene Phomolong ea Molimo?

Na U Kene Phomolong ea Molimo?

“Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—BAHEB. 4:12.

1. Tsela e ’ngoe eo re ka kenang phomolong ea Molimo ka eona kajeno ke efe, empa ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata?

SEHLOOHONG se etellang sena pele, re bone hore re ka kena phomolong ea Molimo ka hore re mamele Jehova ’me re sebetse le mokhatlo oa hae. Ha re mamela, re bontša Jehova hore re batla hore morero oa hae o phethahale. Empa ka linako tse ling ho ka ba thata ho mo mamela. Ka mohlala, ha re hlokomela hore Jehova o nyatsa ntho e itseng eo re e ratang, qalong re ka ’na ra bontša bofetoheli. Haeba seo se etsahala re lokela ho ithuta ho ba ba ‘itokiselitseng ho mamela.’ (Jak. 3:17) Sehloohong sena, re tla tšohla maemo a itseng a re fang monyetla oa ho bontša hore re ikemiselitse ho tsamaisana le morero oa Molimo ka hore ka linako tsohle re mamele ho tloha pelong.

2, 3. Re lokela ho lula re loanela eng e le hore re tsoele pele ho ba ba lakatsehang ho Jehova?

2 Na u ikemisetsa ho mamela ha Bibele e re u etse phetoho e itseng bophelong ba hao? Mangolo a re thato ea Molimo ke hore a bokelle “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” ho eena. (Hag. 2:7) Ke ’nete hore bongata ba rōna re ne re sa lakatsehe ho hang ha re qala ho ithuta ’nete. Leha ho le joalo, ho rata Molimo le Mora oa hae ea ratoang ho ile ha re qobella hore re etse liphetoho tse khōlō mekhoeng ea rōna le maikutlong e le hore re khahlise Molimo ka botlalo. Qetellong, ka mor’a hore re kōpe thuso ka thapelo re be re sebetse ka thata hore re etse liphetoho tse hlokahalang, re ile ra kolobetsoa e le hore re be Bakreste.—Bala Bakolose 1:9, 10.

3 Empa le hoja re kolobelitsoe re sa ntse re loana le ho se phethahale. Ho sa ntse ho hlokahala hore re etse liphetoho bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, Molimo oa re tiisetsa hore haeba re loana re sa khaotse ’me re ikemiselitse ho tsoela pele ho ba ba lakatsehang mahlong a hae, O tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna.

Ha ho Hlokahala Keletso

4. Re ka fumana keletso ea Mangolo ka mekhoa efe e meraro?

4 Pele re ka lokisa mefokolo ea rōna, re lokela ho tseba mefokolo eo. Jehova a ka re thusa a sebelisa puo e fihlang botebong ba pelo e fanoang Holong ea ’Muso kapa sehlooho se itseng se etsang hore re nahane ka ho teba se hlahang likhatisong tsa rōna e le hore a re bontše moo re fokolang haholo. Ka lehlakoreng le leng, haeba re sa utloisise ntlha e hlahang puong kapa re sitoa ho sebelisa keletso eo re e balileng, Jehova a ka sebelisa Mokreste-’moho le rōna ho re bontša hore na re fokola hokae.—Bala Bagalata 6:1.

5. Bolela litsela tse sa rateheng tseo re ka ’nang ra itšoara ka tsona ha re fuoa keletso, ’me u hlalose hore na ke hobane’ng ha balisa ba Bakreste ba tlameha ho phehella ha ba leka ho re thusa.

5 Ha ho bonolo ho amohela keletso e tsoang ho motho ea sa phethahalang, ho sa tsotellehe hore o fana ka eona ka bohlale hakae kapa ka lerato hakae. Empa, joalokaha Bagalata 6:1 e bontša, Jehova o laela ba nang le litšoaneleho tsa moea hore ba “leke” ho re khutlisetsa tseleng, ba etse joalo “ka moea o bonolo.” Haeba re nka bohato bo nepahetseng, re tla ba batho ba lakatsehang le ho feta mahlong a Molimo. Ntho e makatsang ke hore ha re rapela, re lumela ka bolokolohi hore ha rea phethahala. Leha ho le joalo, ha motho e mong a re bontša bofokoli bo itseng ba rōna, ka tloaelo rea ikemela, re nyenyefatsa phoso ea rōna, re sola sepheo sa motho ea re eletsang kapa re nyatsa tsela eo a fanang ka keletso ka eona. (2 Mar. 5:11) Motho e mong a ka ’na a re eletsa mabapi le ntho e ka ’nang ea re khopisa, e kang liketso tsa setho sa lelapa, mokhoa oo re aparang le ho itlhopha ka oona, bohloeki ba ’mele kapa mofuta oa boikhathollo oo re o thabelang empa Jehova a o hloile. Ka lebaka la ho halefa, re ka ’na ra bua ntho e ’ngoe eo re sa lokelang ho e bua, e leng se ka re utloisang bohloko kapa sa utloisa motho ea re eletsang bohloko. Empa ka mor’a hore re khobe matšoafo, hangata rea hlokomela hore re ne re lokela ho fuoa keletso.

6. Lentsoe la Molimo le senola “menahano le boikemisetso ba pelo” joang?

6 Lengolo la sehlooho le re hopotsa hore lentsoe la Molimo “le fana ka matla.” Ruri Lentsoe la Molimo le fana ka matla a ho fetola bophelo. Le sa ntse le e-na le matla a ka re thusang ho etsa liphetoho tse hlokahalang ka mor’a hore re kolobetsoe joalokaha le ne le e-na le matla pele re nka bohato boo. Lengolong le eang ho Baheberu, Pauluse o boetse o re lentsoe la Molimo “le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Ka mantsoe a mang, ha re se re utloisisa ka ho hlaka morero oa Molimo ka rōna, seo re se etsang ka mor’a moo se senola hore na re hlile re batho ba mofuta ofe. Na ka linako tse ling ho na le phapang pakeng tsa seo re bonahalang re le sona (“moea”) le seo re hlileng re leng sona (“boikutlo”)? (Bala Matheu 23:27, 28.) Nahana hore na u ne u tla itšoara joang maemong a latelang.

Iphaphathe le Mokhatlo oa Jehova

7, 8. (a) E ka ’na eaba ke’ng e ileng ea susumetsa Bakreste ba bang ba Bajuda hore ba khomarele likarolo tse itseng tsa Molao oa Moshe? (b) Ke hobane’ng ha re ka re ba ne ba le khahlanong le morero oa Jehova o ntseng o senoloa?

7 Boholo ba rōna re khona ho pheta mantsoe a Liproverbia 4:18 ka hlooho, a reng: “Tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” Seo se bolela hore boitšoaro ba rōna le kutloisiso ea rōna ka merero ea Molimo e tla ntlafala ha nako e ntse e ea.

8 Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se etellang sena pele, ka mor’a lefu la Jesu ho ne ho le thata hore Bakreste ba bangata ba Bajuda ba khaotse ho boloka Molao oa Moshe. (Lik. 21:20) Le hoja Pauluse ka bohlale a ile a beha mabaka a bontšang hore Bakreste ha ba sa le tlas’a Molao, ba bang ba ile ba hana seo Jehova a neng a batla hore ba se etse. (Bakol. 2:13-15) Mohlomong ba ne ba e-na le maikutlo a hore haeba ba tsoela pele ho boloka bonyane likarolo tse itseng tsa Molao, ba ne ba ka qoba mahloriso. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu ’me a ba bolella ka ho toba hore ba ke ke ba kena phomolong ea Molimo hafeela ba hana ho iphaphatha le morero oa Hae o ntseng o senoloa. * (Baheb. 4:1, 2, 6; bala Baheberu 4:11.) E le hore ba amoheloe ke Jehova, ba ne ba tla tlameha ho lumela hore o lebisa batho ba hae lehlakoreng le leng.

9. Re lokela ho ba le maikutlo afe ha ho etsoa liphetoho tseleng eo re utloisisang litaba tsa Mangolo ka eona?

9 Mehleng ea kajeno, ho ’nile ha lokisoa tsela eo re utloisisang lithuto tse itseng tsa Bibele ka eona. Sena ha sea lokela ho re tšoenya, ho e-na le hoo, se lokela ho tiisa tšepo eo re nang le eona ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. Ha baemeli ba “lekhoba” ba hlokomela hore ho hlokahala hore ho hlakisoe kapa ho lokisoe tsela eo re utloisisang taba e itseng ka eona, ha ba tsilatsile ho e lokisa. Sehlopha sa lekhoba se amehile haholo ka ho iphaphatha le morero oa Molimo o ntseng o senoloa ’me ha se tšabe hore se tla tšoauoa phoso ka lebaka la ho fetola tsela eo re utloisisang taba e itseng ka eona. U ikutloa joang ha ho etsoa phetoho e itseng tseleng eo re utloisisang Mangolo ka eona?—Bala Luka 5:39.

10, 11. Re ka ithuta’ng tseleng eo ba bang ileng ba ikutloa ka eona ha ho ne ho boleloa hore ho tla sebelisoa mekhoa e mecha ea ho bolela litaba tse molemo?

10 A re hlahlobeng mohlala o mong. Lilemong tse fetileng tse ka bang tse 100, Liithuti Tsa Bibele tse ling, tseo e neng e le libui tsa phatlalatsa tse ipabolang, li ile tsa e-ba le maikutlo a hore tsela e molemohali ea hore li bolele litaba tse molemo ke hore li fane ka lipuo tsa phatlalatsa. Bara bana babo rōna ba ne ba rata ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa, ’me ba bang ba hlile ba rata ho rorisoa ke batho ba ba mametseng. Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha totobala hore Jehova o rata hore batho ba hae ba be maphathaphathe mefuteng e sa tšoaneng ea mosebetsi oa ho bolela, ho akarelletsa le oa ho ea ka ntlo le ntlo. Ba bang bao e neng e le libui tsa phatlalatsa tse hloahloa ho hang ba ile ba hana ho ithuta mokhoa leha e le ofe o mocha. Ba ne ba bonahala e le banna ba moea, ba inehetseng ho Morena ka lipelo tsohle tsa bona. Leha ho le joalo, ha ba bona bopaki bo hlakileng ba hore na morero oa Molimo ke ofe mabapi le mosebetsi oa ho bolela, ho ile ha totobala hore na ha e le hantle maikutlo a bona, morero oa bona le sepheo sa bona ke sefe. Jehova o ile a ikutloa joang ka bona? Ha aa ka a ba hlohonolofatsa. Ba ile ba furalla mokhatlo oa hae.—Mat. 10:1-6; Lik. 5:42; 20:20.

11 Hase hore ho ile ha e-ba bonolo hore bohle ba ileng ba lula ba tšepahala mokhatlong oa Jehova ba bolele litaba tse molemo phatlalatsa. Ba bangata ba ile ba bona ho le thata ho etsa mosebetsi ona, haholo-holo qalong. Empa ba ile ba mamela. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba hlōla bothata ba bona, ’me Jehova a ba hlohonolofatsa haholo. U ikutloa joang ha u kōptjoa hore u etse mosebetsi oa ho bolela oa mofuta o itseng oo u sa phutholoheng ho o etsa? Na u ikemiselitse ho leka mokhoa o mocha?

Ha eo re mo Ratang a Furalla Jehova

12, 13. (a) Morero oa Jehova ke ofe ka hore baetsalibe ba sa bakeng ba khaoloe? (b) Batsoali ba bang ba Bakreste ba tobane le teko efe, ’me ke’ng e etsang hore teko eo e be boima haholo?

12 Ha ho na pelaelo ea hore kaofela ha rōna re lumellana le molao-motheo oa hore re lokela ho hloeka ’meleng, boitšoarong le moeeng e le hore re khahlise Molimo. (Bala Tite 2:14.) Leha ho le joalo, ka linako tse ling botšepehi ba rōna karolong ena ea morero oa Molimo bo ka ’na ba lekoa ka matla. Ka mohlala, nka hore mora ea mong feela oa banyalani ba Bakreste ba behang mohlala o furalla ’nete. Kaha o ikhethetse ‘ho thabela sebe ka nakoana’ ho e-na le ho ba le kamano e ntle le Jehova le batsoali ba hae ba ratang Molimo, oa khaoloa.—Baheb. 11:25.

13 Batsoali ba sithabetse! Ba tseba hantle hore ha motho a khaotsoe Bibele e re: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.” (1 Bakor. 5:11, 13) Hape baa hlokomela hore temaneng ena lentsoe “mang kapa mang” le akarelletsa litho tsa lelapa tse sa luleng lapeng. Empa ba rata mora oa bona haholo! Lerato le matla le ka ’na la etsa hore ba nahane ka tsela ena: ‘Re ka thusa moshanyana oa rōna joang hore a khutlele ho Jehova haeba re sa kopane le eena? Na re ke ke ra mo thusa haholoanyane ka hore re kopane le eena khafetsa?’ *

14, 15. Batsoali ba ngoana ea khaotsoeng ba lokela ho etsa qeto efe?

14 Re utloela batsoali bao bohloko. Ha e le hantle, mora oa bona o ne a e-na le boikhethelo, ’me o ile a khetha ho phehella ho phela ka tsela eo e seng ea Bokreste ho e-na le ho tsoela pele ho thabela botsoalle bo haufi le batsoali ba hae le Lipaki tse ling. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho se letho leo batsoali ba ka le buang tabeng ena. Ke ka lebaka leo ba ikutloang ba se na matla!

15 Empa batsoali bao ba ratehang ba tla etsa’ng? Na ba tla mamela taelo ea Jehova e hlakileng? Kapa na ba tla beha mabaka a hore ba ka ba le mora oa bona ea khaotsoeng khafetsa ebe ba re ba bua “litaba tsa lelapa tsa bohlokoa”? Ha ba etsa qeto, ba tlameha ho nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka seo ba se etsang. Morero oa hae ke ho boloka mokhatlo oa hae o hloekile, ’me haeba ho khoneha, a susumelletse baetsalibe hore ba hlaphoheloe. Batsoali ba Bakreste ba ka tšehetsa morero oo joang?

16, 17. Re ka ithuta’ng ha re nahanisisa ka mohlala oa Arone?

16 Arone, ngoan’abo Moshe o ile a talimana le boemo bo thata mabapi le bara ba hae ba babeli. Nahana hore na e tlameha ebe o ile a ikutloa joang ha bara ba hae ba babeli, e leng Nadabe le Abihu ba nyehela ka pel’a Jehova mollo oo e seng oa molao ’me Jehova a ba bolaea. Ha e le hantle, ka mor’a moo banna bana ha baa ka ba hlola ba kopana le batsoali ba bona. Empa ha hoa ka ha fella moo. Jehova o ile a laela Arone le bara ba hae ba tšepahalang a re: “Le se ke la tlohela lihlooho tsa lōna li le mahlantholla, ’me le se ke la tabola liaparo tsa lōna [ka morero oa ho siama], hore le se ke la shoa ’me [Jehova] a se ke a halefela phutheho eohle.” (Lev. 10:1-6) Taba ena e hlakile. Lerato leo re ratang Jehova ka lona le tlameha ho ba matla ho feta lerato leo ka lona re ratang litho tsa malapa a rōna tse sa tšepahaleng.

17 Kajeno, Jehova ha a bolaee batho ba tlōlang melao ea hae hang-hang. Ka lerato o ba fa monyetla oa ho bakela mesebetsi ea bona e mebe. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla ikutloa joang haeba le ha ho sa hlokahale batsoali ba mofosi ea sa bakeng ba Mo leka kamehla ka ho ba hammoho le mora kapa morali oa bona ea khaotsoeng?

18, 19. Litho tsa lelapa tse mamelang litaelo tsa Jehova mabapi le ba khaotsoeng li ka fumana mahlohonolo afe?

18 Ba bangata ba kileng ba khaoloa, hona joale ba lumela ba sa pate letho hore ba ile ba hlaphoheloa hobane metsoalle ea bona le litho tsa lelapa li ile tsa ema li tiile. Ha baholo ba ngola lengolo la ho buella hore moroetsana e mong a khutlisetsoe ka phuthehong, ba ile ba bolela hore har’a mabaka a entseng hore a hloekise bophelo ba hae “ke hobane abuti oa hae o ile a hlompha tokisetso ea ho khaola.” O ile a ba bolella hore “kaha [abuti oa hae] o ile a khomarela tataiso ea Mangolo ka botšepehi, seo se ile sa mo thusa hore a batle ho khutla.”

19 Re lokela ho etsa qeto efe? Ea hore, kaha lipelo tsa rōna tse sa phethahalang li atisa ho hana keletso ea Mangolo, re lokela ho loantša mokhoa o joalo. Re lokela ho kholiseha ka ho feletseng hore kamehla tsela eo Molimo a sebetsanang le mathata a rōna ka eona e molemo haholo.

“Lentsoe la Molimo Lea Phela”

20. Baheberu 4:12 e ka sebelisoa ka litsela life tse peli? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

20 Ha Pauluse a ne a re “lentsoe la Molimo lea phela,” o ne a sa bue ka ho toba ka Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, e leng Bibele. * Litemana tse ling khaolong eo li bontša hore o ne a bua ka litšepiso tsa Molimo. Taba eo Pauluse a neng a e hlakisa ke hore Molimo ha a lebale litšepiso tsa hae. Jehova o ile a tiisa sena ka seo a ileng a se bua ka moprofeta Esaia ha a re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla. . . atleha ho seo ke le rometseng sona.” (Esa. 55:11) Kahoo, ha rea lokela ho fela pelo ha lintho li sa etsahale kapele kamoo re ka ratang kateng. Jehova o “tsoela pele ho sebetsa” ka sepheo sa hore morero oa hae o phethahale ka katleho.—Joh. 5:17.

21. Baheberu 4:12 e ka khothatsa ba “bongata bo boholo” ba seng ba hōlile ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi joang?

21 Har’a “bongata bo boholo” ho na le bara le barali babo rōna ba seng ba hōlile ’me ba sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse mashome. (Tšen. 7:9) Ba bangata ba bona ha ho mohla ba kileng ba nahana hore ba tla tsofalla tsamaisong ena ea lintho. Ho ntse ho le joalo, ha baa itlohella hore ba nyahame. (Pes. 92:14) Baa hlokomela hore litšepiso tse ka Lentsoeng la Molimo hase tsa lefeela—Lentsoe leo lea phela, ebile Jehova o tiisa hore litšepiso tseo lia phethahala. Kaha morero oa Molimo ke oa bohlokoa haholo ho eena, rea mo thabisa ha re bontša hore le rōna re nka morero oa hae e le oa bohlokoa ka ho fetisisa. Letsatsing lena la bosupa la phomolo, ha ho letho le tla thibela Jehova hore a phethahatse morero oa hae ebile oa tseba hore batho ba hae, e le sehlopha ba tla tsoela pele ho o tšehetsa. Uena? Na le uena u kene phomolong ea Molimo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Baeta-pele ba bangata har’a Bajuda ba ne ba boloka Molao oa Moshe ka hloko, empa ha Mesia a fihla, ha baa ka ba mo tseba. Ha baa ka ba iphaphatha le morero oa Molimo o ntseng o senoloa.

^ ser. 20 Kajeno Molimo o bua le rōna ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, le nang le matla a ho susumetsa bophelo ba rōna. Kahoo, ke ka nepo mantsoe a Pauluse a ho Baheberu 4:12 a ka sebelisoang le ha ho buuoa ka Bibele.

U se ke Ua Lahleheloa ke Morero

• Re lokela ho etsa’ng e le hore re kene phomolong ea Molimo kajeno?

• Morero oa Molimo o amana joang le boikemisetso ba rōna ba ho amohela keletso ea Mangolo?

• Ke maemong afe moo ho ka ’nang ha e-ba thata hore re mamele taelo ea Mangolo, empa ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re e mamele?

Baheberu 4:12 e ka sebelisoa ka litsela life tse peli?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Batsoali ba sithabetse!