Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tla Latela Tataiso ea Jehova e Lerato?

Na U Tla Latela Tataiso ea Jehova e Lerato?

Na U Tla Latela Tataiso ea Jehova e Lerato?

“Ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.”—PES. 119:128.

1, 2. (a) Ha u batla ho tseba tsela e eang sebakeng seo u eang ho sona, u ka rata hore u lemosoe ka lintho life, hona hobane’ng? (b) Jehova o fa batho ba mo sebeletsang litemoso tsa mofuta ofe, hona hobane’ng?

NAHANA u lokela ho nka leeto la ho ea sebakeng se itseng. E le hore u tsebe tsela, u ea ho motsoalle eo u mo tšepang ea tsebang tsela e eang moo. Ha a ntse a u qaqisetsa hore na u tsamaee joang, a ka ’na a re: “U hlokomele ha u fihla k’honeng eo e latelang. Letšoao la eona lea lahla. Batho ba bangata ba ea ka lōna ebe baa lahleha.” Na u ne u ke ke ua thabela hore o amehile ka uena ebe u mamela temoso ea hae? Jehova o tšoana le motsoalle eo ka litsela tse itseng. O re qaqisetsa tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona e le hore re finyelle pakane ea rōna ea ho fumana bophelo bo sa feleng; o boetse o re lemosa hore na ke lintho life tse ka re susumelletsang ho etsa se sebe eaba re nka tsela e fosahetseng.—Deut. 5:32; Esa. 30:21.

2 Sehloohong sena le se latelang, re tla tšohla lintho tse ling tse ka re susumelletsang ho etsa se sebe tseo Motsoalle oa rōna, Jehova Molimo, a re lemosang ka tsona. Re hopole hore Jehova o re fa litemoso tsena kahobane a amehile ka rōna a bile a re rata. O batla hore re finyelle pakane ea rōna. O utloa bohloko ha a bona batho e le makhoba a tšusumetso e mpe ’me ba tsoa tseleng. (Ezek. 33:11) Sehloohong sena, re tla tšohla lintho tse tharo tse ka re susumelletsang hore re nke tsela e fosahetseng. Ea pele e amana le batho ba bang, ea bobeli e amana le rōna ka borōna. Ea boraro hase ea sebele, empa e kotsi haholo. Re lokela ho tseba hore na lintho tsena tse ka re susumetsang ke life re be re tsebe hore na Ntate oa rōna ea leholimong o re ruta hore re li hlōle joang. Mopesaleme e mong ea bululetsoeng o ile a re ho Jehova: “Ke hloile tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata.” (Pes. 119:128) Na u ikutloa ka tsela e tšoanang? A re boneng hore na re ka matlafatsa maikutlo a joalo joang ra ba ra a sebelisa.

Le se ke la “Latela Bongata”

3. (a) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba kotsi ho latela batsamai ba bang ha re sa tsebe hore na re nke tsela efe? (b) Re fumana molao-motheo ofe oa bohlokoa ho Exoda 23:2?

3 U ne u tla etsa’ng haeba u nka leeto le letelele ’me u sa tsebe hantle hore na u lokela ho nka tsela efe? U ka ’na ua kena tekong ea hore u latele batsamai ba bang—haholo-holo haeba u bona hore ba bangata haholo ba khetha ho tsamaea ka tsela e itseng. Ho kotsi hore u etse joalo. Hopola hore e ka ’na eaba batsamai bao ha ba ee sebakeng seo u eang ho sona, kapa mohlomong le bona ba lahlehile. Ntlheng ena, nahana ka molao-motheo oo e leng mokokotlo oa o mong oa melao e neng e filoe Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo. Baahloli esita le batho bao e neng e le lipaki litabeng tsa boahloli ba ile ba lemosoa hore ho kotsi ho “latela bongata.” (Bala Exoda 23:2.) Ha ho pelaelo hore ho bonolo haholo hore batho ba sa phethahalang e be makhoba a khatello ea lithaka le hore ba khopamise toka. Leha ho le joalo, na molao-motheo oa hore ho se ke ha lateloa bongata o sebetsa feela litabeng tsa boahloli? Che.

4, 5. Joshua le Kalebe ba ile ba hatelloa joang hore ba latele bongata, empa ba ile ba thusoa ke eng hore ba hlōle khatello eo?

4 Bonneteng, khatello ea ho “latela bongata” e ka re ama ka nako leha e le efe. E ka hlaha ka tšohanyetso, ’me ha e-ba thata haholo hore re e hlōle. Ka mohlala, nahana ka khatello ea lithaka eo Joshua le Kalebe ba kileng ba tobana le eona. Ba ne ba le har’a sehlopha sa banna ba 12 ba ileng ba ea hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ha ba khutla, banna ba leshome ba ile ba fana ka tlaleho e mpe haholo le e nyahamisang. Banna bana ba ile ba ba ba bolela hore baahi ba bang ba naha eo ke liqhobane tse tsoetsoeng ke Banefilime, e leng bana bao mangeloi a marabele a neng a ba entse le basali. (Gen. 6:4) Ba ne ba bua ntho e se nang kelello. E ne e le khale haholo Banefilime bao ba khopo ba felisitsoe ke Moroallo ’me ho se le ea mong oa bona ea setseng. Ka hona, esita le maikutlo a se nang motheo ka ho fetisisa a ka susumetsa batho ba fokolang tumelong. Hang ha batho ba qala ho utloa tlaleho e mpe ea lihloela tseo tse leshome, ba ile ba qala ho tšoha ’me ba thothomela. Ho e-s’o ee kae, batho ba bangata ba ne ba kholisehile hore e tla ba phoso hore ba latele taelo ea Jehova ea hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng. Joshua le Kalebe ba ile ba etsa joang ha boemo bo fetoha ka tšohanyetso joalo?—Num. 13:25-33.

5 Ha baa ka ba latela bongata. Le hoja bongata bo ne bo sa batle ho utloa ’nete, ke eona ntho eo banna bao ba babeli ba ileng ba e bua le ho e khomarela—esita le ha ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa ka ho tlepetsoa ka majoe! Ke eng e ileng ea ba fa sebete? Ha ho pelaelo hore ntho e ka sehloohong e ileng ea ba fa sebete ke tumelo ea bona. Batho ba nang le tumelo ba bona ka ho hlaka phapang pakeng tsa lipolelo tse se nang motheo tsa batho le litšepiso tse halalelang tsa Jehova Molimo. Hamorao, Joshua le Kalebe ba ile ba bolela hore na ba ikutloa joang ka botumo ba Jehova ba hore o phethahatsa tšepiso e ’ngoe le e ’ngoe ea hae. (Bala Joshua 14:6, 8; 23:2, 14.) Ba ne ba khomaretse Molimo oa bona ea tšepahalang, ’me ho hang ba sa ipone ba mo utloisa bohloko ka hore ba latele bongata bo se nang tumelo. Kahoo, ba ile ba ema ba tiile, ’me ba re behela mohlala o motle haholo kajeno.—Num. 14:1-10.

6. Ke ka litsela life re ka ’nang ra ikutloa re hateletsoe hore re latele bongata?

6 Na u ee u ikutloe ho e-na le se u hatellang hore u latele bongata? Ha ho pelaelo hore kajeno ho na le letšoele le leholo la batho ba furaletseng Jehova le ba somang melao ea hae ea boitšoaro. Tabeng ea boikhathollo le boithabiso, hangata letšoele lena le atisa ho buella maikutlo a se nang motheo. Le ka ’na la tsitlella hore lintho tse atileng haholo kajeno mananeong a thelevishene, libaesekopong le lipapaling tsa video, e leng boitšoaro bo bobe, pefo le tšebelisano le meea, li ke ke tsa ntša motho kotsi. (2 Tim. 3:1-5) Ha u ikhethela kapa u khethela lelapa la hao boikhathollo le boithabiso, na u lumella batho ba shoeleng matsoalo hore ba susumetse liqeto tsa hao le hore ba laole letsoalo la hao? Ha e le hantle, na hoo e ke ke ea e-ba ho latela bongata?

7, 8. (a) ‘Matla a rōna a ho lemoha’ a koetlisoa joang, hona ke hobane’ng ha ho koetlisoa ka tsela eo ho le molemo ho feta ho latela letoto la melao e thata? (b) Ke hobane’ng ha u khahloa ke mohlala oa bacha ba bangata ba Bakreste?

7 Jehova o re file mpho ea bohlokoa e re thusang hore re etse liqeto—e leng ‘matla a rōna a ho lemoha.’ Leha ho le joalo, ho hlokahala hore matla ana a koetlisoe “ka tšebeliso.” (Baheb. 5:14) Ho latela bongata ho ke ke ha koetlisa matla a rōna a ho lemoha; ka lehlakoreng le leng, a ke ke a koetlisoa ke melao e thata-thata e laolang letsoalo. Ka mohlala, ke ka lebaka leo batho ba Jehova ba sa fuoang letoto la lifilimi, libuka le mecha ea Inthanete eo ba lokelang ho e qoba. Kaha lefatše lena le fetoha ka potlako, letoto le joalo le ne le tla felloa ke nako hang ka mor’a hore le etsoe. (1 Bakor. 7:31) Ho hobe le ho feta, le ne le tla re nkela mosebetsi oa bohlokoa oa hore re sekaseke melao-motheo ea Bibele ka hloko le ka thapelo re nt’o etsa liqeto tse thehiloeng melao-motheong eo.—Baef. 5:10.

8 Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling liqeto tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li ka ’na tsa etsa hore batho ba se ke ba re rata. Bacha ba Bakreste ba kenang sekolo ba ka ’na ba tobana le bothata ba ho hatelloa ke bongata hore ba shebelle le ho etsa lintho tseo e mong le e mong a li shebellang le ho li etsa. (1 Pet. 4:4) Kahoo, hoa thabisa ho bona Bakreste ba banyenyane le ba baholo ba etsisa tumelo ea Joshua le Kalebe, ba hana ho latela bongata.

Le se ke la Latela “Lipelo Tsa Lōna le Mahlo a Lōna”

9. (a) Ha re le leetong, ke hobane’ng ha ho ka ba kotsi hore re latele litakatso tsa rōna le maikutlo a rōna? (b) Ke hobane’ng ha molao o ho Numere 15:37-39 e ne le oa bohlokoa ho batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo?

9 Ntho ea bobeli e kotsi e ka re susumetsang eo re tlil’o e tšohla, e amana le rōna ka borōna. Re ka ’na ra etsa papiso e latelang tabeng ena: Haeba u ne u nka leeto la ho ea sebakeng se itseng, na u ka etsa qeto ea ho hlokomoloha ’mapa ebe u latela maikutlo a hao—mohlomong u kena ka ’mila o mong le o mong o bonahalang o e-na le lintho tse khahlang mahlo? Ho hlakile hore u ke ke ua fihla moo u eang teng haeba u latela maikutlo ao. Ntlheng ena, nahana ka molao o mong oo Jehova a neng a o file Baiseraele ba mehleng ea boholo-holo. Kajeno ho ka ba thata hore batho ba bangata ba utloisise molao oa ho rokella litjellane le likhoele tse putsoa liaparong. (Bala Numere 15:37-39.) Leha ho le joalo, na ua bona hore na ke hobane’ng ha e ne e le oa bohlokoa? Ho mamela molao o joalo ho ne ho thusa batho ba Molimo hore ba ikhethe le hore ba lule ba fapane le lichaba tsa bohetene tsa baahisani. Ho o mamela e ne e le habohlokoa e le hore Jehova a ba amohele le hore a lule a ba amohela. (Lev. 18:24, 25) Leha ho le joalo, molao oo o boetse o senola ntho e kotsi e ka re susumetsang e amanang le motho ka boeena ’me e ka re faposa pakaneng ea rōna ea bophelo bo sa feleng. Ka tsela efe?

10. Jehova o bontšitse joang hore o tseba hantle seo motho a leng sona ka tlhaho?

10 Hlokomela hore na Jehova o itse ke hobane’ng ha a file batho ba hae molao ona: “Le se ke la latela lipelo tsa lōna le mahlo a lōna, tseo le li latelang ka likamano tse litšila.” Jehova o tseba hantle seo motho a leng sona ka tlhaho. O tseba hantle hore na lipelong tsa rōna, kapa botebong ba rōna, re khelosoa habonolo hakae ke seo re se bonang ka mahlo. Kahoo, Bibele e re fa temoso ena: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?” (Jer. 17:9) Kahoo, na u bona kamoo temoso ea Jehova e neng e loketse Baiseraele kateng? O ne a tseba hantle hore ba tla batla ho sheba seo lichaba tsa bohetene tsa boahisani li se etsang ebe ba khelosoa ke seo ba se bonang. Ba ne ba ka ’na ba e-ba tekong ea ho batla ho shebahala joaloka batho bao ba sa lumelang ebe joale ba etsisa tsela eo ba nahanang ka eona, ba ikutloang ka eona le eo ba itšoarang ka eona.—Liprov. 13:20.

11. Ke neng moo re ka oelang tekong ea ho latela lipelo tsa rōna le mahlo a rōna?

11 Mehleng ea rōna, ho bonolo haholo hore lipelo tsa rōna tse bolotsana li lakatse lintho tseo re li bonang. Re phela lefatšeng le re khothalletsang ho latela litakatso tse fosahetseng. Ka lebaka leo, re ka sebelisa molao-motheo o ho Numere 15:39 joang? Nahana: Haeba sekolong, mosebetsing, kapa sebakeng sa heno u pota-potiloe ke batho ba aparang ka tsela e tsosang takatso, na seo se ka u ama? Na u ka ’na ua lekeha hore u ‘latele pelo ea hao le mahlo a hao’ ebe u khelosoa ke seo u se bonang? Na u ka oela tekong ea hore u tlohele mekhoa ea hao e nepahetseng ea ho apara ebe u apara joaloka bona?—Bar. 12:1, 2.

12, 13. (a) Re lokela ho etsa’ng haeba mahlo a rōna a chalakela moo a sa lokelang? (b) Ke eng e tla re susumelletsa hore re qobe ho leka batho ba bang?

12 Ruri ke habohlokoa hore re be le boitšoaro. Haeba mahlo a rōna a chalakela moo a sa tšoanelang, a re hopoleng qeto e tiileng ea Jobo ea tšepahalang, ea ileng a etsa tumellano le mahlo a hae—e leng qeto e tiileng ea hore a ke ke a bonya le mosali eo e seng oa hae. (Jobo 31:1) Ka ho tšoanang, Morena Davida o ile a etsa qeto ena: “Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.” (Pes. 101:3) Ho rōna, eng kapa eng e ka silafatsang matsoalo a rōna a hloekileng ea ba ea senya kamano ea rōna le Jehova, ke ‘ntho e se nang molemo.’ Sena se akarelletsa ntho efe kapa efe e ka khahlang mahlo a rōna ea ba ea khelosa lipelo tsa rōna hore re etse liphoso.

13 Le rōna re ka ba ‘ntho e se nang molemo’ ho batho ba bang haeba re etsa lintho tse ba tsosetsang litakatso tse fosahetseng, ’me ka sebele ha re batle ho etsa ntho e joalo. Ka lebaka leo, re nka ka botebo keletso e bululetsoeng ea Bibele ea hore re apare liaparo tse hlophehileng hantle le tse bontšang boitlhompho. (1 Tim. 2:9) Boitlhompho hase ntho eo re ka e hlalosang habonolo feela ka tsela e lumellanang le maikutlo a rōna. Re lokela ho nahanela matsoalo le maikutlo a batho ba bang, ’me re amehe ka khotso ea bona le boiketlo ba bona ho feta ho ameha ka lintho tseo re li ratang. (Bar. 15:1, 2) Phutheho ea Bakreste e hlohonolofalitsoe ka bacha ba likete-kete ba behang mohlala o babatsehang ntlheng ena. Ka sebele baa re thabisa ha ba hana ho ‘latela lipelo tsa bona le mahlo a bona,’ ’me ho e-na le hoo, ba khetha ho khahlisa Jehova ka sohle seo ba se etsang—esita le ka tsela eo ba aparang ka eona!

Le se ke la Latela “Lintho Tseo e Seng Tsa Sebele”

14. Samuele o ile a lemosa Baiseraele ka eng mabapi le ho lelekisa “lintho tseo e seng tsa sebele”?

14 Nka hore u leetong le fetang lehoatateng le leholo. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba u ne u ka kheloha tsela eaba u lelekisa liphalana tsa selemo, e leng ho phatsima ho kang ha metsi ho bakoang ke mahlaseli a letsatsi? U ka shoa ka lebaka la ho li lelekisa! Jehova o tseba hantle hore ho kotsi ho tšepa lelea. Nahana ka mohlala ona. Baiseraele ba ne ba batla ho tšoana le lichaba tsa boahisani, tse neng li busoa ke marena a batho. Ha e le hantle, takatso eo e ne e le sebe se seholo, hobane e ne e le ho lahla Jehova hore e se ke ea e-ba Morena oa bona. Le hoja Jehova a ile a ba lumella hore ba be le motho ea ba busang e le morena, o ile a re moprofeta Samuele a ba lemose ka ho toba mabapi le ho lelekisa “lintho tseo e seng tsa sebele.”—Bala 1 Samuele 12:21.

15. Baiseraele ba ile ba lelekisa lintho tseo e seng tsa sebele joang?

15 Na batho bao ba ne ba nahana hore morena eo ba mo bonang e tla ba morena oa sebele le ea tšepahalang ho feta Jehova? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore ba ne ba lelekisa ntho eo e seng ea sebele! Ba ne ba le kotsing ea ho phehella mashano a mang a mangata a Satane. Marena a batho a ne a tla ba isa habonolo borapeling ba litšoantšo. Barapeli ba melimo ea litšoantšo ba etsa phoso ea ho nahana hore ba ka tšepa melimo e entsoeng ka lejoe le lehong hobane baa e bona. Ha ba tšepe Jehova, Molimo ea sa bonahaleng, ea bōpileng lintho tsohle. Empa joalokaha moapostola Pauluse a hlokometse, litšoantšo tse rapeloang “hase letho.” (1 Bakor. 8:4) Ha li bone, ha li utloe, ha li bue ebile ha li etse letho. U ka li bona le ho li ama, empa haeba u ne u ka rapela se seng sa tsona, ka sebele u ne u tla be u lelekisa ntho eo e seng ea sebele—e leng leshano le ka u tlisetsang tlokotsi feela.—Pes. 115:4-8.

16. (a) Kajeno Satane o sebelisa tsela efe ho hulela ba bangata lerabeng la ho lelekisa lintho tseo e seng tsa sebele? (b) Ke hobane’ng ha re ka re maruo hase ntho ea sebele, haholo ha a bapisoa le Jehova Molimo?

16 Satane o sa ntse a tseba ho kholisa batho hore ba lelekise lintho tseo e seng tsa sebele. Ka mohlala, o khelositse batho ba bangata haholo hore ba batle tšireletseho maruong. Ho ka ’na ha bonahala eka motho ea nang le chelete, matlotlo le mosebetsi o lefang haholo, ha a na mathata. Leha ho le joalo, matlotlo a ka lopolla motho ka eng ha a kula, ha moruo o putlama, kapa ha ho hlaha koluoa ea tlhaho? A lopolla ka eng ha batho ba feletsoe ke tšepo, ba batla morero oa bophelo, tataiso le likarabo tsa lipotso tse tebileng tsa bophelo? A ka lopolla motho ka eng ha a tjamelane le lefu? Re tla soaba haeba re tšepile hore maruo a tla re khotsofatsa moeeng. Maruo ha a lopolle ka letho; hase lintho tsa sebele. Ka lebaka leo, a ke ke a re fa thabo ea sebele ebile a ke ke a re sireletsa ka ho sa feleng e le hore re se ke ra kula kapa ra shoa. (Liprov. 23:4, 5) Empa Jehova eena ke Molimo oa sebele. Ke Molimo oa ’nete. Kahoo ke feela ha re e-na le kamano e ntle le eena moo re ka thabang e le kannete ra ba ra sireletseha. Eo ke tlhohonolofatso e kaakang! E se eka le ka mohla re ke ke ra mo furalla eaba re lelekisa lintho tseo e seng tsa sebele.

17. U entse qeto efe mabapi le lintho tse ka re susumelletsang ho etsa se sebe tseo re li tšohlileng?

17 Na ha re ikutloe re hlohonolofalitsoe hore ebe Jehova ke Motsoalle oa rōna le Motataisi oa rōna leetong la bophelo? Haeba re tsoela pele ho mamela litemoso tsa hae tse lerato mabapi le lintho tsena tse tharo tse ka re susumelletsang ho etsa se sebe—e leng bongata, lipelo tsa rōna le lintho tseo e seng tsa sebele—re ka finyella pakane ea rōna ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Sehloohong se latelang, re tla tšohla litemoso tse ling tse tharo tseo Jehova a re fileng tsona ho re thusa hore re hloee litsela tsa bohata tse khelosang batho ba bangata re be re li qobe.—Pes. 119:128.

U Nahana’ng ka See?

U ka sebelisa melao-motheo e bontšitsoeng Mangolong a latelang joang?

Exoda 23:2

Numere 15:37-39

1 Samuele 12:21

Pesaleme ea 119:128

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Na u ee u lekehe hore u latele bongata?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho latela maikutlo a rōna?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na u lelekisa lintho leha e le life tseo e seng tsa sebele?