Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na re ka khona ho bolela ka nepo hore na ke lintlha tse kae tsa boprofeta bo mabapi le Mesia tse fumanoang Mangolong a Seheberu?

Ho ithuta Mangolo a Seheberu ka hloko ho re thusa hore re hlokomele boprofeta bo bongata bo ileng ba phethahala ho Jesu Kreste. Boprofeta bona bo ile ba bolela esale pele ka kholo ea Mesia, hore na o ne a tla bonahala neng, o ne a tla etsa lintho life, batho ba ne ba tla mo tšoara joang le hore na o ne a tla phetha karolo efe tokisetsong ea Jehova Molimo. Boprofeta bona kaofela bo re thusa ho bona hore Jesu ke Mesia. Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi haeba re leka ho lekanya hore na ha e le hantle ke lintlha tse kae tsa boprofeta bo mabapi le Mesia tse fumanoang Mangolong a Seheberu.

Batho ha ba lumellane mabapi le hore na ke boprofeta bofe bo amanang le Mesia le hore na ke bofe bo sa amaneng le eena. Bukeng ea hae ea The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o boletse hore lingoliloeng tsa bo-rabi tsa boholo-holo, li ne li qollotse litemana tse 456 Mangolong a Seheberu tseo ho neng ho boleloa hore li mabapi le Mesia, le hoja boholo ba tsona li sa bue ka Mesia ka ho toba. Ho hlahlobisisa litemana tsena tse 456 ka hloko ho etsa hore motho a ipotse hore na ebe tse ling tsa tsona efela e le boprofeta bo buang ka Jesu Kreste kapa che. Ka mohlala, Edersheim o ile a re Bajuda ba ne ba nka hore Genese 8:11 e bua ka Mesia. Ba ne ba lumela hore “lekhasi la mohloaare leo leeba le ileng la le tlisa, le ne le le nkile Thabeng ea Mesia.” Mongoli enoa o ile a boela a bua ka Exoda 12:42. Ha a hlalosa kamoo Bajuda ba neng ba e-na le kutloisiso e fosahetseng kateng ka temana ena, o ile a ngola a re: “Joalokaha Moshe a ile a tsoa lehoatateng, ka ho tšoanang Mesia le eena o ile a tsoa Roma.” Ha ho pelaelo hore litsebi tse ngata le batho ba bang ba ne ba tla thatafalloa ke ho amahanya litemana tsena tse peli le litlhaloso tse fosahetseng tse buang ka Jesu Kreste.

Esita le haeba re ka tsepamisa maikutlo boprofeteng bo hlileng bo phethahetseng ho Jesu Kreste, ho ke ke ha e-ba bonolo ho lumellana hore na ha e le hantle lintlha tseo tsa boprofeta li kae ka palo. Ka mohlala, nahana ka Esaia khaolo ea 53, moo re fumanang litšobotsi tse ngata tsa boprofeta tse mabapi le Mesia. Esaia 53:2-7 e re: “Ha a na sebōpeho se nang le seriti . . . O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho . . . O ile a jara maloetse a rōna . . . O ne a hlajoa ka lebaka la litlōlo tsa rōna . . . O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong.” Na karolo ee ea Esaia khaolo ea 53 kaofela e lokela ho nkoa e le boprofeta bo le bong bo mabapi le Mesia, kapa ebe tšobotsi ka ’ngoe ea Mesia e lokela ho nkoa e le boprofeta bo ikemetseng?

Hape, nahana ka Esaia 11:1, e reng: “Ho tla hlaha lekala kutung ea Jese; ’me lehlōmela le tla ata metsong ea hae.” Temaneng ea 10, boprofeta bona bo hlaha hape, ka mantsoe a tšoanang. Na re lokela ho nka litemana tsee tse peli e le likarolo tse peli tsa boprofeta tse sa tšoaneng kapa re lokela ho bo nka e le boprofeta bo le bong bo phetoang? Ho hlakile hore qeto e ka fihleloang ka Esaia khaolo ea 53 le Esaia khaolo ea 11 e tla ama palo ea lintlha tsa boprofeta bo mabapi le Mesia.

Ka lebaka leo, e ka ba hantle hore re qobe ho bolela hore na ka kakaretso lintlha tsa boprofeta bo mabapi le Mesia tse ka Mangolong a Seheberu li kae ka palo. Mokhatlo oa Jehova o hatisitse mathathamo a bontšang boprofeta bo bongata bo mabapi le Jesu le phethahatso ea bona. * Mathathamo ana a ka re thusa ’me a re khothatsa nakong ea thuto ea botho le thuto ea lelapa esita le mosebetsing oa boboleli. Ho feta moo, ho sa tsotellehe hore na lintlha tsa boprofeta bo bongata bo mabapi le Mesia li kae ka palo, li re fa bopaki bo tiileng ba hore Jesu ke Kreste, kapa Mesia.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 1223; Volume 2, leqepheng la 387; “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” leqepheng la 343-344; Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 200.