Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipalo-palo tsa tlaleho ea tšebeletso ea selemo le selemo li bolela’ng?

Selemo le selemo, re lebella ka thabo tlaleho ea tšebeletso e hatisoang Bukeng ea Selemo. Hoa thabisa ho bona seo batho ba Jehova ba se finyeletseng mosebetsing oa lefatše lohle oa ho ruta le ho bolela ka ’Muso. Empa e le hore re rue molemo o moholo tlalehong ena, re lokela ho utloisisa lintlha le lipalo tse tlalehong ena ka tsela e nepahetseng. Nahana ka mehlala e seng mekae.

Selemo sa tšebeletso. Se qala ka September ’me se fela ka August selemong se hlahlamang. Buka ea Selemo e hlahisa tlaleho ea selemo se fetileng sa tšebeletso. Ka hona, Buka ea Selemo ea 2011 e bontša tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 2010, se qalileng ka la 1 September, 2009, ho fihlela ka la 31 August, 2010.

Tlhōrō ea bahoeletsi le karolelano ea bahoeletsi. “Bahoeletsi” ba akarelletsa Lipaki Tsa Jehova tse kolobelitsoeng hammoho le batho ba sa kolobetsoang ba tšoanelehang ho ba baboleli ba ’Muso. “Tlhōrō ea bahoeletsi” ke lenane le ka holimo-limo la ba fanang ka litlaleho tsa bona tsa tšimo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ea selemo sa tšebeletso ’me le ka ’na la akarelletsa litlaleho tse tlileng ka mor’a nako tse neng li sa akarelletsoa tlalehong ea khoeli e fetileng. Ka tsela ena bahoeletsi ba bang ba ka baloa habeli. Leha ho le joalo, tlhōrō eo ha e akarelletse palo ea bahoeletsi ba ileng ba kopanela mosebetsing oa boboleli empa ba ile ba lebala ho fana ka litlaleho tsa bona. Sena se bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore mohoeletsi e mong le e mong a fane ka tlaleho ea hae kapele-pele khoeli le khoeli. “Karolelano ea bahoeletsi” ke lenane la bahoeletsi bao ka tloaelo ba tlalehang nako e itseng tšebeletsong ea tšimo khoeli le khoeli.

Kakaretso ea lihora. Ho ea ka Buka ea Selemo ea 2011, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse ka holimo ho libilione tse 1,6 tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, kakaretso ena ha e bontše lihora tsohle tseo re li qetang borapeling ba rōna, kaha ha e kopanyelletse nako eo baholo ba e qetang ba etsa maeto a bolisa, nako eo re e qetang re le libokeng, le eo re e qetang ha re ithuta Bibele ka bomong le ha re thuisa.

Chelete e sebelisitsoeng. Selemong sa tšebeletso sa 2010, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa sebelisa liranta tse fetang bilione ho hlokomela bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo. Leha ho le joalo, chelete ena ha e akarelletse chelete e sebelisoang ho hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tseo re li hlahisang; ebile ha e akarelletse chelete e sebelisoang ho hlokomela baithaopi ba Bethele ba ka holimo ho 20 000, ba sebetsang makaleng a lefatšeng ka bophara.

Ba jeleng sehopotsong. Lena ke lenane la Lipaki tse kolobelitsoeng tse jang litšoantšetso Sehopotsong lefatšeng lohle. Na palo ee e bontša hore na batlotsuoa ba teng lefatšeng ba bakae? E ka ’na eaba ha ho joalo. Ho na le mabaka a mangata—a akarelletsang seo batho ba neng ba se lumela nakong e fetileng kapa bothata ba kelello le ba maikutlo—a ka ’nang a etsa hore ka phoso ba bang ba nke hore ba na le pitso ea ho ea leholimong. Ka hona, ha ho kamoo re ka tsebang palo e nepahetseng ea batlotsuoa ba teng lefatšeng mona; ebile ha ho hlokahale hore re e tsebe. Sehlopha se Busang ha se boloke lethathamo la batho bohle ba jeleng litšoantšetso, kaha ha se hokahanye batlotsuoa bohle ba teng lefatšeng. *

Seo re se tsebang ke hore a mang a “makhoba a Molimo oa rōna” a tlotsitsoeng a tla be a ntse a le teng lefatšeng ha meea e timetsang ea matšoenyeho a maholo e lokolloa. (Tšen. 7:1-3) Ho fihlela ka nako eo, batlotsuoa ba tla etella pele mosebetsing o tlalehiloeng ka mokhoa o batsi tlalehong ea rōna ea tšebeletso ea selemo le selemo—e leng mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho ruta o moholo ka ho fetisisa historing ea batho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Sheba sehlooho se reng “Motsamaisi ea Tšepahalang le Sehlopha sa Hae se Busang,” Molula-Qhooeng oa June 15, 2009, leqepheng la 24.