Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litlhahiso Tsa se ka Ithutoang Nakong ea Borapeli ba Lelapa le Thuto ea Botho

Litlhahiso Tsa se ka Ithutoang Nakong ea Borapeli ba Lelapa le Thuto ea Botho

Litlhahiso Tsa se ka Ithutoang Nakong ea Borapeli ba Lelapa le Thuto ea Botho

QALONG ea selemo sa 2009, liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa fetola kemiso ea tsona ea liboka. Liboka tse peli tsa har’a beke li ile tsa kopanngoa, ’me batho bohle ba ile ba khothalletsoa hore ba sebelise mantsiboea ao a mang bakeng sa borapeli ba lelapa kapa thuto ea botho. Na u ntse u sebelisa tokisetso ee e ncha? Na u rua molemo ka botlalo ho eona?

Batho ba bang ba ile ba ipotsa hore na ke boitsebiso bofe boo ba ka ithutang bona nakong ea borapeli ba lelapa. Sepheo sa Sehlopha se Busang hase hore malapa ’ohle a ithute ntho e tšoanang. Kaha maemo a batho ha a tšoane, e ka ba hantle hore hlooho ea lelapa ka ’ngoe kapa motho ka mong a hlahlobe hore na tokisetso ena ea beke le beke e ka sebelisoa ka tsela e molemo joang.

Ba bang ba ’nile ba lokisetsa liboka tsa phutheho, empa borapeli ba lelapa ha boa lokela ho sebelisetsoa seo feela. Malapa a mang a ’nile a bala le ho tšohla Bibele kapa boitsebiso bo itseng bo tsoang ka har’a lingoliloeng tsa rōna. A mang a etsa tšoantšiso ka litaba tse tsoang ka Mangolong. Sena se tsoela bana molemo haholo. Ha ho hlokahale hore borapeli ba lelapa bo tsamaisoe joaloka liboka tsa phutheho moo ho baloang lirapa ebe ho botsoa lipotso. Nakong ea thuto ea lelapa batho ba lokela ho phutholoha, ba ntše maikutlo a bona. Ha ba phutholohile joalo ba khona ho inahana ’me sena se ka etsa hore ba se ke ba lebala seo ba ithutileng sona ’me bohle ba thabele borapeli ba lelapa.

Ntate e mong ea nang le bana ba bararo o ile a ngola a re: “Hangata seo re ithutang sona ke se thehiloeng ’malong oa Bibele. E mong le e mong o bala likhaolo tsa Bibele esale pele, bana ba khetha lintlha tseo ba ka etsang lipatlisiso ka tsona ebe ka mor’a moo ba bolela seo ba se fumaneng. Hangata Michael [ea lilemo li supileng] o toroea setšoantšo kapa a ngole serapa. David le Kaitlyn [ba lilemo li 13 le 15] ba ka ’na ba ngola tlaleho ea Bibele joalokaha eka ba ne ba le teng ketsahalong eo. Ka mohlala, ha re ne re bala ka Josefa ha a hlalosa litoro tsa moqhatsetsi oa Faro le moapehi oa hae, Kaitlyn o ile a ngola moqoqo joalokaha eka e ne e le motšoaruoa ea shebeletseng ha lintho li ntse li etsahala.”—Gen., khaolo 40.

’Nete ke hore maemo aa fapana. Se ka atlehang ho motho e mong kapa lelapeng le leng se ka ’na sa se ke sa atleha ho motho e mong kapa lelapeng le leng. Lebokose le tsamaisanang le sehlooho sena le na le litlhahiso tse ’maloa tse ka sebelisoang nakong ea borapeli ba lelapa kapa thuto ea botho. Mohlomong u ka ’na ua nahana ka litlhahiso tse ling tse ngata.

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 6, 7]

Malapa a nang le bacha:

• Balang ’me le tšohle lintlha tse bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang.

• Nkang hore le ne le phela mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. (Sheba Molula-Qhooa oa May 15, 1996, leqepheng la 14, serapeng sa 17-18.)

• Buisanang ka lipakane tsa nako e telele le tsa nako e khutšoanyane.

• Nako le nako, shebellang video e thehiloeng Bibeleng ’me le buisane ka eona.

• Hlahlobang sehlooho sa Molula-Qhooa se reng, “Tsa Bacha.”

Malapa a banyalani ba se nang bana:

• Tšohlang khaolo ea 1, 3, 11-16 bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

• Tšohlang lintlha tseo le li fumaneng ha le ne le etsa lipatlisiso tsa ’malo oa Bibele.

• Lokisetsang Thuto ea Bibele ea Phutheho kapa Thuto ea Molula-Qhooa.

• Buisanang ka hore na le ka atolosa tšebeletso ea lōna joang.

Bara le barali babo rōna ba masoha kapa bao lintho tsa malapa a bona e seng Bakreste:

• Ithuteng lingoliloeng tse ncha tseo le li fumaneng likopanong tsa setereke.

• Balang Libuka Tsa Selemo tsa morao-rao le tsa nakong e fetileng.

• Etsang lipatlisiso mabapi le lipotso tseo batho ba tloaetseng ho li botsa tšimong ea habo lōna.

• Lokisetsang seo le tla se bua tšebeletsong ea tšimo.

Malapa a nang le bana ba banyenyane:

• Etsang litšoantšiso ka liketsahalo tse ka Bibeleng.

• Bapalang lipapali tsa ho ikhopotsa lintho, tse kang tse hlahang leqepheng la 30 le la 31 la Tsoha!

• Ka linako tse ling le etse lintho tse khothalletsang bana hore ba inahane. (Sheba sehlooho se reng, “Studying the Bible—In the Zoo!” Tsoheng! ea March 8, 1996 (ea Senyesemane), leqepheng la 16-19.)

• Hlahlobang sehlooho sa Molula-Qhooa se reng, “Ruta Bana ba Hao.”