Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke lintlha life tsa bohlokoa tse tharo tse ka re thusang ho hlōla tloaelo ea ho se tšepahale?

Tsona ke: (1) Tšaba Molimo ka tsela e loketseng. (1 Pet. 3:12) (2) Leka ho ba le letsoalo le koetlisitsoeng ke Bibele. (3) Sebetsa ka thata e le hore u khotsofale.—4/15, leqepheng la 6-7.

• Re tseba joang hore ho sebeletsa Molimo ka botebo bohle ha ho bolele hore ka linako tsohle re itšoare ka thata kapa re qobe boikhathollo?

Re ka nahana ka mohlala oa Jesu. O ne a thabela ho ja lijo tse khathollang le batho ba bang. Rea tseba hore o ne a sa nke lintho ka botebo ho feta tekano kapa e ne e se motho ea itšoarang ka thata. Batho ba bang esita le bana ba ne ba lokoloha ho mo atamela ’me ba ne ba phutholoha ha ba e-na le eena.—4/15, leqepheng la 10.

• Banyalani ba ka etsa’ng haeba kamano ea bona e bonahala e fokotse ka mor’a hore ba be le bana?

Ba lokela ho lula ba bolellana hore baa ratana. Monna o lokela ho etsa boiteko bohle hore mosali oa hae a se ke a ikutloa a sa sireletseha. Banyalani ka bobeli ba lokela ho leka hore ba buisane ba phutholohile ka maikutlo a bona le ka litlhoko tsa bona tsa nama.—5/1, leqepheng la 12-13.

• Sefate sa mohloaare seo ho buuoang ka sona ho Baroma khaolo ea 11, se ne se tšoantšetsa eng?

Sefate sa mohloaare se amana le karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama, e leng Iseraele ea moea. Sefateng sena sa tšoantšetso sa mohloaare, motso o tšoantšetsa Jehova ’me kutu eona e tšoantšetsa Jesu. Ha bongata ba Bajuda ba tlhaho bo sa amohele Jesu, Balichaba bao e ileng ea e-ba balumeli ba ile ba hlomathiseletsoa, ’me ka tsela ena ba hlahisa lenane le feletseng la karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama.—5/15, leqepheng la 22-25.

• Ke litaba life tse molemo tseo ka ho khetheha re ka li bolellang mafutsana?

Litaba tse molemo ke tsena: Molimo o khethile Jesu hore e be eena Morena. Ke ’Musi ea phethahetseng ea ka felisang bofutsana. Hobane’ng? Hobane o tla busa lefatše lohle ’me o na le matla a ho nka khato; o utloela ba futsanehileng bohloko; ’me a ka felisa se bakang bofutsana, e leng mokhoa oo re o futsitseng oa ho icheba borōna.—6/1, leqepheng la 7.

• Jesu o ne a bolela’ng ha a ne re ho Kaifase: “Ke uena ea boletseng joalo”?—Mat. 26:63, 64.

Ho bonahala eka mantsoe a reng, “ke uena ea boletseng joalo” e ne e le maele a tloaelehileng a Sejuda a bontšang hore seo motho a se buileng ke ’nete. Moprista ea Phahameng Kaifase o ne a botsitse Jesu hore na ke Kreste, Mor’a Molimo. Ha Jesu a araba a re: “Ke uena ea boletseng joalo” o ne a fana ka karabo e tiisang hore seo e ne e le ’nete.—6/1, leqepheng la 18.

• Na bana bao Jesu ea phethahetseng a ka beng a bile le bona e ka be e bile karolo ea thekollo?

Che. Le hoja Jesu e ka be e bile ntate oa bana ba libilione ba phethahetseng, bana bao a ka beng a bile le bona e ne e se karolo ea thekollo. Bophelo ba Jesu bo phethahetseng a le mong bo ne bo lekana le ba Adama. (1 Tim. 2:6)—6/15, leqepheng la 13.

• Bakreste ba ka bontša joang hore ba nka ka botebo temoso e mabapi le mesuoe ea bohata e tlalehiloeng ho Liketso 20:29, 30?

Ha ba amohele mesuoe ea bohata matlung a bona ebile ha ba e lumelise. (Bar. 16:17; 2 Joh. 9-11) Bakreste ba qoba lingoliloeng tsa bakoenehi, mananeo ao ba hlahang ho ’ona thelevisheneng le Liwebsaete tse nang le lithuto tsa bona.—7/15, leqepheng la 15-16.

• Ke mang ea lokelang ho ruta bana ka Molimo?

Tumellanong le keletso ea Bibele Ntate le ’Mè ba lokela ho ruta bana. (Liprov. 1:8; Baef. 6:4) Liphuputso li bontša hore ha batsoali ka bobeli ba tšoarisane, seo se tsoela bana molemo haholo.—8/1, leqepheng la 6-7.