Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phehella Khotso

Phehella Khotso

Phehella Khotso

“A re phehelleng lintho tse tlisang khotso.”—BAR. 14:19.

1, 2. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li e-na le khotso har’a tsona?

KAJENO ha ho na khotso ea sebele lefatšeng. Esita le batho ba sechaba se le seng le ba buang puo e le ’ngoe ba atisa ho arohanngoa ke bolumeli, lipolotiki le tsela eo ba phelang ka eona. Ka lehlakoreng le leng, batho ba Jehova ba bonngoeng le hoja ba tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.”—Tšen. 7:9.

2 Khotso ena e renang har’a rōna ka kakaretso ha ea itlela feela tjee. Lebaka le ka sehloohong la hore re be le eona, ke hore re ‘thabela khotso le Molimo’ ka tumelo eo re nang le eona ho Mora oa hae, eo re tšoareloang libe ka lebaka la mali a hae a tšolotsoeng. (Bar. 5:1; Baef. 1:7) Ho feta moo, Molimo oa ’nete o fa bahlanka ba hae ba tšepahalang moea o halalelang ’me tholoana ea oona e akarelletsa khotso. (Bagal. 5:22) Lebaka le leng le etsang hore re be le bonngoe le khotso ke hore ‘ha re karolo ea lefatše.’ (Joh. 15:19) Ho e-na le ho nka lehlakore litabeng tsa lipolotiki, re lula re sa jele paate. Kaha re ‘teile lisabole tsa rōna hore e be mehoma,’ ha re itšunya-tšunye lintoeng tsa lehae kapa tsa machaba.—Esa. 2:4.

3. Khotso eo re ka bang le eona e ka re thusa ho etsa’ng, ’me sehloohong see re tla tšohla’ng?

3 Khotso eo re ka bang le eona le ba bang ha e tlisoe feela ke ho qoba ho utloisa barab’abo rōna bohloko. Le hoja e ka ’na eaba phutheho ea Lipaki Tsa Jehova eo re leng litho tsa eona e entsoe ka batho ba tsoang merabeng e sa tšoaneng le litsong tse sa tšoaneng, rea ‘ratana.’ (Joh. 15:17) Khotso eo re nang le eona e etsa hore re ‘sebetse se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagal. 6:10) Paradeise ea rōna ea moea eo ho eona ho renang khotso e lokela ho nkoa e le letlotlo e be e sireletsoe. Ka hona, a re ke re hlahlobeng kamoo re ka phehellang khotso kateng ka phuthehong.

Ha re Khoptjoa

4. Re ka etsa’ng e le hore re phehelle khotso ha ho e-na le motho eo re mo khopisitseng?

4 Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jak. 3:2) Ka hona, liqabang le likhohlano li tla ba teng har’a balumeli-’moho. (Bafil. 4:2, 3) Leha ho le joalo, mathata a pakeng tsa batho ba babeli a ka rarolloa ntle le ho senya khotso ea phutheho. Ka mohlala, nahana ka keletso eo re lokelang ho e latela haeba re hlokomela hore e ka ’na eaba ho na le motho eo re mo khopisitseng.—Bala Matheu 5:23, 24.

5. Re ka phehella khotso joang ha ho e-na le motho ea re foselitseng?

5 Re ka etsa’ng haeba ho e-na le motho ea re etselitseng phoso e fokolang? Na re lokela ho lebella hore mofosi a tle ho rōna a tl’o kōpa tšoarelo? Bakorinthe ba pele khaolo ea 13 temana ea 5 e re: “[Lerato] ha le boloke tlaleho ea bobe.” Ha ho e-na le motho ea re khopisitseng, re phehella khotso ka ho mo tšoarela le ho mo leballa, ka hore ‘re se ke ra boloka tlaleho ea bobe.’ (Bala Bakolose 3:13.) Ho molemo ho sebetsana le litšito tse sa reng letho bophelong ba letsatsi le letsatsi ka tsela ena, kaha sena se thusa hore ho rene khotso pakeng tsa rōna le barapeli-’moho le rōna ebile se re tlisetsa khotso kelellong. Maele a bohlale a re: “Ho hlokomoloha tlōlo ke botle.”—Liprov. 19:11.

6. Re lokela ho etsa’ng haeba re sitoa ho leballa motho ea re foselitseng?

6 Re ka etsa’ng haeba re sitoa ho leballa motho ea re foselitseng? Ka sebele hase bohlale hore re tsamaee re phetela motho e mong le e mong taba eo. Ho seba ho joalo ho senya khotso ea phutheho. Re lokela ho etsa’ng e le hore re rarolle taba eo ka khotso? Matheu 18:15 e re: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno.” Le hoja Matheu 18:15-17 e sebetsa tabeng ea ha motho a entse sebe se tebileng, ho ea ka molao-motheo o temaneng ea 15, re lokela hore ka mosa re buisane le mofosi re le bang ’me re leke ho lokisa litaba e le hore ho boele ho rene khotso pakeng tsa rōna le eena. *

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho rarolla liqabang ka potlako?

7 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.” (Baef. 4:26, 27) Jesu o ile a re: “Lokisa litaba kapele le ea belaelang ka uena molaong.” (Mat. 5:25) Kahoo, e le hore re phehelle khotso, ho hlokahala hore re rarolle mathata ka potlako. Hobane’ng? Hobane ho etsa joalo ho thibela likamano ho senyeha ho ea pele, joaloka leqeba le petlang haeba le sa phekoloe. A re se keng ra lumella boikhohomoso, mohono kapa ho ameha ka ho feteletseng ka maruo ho re sitisa ho rarolla liqabang ka potlako.—Jak. 4:1-6.

Haeba Bothata bo Ama Batho ba Bangata

8, 9. (a) Ho ne ho e-na le lipono life tse sa tšoaneng phuthehong ea Roma lekholong la pele la lilemo? (b) Pauluse o ile a fa Bakreste ba Roma keletso efe mabapi le qabang ea bona?

8 Ka linako tse ling liqabang tse hlahang ka phuthehong ha li ame batho ba babeli feela empa li ama batho ba bangata. Seo se ile sa etsahala ho Bakreste ba Roma bao moapostola Pauluse a ileng a ba ngolla lengolo le bululetsoeng. Ho ne ho e-na le qabang pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ho bonahala eka batho ba bang phuthehong eo ba ne ba khella fatše ba nang le matsoalo a fokolang. Batho ba joalo ba ne ba ahlola ba bang ka tsela e fosahetseng litabeng tseo motho ka mong a lokelang ho iketsetsa qeto ho tsona. Pauluse o ile a fa phutheho eo keletso efe?—Bar. 14:1-6.

9 Pauluse o ile a eletsa batho ba lihlopheng tseo ka bobeli. O ile a bolella ba neng ba utloisisa hore ha ba tlas’a Molao oa Moshe hore ba se ke ba khella barab’abo bona fatše. (Bar. 14:2, 10) Boikutlo bo joalo bo ne bo ka khopisa balumeli bang ba neng ba ntse ba nyonya ho ja lijo tse neng li thibetsoe tlas’a Molao. Pauluse o ile a ba eletsa a re: “Khaotsang ho qhaqha mosebetsi oa Molimo feela ka lebaka la lijo. . . . Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.” (Bar. 14:14, 15, 20, 21) Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba nang le matsoalo a fokolang haholo hore ba se ke ba ahlola ba nang le pono e batsi haholoanyane ka hore ha ba tšepahale. (Bar. 14:13) O ile a bolella ‘e mong le e mong moo har’a bona hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.’ (Bar. 12:3) Ha Pauluse a se a elelitse lihlopha tseo ka bobeli mabapi le qabang ena, o ile a re: “Kahoo, joale, a re phehelleng lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.”—Bar. 14:19.

10. Joaloka phutheho ea Roma ea lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re rarolle liqabang kajeno?

10 Ha ho pelaelo hore phutheho ea Roma e ile ea amohela keletso ea Pauluse ea ba ea etsa liphetoho tse hlokahalang. Kajeno ha ho hlaha liqabang pakeng tsa rōna le bara le barali babo rōna, na e ke ke ea e-ba hantle hore le rōna re li rarolle ka mosa ka hore ka boikokobetso re batle keletso ea Mangolo re be re e sebelise? Joalokaha ho ile ha etsahala ho Baroma, kajeno ho ka ’na ha hlokahala hore batho ba ka mahlakoreng a mabeli a sa boneng lintho ka leihlo le le leng ba etse liphetoho e le hore ba ‘boloke khotso mahareng a bona.’—Mar. 9:50.

Kamoo Baholo ba ka Thusang Kateng

11. Moholo o lokela ho ba hlokolosi joang ha Mokreste a batla ho buisana le eena ka qabang e pakeng tsa Mokreste eo le molumeli-’moho le eena?

11 Ke sefe se lokelang ho etsoa haeba Mokreste a e-na le bothata le mong ka eena kapa molumeli-’moho le eena ’me a batla ho buisana le moholo ka bona? Liproverbia 21:13 e re: “Mang kapa mang ea thibang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa mohoo o belaelang oa ea tlaase, le eena o tla hooa ’me a ke ke a arajoa.” Ka sebele moholo a ke ke a ‘thiba tsebe ea hae.’ Leha ho le joalo, maele a mang a fana ka temoso ena: “Moqōsi ha a bua ka khotla e ee ke o bua ’nete, ho fihlela ha moqōsuoa a mo hloma lipotso.” (Liprov. 18:17, Bibele—Phetolelo e Ncha) Moholo o lokela ho mamela ka mosa, empa a be hlokolosi hore a se ke a nka lehlakore la motho ea mo tlalehelang hore o khopisitsoe. Ka mor’a hore a mamele taba eo, mohlomong o tla botsa motho ea khopehileng hore na o se a buisane le motho ea mo khopisitseng. Moholo a ka boela a tšohla mehato ea Mangolo eo motho ea khopisitsoeng a ka e nkang e le hore a phehelle khotso.

12. Fana ka mehlala e bontšang kotsi ea ho nka bohato ka lepotlapotla ka mor’a ho utloa tletlebo.

12 Ho na le mehlala e meraro ka Bibeleng e bontšang kotsi ea ho nka bohato ka lepotlapotla ka mor’a ho utloa lehlakore le le leng feela la taba. Potifaro o ile a kholoa mosali oa hae ha a re Josefa o ne a leka ho mo beta. Potifaro o ile a halefa hoo a ileng a hlahlela Josefa chankaneng. (Gen. 39:19, 20) Morena Davida o ile a kholoa Tsiba ha a ne a re mong’a hae e leng Mefiboshethe, o ne a le ka lehlakoreng la lira tsa Davida. Davida o ile a araba ka lepotlapotla a re: “Bona! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Mefiboshethe ke ea hao.” (2 Sam. 16:4; 19:25-27) Morena Artaxerxese o ile a tlaleheloa hore Bajuda ba ntse ba tsosolosa marako a Jerusalema ebile ba mothating oa ho fetohela ’Muso oa Persia. Eaba morena o kholoa tlaleho eo ea bohata ’me o laela hore mosebetsi oohle oa ho tsosolosa Jerusalema o emise. Ka lebaka leo, Bajuda ba ile ba khaotsa ho sebetsa tempeleng ea Molimo. (Esdr. 4:11-13, 23, 24) Ka bohlale baholo ba Bakreste ba latela keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea ea hore a qobe ho ahlola ka lepotlapotla.—Bala 1 Timothea 5:21.

13, 14. (a) Ha ho e-na le qabang pakeng tsa batho ba babeli, ke’ng eo re lokelang ho e hopola? (b) Ke eng e ka thusang baholo hore ba ahlole litaba tsa balumeli-’moho le bona ka tsela e nepahetseng?

13 Esita le ha ho bonahala eka mahlakore ka bobeli a taba a se a hlalositsoe, ke habohlokoa hore re hlokomele hore “haeba leha e le mang a nahana hore o fumane tsebo ea ho hong, ha a e-s’o ho tsebe feela joalokaha a tšoanela ho ho tseba.” (1 Bakor. 8:2) Na re hlile re tseba lintlha tsohle tse bakileng qabang eo? Na re tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho bao ba amehang? Ruri ke habohlokoa hore ha baholo ba kōptjoa hore ba ahlole taba, ba se ke ba itumella hore ba isoe le khongoana holimo ke mashano, maqiti a lohiloeng ka masene kapa litaba tsa bo-ba-re! Jesu Kreste, eo e leng moahloli ea khethiloeng ke Molimo, o ahlola ka ho loka. Ha a ‘ahlole ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemele feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae.’ (Esa. 11:3, 4) Ho e-na le hoo, Jesu o tataisoa ke moea oa Jehova. Ka ho tšoanang, baholo ba Bakreste ba thusoa ke ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo.

14 Pele baholo ba ahlola litaba tse amang balumeli-’moho le bona, ho hlokahala hore ba rapelle moea oa Jehova ba be ba itšetlehe ka tataiso ea oona ka hore ba hlahlobe Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene.—Mat. 24:45.

Re Lokela ho Boloka Khotso le Molimo

15. Ke neng moo re lokelang ho tlaleha sebe se tebileng seo re tsebang ka sona?

15 Kaha re Bakreste, re eletsoa hore re phehelle khotso. Leha ho le joalo, Bibele e boetse e re: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso.” (Jak. 3:17) Bibele e re ntho ea pele e hlokahalang ke ho hloeka ’me hoo ho bolela hore re lokela ho boloka melao-motheo ea Molimo e hloekileng ea boitšoaro re be re phethe litaelo tsa hae tse lokileng. Haeba Mokreste a elelloa hore molumeli-’moho le eena o entse sebe se tebileng, o lokela ho mo khothalletsa hore a bolelle baholo. (1 Bakor. 6:9, 10; Jak. 5:14-16) Haeba mofosi a sa etse joalo, Mokreste ea tsebileng ka sebe seo o lokela ho se tlaleha. Haeba motho a sa etse joalo ka lebaka la boikutlo bo fosahetseng ba ho leka ho boloka khotso le mofosi, o tla be a kenya letsoho phosong eo.—Lev. 5:1; bala Liproverbia 29:24.

16. Re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahala ha Jehu a kopana le Morena Jehorame?

16 Tlaleho e ’ngoe e buang ka Jehu e bontša hore ho loka ha Molimo ke habohlokoa ho feta ho boloka khotso. Molimo o ile a romela Jehu hore a e’o phethahatsa kahlolo ea Hae ntlong ea Morena Akabe. Morena Jehorame ea khopo, eo e neng e le mora oa Akabe le Jezebele, o ile a palama koloi ea hae ho ea khahlametsa Jehu eaba o re: “Na khotso e teng, Jehu?” Jehu o ile a arabela joang? O ile a re: “Ke khotso ea eng e ka bang teng hafeela ho e-na le bohlola ba ’m’ao Jezebele le boloi ba hae bo bongata?” (2 Mar. 9:22) Eaba Jehu o ntša seqha ’me o fula Jehorame ka motsu hoo o ileng oa phunyeletsa pelong ea hae. Feela joalokaha Jehu a ile a nka khato, baholo ha baa lokela ba iphapanyetsa ho sebetsa taba ea batho ba tloaetseng ho etsa sebe ka boomo le ba sa bakeng, e le hobane feela ba batla ho boloka khotso. Ba leleka baetsalibe ba sa bakeng e le hore phutheho e ka tsoela pele e e-na le khotso le Molimo.—1 Bakor. 5:1, 2, 11-13.

17. Bakreste bohle ba phetha karolo efe tabeng ea ho phehella khotso?

17 Liqabang tse ngata tse pakeng tsa barab’abo rōna hase liphoso tse tebileng tse lokelang ho nkeloa khato ke komiti ea boahloli. Kahoo, ho molemo hore ka lerato re koahele liphoso tsa ba bang. Lentsoe la Molimo le re: “Ea koahelang tlōlo o batla lerato, ’me ea ntseng a bua ka taba o arola ba tloaelaneng.” (Liprov. 17:9) Ha re mamela keletso e hlahang mantsoeng ao, hoo ho tla re thusa hore kaofela re boloke khotso ka phuthehong le hore re lule re e-na le kamano e ntle le Jehova.—Mat. 6:14, 15.

Ho Phehella Khotso ho Tlisa Litlhohonolofatso

18, 19. Ho phehella khotso ho ruisa batho melemo efe?

18 Ha re phehella “lintho tse tlisang khotso,” re fumana litlhohonolofatso tse ngata. Ha re ntse re etsisa Jehova, re thabela ho ba le kamano e haufi le eena, ebile re kenya letsoho hore ho be le bonngoe le khotso paradeiseng ea rōna ea moea. Ho phehella khotso ka phuthehong ho boetse ho re thusa ho bona litsela tseo ka tsona re ka phehellang ho ba le khotso le batho bao re ba bolellang “litaba tse molemo tsa khotso.” (Baef. 6:15) Re thusoa hore re ‘be bonolo ho bohle, re tšoanelehele ho ruta, re lule re ithibile bobeng.’—2Tim. 2:24.

19 Hape u se ke ua lebala hore ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Ha tšepo eo e phethahala mona lefatšeng, ho tla tsosoa batho ba limilione ba neng ba phela ka litsela tse sa tšoaneng, ba e-na le sebōpeho le botho bo sa tšoaneng—’me ho tla be ho akarelletsoa batho ba phetseng ho tloha morao koana “ho thehoeng ha lefatše”! (Luka 11:50, 51) Ka sebele e tla ba tlotla e khōlō ho ruta batho ba tsositsoeng litsela tsa khotso. Ruri tsela eo re koetlisoang ka eona hona joale hore re be batho ba bōpang khotso e tla re tsoela molemo haholo nakong eo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 E le hore u fumane tataiso e thehiloeng Mangolong mabapi le ho sebetsana le libe tse tebileng tse kang ketselletso le bolotsana, sheba Molula-Qhooa, oa October 15, 1999, leqepheng la 17-22.

U Ithutile Eng?

• Re ka phehella khotso joang haeba ho e-na le motho eo re mo khopisitseng?

• Re lokela ho etsa’ng e le hore re phehelle khotso haeba ho e-na le motho ea re sitetsoeng?

• Ke hobane’ng ha ho se bohlale ho nka lehlakore ha batho ba qabane?

• Ke hobane’ng ha ho etsa se nepahetseng e le habohlokoa ho feta ho boloka khotso le motho ea etsang sebe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Jehova o rata batho ba tšoarelang ba bang ka bolokolohi