Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebelisa Inthanete ka Bohlale

Sebelisa Inthanete ka Bohlale

Sebelisa Inthanete ka Bohlale

INTHANETE e re thusa ho tseba hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho sa tsotellehe hore na re hokae le hore na ke nako efe. Ha ho makatse hore ebe hohle lefatšeng batho ba e sebelisa hore ba buisane.

Bokhoni ba ho buisana ke mpho e babatsehang e tsoang ho ’Mōpi oa rōna. Bo re thusa ho fapanyetsana maikutlo le ho arolelana boitsebiso le batho ba bang. Jehova ke eena oa pele ea ileng a buisana le batho, a ba fa boitsebiso bo hlakileng le bo sa belaetseng ba hore na ba ka phela bophelo bo khotsofatsang joang. (Gen. 1:28-30) Leha ho le joalo, se ileng sa etsahala qalong ea histori ea batho se bontšitse hore mpho ena ea ho buisana e ka sebelisoa hampe. Satane o ile a bolella Eva boitsebiso bo fosahetseng. Eva o ile a amohela seo a ileng a mo bolella sona eaba o se fetisetsa ho Adama, ea ileng a lihela batho mahlomoleng.—Gen. 3:1-6; Bar. 5:12.

Empa ho thoe’ng ka ho sebelisa Inthanete? Le hoja re ka fumana boitsebiso ba bohlokoa Inthaneteng, ea ba ea re bolokela nako ’me ea e-ba sesebelisoa se ka re tsoelang molemo, re ka boela ra fumana boitsebiso bo fosahetseng ho eona, ea re jella nako e ngata le ho silafatsa boitšoaro ba rōna. A re hlokomeleng hore na re ka sebelisa Inthanete joang ka tsela e tla re tsoela molemo.

Na Boitsebiso Boo ke ’Nete Kapa bo Fosahetse?

Le ka mohla u se ke ua nahana hore boitsebiso bohle bo fumanehang Inthaneteng bo nepahetse ebile bo molemo. Ha re sebelisa Inthanete, re ka fumana boitsebiso bo molemo haholo ra ba ra fumana bo bobe ka ho fetisisa. Re lokela ho hlalefa ’me re arole se setle ho se sebe.

Ka 1993 makasine e ’ngoe e tsebahalang haholo e ile ea bontša litšoantšo tse qabolang tsa lintja tse peli tse lutseng ka pel’a k’homphieutha. Ntja e ’ngoe e re ho e ’ngoe: “Ha u le Inthaneteng, ha ho na motho ea tsebang hore u ntja.” Joalokaha kajeno batho ba bangata ba ikhakanya ha ba le Inthaneteng, khale koana Satane o ile a ikhakanya ka hore a sebelise noha ha a bua le Eva eaba o mo bolella hore o ne a ka tšoana le Molimo. Kajeno, motho e mong le e mong ea nang le Inthanete a ka iketsa eka ke setsebi a bile a sa bolele lebitso la hae. Hape, Inthaneteng ha ho na melao ea hore na ke mang ea lokelang ho phatlalatsa boitsebiso, litšoantšo kapa litlhahiso.

Ha u sebelisa Inthanete, u se ke ua ba sethoto joaloka Eva. U lokela ho ba hlokolosi pele u ka tšepa ntho leha e le efe e boletsoeng Inthaneteng. Pele u ka e tšepa, ipotse: (1) Ke mang ea phatlalalitseng boitsebiso boo? Na mongoli ke motho ea ka tšeptjoang? (2) Boitsebiso boo bo phatlalalitsoe ka lebaka lefe? Mongoli oa bona o ne a susumelitsoe ke eng? Na o bontša leeme? (3) Mongoli o fumane boitsebiso boo hokae? Na o fana ka mehloli ea boitsebiso ba hae eo batho ba ka e hlahlobang ho tiisa bonnete ba taba eo a e ngotseng? (4) Na boitsebiso boo ha boa siuoa ke nako? Lekholong la pele la lilemo moapostola Pauluse o ile a fa Timothea keletso e ntseng e sebetsa le kajeno. Pauluse o ile a ngola a re: “U lebele se behiloeng tlhokomelong ea hao, u furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’”—1 Tim. 6:20.

Na e U Bolokela Nako Kapa e U Jella Eona?

Haeba Inthanete e sebelisoa ka bohlale, ha ho pelaelo hore e ka re bolokela nako, matla le chelete. Re ka reka lintho ho sa hlokahale le hore re tlohe lapeng. Ho bapisa litheko ho ka re thusa hore re boloke chelete. Ho banka ka Inthanete ho nolofalelitse batho ba bangata bophelo; motho a ka sebetsana le litaba tsa lichelete ka nako efe kapa efe, a le lapeng. Inthanete e ka re thusa hore re hlophise maeto kapele re be re reke litekete. E boetse e re nolofalletsa ho batla linomoro tsa thelefono, liaterese le ho fumana litsela tsa ho fihla sebakeng seo re eang ho sona. Makala a mangata a Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle a sebelisa litšebeletso tsa mofuta ona e le hore a boloke nako le chelete esita le ho fokotsa lenane la basebetsi ba hlokahalang.

Leha ho le joalo, Inthanete e na le likotsi tsa eona tseo motho a lokelang ho nahana ka tsona. E ka jella motho nako e ngata. Batho ba bang ba nka Inthanete joaloka ntho ea ho bapala e thahasellisang ho e-na le hore ba e nke e le sesebelisoa se ka ba thusang. Ba qeta nako e ngata ho tlōla tekano ba ntse ba bapala ho eona, ba reka, ba buisana le batho, ba romela melaetsa, ba etsa lipatlisiso ba bile ba e fepetla feela. Qetellong ba ka ’na ba hlokomoloha lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa tse amanang le lelapa, metsoalle le phutheho. Motho a ka ba a lemalla ho sebelisa Inthanete. Ka mohlala, khakanyo e ’ngoe e phatlalalitsoeng ka 2010 e ile ea bontša hore bacha ba Makorea ba etsang karolo ea 18,4 lekholong ba lemaletse ho sebelisa Inthanete. Bafuputsi ba Majeremane ba boletse hore “lenane la basali ba tletlebang ka hore balekane ba bona ba lemaletse Inthanete le ntse le eketseha.” Mosali e mong o ile a tletleba ka hore ho itšetleha ka Inthanete ho fetotse monna oa hae haholo hoo ho bileng ho sentseng lenyalo la bona.

Lekala le leng la Lipaki Tsa Jehova le ile la fumana lengolo le tsoang ho motho ea neng a ipolela hore ke lekhoba la Inthanete. Ka linako tse ling o ne a qeta lihora tse ka bang leshome ka letsatsi a le Inthaneteng. O ile a bolela hore “qalong ho ne ho bonahala ho se molato oa letho,” eaba o phaella ka ho re: “Ha nako e ntse e feta ke ne ke se ke e-ba teng libokeng seoelo ’me ke ile ka khaotsa ho rapela.” Ha a ne a ea libokeng o ne a ea a sa lokisetsa ’me kelello ea hae e ne e lelera, a inahanela ka hore na o tla fihla hae neng a “bule Inthanete hape.” Ka lehlohonolo, o ile a hlokomela hore o hlile o na le bothata bo tebileng eaba o nka mehato ea ho bo lokisa. E se eka le ka mohla re ke ke ra fihla boemong boo re ka fetohang makhoba a Inthanete.

U Sheba Boitsebiso ba Mofuta Ofe?

Ho 1 Bathesalonika 5:21, 22, re bala sena: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle. Le ile bokhopo ba mofuta o mong le o mong.” Ha re sheba boitsebiso Inthaneteng re lokela ho nahana hore na Jehova o ikutloa joang ka bona. Seo re se shebang e lokela ho ba se hloekileng boitšoarong le se loketseng Bakreste. Litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso tse fumanehang Inthaneteng li atile haholo ’me haeba re se hlokolosi li ka re tšoasa habonolo.

Re tla be re le bohlale haeba re ka ipotsa potso ena, ‘Na seo ke se shebang k’homphieutheng ke ntho eo ke neng ke tla potlakela ho e patela molekane oa ka, batsoali ba ka kapa bara le barali beso ba Bakreste haeba ba ne ba ka kena?’ Haeba karabo ea rōna ke e, ho ka ba molemo hore re sebelise Inthanete feela ha batho ba bang ba le teng. Ka sebele Inthanete e fetotse tsela eo re buisanang ka eona le eo re rekang ka eona. Ho phaella moo, e butse monyetla o mocha oa ho ‘feba ka lipelong tsa rōna.’—Mat. 5:27, 28.

Na ke Lokela ho Romela Boitsebiso Boo?

Ho sebelisa Inthanete ho akarelletsa ho fumana boitsebiso le ho bo fetisetsa ho ba bang. Le hoja re e-na le bolokolohi ba ho fumana boitsebiso le ho bo fetisetsa ho batho ba bang, re boetse re na le boikarabelo ba ho tiisa hore boitsebiso boo re bo fetisang ke ’nete ebile hase ba boitšoaro bo litšila. Na re ka tiisa hore seo re se ngolang kapa re se fetisetsang ho batho ba bang se nepahetse? Na re lumeletsoe ho fetisa boitsebiso boo? * Na bo tla thusa motho eo re mo romellang bona? Sepheo sa rōna sa ho bo fetisa ke sefe? Na re etsa seo hore feela re khahlise ba bang?

Haeba ho romela molaetsa ka Inthanete ho sebelisoa hantle, ho ka re tsoela molemo haholo. Empa ho ka boela ha re imetsa ka boitsebiso bo bongata haholo. Na re romela boitsebiso bo bongata bo phatlalatsang litaba tsa morao-rao kapa bo se nang thuso ho letoto le lelelele la metsoalle, mohlomong re e jella nako ea bohlokoa? E ka ba hantle hore re ipotse hore na sepheo sa rōna ke sefe pele re romela molaetsa. Ha e le hantle ke eng eo re batlang ho e finyella? Batho ba ne ba tloaetse ho ngola mangolo e le hore ba phetele beng ka bona le metsoalle liphihlelo, ba ba bolella lintho tse ncha tse etsahalang bophelong ba bona. Na tsee hase tsona litaba tseo re lokelang ho bua ka tsona melaetseng eo re e romelang ka Inthanete? Ke hobane’ng ha re ka romella batho lintho tseo re ke keng ra tiisa hore na ke ’nete kapa che?

Kahoo, ke sefe seo re lokelang ho se etsa mabapi le Inthanete? Na re lokela ho qoba ho e sebelisa ka ho feletseng? Seo se ka ’na sa hlokahala maemong a mang. Lekhoba la Inthanete leo ho builoeng ka lona ka holimo le ile la etsa joalo e le hore le ka khona ho hlōla bokhoba boo le neng le bile le bona ka lilemo. Ka lehlakoreng le leng, ho sebelisa Inthanete ho ka re tsoela molemo haeba re etsa hore ‘matla a ho nahana a re lebele, temoho e re sireletse.’—Liprov. 2:10, 11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Re ka bolela se tšoanang ka lifoto. Le hoja re ka nka lifoto molemong oa rōna, ho ka etsahala hore ebe ha re na tokelo ea ho li fetisetsa ho batho ba bang, re se re sa re letho ka ho fana ka mabitso a batho ba lifotong tseo le ho bolela hore na ba lula kae.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

U ka etsa joang e le hore u se ke ua thetsoa?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

U lokela ho nahana ka eng pele u romela molaetsa?