Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Bala Bibele—Ho ’Matlafalitse Bophelong ba ka Bohle

Ho Bala Bibele—Ho ’Matlafalitse Bophelong ba ka Bohle

Ho Bala Bibele—Ho ’Matlafalitse Bophelong ba ka Bohle

Joalokaha ho boletse Marceau Leroy

“TŠIMOLOHONG Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše,” ana ke mantsoe ao ke ileng ka qala ho a bala ka sekhukhu ka kamoreng ea ka. Ke hobane’ng ha ke ne ke bala ka sekhukhu? Ke hobane ho hlakile hore ntate oa ka ea neng a sa lumele ho Molimo o ne a ke ke a thabela buka eo ke neng ke ntse ke e bala—e leng Bibele.

Ho ne ho se mohla nkileng ka bala Bibele, kahoo, mantsoe ao a qalang bukeng ea Genese a ile a nkama joalokaha eka ke otloa ke lehalima. Ke ile ka nahana, ‘Ena ke tlhaloso ea tumellano e teng melaong ea tlhaho eo esale e ntlholla!’ Kaha ke ne ke hloletsoe, ke ile ka e bala ho tloha ka hora ea borobeli bosiu ho fihlela ka hora ea bone hoseng. Kahoo, eo e bile qaleho ea se ileng sa fetoha mokhoa oa ka, e leng ho bala Lentsoe la Molimo. E re nke ke hlalose hore na ho bala Bibele ho ile ha ’matlafatsa joang bophelong ba ka bohle.

“U Tla Tlameha ho e Bala Letsatsi le Leng le le Leng”

Ke hlahetse Vermelles, ka 1926, e leng motsana o nang le merafo ea mashala karolong e ka leboea ea naha ea Fora. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, mashala e ne e le sehlahisoa sa bohlokoa haholo bakeng sa tšireletso ea naha. Ka lebaka leo, kaha ke ne ke sebetsa morafong oa mashala ke ne ke sa tlamehe ho ea bosoleng. Leha ho le joalo, kaha ke ne ke batla ho ntlafatsa bophelo ba ka, ke ile ka etsa lithuto tsa motlakase le tsa seea-le-moea, e leng se ileng sa nthuta hore melao ea tlhaho e tsamaisana ka tsela e hlollang. Ha ke le lilemo li 21, motho e mong eo ke neng ke kena sekolo le eena o ile a mpha Bibele ea ka ea pele ’me a re ho ’na, “Ha u ka e bala u tla be u sa itšenyetsa nako.” Ha ke qeta ho e bala ke ne ke kholisehile hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, leo ho nang le seo le se senolelang batho.

Kaha ke ne ke nahana hore baahelani ba ka le bona ba tla thabela ho bala Bibele, ke ile ka batla Libibele tse robeli. Ke ile ka makala ha batho ba ntšoma ba bile ba nkhanyetsa. Beng ka ’na ba ratang litumela-khoela ba ile ba ntemosa ba re, “Hang ha u ka qala ho bala buka ena u tla tlameha ho e bala letsatsi le leng le le leng!” Ke ile ka fela ka e bala, ’me ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela seo. Seo se ile sa fetoha mokhoa oa ka bophelong ba ka bohle.

Ha baahelani ba bang ba ka ba hlokomela hore ke rata Bibele, ba ile ba mpha lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova tseo ba neng ba li filoe. Libukana tse kang One World, One Government * (e bontšitsoeng leqepheng lena ka Sefora) li ile tsa hlalosa hore na ke hobane’ng ha Bibele e bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o fang batho tšepo. (Mat. 6:10) Ke ne ke ikemiselitse ho bolella batho ba bang ka tšepo ena ho feta neng kapa neng.

Motho oa pele eo ke ileng ka mo fa Bibele ke motsoalle oa ka oa ha ke sa le monyenyane e leng Noël. Kaha e ne e le Mok’hatholike ea neng a ntse a e-ea kerekeng, o ile a etsa litlhophiso tsa hore re kopane le motho e mong ea neng a ntse a ithutela ho ba moprista. Ke ne ke tšohile empa ho latela Pesaleme ea 115:4-8 le Matheu 23:9, 10, ke ne ke tseba hore Molimo ha a lumellane le hore batho ba sebelise litšoantšo ha ba mo rapela le hore ba bitse baruti ka litlotla tsa bolumeli. Sena se ile sa mpha sebete sa hore ke emele tumelo ea ka e ncha. Ka lebaka leo, Noël o ile a amohela ’nete ’me e ntse e le Paki e tšepahalang ho fihlela kajeno.

Ke ile ka boela ka etela ausi oa ka. Monna oa hae o ne a e-na le libuka tsa ho sebelisana le meea, ka lebaka leo o ne a tšoenngoa ke bademona. Le hoja qalong ke ne ke sa tsebe seo nka se etsang, litemana tsa Bibele tse kang Baheberu 1:14 li ile tsa nkholisa hore mangeloi a Jehova a ne a ntšehetsa. Ha Soare a sebelisa melao-motheo ea Bibele ’me a lahla lintho tsohle tse neng li amana le ho sebelisana le meea, o ile a itokolla tšusumetsong ea bademona. Ausi le Soare e ile ea e-ba Lipaki tse chesehang.

Ka 1947 Paki e ’ngoe ea Moamerika e bitsoang Arthur Emiot, e ile ea fihla lapeng. Ke ile ka thaba haholo ’me ka mo botsa hore na Lipaki li ne li kopanela hokae. O ile a mpolella hore ho ne ho e-na le sehlopha se kopanelang Liévin, e leng sebaka se neng se ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse leshome. Mehleng eo ho ne ho se bonolo le ho ba le baesekele, kahoo ka likhoeli tse ’maloa ke ile ka tsamaea ka maoto ho ea libokeng le ho khutla. Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o ne o thibetsoe Fora ka lilemo tse ka bang robeli. Ho ne ho e-na le Lipaki tse 2 380 feela naheng eohle—’me boholo ba tsona e ne e le bajaki ba tsoang Poland. Empa ka la 1 September, 1947, mosebetsi oa rōna o ile oa boela oa lumelloa ka molao Fora. Ofisi ea lekala e ile ea boela ea buloa Villa Guibert, Paris. Kaha ho ne ho se na pula-maliboho le e ’ngoe Fora, Informant (eo hona joale e leng Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) ea December 1947, e ile ea etsa kōpo e khethehileng ho batho bao e neng e ka ba bo-pula-maliboho ba kamehla ba ka qetang lihora tse 150 ka khoeli ba bolela litaba tse molemo. (Lihora tseo li ile tsa fokoletsoa ho tse 100 ka 1949.) Tumellanong le mantsoe a Jesu a ho Johanne 17:17 a reng, “lentsoe la [Molimo] ke ’nete,” ke ile ka kolobetsoa ka 1948, ’me ka December 1949, ke ile ka ba pula-maliboho.

Ha ke Tloha Chankaneng ke Ile ka Khutlela Dunkerque

Kabelo ea ka ea pele Agen, e karolong e ka boroa ea Fora, e ile ea e-ba ea nako e khutšoanyane. Kaha ke ne ke tlohetse ho sebetsa morafong, joale ke ne ke lokela ho ea sesoleng. Ke ile ka hana ho kena sesoleng, ka lebaka leo ke ile ka hlahleloa chankaneng. Le hoja ke ne ke sa lumelloe ho ba le Bibele, ke ile ka khona ho fumana maqephe a seng makae a buka ea Lipesaleme. Ha ke li bala ke ne ke khothala. Ha ke lokolloa chankaneng ke ile ka lokela ho etsa qeto: Ebe nka tsoela pele ke le pula-maliboho kapa ke khaotse ke il’o sebetsa ’me ke be le lelapa? Le tabeng ena, seo ke ileng ka se bala Bibeleng se ile sa nthusa. Ke ile ka nahanisisa ka mantsoe a Pauluse a ho Bafilipi 4:11-13: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” Ke ile ka etsa qeto ea ho tsoela pele ke le pula-maliboho. Ka 1950, ke ile ka fuoa kabelo e ncha—ke ile ka romeloa Dunkerque, e leng motse oo ke neng ke ile ka bolela litaba tse molemo ho oona pele.

Ha ke fihla teng ke ne ke se na letho. Motse oo o ne o ile oa senyeha hampe nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, kahoo ho ne ho le thata ho fumana bolulo. Ke ile ka etsa qeto ea ho etela lelapa le leng leo ke neng ke ee ke le bolelle litaba tse molemo, ’me ’mè oa moo o ile a thaba haholo a re: “Ao, Ntate Leroy, u lokolotsoe? Mohatsa’ka o re haeba ho ne ho e-na le banna ba bangata ba kang uena, ho ka be ho sa ka ha e-ba le ntoa.” Ba ne ba e-na le ntlo ea kamohelo ea baeti ka lebaka leo ba ile ba mpha bolulo ho fihlela nako eo bahahlauli ba neng ba qala ho tla ka eona. Hona letsatsing leo, abuti oa Arthur Emiot, e leng Evans o ile a mpha mosebetsi. * E ne e le toloko boema-kepe ’me o ne a batla motho ea ka lebelang sekepe bosiu. O ile a ntsebisa e mong oa liofisiri tsa sekepe. Ha ke e-tsoa chankaneng ke ne ke otile haholo. Ha Evans a hlalosetsa ofisiri eo hore na ke hobane’ng ha ke ne ke otile joalo, ofisiri eo e ile ea mpolella hore nka ja lijo tse neng li le teng ka sehatsetsing. Letsatsing leo ke ile ka fumana bolulo, mosebetsi le lijo! Ka sebele ke ile ka tšepa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:25-33 le ho feta.

Ha nako ea bohahlauli e fihla, ’na le Simon Apolinarski, eo ke neng ke bula-maliboho le eena re ile ra lokela ho fumana bolulo bo bong, empa re ne re ikemiselitse ho lula kabelong ea rōna. Re ile ra fuoa bolulo setaleng sa khale moo re neng re robala materaseng a setoroi. Re ne re qeta letsatsi re le tšebeletsong ea boboleli. Re ile ra pakela mong’a setala seo ’me e ile ea e-ba e mong oa ba bangata ba ileng ba amohela ’nete. Ho e-s’o ee kae koranta ea sebakeng seo e ile ea phatlalatsa sehlooho seo ho sona e neng e hlokomelisa baahi ba Dunkerque ka seo ba neng ba re ke “seoa sa mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo.” Leha ho le joalo, sebakeng seo Lipaki e ne e le ’na le Simon hammoho le bahoeletsi ba seng bakae feela! Ha re thulana le mathata re ile ra khothatsoa ke ho nahanisisa ka tšepo ea rōna ea Bokreste le ho nahana ka tsela eo Jehova a ileng a re hlokomela ka eona. Ha ke ne ke fuoa kabelo e ncha ka 1952, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba tsoang kamehla ba 30 Dunkerque.

Ke Matlafalletsoa Boikarabelo bo Bocha

Ka mor’a ho qeta nako e khutšoanyane motseng oa Amiens, ke ile ka khethoa hore ke il’o sebetsa ke le pula-maliboho ea khethehileng Boulogne-Billancourt, e leng motse o toropong ea Paris. Ke ne ke e-na le batho ba bangata bao ke ithutang Bibele le bona ’me hamorao ba bangata ba bona ba ile ba ba tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ba bang ea e-ba barumuoa. Mohlankana e mong ea bitsoang Guy Mabilat, o ile a amohela ’nete ’me hamorao ea e-ba molebeli oa setereke. Hamorao e ile ea e-ba molebeli ea neng a hlokometse kaho ea setsi sa khatiso sa Bethele ea hona joale e Louviers, e sebakana ho tloha Paris. Kaha ke ne ke bua le batho hangata ka Bibele mosebetsing oa boboleli, seo se ile sa etsa hore Lentsoe la Molimo le lule kelellong ea ka, ’me sena se ile sa nthabisa haholo sa ba sa etsa hore ke ntlafatse bokhoni ba ka ba ho ruta.

Joale ka 1953, ke sa lebella ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa potoloho Alsace-Lorraine, e leng sebaka se ileng sa haptjoa ke Majeremane habeli pakeng tsa 1871 le 1945. Ka lebaka leo ke ile ka tlameha ho ithuta Sejeremane. Ha ke qala mosebetsing oa potoloho, ho ne ho e-na le likoloi, lithelevishene le mechine ea ho thaepa e seng mekae sebakeng seo, athe liea-le-moea le lik’homphieutha tsona li ne li le sieo ho hang. Leha ho le joalo ke ne ke sa hlonama ebile ke sa itšotle. Ha e le hantle, eo ebile nako eo ke ileng ka e thabela ka ho fetisisa. Ho mamela keletso ea Bibele ea hore re be le ‘leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe’ ho bolela hore nakong eo ho ne ho e-na le lintho tse fokolang tse neng li ka sitisa batho ho sebeletsa Jehova ha ho bapisoa le kajeno.—Mat. 6:19-22.

Nke ke ka lebala Kopano e neng e tšoaretsoe Paris ka 1955, eo sehlooho sa eona se neng se re, “’Muso o Hlōlang.” Kopanong eo ke ile ka kopana le eo e neng e tla ba molekane oa ka oa ka moso e leng Irène Kolanski, ea neng a qalile tšebeletso ea nako e tletseng selemo pele ho ’na. Batsoali ba hae ba Mapolishe e ne e bile Lipaki tse chesehang ka nako e telele. Ha ba le Fora ba ile ba eteloa ke Adolf Weber. O ne a ile a sebeletsa Mor’abo rōna Russell a mo hlokomella serapa, ’me o ne a tlile Europe ho tla bolela litaba tse molemo. ’Na le Irène re ile ra nyalana ka 1956, ’me o ile a tsamaea le ’na mosebetsing oa potoloho. Ruri o ntšehelitse haholo ka lilemo-lemo!

Lilemo tse peli hamorao ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe eo ke neng ke sa e lebella—ke ile ka khethoa ho ba molebeli oa setereke. Leha ho le joalo, kaha barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ne ba haella, ke ile ka tsoela pele ke ntse ke etela liphutheho ke le molebeli oa potoloho. Ke ne ke le maphathaphathe haholo! Ho phaella tabeng ea hore ke ne ke lokela ho qeta lihora tse 100 mosebetsing oa boboleli ka khoeli, beke le beke ke ne ke lokela ho fana ka lipuo, ho etela litsi tse tharo tsa thuto ea buka, ho hlahloba litlaleho tsa phutheho le ho ngola litlaleho. Ke ne ke tla khona ho reka nako ea ho bala Lentsoe la Molimo joang? Tharollo e ne e le ’ngoe feela—ke ile ka tabola maqephe a Bibele ea khale eaba ke tsamaea ke a nkile. Nako le nako ha ke ne ke emetse motho, ke ne ke ntša maqephe ao ebe kea bala. Linako tseo tse khathollang tsa ho bala Bibele li ile tsa ’matlafalletsa hore ke ikemisetse ho tsoela pele kabelong ea ka.

Ka 1967, ’na le Irène re ile ra memeloa hore re e’o ba litho tsa lelapa la Bethele la Boulogne-Billancourt. Ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me lilemo tse fetang 40 hamorao ke sa ntse ke e-na le tlotla ea ho sebeletsa teng. Ntho eo ke e thabelang haholo mosebetsing oa ka ke ho araba mangolo a batho ba botsang lipotso tsa Bibele. Ruri ke thabela ho batlisisa ka hare ho Lentsoe la Molimo ho ‘sireletsa litaba tse molemo’! (Bafil. 1:7) Ke boetse ke thabela ho tšoara lipuisano tsa Bibele nakong ea borapeli ba hoseng Bethele, pele ho lijo tsa hoseng. Ka 1976, ke ile ka khetheloa ho ba setho sa Komiti ea Lekala Fora.

Ho Phela ka Tsela e Molemo ka ho Fetisisa

Le hoja ke ’nile ka thulana le mathata a mangata, nako e boima ka ho fetisisa bophelong ba ka ke hona joale ha botsofali le ho kula li sitisa ’na le Irène ho etsa lintho tseo re neng re ka rata ho li etsa. Leha ho le joalo, ho bala Lentsoe la Molimo hammoho ho etsa hore tšepo ea rōna e lule e ntse e le matla. Re thabela ho ea tšimong ea phutheho ea habo rōna ka bese le ho bolella ba bang ka tšepo ena. Nako ea lilemo tse fetang 120 tseo bobeli ba rōna re li qetileng re le tšebeletsong ea nako e tletseng, e etsa hore ka lipelo tsohle tsa rōna re khothalletse ba bang hore ba latele tsela ena ea bophelo haeba ba batla ho thaba le ho ba le bophelo bo molemo. Ha Morena Davida a ne a ngola mantsoe a Pesaleme ea 37:25, o ne a se a “tsofetse,” empa joalo ka eena le ’na “ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng.”

Bophelong ba ka bohle Jehova o ’nile a ’matlafatsa ka Lentsoe la hae. Lilemong tse fetang 60 tse fetileng, beng ka ’na ba ile ba bolela hore ho bala Bibele e ne e tla ba mokhoa oa ka. Ba ne ba nepile. E bile mokhoa oa ka oo le ka mohla ke sa ikoahlaeleng oona!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E hatisitsoe ka 1944, empa hona joale ha e sa hatisoa.

^ ser. 14 E le hore u fumane boitsebiso bo batsi ka Evans Emiot, sheba Molula-Qhooa oa January 1, 1999, leqepheng la 22 le la 23.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke na le Simon

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bibele e tšoanang le ea ho qala eo ke ileng ka e fuoa

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ha ke ne ke le molebeli oa setereke

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mohla letsatsi la rōna la lechato

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

’Na le Irène re thabela ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo