Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke Kabelo ea Ka

Jehova ke Kabelo ea Ka

Jehova ke Kabelo ea Ka

“Ke ’na kabelo ea hao le lefa la hao har’a bara ba Iseraele.”—NUM. 18:20.

1, 2. (a) Boemo ba Balevi e ne e le bofe ha ho ne ho ajoa lefa la naha? (b) Jehova o ile a tšepisa Balevi eng?

KA MOR’A hore Baiseraele ba hape karolo e khōlō ea Naha e Tšepisitsoeng, Joshua o ile a shebana le ho arola naha ka lotho. O ile a sebetsa le Moprista ea Phahameng Eleazare le lihlooho tsa meloko. (Num. 34:13-29) Balevi ba ne ba sa lokela ho fuoa lefa la naha joaloka meloko e meng. (Josh. 14:1-5) Ke hobane’ng ha Balevi ba ne ba sa lokela ho fuoa lefa la naha kapa ho ba le kabelo Naheng e Tšepisitsoeng? Na ba ne ba siiloe ka phoso?

2 Re fumana karabo ho seo Jehova a ileng a se bolella Balevi. Ha a bontša hore ba ne ba sa lahloa kherehloa, Jehova o ile a re ho bona: “Ke ’na kabelo ea hao le lefa la hao har’a bara ba Iseraele.” (Num. 18:20) “Ke ’na kabelo ea hao,” eo ke tšepiso e hlollang hakaakang! U ne u tla ikutloa joang haeba Jehova a ne a ka u bolella seo? U ne u ka ’na ua re, ‘Na Jehova a ka tšepisa motho ea kang ’na tjee seo?’ U ka ’na ua boela ua ipotsa, ‘Na ka sebele kajeno Jehova e ka ba kabelo ea Mokreste ea sa phethahalang?’ Lipotso tseo lia u ama ebile li ama le batho bao u ba ratang. Kahoo, a re ke re boneng hore na polelo eo ea Molimo e bolela’ng. Seo se tla re thusa hore re utloisise hore na Jehova e ka ba kabelo ea Bakreste joang kajeno. Ka ho khetheha, e ka ba kabelo ea hao ebang u na le tšepo ea ho phela leholimong kapa u lebeletse ho phela lefatšeng la paradeise.

Jehova o Hlokomela Balevi

3. Ke eng e ileng ea etsa hore Molimo a nke Balevi hore ba mo sebeletse?

3 Pele Jehova a fa Baiseraele Molao, lihlooho tsa malapa li ne li sebeletsa e le baprista. Ha Molimo a fana ka Molao, o ile a etsa tokisetso ea hore ho be le baprista ba ka linako tsohle le hore ba be le bathusi ba tsoang lelokong la Levi. See se ile sa etsahala joang? Ha Molimo a ne a bolaea matsibolo a Baegepeta, o ile a halaletsa matsibolo a Baiseraele, a a khetha hore e be a hae. Ka mor’a moo Molimo o ile a etsa phetoho ena e khōlō: “Ke nka Balevi . . . sebakeng sa matsibolo ’ohle har’a bara ba Iseraele.” Kaha palo ea sechaba e ile ea bontša hore matsibolo a bara ba Iseraele a ne a feta a Balevi ka palo, ho ile ha lefshoa thekollo bakeng sa palo eo a neng a feta Balevi ka eona. (Num. 3:11-13, 41, 46, 47) Kahoo, Balevi ba ne ba ka sebeletsa Molimo oa Iseraele.

4, 5. (a) Ho ne ho bolela’ng hore Molimo ke kabelo ea Balevi? (b) Molimo o ile a hlokomela Balevi joang?

4 Jehova e ile ea e-ba kabelo ea Balevi ka tsela efe ha a ne a ba khetha hore ba mo sebeletse? Ho e-na le hore Jehova a ba fe naha e le lefa o ile a ba fa mosebetsi oa bohlokoa haholo oo ba neng ba lokela ho o etsa. “Boprista ba Jehova” e ne e le lefa la bona. (Josh. 18:7) Litemana tse potolohileng Numere 18:20 li bontša hore sena ha sea ka sa etsa hore ba futsanehe. (Bala Numere 18:19, 21, 24.) Balevi ba ne ba lokela ho fuoa “karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea leshome Iseraeleng e le lefa bakeng sa puseletso ea tšebeletso ea bona.” Ba ne ba tla fuoa karolo ea leshome ea lihlahisoa tsa Iseraele le ea palo eo liphoofolo li neng li tla ata ka eona. Balevi le bona ba ne ba lokela ho fana ka karolo ea leshome ea seo ba se fumaneng, e leng “oa tse ntlehali ho tsona,” ho tšehetsa baprista. * (Num. 18:25-29) Baprista ba ne ba boetse ba fuoa “menehelo eohle e halalelang” eo bara ba Iseraele ba neng ba e tlisa ho Molimo sebakeng sa hae sa borapeli. Kahoo, baprista ba ne ba e-na le lebaka le letle la ho lumela hore Jehova o ne a tla ba hlokomela.

5 Ho bonahala eka Molao oa Moshe o ne o bolela hore Baiseraele ba fane ka karolo e ’ngoe ea leshome e neng e behelloa ka thōko ho hlokomela malapa a bona le hore a ithabise nakong ea likopano tse halalelang, selemo le selemo. (Deut. 14:22-27) Leha ho le joalo, qetellong ea selemo se seng le se seng sa boraro le sa botšelela sa lilemo tse supileng tsa nako ea sabatha, karolo ena ea leshome e ne e isoa hekeng moo e neng e tla tsoela mafutsana le Balevi molemo. Ke hobane’ng ha Balevi ba ne ba akarelletsoa ho batho ba neng ba fuoa karolo ee? Ke hobane ba ne ba “se na kabelo kapa lefa” Iseraele.—Deut. 14:28, 29.

6. Haele moo Balevi ba ne ba se na lefa la naha Iseraele, ba ne ba tla lula hokae?

6 U ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba Balevi ba ne ba sa fuoa naha ba ne ba tla lula hokae?’ Molimo o ile a ba hlokomela. O ile a ba fa metse e 48 hammoho le makhulo a eona. Metse ena e ne e akarelletsa metse e tšeletseng ea setšabelo. (Num. 35:6-8) Kahoo, ho ne ho e-na le moo Balevi ba lulang teng ha ba ne ba sa sebeletse sehalalelong sa Molimo. Jehova o ne a hlohonolofatsa haholo batho ba neng ba itela tšebeletsong ea hae. Ho hlakile hore Balevi ba ne ba bontša hore Jehova ke kabelo ea bona ka hore ba tšepe hore o na le matla ebile o ikemiselitse ho ba hlokomela.

7. Ke’ng e neng e hlokahala ho Balevi e le hore Jehova e ka ba kabelo ea bona?

7 Molao o ne o sa akarelletse kahlolo eo Moiseraele a neng a tla e fuoa haeba a ne a sa fane ka karolo ea leshome. Haeba batho ba ne ba hlokomoloha ho fana ka karolo ea leshome, seo se ne se ama baprista le Balevi. Seo se ile sa etsahala mehleng ea Nehemia. Ka lebaka leo, Balevi ba ne ba tlameha ho sebetsa masimong a bona ba tlohela ho etsa tšebeletso ea bona. (Bala Nehemia 13:10.) Balevi ba ne ba ka fumana lintho tseo ba li hlokang e le hore ba iphelise hafeela sechaba se ne se mamela Molao oa Jehova. Ho feta moo, baprista le Balevi le bona ba ne ba lokela ho ba le tumelo ho Jehova le tseleng eo a neng a ba hlokomela ka eona.

Balevi Bao Jehova e Neng e le Kabelo ea Bona

8. Hlalosa hore na Asafe oa Molevi o ile a thulana le bothata bofe.

8 Jehova e ne e tla ba kabelo ea moloko oa Balevi. Leha ho le joalo, rea hlokomela hore Balevi ka bomong ba ne ba sebelisa poleloana e reng, “Jehova ke kabelo ea ka” ho bontša boinehelo ba bona ho Molimo le hore ba mo tšepile. (Lillo 3:24) Molevi e mong ea joalo e ne e le sebini ebile e le moqapi oa ’mino. Re tla mo bitsa Asafe le hoja ho ka etsahala hore ebe e ne e le setho sa lelapa la Asafe, e leng Molevi ea neng a eteletse libini pele mehleng ea Morena Davida. (1 Likron. 6:31-43) Pesalemeng ea 73 re bala hore Asafe (kapa e mong oa litloholo tsa hae) o ile a tsieleha. O ile a honohela batho ba khopo ba neng ba ruile a ba a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.” Ho ka etsahala hore ebe o ile a lebala hore na tšebeletso ea hae e ne e le ea bohlokoa hakae; ’me o ile a lebala le hore Jehova e ne e le kabelo ea hae. O ne a khathatsehile moeeng “ho fihlela [a] kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo.”—Pes. 73:2, 3, 12, 13, 17.

9, 10. Ke hobane’ng ha Asafe a ne a ka bolela hore Molimo ke “kabelo ea [hae] ho isa nakong e sa lekanyetsoang”?

9 Ha a le ka sehalalelong, Asafe o ile a qala ho talima lintho ka tsela eo Molimo a neng a li talima ka eona. E ka ’na eaba u ile ua thulana le boemo bo tšoanang. Mohlomong ho na le nako eo ka eona ka tsela e itseng u ileng ua lebala hore na tšebeletso ea hao ke ea bohlokoa hakae, mohlomong ua qala ho nahana ka lintho tsa nama tseo u neng u li hloka. Empa ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho ea libokeng tsa Bokreste u ile ua qala ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona. Asafe o ile a hlokomela hore na qetellong ho ne ho tla etsahala’ng ka batho ba khopo. O ile a nahana ka boemo ba hae ’me a hlokomela hore Jehova o ne a tla mo tataisa a mo tšoere ka letsoho la hae le letona. Kahoo, Asafe o ne a ka re ho Jehova: “Ntle ho uena ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.” (Pes. 73:23, 25) Ka mor’a moo o ile a bolela hore Molimo ke kabelo ea hae. (Bala Pesaleme ea 73:26.) Le hoja ‘’mele oa mopesaleme le pelo ea hae li ne li ka ’na tsa felloa ke matla,’ Molimo e ne e tla ba “kabelo ea [hae] ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Mopesaleme o ne a kholisehile hore Jehova o ne a tla mo hopola joaloka motsoalle oa hae. Jehova o ne a ke ke a lebala hore o mo sebelelitse ka botšepehi. (Moek. 7:1) Ruri e tlameha ebe seo se ile sa khothatsa Asafe haholo! O ile a bina a re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.”—Pes. 73:28.

10 Taba ea hore ebe Jehova e ne e le kabelo ea Asafe e ne e le ea bohlokoa haholo ho eena ho feta tlhokomelo ea lintho tsa nama eo a neng a e fuoa hobane e le Molevi. Seo a neng a bua ka sona haholo-holo e ne e le tlotla eo a neng a e-na le eona ea ho sebeletsa Jehova hammoho le kamano ea hae le eena, e leng setsoalle seo a ileng a loanela ho ba le sona le Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Jak. 2:21-23) E le hore mopesaleme a sireletse kamano eo, o ne a lokela ho lula a e-na le tumelo ho Jehova a be a mo tšepe. Asafe o ne a lokela ho kholiseha hore Jehova o ne a tla mo putsa ka bokamoso bo thabisang haeba a ne a ka mo mamela. Le uena u ka kholiseha hore Ea Matla ’Ohle o tla u etsetsa se tšoanang.

11. Jeremia o ile a botsa potso efe, hona e ile ea arajoa joang?

11 Molevi e mong ea neng a nka hore Jehova ke kabelo ea hae, e ne e le moprofeta Jeremia. A re ke re tšohleng hore na o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa polelo eo. Jeremia o ne a lula Anathothe, e leng motse oa Balevi o neng o le haufi le Jerusalema. (Jer. 1:1) Ka nako e ’ngoe Jeremia o ile a tsieleha hore na ke hobane’ng ha batho ba khopo ba ne ba atleha empa ba lokileng ba sotleha. (Jer. 12:1) Ka mor’a hore a bone se neng se etsahala Jerusalema le Juda, o ile a utloa a tlameha ho “ipelaetsa” ka seo a neng a se bona. Jeremia o ne a tseba hore Jehova o lokile. Potso ea moprofeta Jeremia e ile ea arajoa ka tsela e qaqileng ka mor’a seo Jehova a ileng a bululela Jeremia hore a se profete le kamoo Jehova a ileng a phethahatsa mantsoe ao a boprofeta kateng. Tumellanong le boprofeta bo tsoang ho Molimo, batho ba ileng ba mamela tataiso ea Jehova ba ile ba ‘amohela meea ea bona e le thepa e hapuoeng,’ athe ba khopo ba neng ba atlehile bona ha baa ka ba natsa temoso eo ba ileng ba e fuoa ’me ba ile ba timela.—Jer. 21:9.

12, 13. (a) Ke eng e ileng ea susumelletsa Jeremia hore a re: “Jehova ke kabelo ea ka,” ’me o ne a e-na le maikutlo afe? (b) Ke hobane’ng ha meloko eohle ea Iseraele e ne e lokela ho leta?

12 Hamorao ha Jeremia a ne a shebile naha ea habo e ripitliloeng, o ile a utloa eka o tsamaea lefifing. E ne eka Jehova o ne a entse hore a ‘lule joaloka banna bao e leng khale ba shoele.’ (Lillo 1:1, 16; 3:6) Jeremia o ne a boleletse sechaba seo se neng se tsoile tseleng hore se khutlele ho Ntate oa sona ea leholimong, empa bobe ba sona bo ne bo le boholo hoo Molimo a ileng a lumella Jerusalema le Juda hore li timetsoe. Seo se ile sa utloisa Jeremia bohloko le hoja eena a ne a se na molato. Ha a le mahlomoleng, moprofeta Jeremia o ile a hopola mehauhelo ea Molimo. O ile a re: “Ha rea fela.” Ka sebele mehauhelo ea Jehova e mecha hoseng ho hong le ho hong! Ka mor’a moo Jeremia o ile a re: “Jehova ke kabelo ea ka.” O ile a tsoela pele a e-na le tlotla ea ho sebeletsa Jehova e le moprofeta.—Bala Lillo Tsa Jeremia 3:22-24.

13 Baiseraele ba ne ba tla hloka naha ka lilemo tse 70. E ne e tla ba lesupi. (Jer. 25:11) Empa mantsoe a Jeremia a reng, “Jehova ke kabelo ea ka” a ile a bontša hore o ne a tšepile mohau oa Molimo, ’me tšepo eo e ile ea mo fa lebaka la hore a ‘mo letele.’ Meloko eohle ea Iseraele e ne e lahlehetsoe ke lefa la eona, ka lebaka leo e ne e lokela ho loanela ho ba le maikutlo a tšoanang le a Jeremia. Jehova e ne e le eena feela tšepo ea bona. Ka mor’a lilemo tse 70, batho ba Molimo ba ile ba khutlisetsoa naheng ea habo bona ’me ba ba le tokelo ea ho mo sebeletsa teng.—2 Likron. 36:20-23.

Batho ba Bang le Bona ba ka Nka Jehova e le Kabelo ea Bona

14, 15. Ntle le Balevi, ke mang ea ileng a etsa hore Jehova e be kabelo ea hae, hona hobane’ng?

14 Asafe le Jeremia e ne e le ba leloko la Levi, empa na e ne e le Balevi feela ba neng ba ka ba le tlotla ea ho sebeletsa Jehova? Che! Mohlankana Davida, eo e neng e tla ba morena oa ka moso oa Iseraele, o ile a re Molimo ke “kabelo ea [hae] naheng ea ba phelang.” (Bala Pesaleme ea 142:1, 5.) Nakong eo Davida a neng a qapa pesaleme ena, o ne a se ntlong ea borena kapa ka tlung. O ne a le ka lehaheng a ipatetse lira tsa hae. Davida o ile a ipata ka lehaheng ka makhetlo a ka bang mabeli—ka lekhetlo le leng e ne e le haufi le Adulame ha ka le leng e ne e le lefeelleng la Ene-gedi. E ka ’na eaba o qapile Pesaleme ea 142 a le ho le leng la mahaha ao.

15 Haeba ho ne ho le joalo, Morena Saule ke eena ea neng a tsoma Davida, a batla ho mo bolaea. Davida o ile a balehela lehaheng leo ho neng ho le thata ho fihla ho lona. (1 Sam. 22:1, 4) Ha a ne a le sebakeng sena se hōle e ka ’na eaba Davida o ne a bona eka ha a na motsoalle ea mo tšehetsang le ea neng a tla mo sireletsa. (Pes. 142:4) Ke hona nakong ena moo Davida a ileng a etsa thapeli ho Molimo.

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha Davida a ne a ikutloa eka ha a na mang-oee? (b) Davida o ne a ka kōpa thuso ho mang?

16 Ka nako eo Davida a neng a qapa Pesaleme ea 142, e ka ’na eaba o ne a se a utloile ka se hlahetseng Moprista ea Phahameng Akimeleke, ea neng a ile a mo thusa a sa tsebe hore o ne a baleha Saule. Morena Saule ea mohono o ile a bolaea Akimeleke le ba lelapa la hae. (1 Sam. 22:11, 18, 19) Davida o ne a ikutloa a le molato ka lefu la bona. E ne eka ke eena ea bolaileng moprista eo ea neng a ile a mo thusa. Haeba u ne le Davida, na u ka be u ile ua ikutloa u le molato? Ntho e ’ngoe e neng e sithabetsa Davida le ho feta ke hore o ne a se na phomolo kaha Saule o ne a lula a mo behile merebele.

17 Hang ka mor’a moo, moprofeta Samuele ea neng a ile a tlotsa Davida hore e tle e be morena, o ile a shoa. (1 Sam. 25:1) E ka ’na eaba seo le sona se ile sa etsa hore Davida a utloe eka ha a na mang-oee. Leha ho le joalo, Davida o ne a tseba hore na o ne a ka kōpa thuso ho mang; o ne a ka e kōpa ho Jehova. Davida o ne a se na tlotla ea ho etsa mosebetsi o tšoanang le oa Balevi, empa o ne a se a tlotselitsoe ho etsa mosebetsi o mong, qetellong e ne e tla ba morena oa batho ba Molimo. (1 Sam. 16:1, 13) Kahoo, Davida o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova ’me a tsoela pele ho lebella hore Molimo a mo tataise. Le uena u ka etsa hore Molimo e be kabelo ea hao le setšabelo sa hao ebile u lokela ho etsa joalo ha u ntse u ikitlaetsa tšebeletsong ea hae.

18. Batho bao re buileng ka bona sehloohong see ba ile ba bontša joang hore Jehova ke kabelo ea bona?

18 Jehova e ne e le kabelo ea batho bana bao re buileng ka bona kaha ba ile ba fuoa mosebetsi o itseng tšebeletsong ea hae. Ba ne ba tšepile hore Molimo a ba hlokomele ha ba ntse ba mo sebeletsa. Balevi hammoho le batho ba merabe e meng ea Iseraele, ba kang Davida ba ne ba ka etsa hore Molimo e be kabelo ea bona. U ka etsa joang hore le uena Jehova e be kabelo ea hao? Re tla tšohla seo sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho fumana boitsebiso bo batsi mabapi le hore na baprista ba ne ba hlokomeloa joang, sheba Insight on the Scriptures, Volume 2, leqepheng la 684.

U ka Araba Joang?

• Jehova e ne e le kabelo ea Balevi ka tsela efe?

• Asafe, Jeremia le Davida ba ile ba etsa’ng e bontšang hore Jehova e ne e le kabelo ea bona?

• Ke tšobotsi efe eo u lokelang ho ba le eona e le hore Molimo e ka ba kabelo ea hao?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Balevi ha baa ka ba fuoa lefa la naha. Ho e-na le hoo, Jehova e ne e le kabelo ea bona kaha ba ne ba e-na le tlotla e khōlō ea ho mo sebeletsa

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jehova e ne e le kabelo ea baprista le Balevi ka tsela efe?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Asafe o ile a thusoa ke’ng hore Jehova e lule e le kabelo ea hae?