Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

Na U ka Etsisa Finease ha U Thulana le Mathata?

HO BA moholo oa phutheho ke tlotla e khōlō. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo lea lumela hore baholo ba thulana le mathata. Ka linako tse ling, ba lokela ho tšoara linyeoe tsa batho ba fositseng, tseo ho tsona ba ‘ahlolelang Jehova.’ (2 Likron. 19:6) Kapa molebeli a ka ’na a fuoa kabelo eo a ikutloang a sa lokela ho e etsa, joaloka Moshe, eo ka bonolo a ileng a botsa mabapi le kabelo e ’ngoe eo a ileng a e fuoa, a re: “’Na ke mang hore ke ee ho Faro?”—Ex. 3:11.

Mangolo a ngotsoe ka tšusumetso ea matla a sebetsang a tšoanang le a khethang baholo, ’me a fana ka mehlala ea balebeli ba ileng ba hlōla liteko. Finease e ne e le mora oa Eleazare ’me e le setloholo sa Arone, kahoo e ne e tla ba moprista ea phahameng. Lintho tse tharo tse etsahetseng bophelong ba hae li totobatsa hore kajeno ho hlokahala hore baholo ba be sebete, ba be le temohisiso ’me ba itšetlehe ka Jehova ha ba thulana le mathata.

“Hang-Hang a Tloha”

Finease e ne e sa le mohlankana ha Baiseraele ba ne ba hlomme liahelo Lithoteng tsa Moabe. Bibele e re: “Sechaba sa qala ho kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe. . . . Eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.” (Num. 25:1, 2) Jehova o ile a otla bafosi bao ka lefu la seoa le bolaeang. U ka inahanela hore na ha Finease a tlaleheloa ka phoso eo hammoho le koluoa eo e ileng ea e baka o ile a ikutloa joang!

Tlaleho eo e tsoela pele e re: “Bonang! monna e mong oa bara ba Iseraele a tla, ’me o ne a atametsa mosali oa Momidiane ho barab’abo ka pel’a mahlo a Moshe le ka pel’a mahlo a phutheho eohle ea bara ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako oa tente ea pokano.” (Num. 25:6) Moprista Finease o ne a tla etsa’ng? O ne a le monyenyane ’me Moiseraele ea neng a entse phoso e ne e le morenana ea neng a etella sechaba pele borapeling.—Num. 25:14.

Empa Finease o ne a tšaba Jehova, e seng batho. Eitse ha a ba bona, hang-hang a nka lerumo ’me a sala monna eo morao ho ea tenteng eaba o ba hlaba ka bobeli. Jehova o ile a talima sebete le hore ebe Finease o ile a nka khato hang-hang joang? Hang-hang Jehova o ile a felisa koluoa eo ’me a putsa Finease ka selekane sa hore boprista bo ne bo tla lula lesikeng la hae “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Num. 25:7-13.

Ho hlakile hore baholo ba Bakreste kajeno ha ba lokise litaba ka ntoa. Empa joaloka Finease, baholo ba lokela ho lula ba le malala-a-laotsoe hore ba nke khato hang-hang ’me ba be sebete. Ka mohlala, Guilherme o ne a sebelelitse e le moholo ka likhoeli tse fokolang ha a ne a koptjoa hore a be teng komiting ea boahloli. Motho ea neng a entse phoso e ne e le moholo ea neng a thusitse Guilherme ha a sa le monyenyane. O re: “Ke ne ke sa phutholoha. Ke ne ke hlobaela bosiu. Ke ne ke lula ke nahana litsela tseo ka tsona nka sebetsang taba ena ke sa lumelle maikutlo a ka hore a ntšitise ho e ahlola ho latela melao ea Jehova. Ke ile ka rapela ka matsatsi a mangata ’me ka etsa lipatlisiso ka hare ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.” Sena se ile sa mo thusa hore a be le sebete seo a neng a se hloka e le hore a ka sebetsa boemo boo bo ikhethang ’me a fane ka thuso ea moea ho mor’abo ea neng a fositse.—1 Tim. 4:11, 12.

Baholo ba beha mohlala o motle o bontšang hore ba na le tumelo ebile baa tšepahala haeba ba bontša sebete ba bile ba nka bohato hang-hang haeba ka phuthehong ho e-na le maemo a hlokang hore ba etse joalo. Ho hlakile hore Bakreste ba bang le bona ba lokela ho ba sebete, ba tlalehe liphoso tse tebileng tseo e ka ’nang eaba ba tseba ka tsona. Ka ho tšoanang, ho hlokahala botšepehi hore motho a khaole maqhama le motsoalle kapa mong ka eena ea khaotsoeng.—1 Bakor. 5:11-13.

Temohisiso e ka re Qobisa Mathata

Sebete seo Finease a ileng a se bontša se ne se sa bakoe ke hobane a ne a etsa lintho ka lepotlapotla feela a sa inahane. Hlokomela ka tsela eo a ileng a bontša temohisiso ka eona—a etsa lintho ka bohlale le ka masene—ha a ne a tlaleheloa ka ntho e ’ngoe e neng e etsahetse. Meloko ea Rubene, Gade le halofo ea moloko oa Manase e ile ea haha aletare haufi le Nōka ea Jordane. Baiseraele ba bang ba ile ba etsa qeto ea hore ba ne ba e etsetsa borapeli ba bohata ’me ba ile ba itokisetsa ho nka khato ea sesole.—Josh. 22:11, 12.

Finease o ile a etsa’ng? Ka bohlale Finease, hammoho le marenana a Baiseraele, ba ile ba buisana ka taba eo le batho bao ba neng ba hahile aletare. Meloko eo e neng e qosoa e ile ea hlakisa litaba, ea hlalosa hore ha e le hantle aletare eo, e ne e e etselitse “tšebeletso ea Jehova.” Kahoo ho ile ha qojoa mathata.—Josh. 22:13-34.

Ruri e ka ba bohlale hore Mokreste a etsise Finease haeba a utloa qoso kapa tlaleho e mpe ka mohlanka e mong oa Jehova! Temohisiso e re thibela hore re se ke ra khopisoa ke seo ba bang ba se buang kapa ra bua lintho tse sa bontšeng mosa ka barab’abo rōna.—Liprov. 19:11.

Temohisiso e ka thusa baholo joang hore ba etsise Finease? Jaime, eo e seng e le moholo ka lilemo tse fetang leshome o re: “Ha mohoeletsi a bua ka qabang eo a bileng le eona le motho e mong, ka potlako ke kōpa hore Jehova a nthuse ke se ke ka nka lehlakore empa ke fane ka tataiso ea Mangolo. Morali e mong oabo rōna o kile a tla ho ’na ka bothata boo a neng a e-na le bona mabapi le tsela eo mora e mong oabo rōna oa phutheho e ’ngoe a neng a ile a mo tšoara ka eona. Kaha mora eo oabo rōna e ne e le motsoalle oa ka, ho ka be ho bile bonolo hore ke bue le eena. Ho e-na le hoo, ’na le morali eo oabo rōna re ile ra buisana ka melao-motheo e ’maloa ea Bibele. Pele ho tsohle, o ile a lumela hore eena o tla ea a il’o bua le mora eo oabo rōna. (Mat. 5:23, 24) Ha baa ka ba bōpa khotso hang-hang. Kahoo, ke ile ka khothalletsa morali’abo rōna hore a nahane ka melao-motheo e meng ea Mangolo. O ile a etsa qeto ea hore o tla rapela hape ka taba eo ’me o tla loanela hore a tšoarele mora eo oabo rōna.”

Phello e ile ea e-ba efe? Jaime o re: “Likhoeli tse ’maloa hamorao, morali eo oabo rōna o ile a tla ho ’na. O ile a re ha nako e ntse e ea, mora eo oabo rōna o ile a ikoahlaea ka seo a neng a se buile. O ile a lokisetsa ho sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo ’me a bontša hore o ananela litšobotsi tseo morali eo oabo rōna a li bontšitseng. Taba eo e ile ea rarolloa. Na liphello e ka be e bile tse molemo haeba ’na eo ho neng ho bonahala eka nka ’na ka nka lehlakore ke ne ke ile ka kenella tabeng eo ho sa hlokahale?” Bibele ea re eletsa e re: “U se ke ua tloha ho ea tsamaisa nyeoe ka lepotlapotla.” (Liprov. 25:8) Ka bohlale baholo ba nang le temohisiso ba khothalletsa Bakreste ba qabaneng hore ba sebelise melao-motheo ea Mangolo e le hore ba bōpe khotso.

O Ile a Botsa Jehova

Finease o ile a ba le tokelo ea ho sebeletsa batho ba Molimo ba khethiloeng e le moprista. Joalokaha ho bontšitsoe, o ne a e-na le sebete se ikhethang le temohisiso esita leha e ne e sa le mocha. Leha ho le joalo, o ile a hlōla mathata ka hore a tšepe Jehova.

Ka mor’a hore serethe sa monna e mong oa Molevi se betoe se be se bolaoe ka sehlōhō ke banna ba Gibea, ba moloko oa Benjamine, meloko e meng e ile ea itokisetsa ho futuhela Babenjamine. (Baahl. 20:1-11) Pele ba loana ba ile ba rapela hore Jehova a ba thuse, empa ba ile ba hlōloa ka makhetlo a mabeli, ka tlhōlo e khōlō. (Baahl. 20:14-25) Na ba ne ba ka fihlela qeto ea hore lithapelo tsa bona li ne li sa arabeloa? Na ka sebele Jehova o ne a batla hore ba nke khato ka bobe bo neng bo entsoe?

Finease eo e neng e se e le moprista ea phahameng oa Iseraele, ka sebete o ile a boela a hlahella. O ile a rapela a re: “Na ke sa ntse ke tla ea hape ho loantša bara ba mor’eso Benjamine kapa ke tlohele?” Jehova o ile a arabela ka hore a nehelane ka Babenjamine letsohong la bona, ’me ba ile ba chesa motse oa Gibea lore.—Baahl. 20:27-48.

Ke’ng eo re ka ’nang ra ithuta eona ho see? Mathata a mang a hlahang ka phuthehong a tsoela pele ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba baholo le ho rapella hore Molimo a ba thuse. Haeba sena se etsahala, ke hantle hore baholo ba hopole mantsoe a Jesu a reng: “Le ’ne le kōpe [kapa le rapele], ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” (Luka 11:9) Esita le haeba ho bonahala eka Jehova o lieha ho arabela thapelo, balebeli ba lokela ho kholiseha hore o tla e arabela ka nako ea hae e loketseng.

Ka mohlala, phutheho e ’ngoe naheng ea Ireland e ne e hloka Holo ea ’Muso haholo empa ofisiri ea sebakeng seo ea meralo e ne e le khahlanong le seo. E ile ea hana likōpo tsohle tsa setša seo barab’abo rōna ba neng ba batla ho haha ho sona. Ho ne ho bonahala eka motho feela ea neng a ka amohela likōpo tsa bona e ne e le ofisiri e ka sehloohong ea meralo naheng eohle. Na thapelo e ne e tla ba thusa joaloka mehleng ea Finease?

Moholo oa phutheho eo o re: “Ka mor’a hore re rapele haholo re be re etse thapeli, re ile re ea ofising ea meralo e khōlō. Ke ile ka bolelloa hore ho ka ’na ha nka libeke pele re ka kopana le ofisiri e ka sehloohong. Leha ho le joalo, re ile ra khona ho kopana le eona ka metsotso e mehlano. Ka mor’a ho bona lipolane tse neng li entsoe bocha, ka potlako e ile ea re fa tumello ea ho haha, ’me ka mor’a moo ofisiri ea sebakeng sa habo rōna e ile ea re thusa ka hohle-hohle. Phihlelo eo e ile ea re bontša kamoo thapelo e leng matla kateng.” Ka sebele, Jehova o tla arabela lithapelo tse tiileng tsa baholo ba mo tšepang.

Finease o ne a jere boikarabelo bo boima Iseraeleng ea boholo-holo; leha ho le joalo kaha o ne a le sebete, a e-na le temohisiso a bile a tšepile Molimo, o ile a hlōla mathata. Hape, kaha Finease o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela phutheho ea Molimo o ile a amoheloa ke Jehova. Lilemo tse 1 000 hamorao, Esdrase o ile a bululeloa hore a ngole mantsoe ana: “Ke Finease mora oa Eleazare eo e neng e le moeta-pele oa bona nakong e fetileng. Jehova o ne a e-na le eena.” (1 Likron. 9:20) E se eka ho ka ba joalo ka bohle ba etellang pele har’a batho ba Molimo kajeno, ha e le hantle, ho Bakreste bohle ba mo sebeletsang ka botšepehi.