Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore ‘re Lule re Lebetse’?

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore ‘re Lule re Lebetse’?

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore ‘re Lule re Lebetse’?

“PONTŠO e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Mat. 24:3) Ha Jesu a araba potso eo, o ile a fa barutuoa ba hae pontšo e hlakileng, e qaqileng, e neng e tla lemohuoa habonolo le e neng e ke ke ea utloisiseha hampe joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13 le ho Luka khaolo ea 21. O ile a boela a re: “Le lule le lebetse.”—Mat. 24:42.

Haeba pontšo ka boeona e ne e tla ba e totobetseng joalo ke hobane’ng ha a ile a boela a phaella ka temoso eo? Nahana ka mabaka ana a mabeli ao e ka ’nang eaba o ile a etsa seo ka ’ona. La pele, litšitiso li ka ’na tsa etsa hore ba bang ba se ke ba natsa pontšo, e leng se ka senyang kamano ea bona le Molimo ’me sa etsa hore ba se ke ba lula ba lebetse. La bobeli, Mokreste a ka ’na a hlokomela lintlha tse mabapi le pontšo eo empa ka lebaka la maemo ao a phelang har’a ’ona, a bona eka ha a amehe ka ho toba. A ka ’na a re “matšoenyeho a maholo,” e leng karolo ea ho qetela ea boprofeta ba Jesu, a sa ntse a le hōle haholo ka lebaka leo ha ho e-s’o hlokahale hore a ‘lule a lebetse.’—Mat. 24:21.

‘Ha Baa ka ba Elelloa’

Jesu o ile a hopotsa balateli ba hae ka batho ba mehleng ea Noe. E tlameha ebe batho ba ile ba bona ha Noe a ne a etsa mosebetsi oa boboleli le ha a ne a haha Areka e khōlō ebile ba ile ba bona le mabifi a neng a rena nakong eo. Ho sa tsotellehe seo, batho ba bangata ‘ha baa ka ba elelloa.’ (Mat. 24:37-39) Le kajeno batho ba bangata ba ba le maikutlo a joalo ha ba fuoa temoso. Ka mohlala, matšoao a bontšang moeli oa lebelo a fetisa molaetsa o hlakileng, leha ho le joalo batho ba bangata baa a hlokomoloha. Hangata ba boholong ba tlameha ho etsa limmōtōmōtō mebileng ea metse e meholo e le ho qobella bakhanni hore ba fokotse lebelo. Ka ho tšoanang, Mokreste a ka ’na a hlokomela pontšo ea matsatsi a ho qetela empa a ’na a etsa lintho tse ka mo sitisang hore a tsepamise kelello. Sena ke se ileng sa etsahala ho mocha ea bitsoang Arielle oa Afrika Bophirimela.

Arielle o ne a rata ho shebella papali ea basali ea handball thelevisheneng. Ha sekolo sa habo se ne se theha sehlopha sa papali eo, tebello eo a neng a e-na le eona ea ho bapalla sehlopha seo, e ile ea etsa hore a se ke a hlokomela likotsi tse neng li ka senya kamano ea hae le Molimo. O ile a ingolisetsa ho ba sethibathibane. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? O re: “Tse ling tsa libapali-’moho le ’na li ne li e-na le bahlankana ba neng ba sebelisa lithethefatsi ba bile ba tsuba. Ba ne ba ntšeha kaha ke ne ke sa tšoane le bona, empa ke ne ke nahana hore ke tla khona ho mamella seo. Leha ho le joalo, ke sa lebella, papali eo e ile ea qala ho mphokolisa moeeng. Ho ne ho se ho se ntho e ’ngoe eo ke nahanang ka eona haese papali ea handball. Hangata nakong ea liboka tsa Bokreste mehopolo ea ka e ne e lelera, ke nahana feela ka ho ba lebaleng la papali eo. Sena se ile sa ama litšobotsi tsa ka tsa Bokreste. Ho e-na le hore ke bapalle ho thabela papali, joale ho hlōla e ne e se e le hona habohlokoa. Ke ne ke ikoetlisa ka thata e le hore re hlōle. Joale ke ile ka qala ho ba le khatello kelellong. Ke ile ka ba ka lahleheloa ke metsoalle ka lebaka la papali ena.

“Moea ona oa tlhōlisano o ile oa fihla sehlohlolong ha sehlopha seo re neng re bapala le sona se ne se fuoa penele. Ke ne ke ikemiselitse ho e thiba. Le pele ke lemoha, ke ne ke se ke rapetse Jehova hore a nthuse ke e thibe! Ketsahalo ena e ile ea etsa hore ke hlokomele kamoo kamano ea ka le Molimo e neng e se e senyehile kateng. Kamano ea ka le Molimo e ile ea khutlela maemong a eona a pele joang?

“Ke ne nkile ka shebella DVD ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? * Ke ile ka etsa qeto ea ho e shebella hape, empa lekhetlong lena e le ka morero oa ho nka seo ke neng ke tla ithuta sona ka botebo. Ha e le hantle, ke ne ke e-na le bothata bo tšoanang le ba Andrè, e leng mohlankana ea bapalang tšoantšisong eo. Ka ho khetheha ke ile ka ela hloko seo moholo e mong a ileng a khothalletsa André hore a se etse—e leng hore a bale Bafilipi 3:8 ’me a nahanisise ka eona. Seo se ile sa nthusa, ’me ke ile ka itokolla sehlopheng.

“Ruri seo se ile sa etsa phetoho e khōlō! Moea oa tlhōlisano oo ke neng ke e-na le oona hammoho le khatello ea kelello li ile tsa fela. Ke ile ka ikutloa ke thabile ke bile ke le haufi le metsoalle ea ka ea Bakreste. Ke ile ka qala ho nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa haholoanyane. Ke ile ka qala ho tsepamisa kelello libokeng ’me ka boela ka li thabela. Tšebeletso ea ka le eona e ile ea boela ea ntlafala. Hona joale nako le nako ke sebeletsa ke le pula-maliboho ea thusang.”

Haeba ho e-na le ntho e etsang hore u se ke ua natsa pontšo eo Jesu a re boleletseng eona, nka mehato e tiileng joaloka Arielle. Mohlomong u ka leka e meng ea mehato ena e latelang. Hlahloba Watch Tower Publications Index, e ileng ea bitsoa ’mapa oa matlotlo a patiloeng. Ho eona u tla fumana litšupiso tse fanang ka keletso e utloahalang le lipale tseo ho tsona batho ba bang ba phetang kamoo ba ileng ba hlōla liteko kateng. Rua molemo ka botlalo libokeng tsa Bokreste ka hore u lokisetse hantle le ka hore u ngole lintlha. Ba bang ba hlokometse hore ho lula ka pele holong ho ba tsoela molemo. Nakong eo sebui se botsang lipotso, leka ho araba li sa tloha. Ho phaella moo, lula u falimehile moeeng ka hore u bapise se etsahalang litabeng tsa morao-rao le likarolo tsa pontšo hammoho le lintho tse ling tse tšoaeang ‘matsatsi a ho qetela.’—2 Tim. 3:1-5; 2 Pet. 3:3, 4; Tšen. 6:1-8.

“Le Itokise”

Pontšo ea matsatsi a ho qetela e etsahala “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mat. 24:7, 14) Batho ba limilione ba lula libakeng tse anngoeng habohloko ke mafu a seoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše le liketsahalo tse ling tse boletsoeng esale pele. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba bangata ba lula libakeng tseo ho ka boleloang hore ho rena khotso le khutso ho tsona. Haeba uena ka bouena ha u e-s’o ka u angoa ke tse ling tsa likarolo tsa pontšo eo, na u lokela ho nahana hore matšoenyeho a maholo a sa le hōle haholo? E ne e ke ke ea e-ba bohlale ho nahana joalo.

Ka mohlala, nahana ka seo Jesu a ileng a se bolela esale pele ka “mafu a seoa le likhaello tsa lijo.” (Luka 21:11) Ntlha ea pele, ha aa ka a bolela hore lintho tsena li ne li tla ama libaka tsohle ka nako e le ’ngoe kapa ka tsela e tšoanang. Ho e-na le hoo, o ile a bolela hore lintho tsena li ne li tla etsahala “sebakeng se seng ka mor’a se seng.” Kahoo re ke ke ra lebella hore liketsahalo tse tšoanang li etsahale hohle ka nako e le ’ngoe. Ntlha ea bobeli, nakoana ka mor’a hore a bue ka khaello ea lijo, Jesu o ile a bontša hore ba bang ba barutuoa ba hae ba ne ba tlameha ho ela hloko hore ba se ke ba ja haholo; a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla.” (Luka 21:34) Kahoo, Bakreste bohle ha baa lokela ho lebella hore ba tla angoa ke karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea pontšo eo. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Mecha ea phatlalatso ea morao-rao e re thusa ho bona likarolo tsohle tsa pontšo eo, ho sa tsotellehe hore na sebakeng seo re lulang ho sona ke lintho life tse re amang.

Hape, hopola hore Jehova o se a ntse a behile ‘letsatsi le hora’ ea hore na matšoenyeho a maholo a tla qala neng. (Mat. 24:36) Lintho tse etsahalang lefatšeng li ke ke tsa fetola letsatsi leo.

Jesu o ile a eletsa Bakreste bohle, a re: “Le itokise.” (Mat. 24:44) Kamehla re lokela ho lula re itokisitse. Ho hlakile hore re ke ke ra etsa mesebetsi e amanang le borapeli ba rōna letsatsi lohle, letsatsi le leng le le leng. Ho feta moo, ha ho le ea mong oa rōna ea tsebang hore na nakong eo mahlomola a maholo a qalang, re tla be re etsang. Ho ka etsahala hore ba bang ba tla be ba sebetsa masimong kapa ba etsa mesebetsi ea lapeng. (Mat. 24:40, 41) Kahoo, re ka etsa’ng e le hore re lule re itokisitse?

Emmanuel le Victorine, hammoho le barali ba bona ba tšeletseng ba lula sebakeng se seng Afrika moo ba sa angoeng ka ho feletseng ke liketsahalo tse tšoaeang pontšo ea matsatsi a ho qetela. Kahoo, ba ile ba etsa qeto ea ho buisana ka lintho tsa moea letsatsi le leng le le leng e le ho ba thusa hore ba lule ba itokisitse. Emmanuel o re: “Ho ne ho se bonolo ho fumana nako eo e mong le e mong oa rōna a neng a tla fumaneha ka eona. Qetellong re ile ra khetha ho sebelisa metsotso e 30 ka mor’a hora ea botšelela hoseng. Ka mor’a hore re tšohle temana ea letsatsi, re lokisetsa lirapa tse ’maloa ho e ’ngoe ea lingoliloeng tse ithutoang libokeng tsa phutheho har’a beke.” Na lenaneo leo le ba thusitse hore ba lule ba falimehile? Ka sebele, le ba thusitse! Emmanuel ke mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ka phuthehong. Hangata Victorine o sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang ’me o se a thusitse batho ba bangata hore ba amohele ’nete. Barali ba bona ba tsoela pele hantle moeeng.

Ha Jesu a re eletsa, o re: “Lulang le talimile, le lule le falimehile.” (Mar. 13:33) U se ke ua lumella letho ho u sitisa ho falimeha moeeng. Ho e-na le hoo, joaloka Arielle, ela hloko keletso e molemo e fumanoang ka har’a lingoliloeng tsa rōna le libokeng tsa phutheho. Joaloka lelapa la Emmanuel, leka hore ho be le seo u se etsang letsatsi le leng le le leng e le hore u ka lula u itokisitse le hore ‘u lule u lebetse.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Tšoantšiso ea mehleng ea kajeno e mabapi le mocha oa Mokreste ea thatafalloang ho etsa seo Jehova a se nkang se nepahetse.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho buisana ka lintho tsa moea letsatsi le leng le le leng ho thusa Emmanuel le ba lelapa la hae hore ba lule ba ‘itokisitse’