Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke ’Nile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova

Ke ’Nile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova

Ke ’Nile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova

Joalokaha ho Boletse Fred Rusk

Mantsoe a Davida a Pesalemeng ea 27:10, a reng: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola,” a ile a phethahala ho ’na ke sa le monyenyane. E re nke ke le phetele hore na mantsoe ao a ile a phethahala joang ho ’na.

KE HŌLETSE Georgia, U.S.A., polasing ea ntate-moholo oa ka ea k’hothone, nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo lilemong tsa bo-1930. Ntate ea neng a ile a utloisoa bohloko haholo ke lefu la ’Mè le la moena oa ka ea neng a sa tsoa hlaha, o ile a ntšiea le ntate oa hae eo le eena a neng a hlokahalletsoe ke molekane, a ea batla mosebetsi motseng o hōle. Hamorao o ile a etsa boiteko ba hore ke e’o lula le eena empa ha boa ka ba atleha.

Barali ba Ntate-moholo ba baholo e ne e le bona ba neng ba hlokomela lelapa la hae. Le hoja Ntate-moholo e ne e se motho ea ratang bolumeli, barali ba hae ba ne ba kena kereke ea Baptiste ea ka Boroa ’me ba ne ba cheseha. Kaha ke ne ke tšaba ho shapuoa, ke ne ke tlameha ho ea kerekeng Sontaha se seng le se seng. Ka lebaka leo, ho tloha ke sa le monyenyane ke ne ke sa rate bolumeli. Leha ho le joalo, ke ne ke rata sekolo le lipapali.

Ketelo e Ileng ea Fetola Bophelo ba Ka

Motšehareng o mong oa mantsiboea ka 1941, ha ke ne ke le lilemo li 15, ntate-moholo e mong le mosali oa hae ba ile ba re etela. Ke ile ka bolelloa hore ke Rangoane Talmadge Rusk. Ke ne ke e-s’o ka ke utloela ka eena, empa ke ile ka fumana hore eena le mosali oa hae e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Seo a ileng a se hlalosa mabapi le morero oa Molimo oa hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, se ne se fapane hōle le seo ke neng ke ile ka se utloa kerekeng. Boholo ba litho tsa lelapa la Ntate-moholo ha lia ka tsa lumela seo a neng a se bua ebile li ne li se nyefola. Ba ile ba lelekoa lapeng ’me ha baa ka ba hlola ba lumelloa ho tla hape. Leha ho le joalo, Rakhali Mary ea neng a mpheta ka lilemo tse tharo feela, o ile a amohela Bibele hammoho le lingoliloeng tse neng li e hlalosa.

Ho e-s’o ee kae Rakhali Mary o ile a kholiseha hore o ne a fumane linnete tsa Bibele ’me o ile a kolobetsoa ka 1942 ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Le eena o ile a hlaheloa ke seo Jesu a neng a ile a se profeta e leng hore: “Lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Mat. 10:34-36) Khanyetso ea lelapa e ne e le matla. Ausi oa hae ea neng a hlaheletse litabeng tsa sechaba tsa lehae o ile a etsa ’momori le ramotse oa hore Rangoane Talmadge a tšoaroe. O ile a tšoaroa ’me a qosoa ka hore o ne a rekisa a se na lengolo la tumello ea ho rekisa. O ile a ahloloa.

Koranta ea sebakeng seo sa heso e ile ea tlaleha hore ramotse eo e neng e bile e le moahloli o ile a bolella batho ba neng ba tlile khotla sena: “Lingoliloeng tseo monna enoa a li fang batho . . . li kotsi joaloka chefo.” Rangoane o ile a hlōla nyeoe eo ka mor’a hore a ipiletse, empa leha ho le joalo o ile a qeta matsatsi a leshome chankaneng.

Kamoo Rakhali Mary a Ileng a Nthusa Kateng

Rakhali Mary o ne a mpolella ka tumelo ea hae e ncha, ’me o ile a qala le ho pakela baahelani ba hae. Ke ile ka ea le eena ho ntate e mong ea neng a ile a amohela buka ea The New World, * eo a neng a mo khannela thuto ea Bibele. Mosali oa ntate eo o ile a bolela hore monna oa hae o ile a qeta bosiu bohle a ntse a e bala. Le hoja ke ne ke sa batle ho itlama ka lintho tsa bolumeli, ke ne ke khahloa ke seo ke ithutang sona. Leha ho le joalo, lithuto tsa Bibele hase eona ntho e ka sehloohong e ileng ea nkholisa hore Lipaki e ne e le batho ba Molimo. Ntho e ileng ea nkholisa ke tsela eo li neng li tšoaroa ka eona.

Ka mohlala, ka letsatsi le leng ha re ne re tsoa hlaolela tamati, ’na le Rakhali Mary re ile ra fumana hore bo-ausi ba hae ba cheselitse libuka tsa hae, keramafono hammoho le lirekoto tse nang le molaetsa oa Bibele ka moo ho chesetsoang lithōle kateng. Ha rakhali e mong oa ka a bona hore ke halefile o ile a re ho ’na, “Ka letsatsi le leng u tla re leboha ka sena seo re se entseng.”

Rakhali Mary o ile a tlameha ho tloha lapeng ka 1943 kaha o ile a hana ho tlohela tumelo ea hae e ncha le ho ruta baahelani ba hae Bibele. Ho fihlela ka nako eo, ke ne ke thabetse ho tseba hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova, le hore ke Molimo ea lerato le ea nang le kutloelo-bohloko, eseng ea chesang batho mollong oa lihele. Ke ile ka boela ka ithuta hore Jehova o na le mokhatlo oa batho ba lerato le hoja ke ne ke e-s’o ka ke e-ea libokeng.

Hamorao ha ke ntse ke kuta mohloa, koloi e ’ngoe e ile ea tla ho ’na e tsamaea butle, ’me e mong oa banna ba neng ba le ka koloing eo o ile a mpotsa hore na ke Fred. Ha ke utloa hore e ne e le Lipaki, ke ile ka re, “E reng ke kene re eeng sebakeng seo re tla khona ho buela ho sona hantle.” Rakhali Mary o ne a buile le bona hore ba nketele. E mong oa bona e ne e le Shield Toutjian, eo e neng e le molebeli ea tsamaeang, ’me o ile a nkhothatsa a ba a ntataisa moeeng ka nako eo ke neng ke hlile ke hloka khothatso. Joale lapeng ba ile ba qala ho nkhanyetsa kaha ke ne ke se ke emela litumelo tsa Lipaki Tsa Jehova.

Rakhali Mary o ile a ’ngolla a le Virginia moo a neng a se a lula teng, a mpolella hore haeba ke ikemiselitse ho sebeletsa Jehova nka tla lula le eena. Hang-hang ke ile ka etsa qeto ea ho ea. Mantsiboea a Labohlano le leng ka October 1943, ke ile ka nka linthonyana tsa ka tsa bohlokoa, ka li tšela ka lebokoseng eaba ke le tlamella sefateng se sebakana ho tloha lapeng. Ka Moqebelo ke ile ka lata lebokose leo eaba ke nyenyelepa le ka mor’a ntlo ea moahelani, ka palama koloi e eang toropong. Ke ile ka ea toropong ea Roanoke, ’me ka fumana Rakhali Mary a lula lapeng la Edna Fowlkes.

Ho Hōla Moeeng, ho Kolobetsoa le ho ea Bethele

Edna e ne e le Paki ea motlotsuoa e nang le kutloelo-bohloko—e ne e le Lydia oa kajeno—o ne a hirile ntlo e khōlō ’me a lula le Rakhali Mary, ngoetsi eabo hammoho le barali ba ngoetsi eo eabo ba babeli. Banana bao ba babeli e leng Gladys le Grace Gregory, hamorao e ile ea e-ba baromuoa. Hona joale Gladys o se a fetile lilemo tse 90 ’me ka botšepehi o ntse a sebeletsa lekaleng la Japane.

Ha ke ntse ke lula ha Edna, ke ne ke e-ea libokeng kamehla ’me ke ile ka koetlisetsoa mosebetsi oa boboleli. Kaha ke ne ke lokolohile ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ea libokeng tsa Bokreste, ke ile ka khora moeeng. Ka la 14 June, 1944, ke ile ka kolobetsoa. Rakhali Mary hammoho le Gladys le Grace ba ile ba qala ho bula-maliboho ’me ba ile ba fuoa kabelo ea ho ea karolong e ka leboea ea Virginia. Ha ba le moo ba ile ba kenya letsoho hore ho thehoe phutheho ea Leesburg. Mathoasong a 1946, ke ile ka qala ho bula-maliboho seterekeng se haufi le moo ba neng ba le teng. Lehlabuleng la selemo seo, re ile ra tsamaea hammoho ho ea kopanong ea machaba eo nke keng ka e lebala e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio, ka la 4-11 August.

Ha re le kopanong eo, Nathan Knorr, ea neng a eteletse mokhatlo pele ka nako eo, o ile a bolela hore ba ne ba rera ho atolosa Bethele ea Brooklyn. Sena se ne se akarelletsa ho haha mohaho o mocha oa bolulo le ho atolosa setsi sa khatiso. Ho ne ho hlokahala barab’abo rōna ba bacha ba bangata. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke hona moo nka ratang ho sebeletsa Jehova teng. Kahoo, ke ile ka fana ka foromo ea ka ea kōpo, ’me ka mor’a likhoeli tse seng kae, ka la 1 December, 1946, ke ile ka ea Bethele.

Hoo e ka bang selemo hamorao, molebeli oa lefapha la khatiso e leng Max Larson, o ile a tla moo ke sebetsang teng Lefapheng la Thomello. O ile a mpolella hore ke filoe kabelo e ncha ea ho sebetsa Lefapheng la Tšebeletso. Kabelong eo, ke ile ka ithuta ho hongata mabapi le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le hore na mosebetsi oa mokhatlo oa Molimo ke ofe, haholo-holo ha ke ne ke sebetsa le T. J. (Bud) Sullivan, eo e neng e le molebeli oa lefapha leo.

Ntate o ile a nketela Bethele ka makhetlo a ’maloa. Hamorao bophelong ba hae o ile a rata bolumeli. Ha a ne a nketetse ka lekhetlo la ho qetela ka 1965, o ile a re ho ’na, “U ka ’na ua nketela empa, ’na nke ke ka hlola ke le beha mona.” Ke ile ka mo etela ka makhetlo a ’maloa pele a hlokahala. O ne a kholisehile hore o ea leholimong. Ke tšepa feela hore e mpe e be o mohopolong oa Jehova, ’me haeba ho joalo, nakong ea tsoho o tla be a se sebakeng seo a neng a nahana hore o tla be a le ho sona, empa o tla be a le mona lefatšeng a e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng e tsosolositsoeng.

Mesebetsi ea Kaho le Likopano Tse Ling Tseo ke sa li Lebaleng

Kamehla likopano e ne e le liketsahalo tsa bohlokoa tse re thusang ho hōla moeeng. Likopano tsa machaba tse ileng tsa tšoareloa Yankee Stadium, New York, lilemong tsa bo-1950, e ile ea e-ba tsa bohlokoa ka mokhoa o khethehileng. Nakong e ’ngoe ea lenaneo ka 1958, Yankee Stadium hammoho le Polo Grounds, ho ne ho tletse batho ba ka bang 253 922 ba tsoang linaheng tse 123. Ho na le ntho e ileng ea etsahala kopanong eo, eo nke keng ka e lebala le ka mohla. Ha ke ntse ke thusa ofising ea kopano, Mor’abo rōna Knorr o ile a tla ho ’na a potlakile. O ile a re: “Fred, ke lebetse ho lokisetsa hore ho be le mor’abo rōna ea tla bua le bo-pula-maliboho bao hona joale ba bokaneng holong e hiriloeng e haufinyane le mona. Ke kōpa u mpe u il’o ba fa puo e khothatsang ka seo u tla nahana ka sona ha u ntse u le tseleng u e-ea moo.” Ke ile ka rapela haholo ha ke ntse ke le tseleng, pele ke fihla sebakeng seo moo ke ileng ka fihla ke ntse ke hemesela.

Kaha lenane la liphutheho le ile la phahama haholo New York City lilemong tsa bo-1950 le bo-1960, libaka tse neng li hiretsoe hore e be Liholo Tsa ’Muso li ile tsa haella. Kahoo, ho tloha ka 1970 ho fihlela ka 1990, ho ile ha rekoa mehaho e meraro Manhattan ’me e ile ea lokisoa hore e be libaka tse loketseng tsa ho tšoarela liboka. Ke ne ke le molula-setulo oa likomiti tsa kaho tse neng li ikarabella mererong ena, ’me ho na le lintho tse monate tseo ke li hopolang tse bontšang kamoo Jehova a ileng a hlohonolofatsa liphutheho tse ileng tsa kenya letsoho ho tšehetsa merero eo ka lichelete le ho etsa hore mehaho eo e ntseng e tsoela pele e sebelisoa e le litsi tsa borapeli ba ’nete e phethoe.

Ho ba le Liphetoho Bophelong ba Ka

Ka letsatsi le leng ka 1957, ha ke le tseleng ke ea mosebetsing ke tsamaea sebakeng sa boikhathollo se pakeng tsa mohaho oa bolulo oa Bethele le setsi sa khatiso, pula e ile ea qala ho na. Ke ile ka bona ngoananyana e motle ea neng a sa tsoa fihla Bethele a tsamaea ka pel’a ka. O ne a sa nka sekhele kahoo ke ile ka mo sireletsa ka sa ka. Ke eona tsela eo ke ileng ka kopana le Marjorie ka eona, ’me ho tloha ha re ne re nyalana ka 1960, re ’nile ra tsamaea hammoho re thabile tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe hore na pula e-ea na kapa le sele. Ka September 2010, e ne e le ha re keteka selemo sa bo50 re nyalane.

Nakoana ka mor’a hore re khutle phomolong ea ka mor’a lechato, Mor’abo rōna Knorr o ile a mpolella hore ke filoe kabelo ea ho ba morupeli Sekolong sa Gileade. Ruri eo e ile ea e-ba tokelo e khōlō! Ho tloha ka 1961 ho ea ho 1965, ho ile ha tšoaroa likolo tse hlano tse ileng tsa nka nako e telelenyana tseo ho tsona ho neng ho rupeloa haholo-holo batho ba sebetsang makaleng ba neng ba fuoa koetliso e khethehileng mabapi le tsamaiso ea lekala. Qetellong ea 1965, koetliso e ile ea boela ea nka likhoeli tse hlano, ’me ho ile ha boela ha koetlisoa baromuoa.

Ka 1972, ke ile ka tlosoa Sekolong sa Gileade eaba ke isoa Lefapheng la Bongoli le Arabang Lipotso, moo ke ileng ka sebeletsa ke le molebeli oa lefapha. Ho etsa lipatlisiso mabapi le hore na ho ka sebetsanoa joang le lipotso le mathata a fapa-fapaneng, ho nthusitse hore ke utloisise lithuto tsa Lentsoe la Molimo le ho feta le hore na melao-motheo e phahameng ea Molimo oa rōna e ka sebelisoa joang ho thusa ba bang.

Ka 1987, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ea sebetsa lefapheng le lecha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele. Ho ile ha hlophisoa lithupelo tseo ho tsona baholo ba neng ba sebeletsa Likomiting Tsa Bohokahanyi le Lipetlele ba neng ba rutoa kamoo ba ka buisanang kateng le lingaka, baahloli le basebeletsi ba sechaba ka maikutlo a rōna a thehiloeng Mangolong mabapi le tšebeliso ea mali. Bothata bo boholo e ne e le hore lingaka li ne li tšela bana ba rōna mali ntle ho tumello ea batsoali, ’me hangata li ne li batla taelo ea lekhotla e li lumellang hore li ka etsa joalo.

Ha lingaka li ne li bolelloa ka mekhoa e meng e ka sebelisoang ho e-na le hore motho a tšeloe mali, hangata li ne li bolela hore lintho tseo tse ka sebelisoang ha li fumanehe kapa li bitsa chelete e ngata haholo. Hangata ha ngaka e ne e bua joalo ke ne ke ee ke re eona, “Ke kōpa u ke u otlolle letsoho la hao.” Ha e etsa joalo, ke ne ke ee ke re, “Ua tseba hore u na le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, eo u ka e sebelisang ho e-na le hore u tšele motho mali.” Ho mo thoholetsa ka tsela ena ho ne ho mo hopotsa ntho eo a neng a e tseba hantle—e leng hore haeba a ka sebelisa thipa hantle seo se ka thusa hore motho a se ke a lahleheloa ke mali a mangata.

Lilemong tse 20 tse fetileng, Jehova o hlohonolofalitse boiteko bona ba ho ruta lingaka le baahloli haholo. Maikutlo a bona a ile a fetoha haholo ha ba utloisisa hantle hore na maikutlo a rōna ke afe ka mali. Ba ithutile hore lipatlisiso tsa bongaka li bontša hore ho sebelisa mekhoa e meng ea kalafo ho sa sebelisoe mali hoa atleha, le hore ho na le lingaka tse ngata tse nang le tšebelisano ’moho tabeng ena hammoho le lipetlele tseo bakuli ba ka isoang ho tsona.

Ho tloha ka 1996, ’na le Marjorie re ’nile ra sebeletsa Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, se ka bang lik’hilomithara tse 110 ka leboea ho Brooklyn. Ha re le mona ka nakoana ke ile ka sebetsa Lefapheng la Tšebeletso, ka mor’a moo ka sebetsa ka nako e seng kae ho rupela basebeletsi ba makaleng le balebeli ba tsamaeang. Lilemong tse 12 tse fetileng, ke ile ka boela ka sebeletsa ke le molebeli oa Lefapha la Bongoli le Arabang Lipotso le neng le se le tlositsoe Brooklyn le isitsoe Patterson.

Mathata a Botsofali

Ho ntse ho e-ba boima ho phetha mosebetsi oo ke o filoeng Bethele kaha ke se ke le lilemo li ka bang 85. Ke ’nile ka loana le kankere ka lilemo tse fetang leshome. Ke ikutloa joaloka Ezekiase eo Jehova a ileng a mo ekeletsa bophelo. (Esa. 38:5) Mosali oa ka le eena oa kula, ’me rea thusana ho sebetsana le lefu la hae la Alzheimer. Marjorie e ’nile ea e-ba mosebeletsi oa Jehova ea ipabolang, o thusitse bacha, ea e-ba mothusi le motsoalle oa ka ea tšepahalang. Kamehla e ’nile ea e-ba seithuti sa Bibele se hloahloa ’me o ne a atleha ho e ruta ba bang, ’me bana ba rōna ba moea ba bangata ba ntse ba tsoela pele ho buisana le rōna.

Rakhali Mary o hlokahetse ka March 2010 a le lilemo li 87. E ne e le mosuoe oa Lentsoe la Molimo ea ipabolang ’me o thusitse batho ba bang hore ba emele borapeli ba ’nete. O qetile lilemo tse ngata a le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke mo leboha haholo ka seo a se entseng ho nthusa hore ke ithute ’nete ea Lentsoe la Molimo le hore ke tšoane le eena, ke be mohlanka oa Jehova, Molimo oa rōna ea lerato. Rakhali Mary o ile a patoa haufi le monna oa hae, ea neng a ile a sebetsa e le moromuoa Iseraele. Ke kholisehile hore ba mohopolong oa Jehova ’me ba emetse tsoho.

Ha ke nahana ka lilemo tse fetileng tse fetang 67 tseo ke li qetileng ke sebeletsa Jehova, kea mo leboha ka hore ebe o ntlhohonolofalitse haholo. Ke thabetse ho etsa thato ea Jehova! Kaha ke ile ka tšepa mosa oa hae o sa tšoanelang, ke tšepa hore ke tla bona ha tšepiso ena ea Mora oa hae e phethahala: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.”Mat. 19:29.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E hatisitsoe ka 1942 empa hona joale ha e sa hatisoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ke polasing ea Ntate-moholo ea k’hothone Georgia, U.S.A., ka 1928

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Rakhali Mary le Rangoane Talmadge

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Mary, Gladys le Grace

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ha ke kolobetsoa, ka la 14 June, 1944

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ha ke le Lefapheng la Tšebeletso, Bethele

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le Rakhali Mary ka 1958 kopanong ea machaba, Yankee Stadium

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le Marjorie ka letsatsi la rōna la lechato

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le Marjorie ka 2008