Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke lokela ho etsa’ng ha ke e-na le potso ka seo ke se balileng Bibeleng kapa ke hloka keletso ka bothata bo itseng?

Liproverbia 2:1-5 e khothalletsa e mong le e mong oa rōna hore ‘a ’ne a batle’ kutloisiso le temoho joalokaha eka o batla “matlotlo a patiloeng.” Sena se bolela hore re lokela ho ikitlaetsa ha re etsa lipatlisiso ka lipotso tseo re nang le tsona mabapi le Bibele le ha re batla tharollo mathateng a rōna. Re ka etsa see joang?

Buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 33 ho ea ho la 38, e hlahloba “Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso” re sebelisa lithulusi tse fanoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Leqepheng la 36 ho hlalosoa kamoo re ka sebelisang Watch Tower Publications Index, eo khatiso ka ’ngoe ea eona e arotsoeng ka index ea lihlooho le index ea mangolo. Sena se etsa hore u khone ho etsa patlisiso ka mantsoe a sehlooho kapa litemana tsa Bibele, e leng moo u tla fumana letoto la litšupiso tseo u ka eang ho tsona. E-ba le mamello ha u ntse u batla karabo e tobileng kapa tataiso eo u e hlokang. Hopola hore u batla “matlotlo a patiloeng,” e leng se hlokang nako le boiteko.

Ke ’nete hore ho na le litaba tse ling le mangolo tseo lingoliloeng tsa rōna li sa buang ka tsona ka ho toba. Esita le haeba ho na le moo re ileng ra bua ka temana e itseng ea Bibele, e ka ’na eaba ha rea seka-seka potso e tobileng eo u neng u e nahanne. Ho feta moo, litlaleho tse ling tsa Bibele li etsa hore motho a ipotse lipotso tse itseng hobane ha hoa boleloa lintlha tsohle ka ho hlaka ka Mangolong. Kahoo, re ke ke ra fumana likarabo hang-hang lipotsong tsohle tse hlahang. Haeba ho le joalo, ha rea lokela ho inahanela lintho feela mabapi le litaba tse ke keng tsa arabeloa, esere ra ngangisana ka “lipotso bakeng sa phuputso ho e-na le ho aba ntho leha e le efe e tsoang ho Molimo mabapi le tumelo.” (1 Tim. 1:4; 2 Tim. 2:23; Tite 3:9) Ofisi ea lekala kapa ntlo-khōlō ea lefatše ha e boemong ba ho hlahloba kapa ho araba lipotso tsohle tse joalo tse sa tšohloang likhatisong tsa rōna. Re kholisehile hore Bibele e re fa boitsebiso bo lekaneng bakeng sa ho re tataisa bophelong, empa boo e bo siileng bo re fa monyetla oa ho bontša tumelo e matla ho Mongoli oa eona.—Sheba buka ea Atamela ho Jehova, leqepheng la 185 ho ea ho la 187.

Haeba u entse sohle se matleng a hao ho batlisisa taba e u amang empa u ntse u sa fumane tataiso kapa tharollo eo u e hlokang, u lokela ho etsa’ng? Ikutloe u lokolohile ho buisana le molumeli-’moho le uena ea hōlileng tsebong, mohlomong e mong oa baholo ba phutheho. Ba na le tsebo e ngata ea Bibele ebile ba na le phihlelo ka bophelo ba Bokreste. Kaha baa u tseba ebile ba tseba boemo ba hao, thuso ea bona e leka-lekaneng e tla ba e loketseng, haholo-holo haeba u hloka keletso ka bothata bo itseng kapa u lokela ho etsa qeto. Le ka mohla u se ke ua lebala ho rapela Jehova ka lintho tse tobileng tse u tšoenyang ’me u mo kōpe hore a tataise monahano oa hao ka moea oa hae o halalelang, “etsoe Jehova o fana ka bohlale . . . le temoho.”—Liprov. 2:6; Luka 11:13.