Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Hona Joale ke Holofetse Empa e ke ke ea E-ba ka ho sa Feleng!”

“Hona Joale ke Holofetse Empa e ke ke ea E-ba ka ho sa Feleng!”

“Hona Joale ke Holofetse Empa e ke ke ea E-ba ka ho sa Feleng!”

Joalokaha ho Boletse Sara van der Monde

Hangata batho ba re ho ’na, “Sara, ruri u na le pososelo e ntle. Ke hobane’ng ha u lula u thabile hakaale?” Ke ba bolella hore ke na le tšepo e ikhethang. Ka bokhutšoanyane e ka hlalosoa ka mantsoe ana, “Hona joale ke holofetse empa e ke ke ea e-ba ka ho sa feleng!”

KE HLAHETSE Paris, Fora, ka 1974. ’Mè oa ka o ile a ba le mathata ha ke ne ke belehoa, ’me hamorao lingaka li ile tsa fumana hore ke na le lefu la cerebral palsy, e leng kholofalo ea boko e amang maoto le matsoho. Matsoho a ka le maoto a ne a sisinyeha hanyenyane feela ’me ke ne ke hoeleketsa ha ke bua. Ke ile ka boela ka ba le lefu la sethoathoa ’me ke ne ke tšoaetsoa mafu habonolo.

Ha ke le lilemo li peli, lelapa leso le ile la fallela Melbourne, Australia. Lilemo tse peli hamorao, Ntate o ile a re lahla. Ka nako eo, ka lekhetlo la pele ke ile ka qala ho utloa ke le haufi le Molimo. ’Mè e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me hangata o ne a ea le ’na libokeng tsa Bokreste moo ke ileng ka ithuta hore Molimo oa nthata ebile oa ntsotella. Tsebo eo hammoho le lerato leo ’Mè a neng a nthata ka lona le khothatso ea hae, li ile tsa nthusa hore ke ikutloe ke sireletsehile ho sa tsotellehe taba ea hore maemo a rōna a ne a fetohile.

’Mè o ile a boela a nthuta ho rapela Jehova. Ha e le hantle, ke nolofalloa ke ho rapela ho feta ho bua. Ha ke rapela, ha ho hlokahale hore ke bue, empa ka pelong ke ikutloa hantle hore na ke ntse ke re’ng. Kaha ha ho bonolo hore motho a utloe seo ke se buang, hoa khothatsa ho tseba hore Jehova eena o utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ebang ke e buela ka pelong kapa ke ntse ke hoeleketsa.—Pes. 65:2.

Ho Mamella Mathata

Ha ke le lilemo li hlano, lefu la ka la palsy le ne le se le le lebe hoo ke neng ke se ke hloka litšehetso tsa tšepe hore li nthuse ho tsamaea. Ke ne ke therekela ha ke re kea tsamaea! Ha ke le lilemo li 11, ho hang ke ne ke se ke sa khone ho tsamaea. Hamorao ke ne ke sa khone ho tsoha betheng ntle le hore ke thusoe ke mochine oa motlakase o neng o nkakasetsa holim’a setulo sa ka sa batho ba nang le bokooa se tsamaeang ka beteri, seo ke se khannang ka kere.

Ke ’nete ka linako tse ling ho holofala ha ka hoa ’nyahamisa. Leha ho le joalo, ke lula ke hopola lepetjo la lelapa leso le reng: “U se ke ua tšoenyeha ka lintho tseo u sa khoneng ho li etsa. Itsoelle pele ka tseo u khonang ho li etsa.” Sena se nthusitse hore ke atlehe ho palama pere, ho sesisa sekepe, ho soka sekepe, ho robala litenteng esita le ho khanna likoloi tsa boikhathollo! Ke bontša tsebo ea ka ea bonono ka ho penta, ho rōka, ho rōka malaselapi, ho khabisa liaparo le ho bōpa ka letsopa.

Ka lebaka la bokooa ba ka, batho ba bang ha ba lumele hore ke na le bokhoni ba ho etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo. Ha ke ne ke le lilemo li 18, tichere e ’ngoe ea ka e ile ea nkhothalletsa hore ke balehe lapeng, e le hore nka lokoloha bolumeling ba ’Mè. O ile a ba a ithaopela hore o tla nthusa ho fumana bolulo. Leha ho le joalo, ke ile ka mo bolella hore le ka mohla nke ke ka tlohela tumelo ea ka le hore ke tla tloha lapeng mohlang ke seng ke loketse ho ikemela.

Nakoana ka mor’a puisano eo ke ileng ka ba le eona le tichere ea ka, ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka ea lula foleteng e nyenyane. Ha ke le moo ke thabela ho fumana thuso eo ke e hlokang empa ke boetse ke na le bolokolohi boo ke bo hlokang.

Ke Ferehoa ke sa Lebella

Ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka thulana le liteko tse ling tsa tumelo. Ka letsatsi le leng ke ile ka makala haholo ha motho e mong eo ke neng ke kena sekolo le eena—eo le eena a neng a e-na le bokooa—a nkōpa hore ke nyalane le eena. Qalong ke ile ka nkeha maikutlo ke kōpo eo ea hae. Joaloka baroetsana ba bangata, le ’na ke labalabela ho ba le molekane. Leha ho le joalo, taba ea hore bobeli ba rōna re na le bokooa, ha e bolele hore re tla ba le lenyalo le thabisang. Ho feta moo, mohlankana eo e ne e se molumeli-’moho le ’na. Litumelo tsa rōna, lintho tseo re li etsang hammoho le lipakane tsa rōna, li ne li fapane haholo. Joale re ne re ka phelisana hammoho joang? Hape, ke ne ikemiselitse ho mamela tataiso ea Molimo e hlakileng ea hore re nyalane le balumeli-’moho le rōna feela. (1 Bakor. 7:39) Ka lebaka leo, ka mosa ke ile ka bolella mohlankana eo hore nke ke ka amohela kōpo ea hae.

Ho fihlela kajeno, kea tseba hore ke ile ka etsa qeto e nepahetseng. Hape ke kholisehile hore ke tla thaba lefatšeng le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona. (Pes. 145:16; 2 Pet. 3:13) Nakong ena, ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala ho Jehova le ho khotsofalla maemo ao ke leng ho oona hona joale.

Ke labalabela letsatsi leo ka lona ke tla tlōla setulong sa ka sa batho ba nang le bokooa ’me ke mathe ke sa sitisoe ke letho. Ka nako eo ke tla hooa ke re, “Ke ne ke holofetse, empa hona joalo ke phela hantle—ke tla phela tjena ka ho sa feleng!”