Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Koetlisang ba Bang Hore ba Hahamalle Boikarabelo

Koetlisang ba Bang Hore ba Hahamalle Boikarabelo

Koetlisang ba Bang Hore ba Hahamalle Boikarabelo

“E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.”—LUKA 6:40.

1. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a etsa moralo oa phutheho e hlollang nakong eo a neng a le lefatšeng?

HA MOAPOSTOLA Johanne a qetella tlaleho ea hae ea Kosepele, o ile a ngola a re: “Ha e le hantle, ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa, tseo ke nahanang hore, haeba li ne li ka ngoloa ka ho qaqa ho feletseng, lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa meqolo e ngotsoeng.” (Joh. 21:25) Nakong e khutšoanyane eo a neng a le lefatšeng ka eona, Jesu o ile a sebetsa ka thata tšebeletsong ’me a batla banna bao a neng a tla ba koetlisa hore ba ntšetse mosebetsi oo oa hae pele ka mor’a hore eena a khutlele leholimong. Ha a ne a khutlela leholimong ka 33 C.E., Jesu o ile a siea a entse moralo oa phutheho e hlollang eo ka potlako e neng e tla ba le litho tse likete-kete.—Lik. 2:41, 42; 4:4; 6:7.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore banna ba kolobelitsoeng ba hahamalle boikarabelo ka phuthehong? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see?

2 Kaha kajeno ho na le baboleli ba ’Muso ba fetang limilione tse supileng liphuthehong tse fetang 100 000 lefatšeng lohle, ho lula ho hlokahala banna ba ka etellang pele linthong tsa moea. Ka mohlala, baholo ba Bakreste ba hlokahala haholo. Batho ba hahamallang boikarabelo bona ba lokela ho babatsoa kaha ba “lakatsa mosebetsi o motle.”—1 Tim. 3:1.

3 Leha ho le joalo, ha ho itlele feela hore banna ba tšoanelehele boikarabelo ka phuthehong. Thuto ea lefatše kapa ho ba le boiphihlelo bophelong, hase tsona tse ka thusang monna ho phetha mosebetsi ona. E le hore monna a ka phetha mosebetsi oo hantle, o lokela ho ba le litšoaneleho tsa moea. Ntho e ka sehloohong eo monna a lokelang ho ba le eona ke litšoaneleho tsa moea, eseng hakaalo bokhoni kapa boiphihlelo. Banna ba ka phuthehong ba ka thusoa joang hore ba tšoanelehele ho ba le boikarabelo? Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) Sehloohong sena, re tla tšohla litsela tse ling tseo Mosuoe e Moholo, e leng Jesu Kreste, a ileng a thusa barutuoa ba hae ka tsona hore ba tšoanelehele boikarabelo bo boholo boo ba neng ba tla ba le bona, ’me re tla boela re bone hore na re ka ithuta’ng ho seo a ileng a se etsa.

“Ke le Bitsitse Metsoalle”

4. Jesu o ile a bontša joang hore e ne e le motsoalle oa sebele ho barutuoa ba hae?

4 Jesu ha aa ka a khella barutuoa ba hae fatše, empa o ile a ba nka e le metsoalle ea hae. O ile a qeta nako a e-na le bona, a ba tšepa ’me a ba ‘tsebisa lintho tsohle tseo a li utloileng ho Ntate oa hae.’ (Bala Johanne 15:15.) Nahana feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha Jesu a ne a araba potso ea bona e reng: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Mat. 24:3, 4) O ile a boela a bolella balateli ba hae lintho tseo a neng a li nahana le kamoo a neng a ikutloa kateng. Ka mohlala, bosiung boo a neng a tla ekoa ka bona, Jesu o ile a ea le Petrose, Jakobo le Johanne serapeng sa Gethesemane, moo a ileng a rapela ka matla ha a ne a tšoenyehile. Ho ka ’na ha etsahala hore ebe baapostola bao ba bararo ha baa ka ba utloa seo Jesu a neng a se bua thapelong, empa e tlameha ebe ba ile ba hlokomela hore boemo boo a neng a le ho bona bo ne bo le boima. (Mar. 14:33-38) Hape, nahana hore na ho fetoha sebōpeho ha Jesu ho ileng ha etsahala pejana ho ile ha ama baapostola bao ba bararo joang. (Mar. 9:2-8; 2 Pet. 1:16-18) Setsoalle se haufi seo Jesu a neng a e-na le sona le barutuoa ba hae ke sona se neng se tla ba matlafatsa hamorao ha ba phetha likabelo tse boima.

5. Baholo ba Bakreste ba thusa batho ba bang joang?

5 Joaloka Jesu, kajeno baholo ba Bakreste ba etsa setsoalle le batho ba bang ebile baa ba thusa. Ba loanela ho ba le kamano e haufi le balumeli-’moho le bona, ka hore ba bontše hore baa ba tsotella. Le hoja baholo ba hlokomela bohlokoa ba ho se phahle makunutu, ha ba patele batho ba bang litaba. Baholo ba tšepa barab’abo bona ’me ba ba bolella linnete tsa Mangolo tseo ba ithutileng tsona. Ho hang baholo ha ba khelle fatše mohlanka ea sebeletsang eo ho ka etsahalang hore ebe o monyenyane ho bona. Ho ena le hoo, ba mo nka e le monna oa moea ea nang le bokhoni, ea etsang tšebeletso ea bohlokoa molemong oa phutheho.

“Ke le Behetse Mohlala”

6, 7. Hlalosa hore na Jesu o ile a behela barutuoa ba hae mohlala ofe le hore na o ile oa ba thusa joang.

6 Le hoja barutuoa ba Jesu ba ne ba ananela lintho tsa moea, ka linako tse ling tsela eo ba neng ba nahana ka eona e ne e susumetsoa ke tsela eo ba hōtseng ka eona le setso sa bona. (Mat. 19:9, 10; Luka 9:46-48; Joh. 4:27) Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa nyatse-nyatse barutuoa ba hae a bile a sa ba halefele. O ne a sa kōpe barutuoa ba hae hore ba etse lintho tse ba thatafallang kapa a ba bolelle hore ba etse ntho e ’ngoe empa ebe eena o etsa e fapaneng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a ba ruta ka ho ba behela mohlala.—Bala Johanne 13:15.

7 Jesu o ile a siela barutuoa ba hae mohlala ofe? (1 Pet. 2:21) O ne a phela ka tsela e itekanetseng e le hore a ka sebeletsa ba bang ka bolokolohi. (Luka 9:58) Jesu o ne a ikokobelitse ’me kamehla o ne a ruta lintho tse thehiloeng Mangolong. (Joh. 5:19; 17:14, 17) O ne a le botsoalle a bile a le mosa. Sohle seo a neng a se etsa se ne se susumetsoa ke lerato. (Mat. 19:13-15; Joh. 15:12) Mohlala oa Jesu o ile oa thusa baapostola ba hae. Ka mohlala, Jakobo ha aa ka a tšoha ha a ne a tobane le lefu empa o ile a sebeletsa Molimo ka botšepehi ho fihlela a bolaoa. (Lik. 12:1, 2) Johanne o ile a latela mohlala oa Jesu ka botšepehi ka lilemo tse fetang 60.—Tšen. 1:1, 2, 9.

8. Baholo ba behela bahlankana le batho ba bang mohlala ofe?

8 Baholo ba itetseng, ba ikokobelitseng le ba ratang batho ba behela bahlankana mohlala oo ba ka o latelang. (1 Pet. 5:2, 3) Ho feta moo, baholo bao e leng mohlala tumelong, ho ruteng, bophelong ba bona ba Bokreste le tšebeletsong, ba thabisoa ke ho tseba hore ba bang ba ka etsisa tumelo ea bona.—Baheb. 13:7.

‘Jesu o Ile a ba fa Litaelo Tsena ha a ba Roma’

9. Re tseba joang hore Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela evangeli?

9 Ka mor’a hore Jesu a qete lilemo tse ka bang tse peli a bolela ka cheseho, o ile a atolosa mosebetsi oa boboleli ka hore a romele baapostola ba hae ba 12 hore ba eo bolela. Pele ho moo, o ile a ba fa litaelo. (Mat. 10:5-14) Ha Jesu a le haufi le ho fepa matšoele a likete ka mohlolo, o ile a bolella barutuoa ba hae tsela eo a neng a batla hore ba hlophise batho le ho aba lijo ka eona. (Luka 9:12-17) Ho hlakile hore Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae ka hore a ba fe litaelo tse hlakileng le tse tobileng. Tsela ena eo a ileng a ba koetlisa ka eona, hammoho le tšusumetso e matla ea moea o halalelang, li ile tsa thusa baapostola hamorao hore ba hlophise mosebetsi o moholo oa boboleli o ileng oa qala ka 33 C.E. ’me oa tsoela pele le ka mor’a moo.

10, 11. Batho ba sa tsoa kopanela ba ka tsoela pele ba koetlisoa ka litsela life?

10 Kajeno, re koetlisa monna moeeng hang ha a qala ho amohela thuto ea Bibele. Ho ka ’na ha hlokahala hore re mo thuse ho bala hantle. Re tla tsoela pele re mo thusa ha re ntse re ithuta Bibele le eena. Ha motho eo re ithutang le eena a se a e-ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla, o tla tsoela pele a koetlisoa moeeng ha a kopanela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang le ha a etsa lintho tse ling. Ka mor’a hore a kolobetsoe, re ka mo koetlisa linthong tse kang ho hlokomela Holo ea ’Muso. Ka mor’a nako e itseng, mor’abo rōna a ka thusoa hore a hlokomele lintho tseo a lokelang ho li etsa e le hore a ka tšoaneleha ho ba mohlanka ea sebeletsang.

11 Ha moholo a fa mor’abo rona ea kolobelitsoeng kabelo, ka thabo o mo hlalosetsa tsela eo mokhatlo o etsang lintho ka eona ebile o mo fa tataiso eo a e hlokang. Mor’abo rōna ea koetlisoang, o lokela ho utloisisa hore na ho lebeletsoe hore a etse’ng. Haeba a thatafalloa ho etsa seo ho itsoeng a se etse, moholo ea lerato ha a potlakele ho etsa qeto ea hore ha a tšoanelehe. Ho e-na le hoo, ka mosa moholo o bua le eena ka lintlha tse tobileng tseo a lokelang ho sebeletsa ho tsona a be a bolele hore na a ka etsa seo joang. Baholo baa thaba ha ba bona banna ba amohela koetliso eo ba ba fang eona ’me ba thabisoa ke ho sebeletsa batho ba bang.—Lik. 20:35.

“Ea Mamelang Keletso o Bohlale”

12. Ke’ng e ileng ea etsa hore keletso ea Jesu e atlehe?

12 Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae ka ho ba fa keletso e tšoanelang litlhoko tsa bona. Ka mohlala, o ile a khalemela Jakobo le Johanne ha ba ne ba batla ho bolella mollo hore o theohe leholimong ’me o felise Basamaria ba neng ba sa ka ba mo amohela. (Luka 9:52-55) Ha ’mè oa Jakobo le Johanne a ne a tla ho Jesu ho ba buella hore ba fuoe maemo a phahameng ’Musong, Jesu o ile a re ho Jakobo le Johanne: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” (Mat. 20:20-23) Ka linako tsohle Jesu o ne a fana ka keletso e hlakileng, e molemo le e thehiloeng ka ho feletseng melao-motheong ea Molimo. O ile a ruta barutuoa ba hae hore ba nahanisise ka melao-motheo eo. (Mat. 17:24-27) Jesu o ile a boela a hlokomela bofokoli ba balateli ba hae ’me ha aa ka a lebella hore ba etse lintho ka mokhoa o phethahetseng. O ne a susumetsoa ke lerato la sebele ha a ne a ba eletsa.—Joh. 13:1.

13, 14. (a) Ke mang ea hlokang taeo? (b) Fana ka mehlala ea keletso eo moholo a ka e fang motho ea sa tsoeleng pele moeeng.

13 Monna e mong le e mong ea hahamallang boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste ka linako tse ling o tla hloka taeo kapa keletso e thehiloeng Mangolong. Liproverbia 12:15 e re: “Ea mamelang keletso o bohlale.” Mora e mong oabo rōna e mocha o ile a re, “Ke hlokometse hore bothata ba ka bo boholo ke ho sebetsana le ho se phethahale. Keletso ea moholo e mong e ile ea nthusa hore ke utloisise hore ha ho hlokahale hore ke phethahale.”

14 Haeba baholo ba hlokomela hore boitšoaro ba monna ea itseng bo mo sitisa ho tsoela pele moeeng, ba nka bohato ba ho mo khutlisetsa tseleng ka moea o bonolo. (Bagal. 6:1) Ka linako tse ling, ho hlokahala hore motho a fuoe taeo ka lebaka la mokhoa o itseng oo a nang le oona. Ka mohlala, haeba ho bonahala eka ka tsela e itseng mor’abo rōna oa iqenehela, moholo a ka ’na a bona ho le molemo ho mo hlokomelisa hore Jesu e ne e le ’moleli ea chesehang oa ’Muso le hore o ile laela balateli ba hae hore ba etse batho barutuoa. (Mat. 28:19, 20; Luka 8:1) Haeba ho bonahala eka mor’abo rōna o rata maemo, moholo a ka ’na a mo bontša kamoo Jesu a ileng a thusa barutuoa ba Hae kateng ho lemoha likotsi tsa ho batla ho hlahella. (Luka 22:24-27) Ho thoe’ng haeba mor’abo rōna a e-na le mokhoa oa ho se tšoarele batho ba bang? Mohlala oa lekhoba le ileng la hana ho tšoarela lekhoba-’moho le lona le neng le e-na le molato o monyenyane le hoja lona le ile la tšoareloa molato o moholo, o ka thusa mora eo oabo rōna haholo. (Mat. 18:21-35) Haeba ho hlokahala hore motho ea itseng a fuoe taeo, e ka ba hantle hore baholo ba folofele leraha.—Bala Liproverbia 27:9.

“U Ikoetlise”

15. Lelapa la monna le ka mo thusa joang hore a sebeletse ba bang?

15 Baholo ba etella pele ho koetlisa banna hore ba hahamalle boikarabelo ka phuthehong, empa ba bang le bona ba ka tšehetsa boiteko ba bona. Ka mohlala, lelapa la monna le ka mo thusa hore a hahamalle boikarabelo ebile le lokela ho mo thusa. Haeba monna e se e ntse e le moholo, a ka rua molemo ha mosali oa hae le bana ba hae ba mo tšehetsa ka lerato. Ha ba lelapa la hae ba utloisisa hore o lokela ho qeta nako e itseng a etsa mesebetsi ea phutheho, hoo ho ka mo thusa hore a atlehe ho jara boikarabelo ba hae ka phuthehong. Boitelo ba bona boa mo thabisa ebile ba bang ba bo ananela haholo.—Liprov. 15:20; 31:10, 23.

16. (a) Ke mang ea jarang boikarabelo ba ho hahamalla ho ba le boikarabelo ka phuthehong? (b) Monna a ka hahamalla boikarabelo ka phuthehong joang?

16 Le hoja ba bang ba ka thusa monna le ho mo tšehetsa, ke eena ea jarang boikarabelo ba ho hahamalla ho ba le boikarabelo ka phuthehong. (Bala Bagalata 6:5.) Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore mor’abo rōna e be mohlanka ea sebeletsang kapa moholo hore a thuse ba bang le hore a kopanele ka botlalo mosebetsing oa boboleli. Leha ho le joalo, ho hahamalla boikarabelo ka phuthehong ho bolela ho loanela ho finyella litšoaneleho tse boletsoeng ka Mangolong. (1 Tim. 3:1-13; Tite 1:5-9; 1 Pet. 5:1-3) Kahoo, haeba monna a lakatsa ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa moholo empa a e-s’o ka a khethoa, o lokela ho ela hloko likarolo tseo a lokelang ho ntlafatsa ho tsona. Sena se akarelletsa ho bala Bibele kamehla, ho khothalla ho ba le thuto ea botho, ho thuisa ka botebo, ho rapela ho tsoa botebong ba pelo le ho kopanela ka cheseho tšebeletsong ea Bokreste. Ka tsela eo, a ka sebelisa keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea, e reng: “U ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.”—1 Tim. 4:7.

17, 18. Mor’abo rōna ea kolobelitsoeng a ka etsa’ng haeba ho tšoenyeha, ho ikhalala kapa ho se be le takatso ea ho sebeletsa li etsa hore a be leqe ho hahamalla boikarabelo ka phuthehong?

17 Empa ho thoe’ng haeba monna a sa hahamalle boikarabelo hobane ho e-na le lintho tse mo tšoenyang kapa a ikhalala? E ka ba hantle hore a nahane hore na Jehova Molimo le Jesu Kreste ba re etsetsa lintho tse ngata hakae. Ka sebele, ‘letsatsi le leng le le leng Jehova o re jarela mojaro.’ (Pes. 68:19) Kahoo, Ntate oa rōna ea leholimong a ka thusa mor’abo rōna hore a jare boikarabelo ba hae ka phuthehong. E ka ba hantle hore mor’abo rōna eo e seng mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, a nahane ka taba ea hore ho hlokahala hore banna ba bangata ba hōlileng moeeng ba amohele boikarabelo mokhatlong oa Molimo. Ho nahana ka lintlha tseo ho ka thusa mor’abo rōna hore a etse boiteko bo matla ba hore a hlōle boikutlo bo fosahetseng. A ka rapella moea o halalelang, a hopola hore tholoana ea oona e akarelletsa khotso le boitšoaro—e leng litšobotsi tse hlokahalang hore motho a se ke a tšoenyeha kapa a ikhalala. (Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23) Hape motho a ka kholiseha hore Jehova o hlohonolofatsa bohle ba hahamallang boikarabelo ka phuthehong ka sepheo se setle.

18 Na e ka ’na eaba mohlomong monna ea kolobelitsoeng ha a hahamalle boikarabelo ka phuthehong hobane a se na takatso ea ho bo hahamalla? Mor’abo rōna ea se nang takatso ea ho sebeletsa ka phuthehong a ka thusoa ke eng? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: ‘Ka lebaka la ho khahloa ha hae, Molimo o sebetsa ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.’ (Bafil. 2:13) Takatso ea hore motho a sebeletse e tsoa ho Molimo, ’me moea oa Jehova o ka matlafatsa motho hore a etse tšebeletso e halalelang. (Bafil. 4:13) Ho feta moo, Mokreste a ka rapella hore Molimo a mo thuse hore a etse se nepahetseng.—Pes. 25:4, 5.

19. Ho hlahisoa ha “balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli” ho re tiisetsa eng?

19 Jehova o hlohonolofatsa boiteko boo banna ba baholo ba bo etsang ho koetlisa ba bang. O boetse o hlohonolofatsa batho ba amohelang koetliso ’me ba hahamalla boikarabelo ka phuthehong. Mangolo a re tiisetsa hore har’a batho ba Molimo “balisa ba supileng, e, babusisi ba robeli”—e leng palo e hlokahalang ea banna ba nang le bokhoni—ba tla hlahisoa e le hore ba ka etella pele mokhatlong oa Jehova. (Mik. 5:5) Ruri ke tlhohonolofatso e khōlō hore ebe banna ba bangata ba Bakreste baa koetlisoa le hore ka boikokobetso ba hahamalla boikarabelo ka phuthehong ho tlotlisa Jehova!

U ka Araba Joang?

• Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae joang hore ba tšoanelehele ho jara boikarabelo bo boholo boo ba neng ba tla ba le bona?

• Baholo ba ka etsisa Jesu joang ha ba thusa banna ba ka phuthehong ho etella pele?

• Lelapa la monna le phetha karolo efe ho mo thusa hore a hahamalle boikarabelo ka phuthehong?

• Monna ka boeena a ka etsa’ng hore a hahamalle boikarabelo ka phuthehong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

U ka koetlisa motho eo u ithutang Bibele le eena joang ha a batla ho tsoela pele moeeng?

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Banna ba ka bontša joang hore ba hahamalla boikarabelo ka phuthehong?