Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho ka khoneha ho tseba hantle hore na Jesu Kreste o ile a khokhotheloa ka nako efe?

Potso ena e botsoa ka lebaka la seo ho bonahalang eka ke ho se lumellane pakeng tsa litlaleho tse bululetsoeng tse mabapi le lefu la Jesu tse ngotsoeng ke mongoli oa Kosepele e leng Mareka le moapostola Johanne. Mareka o re: “Joale e ne e se e le hora ea boraro, eaba [masole] a mo khokhothela thupeng.” (Mar. 15:25) Ho ea ka Johanne, “e ne e ka ba hora ea botšelela” ha Pilato a ne a nehelana ka Jesu ho Bajuda e le hore ba mo khokhothele. (Joh. 19:14-16) E le ha ba leka ho rarolla sena seo ho bonahalang eka ke ho se lumellane, bahlalosi ba Bibele ba fane ka litlhaloso tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ha ho na boitsebiso bo lekaneng ka Mangolong bo ka hlalosang phapang e teng litlalehong tseo tse peli. Ho ntse ho le joalo, ho nahana ka tsela eo batho ba neng ba talima nako ka eona mehleng eo, ho ka re thusa.

Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Bajuda ba ne ba arola nako ea letsatsi ka lihora tse 12, ’me ba ne ba qala ho bala nako eo ho tloha ha letsatsi le chaba. (Joh. 11:9) Kahoo, “hora ea boraro” e ne e tloha horeng ea borobeli hoseng e fihla horeng ea borobong hoseng, ’me “hora ea botšelela” e ne e fella hoo e ka bang har’a mpa ea motšehare. ’Nete ke hore, letsatsi le ne le chaba ka linako tse sa tšoaneng le bile le likela ka linako tse sa tšoaneng selemong. Ka lebaka leo, bolelele ba nako eo letsatsi le chabileng ka eona bo ne bo fapana ho latela hore na ke nako efe ea selemo. Ho feta moo, batho ba ne ba tseba hore na ke hora efe ea letsatsi ka hore ba shebe hore na letsatsi le hokae. Kahoo, ho ne hakanngoa ha ho buuoa ka nako. Ka kakaretso, Mangolo a Segerike a Bakreste a ne a bua ka liketsahalo tse etsahetseng ka hora ea boraro, ea botšelela kapa ea borobong—e leng seo hangata se neng se bolela hoo e ka bang ka nako eo. (Mat. 20:3, 5; Lik. 10:3, 9, 30) Ho ne ho buuoa ka nako e tobileng e kang “ka hora ea bosupa,” haeba feela taba ea nako e ne e le ea bohlokoa tabeng eo ho buuoang ka eona.—Joh. 4:52.

Litlaleho tsa Likosepele lia lumellana mabapi le hore na liketsahalo tse itseng tse mabapi le letsatsi la ho qetela la Jesu lefatšeng li etsahetse neng. Bone ba tsona li bontša hore baprista le banna ba baholo ba ile ba kopana ka mor’a hore mafube a hlahe ’me ba isa Jesu ho ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato. (Mat. 27:1; Mar. 15:1; Luka 22:66; Joh. 18:28) Matheu, Mareka hammoho le Luka, kaofela ha bona ba bolela hore ho tloha ka hora ea botšelela ha Jesu a ne a se a le thupeng, lefifi le ile la aparela naha “ho fihlela ka hora ea borobong.”—Mat. 27:45, 46; Mar. 15:33, 34; Luka 23:44.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka ’nang ea ama taba ea hore na Jesu o ile a khokhotheloa ka nako efe ke ena: Ha ho buuoa ka ho khokhothela ho ne ho akarelletsoa le ho shapuoa. Ka linako tse ling motho o ne a shapuoa hoo a neng a be a shoe. E tlameha ebe Jesu o ne a shapiloe haholo, ke ka lebaka leo ho ileng ha hlokahala hore motho e mong a mo jarele thupa ea tlhokofatso eo qalong Jesu a neng a itjaretse eona. (Luka 23:26; Joh. 19:17) Haeba ho ne ho nkoa hore ho shapuoa ke qalo ea ho khokhotheloa, ho ne ho tla feta nako e itseng pele Jesu a hlile a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso. Ka lebaka leo, batho ba fapa-fapaneng ba ne ba ka bolela linako tse sa tšoaneng tsa hore na Jesu o khokhothetsoe ka nako efe, ho itšetlehile ka hore na bona ba ile ba qala ho bala nako neng.

Moapostola Johanne o ngotse tlaleho ea hae lilemo tse mashome ka mor’a bangoli ba bang ba Likosepele. Ka lebaka leo, o ne a se a e-na le litlaleho tse ngotsoeng ke bangoli bao ba bang. Ke ’nete hore Johanne o boletse nako e bonahalang e fapane le e boletsoeng ke Mareka. Leha ho le joalo, sena se fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Johanne ha aa ka a be se a kopitsa tlaleho ea Mareka feela. Ka bobeli Johanne le Mareka ba ne ba bululetsoe ke Molimo. Le hoja ho se na boitsebiso bo bongata ka Mangolong bo hlalosang phapang ena, re lokela ho tšepa litlaleho tsa Likosepele.