Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Thabela “Tokelo ea ho Fana ka Mosa”?

Na U Thabela “Tokelo ea ho Fana ka Mosa”?

Na U Thabela “Tokelo ea ho Fana ka Mosa”?

BAKRESTE ba lekholong la pele la lilemo ba Filipi, ba ne ba tsebahala ka ho fana ka seatla se bulehileng ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Lengolong le bululetsoeng leo moapostola Pauluse a ileng a ba ngolla lona, o ile a re: “Ke leboha Molimo oa ka kamehla ho le hopoleng ho hong le ho hong thapeling e ’ngoe le e ’ngoe ea ka bakeng sa lōna kaofela, ha ke ntse ke nehelana ka thapeli ea ka ka thabo, ka lebaka la tlatsetso eo le e entseng litabeng tse molemo ho tloha letsatsing la pele ho fihlela motsotsong ona.” (Bafil. 1:3-5) Pauluse o ne a hopola hantle ha Lydia le ba ntlo ea hae ba ne ba kolobetsoa ’me a bontša kamohelo ea baeti ka hore ka tieo a kōpe Pauluse le batho bao a neng a etsa mosebetsi oa boboleli le bona hore ba lule ntlong ea hae.—Lik. 16:14, 15.

Ka mor’a moo, phutheho eo ea Filipi e neng e sa tsoa thehoa e ile ea romela Pauluse lintho tseo a neng a li hloka ka makhetlo a mabeli, libekeng tse ’maloa tseo a ileng a lula ka tsona Thesalonika e neng e ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 160, a e-na le balumeli-’moho le eena. (Bafil. 4:15, 16) Lilemo tse seng kae hamorao, ha barab’abo rōna ba Filipi le ba Macedonia ba ne ba le mahlorehong le ‘bofutsaneng bo tebileng,’ ba ile ba utloela hore ho ne ho e-na le lintho tseo Bakreste ba Jerusalema ba neng ba hlorisoa ba li hlokang ’me ba ne ba batla ho ba thusa. Pauluse o ile a paka hore ruri hona ‘ho ne ho feta bokhoni ba bona ba sebele.’ Leha ho le joalo, o ile a ngola a re: ‘Ba ntse ba kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa.’—2 Bakor. 8:1-4; Bar. 15:26.

Lilemo tse ka bang leshome ka mor’a hore Bafilipi ba amohele Bokreste, ba ne ba ntse ba bontša moea o tšoanang oa ho fana ka seatla se bulehileng. Ha ba utloa hore Pauluse o ne a koaletsoe chankaneng Roma, ba ile ba romela Epafroditase sebakeng seo se neng se le bohōle ba lik’hilomithara tse 1 287, ’me o ile a haola naheng a ba a tsamaea le leoatleng a nkile lintho tseo a neng a li isetsa moapostola Pauluse. Ho hlakile hore Bafilipi ba ne ba batla ho thusa Pauluse ka lintho tseo a neng a li hloka e le hore a ka tsoela pele ho matlafatsa barab’abo rōna le hore a bolele litaba tse molemo, esita leha a ne a le chankaneng.—Bafil. 1:12-14; 2:25-30; 4:18.

Kajeno, Bakreste ba ’nete ba nka hore ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ke tlotla. (Mat. 28:19, 20) Ba ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso ka hore ba fane ka nako ea bona, matla hammoho le chelete. Lebokose le sehloohong sena le bontša litsela tseo u ka kenyang letsoho ka tsona ho tšehetsa mosebetsi ona oo re o filoeng ke Molimo.

[Lebokose le maqepheng a 22, 23]

LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE LOHLE

Ba bangata ba behella ka thōko, kapa ba lekanyetsa esale pele chelete eo ba e tšelang mabokoseng a monehelo a ngotsoeng “Mosebetsi oa Lefatše Lohle.”

Khoeli le khoeli, liphutheho li romela chelete ena ofising ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang linaha tsa habo tsona. Menehelo ea boithatelo ea chelete le eona e ka romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa, Attention: Accounting Office, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno. (Menehelo ea boithatelo e boletsoeng ka tlaase le eona e ka romeloa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sebeletsang naha ea heno.) Licheke tse romeloang atereseng e ka holimo li lokela ho ngoloa hore li lefuoe “Watch Tower Society.” Mabenyane le lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka fanoa. Ho lokela ho ngoloe lengolo le lekhutšoanyane le tsamaeang le thepa eo le bolelang hore lintho tseo ke mpho.

HO FANA HO RERILOENG

Ho phaella limphong tsa chelete, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka thusang mosebetsing oa ’Muso o etsoang lefatšeng lohle. Mekhoa ena e akarelletsa e latelang:

Inshorense: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ngolisoa e le eona e tla fuoa chelete ea inshorense ea bophelo kapa ea tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/ea penshene.

Liak’haonte Tsa Banka: Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ’na ea etsoa mojalefa oa liak’haonte tsa banka, mangolo a letsete kapa liak’haonte tseo chelete ea ho tlohela mosebetsi e kenngoang ho tsona, kapa ho ka etsoa hore li oele ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa ha mong’a tsona a e-shoa, ho itšetlehiloe ka melao ea libanka ea sebaka ka seng.

Li-stock le Li-bond: Ho ka ’na ha nehelanoa ka li-stock le li-bond ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le mpho kapa ha etsoa hore li oele ho Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa ha mong’a tsona a e-shoa.

Setša se Nang le Mehaho: Ho ka ’na ha nehelanoa ka setša se nang le mehaho, ebang ke ka ho fana ka sona kapa haeba e le setša sa bolulo, ka ho lokisetsa hore mong’a sona a tsoele pele a lula ho sona ha a sa ntse a phela. Ikopanye le ofisi ea lekala naheng ea heno pele u ngolisa setša leha e le sefe se nang le mohaho.

Mangolo a Kabo ea Lefa le Matlōle: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e le lefa ka ho e ngolisa ka molao lengolong la kabo ea lefa kapa Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa e ka ’na ea etsoa mojalefa tumellanong ea letlōle. Ha mokhatlo oa bolumeli e le mojalefa letlōleng, seo se ka ’na sa fana ka melemo e itseng mabapi le lekhetho.

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, u ka ikopanya le Accounting Office, ka ho ngolla atereseng e bontšitsoeng ka tlaase mona, kapa ka ho letsetsa nomorong e ka tlaase, kapa u ka ikopanya le ofisi ea lekala e sebeletsang naha ea heno.

Accounting Office

Watch Tower Bible and Tract Society of South Africa

Private Bag X2067

Krugersdorp

1740

South Africa

Thelefono: 011 761 1323