Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso

Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso

Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso

“Tsamaeang, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.”—BAR. 8:4.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho le kotsi hore motho a be le ntho e mo sitisang ha a ntse a khanna? (b) Ke kotsi efe e ka hlahelang motho haeba ho e-na le ntho e mo sitisang moeeng?

“BOTHATA ba batho ba khannang ho e-na le lintho tse ba sitisang, ke seoa ’me bo ntse bo e-hloa mekoalaba selemo le selemo.” Sena se ile sa boleloa ke letona la lipalangoang la United States. Liselefouno li har’a lisebelisoa tse sitisang bakhanni ho etsa mosebetsi oo ba lokelang ho o etsa, e leng oa ho khanna. Batho ba fetang a le mong ho ba bararo, bao ho buisanoeng le bona phuputsong e ’ngoe, ba boletse hore ba ile ba chaisoa kapa ba batla ba chaisoa ke koloi eo mokhanni oa eona a neng a ntse a sebelisa selefouno. Ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ha motho a ntse a khanna ho ka bonahala eka ho molemo, empa litholoana tsa teng li ka ba bosula.

2 Kamano ea rōna le Molimo le eona e ka ba kotsing ka tsela e joalo. Feela joalokaha hangata mokhanni eo ho nang le ntho e mo sitisang a sa hlokomele kotsi, motho eo ho nang le ntho e mo sitisang moeeng le eena a ka oela kotsing habonolo. Haeba re itumella ho hoholeha tseleng ea rōna ea Bokreste le mesebetsing ea rōna ea puso ea Molimo, re ka senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng. (1 Tim. 1:18, 19) Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena ba Roma ka kotsi ena ha a ne a re: “Ho beha kelello nameng ho bolela lefu, ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.” (Bar. 8:6) Pauluse o ne a bolela’ng ka seo? Re ka qoba “ho beha kelello nameng” joang ebe re “beha kelello moeeng”?

“Ha ba Tsuoe”

3, 4. (a) Ke bothata bofe boo Pauluse a neng a e-na le bona boo a ileng a ngola ka bona? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella boemo boo Pauluse a neng a le ho bona?

3 Lengolong leo a neng a le ngoletse Baroma, Pauluse o ile a bua ka bothata boo a ileng a ba le bona—e leng ntoa e neng e le pakeng tsa nama ea hae le kelello ea hae. (Bala Baroma 7:21-23.) Pauluse ha aa ka a bua ka taba ena hobane a ne a ikemela kapa a ikhauhela. O ne a sa bolele hore a ke ke a khona ho etsa se nepahetseng. Etsoe e ne e le Mokreste ea hōlileng ea tlotsitsoeng ka moea, ea neng a khethiloe hore e be “moapostola ho lichaba.” (Bar. 1:1; 11:13) Kahoo, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola ka bothata boo a neng a e-na le bona?

4 Ka botšepehi Pauluse o ile a lumela hore o ne a ke ke a khona ho etsa thato ea Molimo ka matla a hae ho ea ka tsela eo a neng a lakatsa ka eona. Hobane’ng? O ile a re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Bar. 3:23) Kaha Pauluse ke setloholo sa Adama, o ne a sa phethahala ’me o ne a e-na le litakatso tse fosahetseng. Re ka utloisisa kamoo a neng a ikutloa kateng hobane kaofela ha rōna ha rea phethahala ’me letsatsi le letsatsi re thulana le mathata a tšoanang. Ho feta moo, ho na le lintho tse ngata tse ka faposang likelello tsa rōna eaba li re ntša ‘tseleng e patisaneng e isang bophelong.’ (Mat. 7:14) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ho ne ho se seo Pauluse a ka se etsang ka boemo boo, ’me le rōna ho na le seo re ka se etsang.

5. Ke eng e ileng ea thusa Pauluse ea ba ea mo imolla?

5 Pauluse o ile a ngola a re: “Ke mang ea tla mpholosa . . . ? Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Bar. 7:24, 25) Ka mor’a moo, o ile a bua le “ba leng bonngoeng le Kreste Jesu”—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng. (Bala Baroma 8:1, 2.) Ka moea oa hae o halalelang, Jehova o ba nkela ka lapeng e le bara ’me o ba bitsetsa ho ba “majalefa hammoho le Kreste.” (Bar. 8:14-17) Moea oa Molimo hammoho le tumelo eo ba nang le eona sehlabelong sa thekollo sa Kreste o ba thusa hore ba hlōle bothata boo Pauluse a buileng ka bona ’me kahoo “ha ba tsuoe.” Ba lokolloa “molaong oa sebe le oa lefu.”

6. Ke hobane’ng ha bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho ela hloko mantsoe a Pauluse?

6 Ke ’nete hore Pauluse o ne a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng, empa seo a ileng a se bua ka moea oa Molimo le sehlabelo sa thekollo sa Kreste, se ka tsoela bahlanka bohle ba Jehova molemo ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo efe. Le hoja Pauluse a ne a bululetsoe hore a fe Bakreste ba tlotsitsoeng keletso eo, ke habohlokoa haholo hore bahlanka bohle ba Molimo ba utloisise seo a se ngotseng ’me ba ikitlaelletse hore ba rue molemo ho sona.

Kamoo Molimo a ‘Ileng a Ahlola Sebe Nameng’

7, 8. (a) Ke ka tsela efe Molao o neng “o fokola ka nama”? (b) Molimo o finyelletse eng ka moea oa hae le ka thekollo?

7 Khaolong ea 7 ea Baroma, Pauluse o ile a bontša hore sebe se matla nameng e sa phethahalang. Athe khaolong ea 8 o ile a bua ka matla a moea o halalelang. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamoo moea oa Molimo o ka thusang Bakreste kateng ho loantša matla a sebe e le hore ba ka phela ka tsela e lumellanang le thato ea Jehova ’me a ba amohele. Pauluse o ile a bontša hore ka moea oa Molimo le ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Molimo o finyelletse seo Molao oa Moshe o neng o ke ke oa se finyella.

8 Molao o ne o ahlola baetsalibe. Ho feta moo baprista ba phahameng ba Baiseraele ba neng ba sebeletsa tlas’a Molao, ba ne ba sa phethahala ’me ba ne ba sa khone ho fana ka sehlabelo se lekaneng ho koahela sebe. Kahoo, Molao o ne “o fokola ka nama.” Empa “ka ho romela Mora oa hae a le sebōpehong sa nama” le ka ho fana ka eena e le thekollo, Molimo o ile a “ahlola sebe nameng,” ’me ka ho etsa joalo eaba o hlōla “ho hlōleha ha Molao.” Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba nkoa ba lokile ka lebaka la tumelo ea bona sehlabelong sa thekollo sa Jesu. Ba khothalletsoa hore ba ‘tsamaee, eseng tumellanong le nama, empa tumellanong le moea.’ (Bala Baroma 8:3, 4.) Ka sebele ba lokela ho lula ba tšepahala ho fihlela qetellong ea tšebeletso ea bona lefatšeng e le hore ba ka fuoa “moqhaka oa bophelo.”—Tšen. 2:10.

9. Lentsoe “molao” le sebelisitsoeng ho Baroma 8:2 le bolela’ng?

9 Pauluse ha aa ka a bua ka “Molao” feela empa o ile a boela a bua ka “molao oa moea oo” le ‘molao oa sebe le oa lefu.’ (Bar. 8:2) Melao ee ke efe? Mona lentsoe “molao,” ha le bue ka melao e itseng ka ho khetheha, e kang e Molaong oa Moshe. Buka e ’ngoe e re: “Lentsoe la Segerike fetoletsoeng e le molao, le bolela molao-motheo o ka hare ho motho o mo susumetsang ho etsa lintho—ho sa tsotellehe hore na ke tse ntle kapa ke tse mpe—o sebetsang joalokaha eka ke molao. Lentsoe leo le boetse le bolela melao e tataisang motho bophelong.”

10. Re tlas’a molao oa sebe le lefu ka tsela efe?

10 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Kaha re litloholo tsa Adama, kaofela ha rōna re tlas’a molao oa sebe le lefu. Nama ea rōna e sa phethahalang e lula e re susumelletsa ho etsa lintho tse sa khahliseng Molimo, ’me ka lebaka leo qetello ea rōna ke lefu. Lengolong la hae leo a neng a le ngolletse Bagalata, Pauluse o ile a re liketso tseo le mekhoa eo ke “mesebetsi ea nama.” O ile a eketsa ka ho re: “Ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagal. 5:19-21) Batho ba mofuta ona ba tšoana le ba tsamaeang tumellanong le nama. (Bar. 8:4) ‘Melao-motheo e ka hare ho bona e ba susumetsang ho etsa lintho’ le ‘melao e ba tataisang bophelong’ ka ho feletseng ke ea nama. Empa na batho ba etsang bohlola, ba rapelang litšoantšo le ba sebelisanang le meea kapa ba etsang libe tse ling tse tebileng ke bona feela ba tsamaeang tumellanong le nama? Che, hobane mesebetsi ea nama e boetse e akarelletsa le lintho tseo ba bang ba ka ’nang ba nka hore ke mefokolo ea botho feela e kang poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang le mohono. Ke mang ea ka bolelang hore eena o itokolotse ka ho feletseng tabeng ea ho tsamaea tumellanong le nama?

11, 12. Jehova o re etselitse tokisetso efe ho re thusa ho hlōla molao oa sebe le lefu, hona re lokela ho etsa’ng e le hore Molimo a re hauhele?

11 Ruri re lokela ho thaba hore ebe Jehova o entse hore re khone ho hlōla molao oa sebe le lefu! Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Ha re amohela lerato la Molimo re bile re bontša tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste, re ka lokolloa kahlolong e bakoang ke sebe seo re se futsitseng. (Joh. 3:16-18) Ka lebaka leo, joaloka Pauluse le rōna re ka ’na ra re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!”

12 Boemo ba rōna bo tšoana le ho phekoloa ha re kula haholo. Haeba re batla ho fola ka ho feletseng, re lokela ho etsa seo ngaka e re laelang hore re se etse. Le hoja ho bontša tumelo thekollong ho ka re lokolla molaong oa sebe le lefu, re ntse re sa phethahala ebile re ntse re le baetsalibe. Ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa hore re phele hantle moeeng e le hore Molimo a re hauhele a be a re hlohonolofatse. Mabapi le ho phethahatsa “tlhokahalo e lokileng ea Molao,” Pauluse o boetse o bua ka ho tsamaea tumellanong le moea.

Re ka Tsamaea Tumellanong le Moea Joang?

13. Ho tsamaea tumellanong le moea ho bolela’ng?

13 Ha re tsamaea, re ee be re ea sebakeng se itseng kapa ho e-na le sepheo seo re batlang ho se finyella. Kahoo, e le hore re tsamaee tumellanong le moea, ho hlokahala hore re tsoele pele moeeng butle-butle—e seng hore re phethahale. (1 Tim. 4:15) Letsatsi le leng le le leng re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore re tsamaee kapa re phele tumellanong le tataiso ea moea. Ho ‘tsamaea ka moea’ ho etsa hore re amoheloe ke Molimo.—Bagal. 5:16.

14. Batho ba “tumellanong le nama” ba tloaetse ho etsa lintho joang?

14 Lengolong leo a ileng a le ngolla Baroma, Pauluse o ile a boela a bua ka mefuta e ’meli ea batho, e leng batho ba sa nahaneng ka tsela e tšoanang. (Bala Baroma 8:5.) Temaneng ena lentsoe nama ha le bolele ’mele. Ka Bibeleng, lentsoe “nama” ka linako tse ling le bolela boetsalibe le ho se phethahale. Ho se phethahale ke hona ho bakang ntoa eo Pauluse a buileng ka eona pejana, e pakeng tsa nama le kelello. Leha ho le joalo, ho fapana le eena, batho ba “tumellanong le nama” ha ba leke le ho loana feela. Ho e-na le hore ba nahane ka seo Molimo a se hlokang ho bona ’me ba amohele thuso eo a ba fang eona, ba atisa ho “beha likelello tsa bona linthong tsa nama.” Hangata ba amehile ka boiketlo ba bona le ho khotsofatsa litakatso tsa bona tsa nama. Ho fapana le seo, batho ba “tumellanong le moea” ba atisa ho beha likelello tsa bona “linthong tsa moea”—e leng litokisetso tsa moea le mesebetsi ea Bokreste.

15, 16. (a) Ho beha kelello nthong e itseng ho ama maikutlo a motho joang? (b) Tsela eo batho ba nahanang ka eona e joang kajeno?

15 Bala Baroma 8:6. E le hore motho a etse ntho—ebang ke e ntle kapa ke e mpe—o lokela ho beha kelello ea hae ho eona. Haeba batho ba beha likelello tsa bona linthong tsa nama, qetello ea seo e tla ba hore ba tla batla ho etsa lintho tsa nama. Lintho tsena e tla ba tsona tseo ba lulang ba nahanne ka tsona, tseo ba li thahasellang le tseo ba li ratang.

16 Ke lintho life tseo batho ba bangata kajeno ba li thahasellang? Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Joh. 2:16) Takatso ena e akarelletsa lintho tse kang boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, botumo le matlotlo. Libuka, limakasine, likoranta, lifilimi, mananeo a TV le Inthanete li tletse ka lintho tsa mofuta ona, haholo-holo hobane ke sona seo batho ba bangata ba behileng likelello tsa bona ho sona le seo ba hlileng ba se batlang. Leha ho le joalo, “ho beha kelello nameng ho bolela lefu”—e leng ho shoa moeeng hona joale le ho shoa ka tsela ea sebele nakong e tlang e seng e le haufi. Hobane’ng? “Hobane ho beha kelello nameng ho bolela bora ho Molimo, etsoe ha e tlas’a molao oa Molimo, leha e le hore, ha e le hantle, e ka ba tlas’a oona. Kahoo ba tumellanong le nama ba ke ke ba khahlisa Molimo.”—Bar. 8:7, 8.

17, 18. Ke joang re ka phehellang ho beha likelello tsa rōna linthong tsa moea, hona litholoana tsa seo e tla ba life?

17 Ka lehlakoreng le leng, “ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso”—e leng bophelo bo sa feleng ba nakong e tlang hammoho le ho ba le khotso kelellong le ho ba le khotso le Molimo hona joale. Re ka phehella ho “beha kelello moeeng” joang? Ka hore kamehla re behe likelello tsa rōna linthong tsa moea ’me re loanele ho sekamela linthong tsa moea. Ha re etsa sena, maikutlo a rōna a ba “tlas’a molao oa Molimo” ’me a ba “tumellanong le” monahano oa hae. Ha re lekeha hore re etse ntho e itseng, re tla tseba hantle seo re lokelang ho se etsa. Re tla susumelletseha ho etsa qeto e nepahetseng—e leng e tumellanong le moea.

18 Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re behe likelello tsa rōna linthong tsa moea. Re etsa sena ka hore re ‘hlomelle likelello tsa rōna bakeng sa tšebetso,’ re etse hore lintho tse kang ho rapela kamehla, ho bala le ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste, li tle pele bophelong ba rōna. (1 Pet. 1:13) Ho e-na le ho lumella lintho tsa nama ho re sitisa, a re beheng likelello tsa rōna linthong tsa moea. Ka lebaka leo re tla tsamaea tumellanong le moea. Ho etsa joalo ho tla re tlisetsa litlhohonolofatso, kaha ho beha kelello linthong tsa moea ho bolela bophelo le khotso.—Bagal. 6:7, 8.

Na U ka Hlalosa?

• “Ho hlōleha ha Molao,” e ne e le eng hona Molimo o ile a ho hlōla joang?

• ‘Molao oa sebe le oa lefu’ ke eng, hona re ka lokolloa ho oona joang?

• Re lokela ho etsa’ng e le hore re loanele ho “beha kelello moeeng”?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse maqepheng a 12, 13]

Na u tsamaea tumellanong le nama kapa tumellanong le moea?