“U se ke Ua Itšetleha ka Kutloisiso ea Hao”
“U se ke Ua Itšetleha ka Kutloisiso ea Hao”
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—LIPROV. 3:5.
1, 2. (a) Ke maemo afe ao re ka ’nang ra thulana le ’ona? (b) Ha re sebetsana le maemo a sithabetsang, re etsa liqeto kapa re loantša liteko, ke mang eo re lokelang ho itšetleha ka eena, hona hobane’ng?
MOHIRI oa Cynthia * o se a koetse likarolo tse ling tsa k’hamphani ea hae ’me o se a fokolitse basebetsi ba ’maloa. Cynthia o nahana hore ke eena ea latelang ea tla fokotsoa. O tla etsa’ng haeba a ka felloa ke mosebetsi? O tla lefa litšenyehelo tsa hae joang? Morali’abo rōna oa Mokreste ea bitsoang Pamela o batla ho fallela moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso, na o lokela ho ea? Mohlankana e mong ea bitsoang Samuel o tšoenyehile ka bothata bo bong. O ile a tloaela ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso a sa le monyenyane. Hona joale Samuel o se a le lilemo li ka holimo ho 20 ’me o na le takatso e matla ea ho khutlela mokhoeng oo. A ka loantša takatso eo joang?
2 Ke mang eo u itšetlehang ka eena ha u thulana le maemo a sithabetsang, ha u etsa liqeto tsa bohlokoa kapa u loantša liteko? Na u itšepa bouena kapa u “lahlela moroalo oa hao ho Jehova”? (Pes. 55:22) Bibele e re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” (Pes. 34:15) Kahoo, ruri ke habohlokoa hore re tšepe Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle le hore re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea rōna!—Liprov. 3:5.
3. (a) Ho tšepa Jehova ho akarelletsa eng? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba itšetleha ka kutloisiso ea bona?
3 Ho tšepa Jehova ka pelo eohle ho akarelletsa ho etsa lintho ka tsela eo a batlang hore re li etse ka eona, e leng ho ea ka thato ea hae. Ntho ea bohlokoa e ka re thusang ho etsa seo ke hore re tsoele pele re mo rapela ’me ka lipelo tsohle tsa rōna re kōpe tataiso ea hae. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thatafalloa ke ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng. Ka mohlala, morali’abo rōna oa Mokreste ea bitsoang Lynn o re, “Haesale ke thatafalloa ke ho ithuta ho tšepa Jehova ka ho feletseng.” Hobane’ng? O re, “Ntate oa ka o ne a sa ntsotelle ’me ’mè oa ka o ne a sa ntlhokomele. Kahoo, ke ile ka ithuta ho itlhokomela.” Tsela eo Lynn a hōtseng ka eona e entse hore ho be thata hore a tšepe motho ofe kapa ofe ka ho feletseng. Bokhoni boo motho a nang le bona hammoho le katleho, le tsona li ka etsa hore motho a itšepe. Ha moholo a itšetlehile ka phihlelo eo a nang le eona a ka ’na a sebetsa lintho tse amang phutheho a sa qala pele ka hore a rapele Molimo.
4. Re tla tšohla’ng sehloohong see?
4 Jehova o lebeletse hore re etse boiteko bo matla ba hore re phelele lithapelo tsa rōna le hore re etse lintho tumellanong le thato ea hae. Kahoo, re ka tseba joang ha ho loketse hore re lebelle hore Jehova a re rarollele bothata kapa ha re lokela ho itharollela bona? Ha re etsa liqeto, ke eng eo re lokelang ho e ela hloko? Ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa ha re leka ho loantša liteko? Re tla tšohla lipotso tsena ka ho nahana ka mehlala e hlahang ka Mangolong.
Ha re le Mahlomoleng
5, 6. Ezekiase o ile a etsa’ng ha a ne a sokeloa ke morena oa Assyria?
5 Ha Bibele e bua ka Morena Ezekiase oa Juda 2 Mar. 18:5, 6) Ezekiase o ile a etsa’ng ha Morena Sankeribe oa Assyria a ne a romela manģosa a hae—a akarelletsang Rabshake—Jerusalema hammoho le lebotho le leholo la sesole? Lebotho le matla la Assyria le ne le se le hapile metse e etselitsoeng liqhobosheane ea Juda, ’me joale Sankeribe o ne a batla ho hlasela Jerusalema. Ezekiase o ile a ea ntlong ea Jehova ’me a qala ho rapela a re: “Jehova Molimo oa rōna, ka kōpo, re pholose letsohong la hae, e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena, Jehova, u Molimo u le mong.”—2 Mar. 19:14-19.
e re: “A ’na a khomarela Jehova. Ha aa ka a kheloha ho mo latela, empa a tsoela pele a boloka litaelo tsa hae tseo Jehova a neng a li laetse Moshe.” Ka sebele “o ile a tšepa Jehova Molimo oa Iseraele.” (6 Ezekiase o ile etsa lintho tse lumellanang le thapelo ea hae. Esita le pele a nyolohela tempeleng ho ea rapela, o ile a laela sechaba hore se se ke sa araba ha Rabshake a se nyelisa. Ezekiase o ile a boela a romela moifo ho moprofeta Esaia, ho kōpa keletso ho eena. (2 Mar. 18:36; 19:1, 2) Ezekiase o ile a nka bohato boo ka tšoanelo a neng a lokela ho bo nka. Ketsahalong ena, ha aa ka a leka ho batla tharollo e khahlanong le thato ea Jehova ka hore a batle thuso naheng ea Egepeta kapa lichabeng tsa boahelani. Ho e-na le hore Ezekiase a itšetlehe ka kutloisiso ea hae, o ile a tšepa Jehova. Ka mor’a hore lengeloi la Jehova le bolaee banna ba 185 000 ba Sankeribe, Sankeribe o ile “a tsamaea” ’me a khutlela Ninive.—2 Mar. 19:35, 36.
7. Re ka khothatsoa joang ke thapelo ea Anna le ea Jonase?
7 Anna, e leng mosali oa monna oa Molevi ea bitsoang Elkana, le eena o ile a itšetleha ka Jehova ha a ne a le mahlomoleng ka lebaka la ho se be le ngoana. (1 Sam. 1:9-11, 18) Moprofeta Jonase o ile a pholosoa mpeng ea tlhapi e khōlō ka mor’a hore a rapele a re: “Ke ile ka hoeletsa ho Jehova ke le mahlomoleng a ka, ’me a nkaraba. Ka hooa ho kōpa thuso ke le ka mpeng ea Sheole. U ile ua utloa lentsoe la ka.” (Jon. 2:1, 2, 10) Ruri hoa khothatsa ho tseba hore ho sa tsotellehe hore na boemo bo bobe hakae, re ka etsa ‘kōpo ea mohau’ ho Jehova!—Bala Pesaleme ea 55:1, 16.
8, 9. Lithapelo tsa Ezekiase, Anna le Jonase li bontša hore ba ne ba amehile ka eng, hona re ithuta’ng ho see?
8 Mohlala oa Ezekiase, Anna le Jonase o boetse o re ruta thuto ea bohlokoa haholo mabapi le seo re lokelang ho se rapella ha re le mahlomoleng. Boraro ba bona ba ile ba utloa bohloko haholo moeeng ha ba ne ba selebaletsoe. Leha ho le joalo, lithapelo tsa bona li bontša hore ba ne ba sa ameha feela ka hore bona ba tsoe mathateng. Lintho tseo e neng e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho bona e ne e le lebitso la Molimo, borapeli ba hae le hore ho etsoe thato ea hae. Ezekiase o ile a utloisoa bohloko ke hore ebe lebitso la Jehova le ne le nyelisoa. Anna o ile a etsa tšepiso ea hore o ne a tla fana ka mora eo a neng a labalabela ho ba le eena hore a sebeletse tabernakeleng e Shilo. Jonase o ile a re: “Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha.”—Jon. 2:9.
9 Ha re rapella hore re ntšoe mathateng, e ka ba hantle hore re hlahlobe hore na ke eng e re susumetsang ho rapela. Na re amehile feela ka hore re tsoe mathateng ao kapa re nahana ka Jehova le morero oa hae? Mathata a rōna a ka etsa hore re amehe ka boemo ba rōna hoo re ka qetellang re se re hlokomoloha lintho tsa moea. Ha re rapela hore Molimo a re thuse, a re tsepamiseng mehopolo ho Jehova, tabeng ea hore lebitso la hae le halaletsoe le hore ho tlosoe qoso bobusing ba hae. Ho etsa seo ho tla re thusa hore re lule re e-na le tšepo esita le haeba tharollo eo re neng re e lebeletse e sa atlehe. Karabo ea lithapelo tsa rōna e ka ’na ea e-ba hore re lokela ho mamella boemo boo re leng ho bona ka thuso ea Molimo.—Bala Esaia 40:29; Bafilipi 4:13.
Ha re Etsa Liqeto
10, 11. Josafate o ile a etsa’ng ha a ne a thulana le bothata boo a neng a sa tsebe hore na o tla bo rarolla joang?
10 U etsa liqeto tsa bohlokoa joang bophelong? Na ebe mohlomong u etsa qeto pele ebe
u rapela Jehova hore a hlohonolofatse qeto eo u e entseng? Nahana ka seo morena oa Juda e leng Josafate a ileng a se etsa ha mabotho a kopaneng a Moabe le Baamone a ne a mo hlasela. Juda e ne e se na matla a hore e ka ba loantša. Josafate o ne a tla nka bohato bofe?11 Bibele e re: ‘Josafate o ile a tšoha ’me a etsa hore sefahleho sa hae se batle Jehova.’ O ile a phatlalatsa hore Bajuda bohle ba itime lijo ’me a phutha sechaba “ho botsa Jehova.” Joale Josafate o ile a ema phuthehong ea Juda le ea Jerusalema ’me a rapela. O ile a rapela a re: “Molimo oa rōna, na u ke ke ua phethahatsa kahlolo holim’a bona? Etsoe ha re na matla ka pel’a bongata bona bo boholo bo re futuhelang; ha re tsebe seo re tšoanelang ho se etsa, empa mahlo a rōna a talimile ho uena.” Molimo oa ’nete o ile a utloa thapelo ea Josafate ’me a ba pholosa ka mohlolo. (2 Likron. 20:3-12, 17) Ha re etsa liqeto, haholo-holo tse ka ’nang tsa ama bomoea ba rōna, na ha rea lokela ho itšetleha ka Jehova ho e-na le hore re itšetlehe ka kutloisiso ea rōna?
12, 13. Morena Davida o ile a beha mohlala ofe mabapi le ho etsa liqeto?
12 Re lokela ho etsa’ng haeba re thulana le bothata boo ho ka ’nang ha bonahala ho le bonolo ho bo rarolla—mohlomong hobane phihlelo eo re bileng le eona e re thusa ho nahana kapele hore na tharollo e ka ba efe? Tlaleho e buang ka Morena Davida e re thusa hore re utloisise taba ena. Ha Baamaleke ba ne ba hlasela motse oa Ziklage, ba ile ba hapa basali ba Davida le bana ba hae hammoho le ba banna ba hae. Davida o ile a botsa Jehova a re: “Na ke lelekise sehlopha see sa bafutuhi?” Jehova o ile a araba a re: “E-ea u se lelekise, etsoe ruri u tla se fihlela, ’me ruri u tla fana ka topollo.” Davida o ile a mamela, eaba o “lopolla tsohle tseo Baamaleke ba neng ba li nkile.”—1 Sam. 30:7-9, 18-20.
13 Nakoana ka mor’a hore Baamaleke ba hlasele, Bafilista ba ile ba hlasela Baiseraele. Davida o ile a boela a botsa Jehova ’me a fumana karabo e hlakileng. Molimo o ile a re: “Nyoloha, kaha ruri ke tla nehelana ka Bafilista matsohong a hao.” (2 Sam. 5:18, 19) Nakoana ka mor’a moo, Bafilista ba ile ba boela ba hlasela Davida. Joale lekhetlong lee o ne a tla etsa’ng? O ne a ka ’na a re: ‘Ke ile ka thulana le bothata bo tšoanang le bona ka makhetlo a mabeli pele ho mona. E re ke hlasele lira tsa Molimo joalokaha ke ile ka etsa nakong eo.’ Kapa na ebe Davida o ne a tla kōpa tataiso ea Jehova? Davida ha aa ka a itšetleha ka phihlelo ea hae ea nako e fetileng. O ile a boela a rapela Jehova. Ruri e tlameha ebe o ile a thaba hore ebe o ile a etsa joalo! Litaelo tseo a ileng a li fuoa lekhetlong lena li ne li fapane. (2 Sam. 5:22, 23) Ha re thulana le boemo kapa bothata bo tšoanang, re lokela ho ela hloko hore re se ke ra itšetleha feela ka phihlelo ea rōna ea nako e fetileng.—Bala Jeremia 10:23.
14. Re ithuta’ng tseleng eo Joshua le banna ba baholo ba Iseraele ba ileng ba sebetsana le Bagibeone ka eona?
14 Kaha kaofela ha rōna ha rea phethahala—esita le baholo ba nang le boiphihlelo—ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba lebala ho batla tataiso ea Jehova ha ba etsa liqeto. Nahana ka seo mohlahlami oa Moshe e leng Joshua hammoho le banna ba baholo ba Iseraele ba ileng ba se etsa ha Bagibeone ba bohlale ba neng ba ikhakantse ba tla ho bona ’me ba etsa eka ba tsoa naheng e hōle. Joshua le ba bang ba ile ba bōpa khotso le Bagibeone ntle le hore ba botse Jehova, ’me ba etsa selekane le bona. Le hoja Jehova a ile a tšehetsa tumellano eo, o ile a tiisa hore taba ena ea hore ba ile ba hlōleha ho kōpa tataiso ea hae e tlalehoa ka Mangolong molemong oa rōna.—Josh. 9:3-6, 14, 15.
Ha re Thatafalloa ho Hlōla Liteko
15. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha thapelo e le ea bohlokoa e le hore motho a ka hlōla liteko.
15 Kaha re na le “molao oa sebe” lithong tsa rōna, re lokela ho loantša tšekamelo ea boetsalibe ka matla. (Bar. 7:21-25) Ena ke ntoa eo re ka e hlōlang. Re ka e hlōla joang? Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore thapelo ke ea bohlokoa ’me e ka ba thusa hore ba hlōle liteko. (Bala Luka 22:40.) Esita leha litakatso kapa menahano e fosahetseng e ntse e tsoela pele le ka mor’a hore re rapele Molimo, re lokela hore re “’ne [re] kōpe Molimo” hore a re fe bohlale ba hore re hlōle teko ena. Re tiisetsoa hore “o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.” (Jak. 1:5) Jakobo o ile a boela a ngola a re: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole.”—Jak. 5:14, 15.
16, 17. Ha re kōpa thuso ea ho hlōla liteko, ho ka ba molemo hore re rapele neng?
16 Thapelo ke ea bohlokoa ’me e ka re thusa hore re hlōle liteko, empa re lokela ho ela hloko hore re rapele ka nako e nepahetseng. Nahana ka mohlankana e mong eo ho buuoang ka eena ho Liproverbia 7:6-23. Nakong ea mantsiboea, o tsamaea seterateng seo ho tsebahalang hore mosali ea boitšoaro bo bobe o lula ho sona. A khelositsoe ke ho susumetsa ha hae ebile a ekiloe ke molomo oa hae o boreleli, o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong. Mohlankana eo o ne a il’o batla’ng moo? Kaha ‘pelo ea hae e ne e haelloa,’ e leng se bolelang hore o ne a se na phihlelo, ho ka ’na ha etsahala hore ebe o ne a loana le litakatso tse fosahetseng. (Liprov. 7:7) Thapelo e ka be e ile ea mo thusa haholo neng? Ho hlakile hore haeba a ne a ile a rapela neng kapa neng ha a ne a thulana le teko eo, seo se ka be se ile sa mo tsoela molemo. Empa ho ka be ho ile ha e-ba molemo haholo haeba a ne a ile a rapela nakong eo a neng a qala ho ba le monahano oa ho tsamaea seterateng seo.
17 Kajeno, e ka ’na eaba monna o leka ka thata hore a se ke a shebella litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Leha ho le joalo, a re re mohlomong o kena liwebsaeteng tsa Inthanete tseo a tsebang hore li na le litšoantšo kapa livideo tse tsosang takatso. Na boemo ba hae bo ke ke ba tšoana le ba mohlankana eo ho builoeng ka eena ho Liproverbia khaolo ea 7? Ruri ho ne ho tla tšoana le ha a tsamaea tseleng e kotsi! Motho o lokela ho kōpa Jehova ka thapelo hore a mo thuse ho hlōla teko ea ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso pele a ka sebelisa Inthanete.
18, 19. (a) Ke hobane’ng ha ho hlōla liteko ho ka ba thata, empa u ka hlōla bothata boo joang? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?
18 Ha ho bonolo ho hlōla teko kapa mokhoa o mobe. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Nama e khahlanong le moea takatsong ea eona, ’me moea o khahlanong le nama.” Ka lebaka leo, ‘lintho tseo re lakatsang ho li etsa ha re li etse.’ (Bagal. 5:17) E le hore re hlōle bothata bona, ha re qala ho tleloa ke menahano e mebe kapa re lekeha hore re etse lintho tse itseng re lokela ho rapela ka tieo, ’me ka mor’a moo re etse lintho tse lumellanang le lithapelo tsa rōna. “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho,” ’me ka thuso ea Jehova, re ka lula re tšepahala ho eena.—1 Bakor. 10:13.
19 Ebang re sebetsana le boemo bo boima, re etsa liqeto tsa bohlokoa kapa re leka ho hlōla liteko, Jehova o re file mpho e babatsehang—e leng tokisetso ea bohlokoa ea thapelo. Ha re rapela re bontša hore re itšetlehile ka eena. Re boetse re lokela ho lula re kōpa Molimo hore a re fe moea o halalelang o re tataisang le o re matlafatsang. (Luka 11:9-13) E se eka re ka tšepa Jehova ’me re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 1 Mabitso a fetotsoe.
Na U sa Hopola?
• U ithutile eng ho Ezekiase, Anna le Jonase mabapi le ho tšepa Jehova?
• Mohlala oa Davida le Joshua o bontša joang hore re lokela ho ba hlokolosi ha re etsa liqeto?
• Ke neng ka ho khetheha re lokelang ho rapela ha re lekeha hore re etse ntho e itseng?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Thapelo e ka re tsoela molemo ka ho fetisisa neng e le hore re hlōle liteko?