Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo—Ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo

Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo—Ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo

Batho ba Tšepahalang ba Boholo-holo—Ba Ile ba Tataisoa ke Moea oa Molimo

“’Musi Morena Jehova o nthomile, [le] oona moea oa hae.”—ESA. 48:16.

1, 2. Ke’ng e hlokahalang e le hore re bonahatse tumelo, hona re ka fumana khothatso efe ka hore re hlahlobe mehlala ea batho ba tšepahalang ba boholo-holo?

LE HOJA tumelo e ’nile ea bonahala ho tloha mehleng ea Abele, “hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathes. 3:2) Joale ke hobane’ng ha motho a e-na le tšobotsi ee, ’me ke’ng e mo thusang hore a tšepahale? Ka tsela e itseng, tumelo e latela lintho tse utloiloeng Lentsoeng la Molimo. (Bar. 10:17) Ke tšobotsi ea tholoana ea moea o halalelang oa Molimo. (Bagal. 5:22, 23) Ka hona, e le hore re bonahatse tumelo, re hloka moea o halalelang.

2 Re tla be re etsa phoso haeba re ka nahana hore banna le basali ba tumelo ba tsoetsoe ba se ba ntse ba e-na le tumelo. Bahlanka ba Molimo ba re behetseng mohlala o motle bao re balang ka bona ka Bibeleng, e ne e le batho ba “nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jak. 5:17) Ba ne ba e-na le lipelaelo, ba ikhalala ba bile ba e-na le mefokolo, empa ba ile “ba etsoa ba matla” ke moea oa Molimo ha ba ne ba thulana le mathata. (Baheb. 11:34) Ha re hlahloba tsela eo moea oa Jehova o neng o sebetsa ka eona ho bona, le rōna kajeno re ka khothala ’me ra tsoela pele re tšepahala, haholo-holo kaha re phela nakong ena eo tumelo ea rōna e lekoang.

Moea oa Molimo o Ile oa Matlafatsa Moshe

3-5. (a) Re tseba joang hore Moshe o ile a etsa lintho ka thuso ea moea o halalelang? (b) Mohlala oa Moshe o re ruta’ng mabapi le tsela eo ka eona Jehova a fanang ka moea oa hae?

3 Har’a batho bohle ba neng ba phela ka 1513 B.C.E., Moshe e ne e le eena ea “bonolo haholo.” (Num. 12:3) Mohlanka enoa ea bonolo o ne a filoe boikarabelo bo boholo sechabeng sa Iseraele. Moea oa Molimo o ile oa matlafatsa Moshe hore a profete, a ahlole, a ngole, a etelle sechaba pele a be a etse mehlolo. (Bala Esaia 63:11-14.) Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe, Moshe o ile a tletleba ka hore mosebetsi o ne o le boima haholo. (Num. 11:14, 15) Kahoo, Jehova o ile a “nka o mong oa moea” o neng o le holim’a Moshe eaba o o beha ho ba bang ba 70 e le hore ba mo thuse ho jara mosebetsi. (Num. 11:16, 17) Le hoja mosebetsi oa Moshe o ne o bonahala o le boima haholo, ha e le hantle o ne a ntse a sa o jara a le mong—ka ho tšoanang le ba 70 ba neng ba khethiloe hore ba mo thuse, ba ne ba sa tl’o o jara ba le bang.

4 Moshe o ne a filoe moea o halalelang o neng o lekane hore a etse mosebetsi oa hae. Ka mor’a phetoho eo, Moshe o ne a ntse a e-na le moea oo a neng a o hloka. Hase hore Moshe o ne a e-na le o fokolang haholo kapa hore banna ba baholo ba 70 bona ba ne ba e-na le o mongata haholo. Jehova o re fa moea oa hae oo re o hlokang ho latela litlhoko tsa rōna le ho ea ka maemo a rōna. “Ha a fane ka moea ka tekanyo” empa o fana ka oona “ho tsoa botlalong ba hae.”—Joh. 1:16; 3:34.

5 Na u mamelletse liteko? Na u ikutloa eka boikarabelo ba hao bo ntse bo eketseha ’me bo ja nako ea hao e ngata? Na u etsa boiteko ba ho hlokomela lelapa la hao moeeng le nameng le hoja litheko tsa lintho li ntse li phahama kapa u tšoenyehile ka maemo a hao a bophelo? Na u jere boikarabelo bo boima ka phuthehong? Kholiseha hore ka moea oa hae, Molimo a ka u fa matla ao u a hlokang e le hore u sebetsane le maemo leha e le afe.—Bar. 15:13.

Moea o Halalelang o Ile oa Etsa Hore Bezaliele a Tšoanelehe

6-8. (a) Moea oa Molimo o ile oa thusa Bezaliele le Oholiabe hore ba etse’ng? (b) Ke’ng e bontšang hore Bezaliele le Oholiabe ba ne ba tataisoa ke moea oa Molimo? (c) Ke hobane’ng ha ka ho khetheha phihlelo ea Bezaliele e khothatsa?

6 Phihlelo ea motho e mong ea phetseng mehleng ea Moshe e leng Bezaliele, e bontša kamoo moea oa Molimo o ka sebetsang kateng. (Bala Exoda 35:30-35.) Bezaliele o ile a khethoa hore a etelle pele mosebetsing oa ho etsa thepa e neng e hlokahala tabernakeleng. Na o ne a e-na le tsebo ea mosebetsi oa matsoho pele ho mosebetsi oo o moholo? Mohlomong o ne a e-na le eona, empa ho ka etsahala hore ebe mosebetsi oo a neng a sa tsoa o etsa e ne e le oa ho etsetsa Baegepeta litene. (Ex. 1:13, 14) Kahoo, Bezaliele o ne a tla phetha mosebetsi oo o thata joang? Jehova o ile a “mo tlatsa ka moea oa Molimo ka bohlale, ka kutloisiso le ka tsebo le ka tsebo ea mofuta o mong le o mong ea mesebetsi ea matsoho le ho qapa lisebelisoa . . . ho etsa lihlahisoa tse bontšang bohlale tsa mofuta o mong le o mong.” Talenta leha e le efe eo e ka ’nang eaba Bezaliele o ne a e-na le eona e ile ea ntlafatsoa ke moea o halalelang. Ho joalo le ka Oholiabe. E tlameha ebe Bezaliele le Oholiabe ba ne ba ithutile mosebetsi hantle, hobane ha baa ka ba etsa mosebetsi oa bona feela empa ba ile ba boela ba ruta le ba bang mosebetsi. Ka sebele Molimo o ile a kenya ka lipelong tsa bona hore ba rute.

7 Bopaki bo bong ba hore Bezaliele le Oholiabe ba ne ba tataisoa ke moea oa Molimo ke hore mosebetsi oa bona o ile oa tšoarella ka tsela e tsotehang. Lintho tseo ba ileng ba li etsa li ne li ntse li sebelisoa lilemo tse ka bang 500 hamorao. (2 Likron. 1:2-6) Ho fapana le baetsi ba thepa ba kajeno, Bezaliele le Oholiabe ba ne ba se na thahasello ea ho iketsetsa lebitso ka lintho tseo ba li entseng. Tlotla eohle e ile ea isoa ho Jehova ka seo ba neng ba se finyelletse.—Ex. 36:1, 2.

8 Kajeno, re ka ’na ra tlameha ho etsa mesebetsi e thata e hlokang tsebo e khethehileng, e kang mosebetsi oa kaho, oa khatiso, ho hlophisa likopano, ho laola mosebetsi oa ho aba liphallelo le ho buisana le lingaka le batho ba sebetsang lipetlele ka boemo ba rōna ba Mangolo mabapi le tšebeliso ea mali. Ka linako tse ling, mesebetsi ena e etsoa ke batho ba nang le tsebo ea mosebetsi, empa hangata e etsoa ke baithaopi ba se nang tsebo e khethehileng ea mosebetsi. Moea oa Molimo o atlehisa boiteko ba bona. Na u kile ua ba leqe ho amohela kabelo e itseng tšebeletsong ea Jehova, hobane u ikutloa eka batho ba bang ba tšoaneleha ho u feta? Hopola hore moea oa Jehova o ka ntlafatsa tsebo le bokhoni ba hao ’me oa u thusa hore u phethe kabelo efe kapa efe eo a u fang eona.

Moea oa Molimo o Ile oa Thusa Joshua Hore a Atlehe

9. Baiseraele ba ile ba iphumana ba le boemong bofe ka mor’a hore ba falle Egepeta, ’me ho ile ha hlaha potso efe?

9 Moea oa Molimo o ile oa boela oa tataisa motho e mong ea phetseng mehleng ea Moshe le Bezaliele. Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba falle Egepeta, Baamaleke ba ile ba hlasela sechaba sa Molimo ntle ho lebaka. E ne e le nako ea hore Baiseraele ba nke bohato ka tlhaselo eo. Le hoja Baiseraele ba ne ba sa tloaela ho loana, ba ne ba tlameha ho loana ntoa ea bona ea pele e le sechaba se lokolohileng. (Ex. 13:17; 17:8) Ho ne ho hlokahala motho ea tla etella pele lebotho la sesole. E ne e tla ba mang?

10. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba hlōla ntoeng ha ba ne ba etelletsoe pele ke Joshua?

10 Ho ile ha khethoa Joshua. Empa haeba a ne a tšoanela ho bolela hore na o na le boiphihlelo ba mesebetsi efe e le hore a tšoanelehe ho phetha thōmo eo, a ka be a ile a bolela efe? Hore e ne e le lekhoba? Motho ea kopanyang setoroi? Kapa ea bokellang manna? Ke ’nete hore ntate-moholo oa Joshua e leng Elishama, e ne e le morenana oa moloko oa Efraime ’me mohlomong o ile a etella pele banna ba 108 100 ba lihlopha tsa meloko e meraro ea Iseraele. (Num. 2:18, 24; 1 Likron. 7:26, 27) Leha ho le joalo, Jehova o ile a laela Moshe hore Joshua e be eena ea neng a tla etella pele lebotho la sesole le neng le tla hlōla ba lireng, eseng Elishama kapa mor’a hae Nune. Ba ile ba loana hoo e batlang e le letsatsi kaofela. Kaha Joshua o ile a mamela Molimo ka botlalo ’me a ananela tataiso ea moea oa hae o halalelang, Baiseraele ba ile ba hlōla.—Ex. 17:9-13.

11. Joaloka Joshua, re ka atleha joang tšebeletsong e halalelang?

11 Hamorao Joshua ea neng “a tletse moea oa bohlale,” o ile a hlahlama Moshe. (Deut. 34:9) Moea o halalelang ha oa ka oa etsa hore Joshua a be le bokhoni ba ho profeta kapa ba ho etsa mehlolo joaloka Moshe, empa o ile oa mo thusa hore a etelle Baiseraele pele lintoeng tseo ba ileng ba li loana e le hore ba hlōle naha ea Kanana. Kajeno, re ka ’na ra ikutloa eka ha re na boiphihlelo kapa ha re tšoanelehe ho phetha likarolo tse itseng tsa tšebeletso ea rōna e halalelang. Leha ho le joalo, joaloka Joshua, Molimo o re tiisetsa hore re tla atleha haeba re khomarela litaelo tsa hae ka botlalo.—Josh. 1:7-9.

“Moea oa Jehova oa Aparela Gideone”

12-14. (a) Taba ea hore ebe banna ba 300 ba ile ba hlōla letšoele la Bamidiane e bontša’ng? (b) Jehova o ile a khothatsa Gideone joang? (c) Kajeno Molimo o re tiisetsa eng?

12 Ka mor’a lefu la Joshua, Jehova o ile a tsoela pele ho bonahatsa kamoo matla a hae a ka matlafatsang batho ba tšepahalang kateng. Buka ea Baahloli e na le litlaleho tse ngata tsa batho bao “ho tloha boemong ba ho fokola [ba ileng] ba etsoa ba matla.” (Baheb. 11:34) Molimo o ile a susumetsa Gideone ka moea oa hae o halalelang hore a loanele batho ba Hae. (Baahl. 6:34) Leha ho le joalo, lebotho la Bamidiane le ne le feta lebotho leo Gideone a neng a le bokeletse, ka masole a mane ho le le leng. Jehova o ne a nka hore le lebotho leo le lenyenyane la Baiseraele le ne le le leholo haholo. O ile a laela Gideone ka makhetlo a mabeli hore a fokotse lebotho ho fihlela ba lireng ba feta masole a Baiseraele ka masole a 450 ho lesole le le leng. (Baahl. 7:2-8; 8:10) Jehova o ile a amohela eona palo eo. Haeba Baiseraele ba ne ba ka hlōla, ke mang ea neng a tla ikotla sefuba ka hore ba hlōtse ka matla kapa bohlale ba motho?

13 Gideone le lebotho la hae ba ne ba se ba le malala-a-laotsoe. Haeba u ne u le karolo ea sehlopha seo se senyenyane, na u ne u tla ikutloa u sireletsehile kaha u tseba hore ho fokolitsoe batho ba neng ba tšohile le ba neng ba se seli sehlopheng sa lōna? Kapa u ka be u ile ua sehoa ke letsoalo ha u nahana ka hore na ntoa e ka ’na ea tsamaea joang? Re kholisehile hore Gideone o ile a tšepa Molimo. O ile a etsa seo a neng a laetsoe hore a se etse! (Bala Baahloli 7:9-14.) Jehova ha aa ka a khalemela Gideone ka lebaka la hore ebe o ile a kōpa pontšo ea hore Molimo o tla ba le eena. (Baahl. 6:36-40) Ho e-na le moo, o ile a matlafatsa tumelo ea Gideone.

14 Matla a Jehova a pholosang a ke ke a lekanngoa. A ka pholosa batho ba hae maqakabetsing afe kapa afe, esita le ka ho sebelisa batho ba bonahalang eka baa fokola. Ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa eka batho ba khahlanong le rōna ba bangata kapa ra bona re sa tsebe hore na re nke eng re e kopanye le eng. Ha rea lebella hore Molimo a re fe lipontšo tsa mohlolo tse kang tseo a ileng a li fa Gideone, empa a ka re tataisa a ba a re khothatsa ka Bibele le phutheho e tsamaisoang ke moea oa hae. (Bar. 8:31, 32) Litšepiso tsa Jehova tse lerato li matlafatsa tumelo ea rōna ebile li re kholisa hore ka sebele ke Mothusi oa rōna!

“Joale Moea oa Jehova oa Tla Holim’a Jafeta”

15, 16. Ke hobane’ng ha morali oa Jafeta a ne a e-na le maikutlo a matle, hona see se khothatsa batsoali joang?

15 Nahana ka mohlala o mong. Ha Baiseraele ba ne ba lokela ho loana le Baammone, moea oa Jehova o ile “oa tla holim’a Jafeta.” Kaha Jafeta o ne a labalabela hore a hlōle e le hore Jehova a tlotlisoe, o ile a etsa boitlamo bo ileng ba hloka boitelo bo boholo. O ile a itlama hore haeba Molimo a ka nehelana ka Baammone letsohong la hae, oa pele ea tsoelang ka ntle ho mamati a ntlo ea hae ha a khutlela hae e tla ba oa Jehova. Ha Jafeta a khutla a hlōtse Baammone, morali oa hae o ile a tla a matha ho tla mo khahlanyetsa. (Baahl. 11:29-31, 34) Na see se ile sa makatsa Jafeta? Ha ho bonahale eka ho joalo kaha o ne a e-na le ngoana a le mong feela. O ile a phethahatsa boitlamo ba hae ka hore a nehelane ka morali oa hae hore a etse tšebeletso e khethehileng sehalalelong sa Jehova se Shilo. Kaha morali oa Jafeta e ne e le morapeli oa Jehova ea tšepahalang, o ne a kholisehile hore boitlamo boo ntate oa hae a bo entseng bo lokela ho phethahatsoa. (Bala Baahloli 11:36.) Moea oa Jehova o ile oa fa Jafeta le morali oa hae matla ao ba neng ba a hloka.

16 Morali oa Jafeta o ile a ba le moea oo oa boitelo joang? Ha ho pelaelo hore tumelo ea hae e ile ea matlafala ha a bona cheseho ea ntate oa hae le tsela eo a neng a inehetse ho Molimo ka eona. Batsoali, bana ba lōna ba hlokomela mohlala oo le o behang. Liqeto tseo le li etsang li bontša hore le lumela seo le se buang. Bana ba lōna ba mamela lithapelo tsa lōna tse tiileng hammoho le thuto eo le ba rutang eona ’me ba bona boiteko bohle boo le bo etsang ba hore le sebeletse Jehova ka lipelo tsa lōna tsohle. Ha bana ba lōna ba etsa sena, ho ka etsahala hore ba tla ba le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova. Sena se tla le thabisa haholo.

‘Moea oa Jehova o Ile oa Sebetsa ho’ Samsone

17. Moea oa Molimo o ile oa thusa Samsone ho etsa’ng?

17 Nahana ka mohlala o mong. Ha Bafilista ba ne ba isitse Baiseraele botlamuoeng, ‘ka mor’a nako moea oa Jehova oa qala ho susumetsa’ Samsone hore a lopolle Baiseraele. (Baahl. 13:24, 25) Molimo o ile a fa Samsone matla ao ho neng ho se na motho ea nang le ’ona. Ha Bafilista ba ne ba susumetsa Baiseraele hore ba tšoare Samsone, “moea oa Jehova o [ile oa] sebetsa ho eena, ’me liropo tse neng li le matsohong a hae tsa e-ba joaloka likhoele tsa line tse tlabotsoeng mollong, hoo litlamo tsa hae li ileng tsa qhibiliha matsohong a hae.” (Baahl. 15:14) Esita leha a ne a se a fokola ka lebaka la qeto ea hae e booatla, Samsone o ile a etsoa ea matla “ka tumelo.” (Baheb. 11:32-34; Baahl. 16:18-21, 28-30) Moea oa Jehova o ile oa sebetsa ho Samsone ka tsela e ikhethang ka lebaka la maemo a sa tloaelehang. Leha ho le joalo, liketsahalo tsena tsa mehleng ea khale li re khothatsa haholo. Li re khothatsa joang?

18, 19. (a) Se etsahetseng ho Samsone se re tiisetsa’ng? (b) U ruile molemo ofe ka ho hlahloba mehlala ea batho ba tšepahalang bao ho builoeng ka bona sehloohong see?

18 Le rōna re tšepile moea o halalelang oo Samsone a neng a o tšepile. Re etsa sena ha re phetha mosebetsi oo Jesu a o fileng balateli ba hae, e leng oa hore “re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.” (Lik. 10:42) Mosebetsi ona o hloka bokhoni boo e ka ’nang eaba ha re na bona ka tlhaho. Ruri rea thaba hore ebe Jehova o sebelisa moea oa hae ho re thusa hore re phethe mesebetsi e fapa-fapaneng eo a re fileng eona! Kahoo, ha re ntse re phethahatsa thomo ea rōna re ka bua mantsoe a ileng a buuoa ke moprofeta Esaia ha a ne a re: “’Musi Morena Jehova o nthomile, [le] oona moea oa hae.” (Esa. 48:16) Ka sebele, ke moea oa Molimo o re romileng! Re phetha mosebetsi re kholisehile hore Jehova o tla re thusa hore re ntlafatse bokhoni ba rōna joalokaha a ile a thusa Moshe, Bezaliele le Joshua. Re nka “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo,” re kholisehile hore o tla re matlafatsa joalokaha a ile a matlafatsa Gideone, Jafeta le Samsone. (Baef. 6:17, 18) Ha re tšepile Jehova hore a re thuse ho hlōla mathata, re ka ba matla moeeng ka tsela eo Samsone a neng a le matla ka eona ’meleng.

19 Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba emelang borapeli ba ’nete ka sebete. Tumelo ea rōna e ba matla ha re lumella moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ho rōna. Ka hona, re tla thabela ho hlahloba liketsahalo tse ling tse thabisang tse tlalehiloeng ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Litlaleho tseo li tla bontša kamoo moea oa Jehova o ileng oa sebetsa kateng ho bahlanka ba hae ba tšepahalang lekholong la pele la lilemo, pele le ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Re tla tšohla litlaleho tsena sehloohong se latelang.

Ke hobane’ng ha u khothatsoa ke ho tseba hore na moea oa Molimo o ile oa sebetsa joang ho . . .

• Moshe?

• Bezaliele?

• Joshua?

• Gideone?

• Jafeta?

• Samsone?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Moea oa Molimo o ka etsa hore re be matla moeeng ka tsela eo Samsone a neng a le matla ka eona ’meleng

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Batsoali, mohlala oa lōna o motle o tla etsa hore bana ba lōna ba batle ho sebeletsa Jehova