Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etsa Liphetoho ho Ntsoetse Molemo

Ho Etsa Liphetoho ho Ntsoetse Molemo

Ho Etsa Liphetoho ho Ntsoetse Molemo

Joalokaha ho boletse James A. Thompson

Ke hlahetse karolong e ka boroa ea United States, ka 1928, ’me ka nako eo makhooa le batho ba batšo ba ne ba arotsoe ka morabe ka molao. Haeba motho a ne a ka tlōla molao oo o ne a ka koalloa chankaneng kapa a etsahalloa ke ntho e mpe ho feta eo.

KA NAKO eo, likarolong tse ling tsa United States, Lipaki Tsa Jehova tsa makhooa le tsa batho ba batšo li ne li lokela ho kopanela liphuthehong tse sa tšoaneng, ho ba lipotolohong tse sa tšoaneng le ho ea likopanong tsa setereke tse sa tšoaneng. Ka 1937, ntate oa ka e ile ea e-ba company servant, (eo hona joale a seng a bitsoa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo) phuthehong ea batho ba batšo ea Chattanooga, Tennessee. Henry Nichols e ne e le company servant phuthehong ea makhooa.

Ke sa ntse ke hopola kamoo ha ke ne ke sa le monyenyane, ke neng ke thabela ho lula foranteng ea lapeng e ka morao bosiu, ke mametse ha Ntate le Mor’abo rōna Nichols ba qoqa. Le hoja ke ne ke sa utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba bua ka eona, ke ne ke thabela ho ba lehlakoreng la Ntate, ha ba ne ba bua ka hore na ba ne ba ka ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli ka tsela e molemo joang tlas’a maemo a neng a rena ka nako eo.

Qalong ea selemo sa 1930, lelapa leso le ile la hlaheloa ke koluoa. ’Mè, ea neng a le lilemo li 20 feela, o ile a hlokahala. Ntate o ile a tlameha ho hlokomela ausi oa ka e leng Doris, ea neng a le lilemo li ’nè, hammoho le ’na, ’me ’na ke ne ke le lilemo li peli feela. Le hoja e ne e se khale Ntate a kolobelitsoe, o ile a tsoela pele hantle moeeng.

Batho ba Ileng ba Ntšusumetsa Bophelong

Ka 1933, Ntate o ile a kopana le morali’abo rōna oa Mokreste ea babatsehang ea bitsoang Lillie Mae Gwendolyn Thomas, ’me hamorao ba ile ba nyalana. Ka bobeli Ntate le ’Mè ba ile ba re behela mohlala o motle oa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Ka 1938 liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kōptjoa ho tšehetsa qeto ea hore baholo ba liphutheho ba khethoe ntlo khōlō ea rōna e Brooklyn, New York, ho e-na le hore ba khethoe liphuthehong. E ile eare ha batho ba bang ba Chattanooga ba e-ba lekhonono ho amohela phetoho eo, Ntate o ile a bolela hore o tšehetsa phetoho eo e entsoeng ke mokhatlo ka botlalo. Mohlala oa hae oa botšepehi—hammoho le tšehetso eo ’Mè a ileng a mo fa eona ka pelo eohle—o nthusitse ho tla fihlela kajeno.

Ho Kolobetsoa le ho ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng

Ka 1940 batho ba sehlotšoana phuthehong ea heso ba ile ba hira bese ho ea kopanong e neng e tšoaretsoe Detroit, Michigan. Ba ’maloa bao re neng re tsamaea le bona ka bese ba ile ba kolobetsoa kopanong eo. Batho ba bang ba ile ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha ’na ke sa ka ka kolobetsoa kaha esale ke bolela litaba tse molemo ho tloha ha ke le lilemo li hlano ebile ke ne ke chesehela mosebetsi oa boboleli.

Ha ba mpotsa ka taba eo, ke ile ka re, “Ha ke utloisise hore na ha e le hantle kolobetso e bolela’ng.” Ntate o ile a nkutloa ’me o ile a makala. Ho tloha ka nako eo, o ile a etsa boiteko bo matla ba hore a nthuse ho utloisisa hore na kolobetso e bolela’ng le hore na ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa. Likhoeli tse ’nè hamorao, ha ho ne ho bata haholo ka la 1 October, 1940, ke ile ka kolobetsoa letangoaneng, ka ntle ho motse oa Chattanooga.

Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka qala ho bula maliboho nakong ea phomolo ea likolo ea lehlabula. Ke ne ke bolela metsaneng ea Tennessee le ea sebakeng se haufi sa Georgia. Ke ne ke tsoha hoseng, ke lokise lijo tsa motšehare, ebe ke palama terene kapa bese ka 6:00 hoseng, ho ea tšimong. Ke ne ke khutla hoo e ka bang ka 6:00 mantsiboea. Hangata ke ne ke qeta lijo tseo ke li nkileng le pele nako ea lijo tsa motšehare e fihla. Le hoja ke ne ke nkile chelete, ke ne ke sa khone ho kena mabenkeleng a sebakeng seo kaha ke ne ke le motho e motšo. Ka letsatsi le leng ke ile ka kena lebenkeleng ho reka ice-cream, empa ke ile ka lelekoa. Ka mosa ’mè e mong oa lekhooa o ile a ntlisetsa eona ka ntle.

Ha ke fihla sekolong se phahameng, letšolo la mekhatlo e loanelang litokelo tsa botho le ne le ntse le ipha matla karolong e ka Boroa. Mekhatlo e kang oa Ntšetso Pele ea Batho ba Batšo (NAACP [National Association for the Advancement of Colored People]) e ne e khothalletsa bana ba likolo ho itseka. Re ile ra khothalletsoa ho ba litho tsa oona. Likolo tse ngata tsa batho ba batšo ho akarelletsa le sa heso, li ile tsa iketsetsa pakane ea hore bana bohle ba sekolo e be litho tsa mokhatlo oo. Ke ile ka hatelloa hore ke tšehetse seo ho neng ho thoe ke “morabe oa habo rōna.” Empa ke ile ka hana, ka ba hlalosetsa hore Molimo ha a ee ka leeme ebile ha a rate morabe o mong ho feta o mong. Kahoo, ke lebeletse hore Molimo e be eena ea tla felisa ho hloka toka ho joalo.—Joh. 17:14; Lik. 10:34, 35.

Nakoana ka mor’a hore ke phethele lithuto tsa ka sekolong se phahameng, ke ile ka etsa qeto ea ho ea lula New York City. Leha ho le joalo, ha ke le tseleng e eang teng, ke ile ka pota le Philadelphia, Pennsylvania, ho etela metsoalle eo ke neng ke sa tsoa kopana le eona kopanong ea setereke. Phuthehong eo, ke hona moo ke ileng ka qala ho ba libokeng tsa phutheho ea batho ba merabe e sa tšoaneng. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, mopotolohi o ile a mpitsetsa ka thōko a mpolella hore ke filoe puo sebokeng se latelang. Seo se ile sa ’nolofaletsa ho etsa qeto ea hore ke lule sebakeng seo.

E mong oa metsoalle eo ke ileng ka ba le eona Philadelphia, e ne e le morali’abo rōna e mocha ea bitsoang Geraldine White—’me ke ile ka tloaela ho mo bitsa Gerri. O ne a tseba Bibele hantle ’me a e-na le boiphihlelo ha a bua le batho mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo. Ntho ea bohlokoa eo ke neng ke e rata ka eena ke hore le eena o ne a e-na le pakane ea ho ba pula-maliboho. Re ile ra nyalana ka la 23 April, 1949.

Re Memeloa Gileade

Li sa tloha feela pakane ea rōna e ne e le ho ea Sekolong sa Gileade e le hore re ka sebeletsa re le baromuoa naheng e ’ngoe. Re ile ra thabela ho etsa liphetoho tse neng li hlokahala e le hore re tsebe ho tšoaneleha ho amoheloa sekolong sa Gileade. Ho e-s’o ee kae, re ile ra kōptjoa hore re sebeletsa Lawnside, New Jersey; hamorao ra isoa Chester, Pennsylvania; ’me qetellong ra ea Atlantic City, New Jersey. Ha re le Atlantic City, re ile ra tšoaneleha hore re ka etsa kōpo ea ho ea sekolong sa Gileade kaha ho ne ho se ho fetile lilemo tse peli re nyalane. Leha ho le joalo, kōpo ea rōna e ile ea tšoaroa. Lebaka e ne e le lefe?

Mathoasong a lilemo tsa bo-1950, bahlankana ba bangata ba ne ba qobelloa ho kena sesoleng le hore ba loane ntoeng ea Korea. Boto ea Philadelphia e neng e bitsetsa batho sesoleng, e ne e bonahala e le leeme ho Lipaki Tsa Jehova ka lebaka la ho se jele paate ha tsona. Qetellong moahloli o ile a mpolella hore lipatlisiso tseo FBI e li entseng ka ’na li tiisitse hore ke fela ke sa jele paate. Kahoo, ka la 11 January, 1952, Boto ea Maipiletso e ile ea mpha tumello ea hore ke se ke ka kena sesoleng hobane ke le ’moleli.

Ka August hona selemong seo, ’na le Gerri re ile ra memeloa ho ea sehlopheng sa bo20 sa Gileade, se ileng sa qala ka September. Ha re ntse re le sekolong re ne re lebeletse hore re tla fuoa kabelo ea ho ea naheng e ’ngoe. Ausi oa ka e leng Doris, o ne a bile sehlopheng sa bo13 sa Gileade, ’me o ne a sebeletsa Brazil. Ruri re ile ra makala ha re fuoa kabelo ea ho etsa mosebetsi oa potoloho—re etela liphutheho tsa batho ba batšo Alabama, e karolong e ka boroa ea naha! Seo se ile sa re nyaha-nyahamisa kaha re ne re nahanne hore re tla ea sebeletsa naheng e ’ngoe.

Phutheho ea pele eo re ileng ra e etela e ne e le Huntsville. Ha re fihla re ile ra ea lelapeng la morali’abo rōna eo re neng re lokela ho fihlela ha hae. Ha re ntse re theola thoto re ile ra utloa a re ho motho eo a neng a ntse a bua le eena ka fono, “Bana ba se ba fihlile.” Re ne re le lilemo li 24 ’me re ne re shebahala re le banyenyane le ho feta. Ka lebaka leo re ile ra ateloa ke lebitso la bosoasoi la Bana, ha re ntse re sebetsa potolohong eo.

Hangata ha ho buuoa ka karolo e ka Boroa ea naha, ho ne ho thoe ke Ha Habo Bibele kaha batho ba bangata ba moo ba ne ba hlompha Bibele haholo. Kahoo, hangata ha re buisana le batho re ne re bua le bona ka lintlha tsena tse tharo:

(1) Ka bokhutšoanyane re ne re hlalosa maemo a lefatše.

(2) Re bolele hore na Bibele e re tharollo e tla ba efe.

(3) Re bolele hore na Bibele e re re lokela ho etsa’ng.

Ka mor’a moo ebe re fana ka sengoliloeng se loketseng seo motho a ka se sebelisang ho ithuta Bibele. Kaha mokhoa ona o ne o atleha haholo, ke ile ka fuoa kabelo Kopanong ea Mokhatlo oa Lefatše le Lecha ea 1953, e neng e tšoaretsoe New York. Ke ile ke ka bontša hore na motho a ka bua le beng ba matlo joang a sebelisa mokhoa oo o likarolo li tharo.

Ka mor’a nakoana, lehlabuleng la 1953, ke ile ka fuoa kabelo ea ho sebeletsa lipotoloho tsa liphutheho tsa batho ba batšo tse karolong e ka Boroa ea naha ke le molebeli oa setereke. Tšimo eo re neng re e sebetsa e ne e akarelletsa libaka tsohle tsa ho tloha Virginia ho ea Florida le ho ea fihla karolong e hōle ka bophirimela ea Alabama le Tennessee. Ka sebele, ho ne ho hlokahala hore balebeli ba tsamaeang ba fetohe le maemo. Ka mohlala, hangata re ne re lula malapeng a se nang metsi ka tlung ’me re ne re hlapela bateng ea lesenke e neng e behoa ka mor’a setofo ka kichineng. Se thabisang ke hore ena e ne e le karolo e mofuthu ka ho fetisisa ka tlung!

Bothata ba ho Arola Batho ka Morabe

Ha motho a sebeletsa karolong e ka Boroa, ho ne ho hlokahala hore a be le temoho a be a be masene. Batho ba batšo ba ne ba sa lumelloe ho isa liaparo tsa bona libakeng tsa ho hlatsoetsa liaparo. Kahoo, Gerri o ne a ee a fihle a re o tlisitse liaparo tsa “Mofumahali Thompson.” Batho ba bangata ba ne ba nahana hore Gerri ke mosebeletsi oa lapeng ’me “Mofumahali Thompson” ke mong’a ntlo. Ha balebeli ba setereke ba ne ba bontša filimi ea The New World Society in Action, ke ne ke ee ke letsetse lebenkeleng ke kōpe ho beheletsa lematjana le leholo bakeng sa “Monghali Thompson.” Hamorao ke ne ke e-ea lebenkeleng ke il’o le lata. Kamehla re ne re bontša tlhompho, ’me ka kakaretso re ne re phetha mosebetsi oa rōna ntle ho tšitiso.

Ho ne ho e-na le mofuta o mong oa khethollo, moo ho neng ho khetholloa batho ba tsoang karolong e ka Leboea ea naha. Ka lekhetlo le leng koranta ea sebakeng seo re neng re le ho sona e ile ea tlaleha hore James A. Thompson, Jr., oa Watchtower Bible and Tract Society of New York, o tla be a fana ka puo kopanong. Batho ba bang ba ile ba nka hore tlaleho eo e bolela hore ke ne ke e-tsoa New York, kahoo tumello ea rōna ea ho sebelisa holo ea sekolo e ile ea hlakoloa. Ka lebaka leo, ke ile ka ea lekhotleng la tsamaiso ea sekolo ka le hlalosetsa hore ke kene sekolo Chattanooga. Re ile ra fuoa tumello ea ho sebelisa sebaka seo ho tšoara kopano ea rōna ea potoloho.

Bohareng ba lilemo tsa bo-1950, khohlano ea merabe e ne e ntse e e-ja setsi, ’me ka linako tse ling ho ne ho tsoha meferefere. Ka 1954, Lipaki tse ling li ile tsa khopeha ha libui tsa batho ba batšo li ne li sa fuoa lipuo lenaneong la kopano likopanong tsa setereke tse ’maloa. Re ile ra khothalletsa barab’abo rōna ba batho ba batšo hore ba be le mamello. Lehlabuleng le hlahlamang ke ile ka fuoa puo. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba bangata ba tsoang karolong e ka Boroa ea naha ba ile ba fuoa lipuo mananeong a kopano.

Ha nako e ntse e feta, likhohlano tsa morabe li ile tsa fela karolong e ka Boroa ea naha ’me butle-butle batho ba merabe e sa tšoaneng ba ile ba qala ho tsoakana liphuthehong. Sena se ile sa hloka hore bahoeletsi ba bang ba isoe liphuthehong tse fapa-fapaneng le hore ho etsoe liphetoho masimong a liphutheho le mesebetsing ea barab’abo rōna bao e neng e le balebeli ba liphutheho. Batho ba bang ba makhooa le ba batšo ha baa ka ba thabela liphetoho tsena. Leha ho le joalo, boholo ba batho bo ne bo se na khethollo joalokaha Ntate oa rōna ea leholimong le eena a se na khethollo. Ha e le hantle, ba bangata e ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo ho sa tsotellehe hore na e mong ke oa ’mala ofe. Lelapa leso le ne le ile la latsoa seo lilemong tsa bo-1930 le bo-1940, ha ke ne ke sa le monyenyane.

Kabelo e Ncha

Ka January 1969, re ile ra fuoa kabelo ea hore re e’o sebeletsa Guyana, Amerika Boroa, ’me re ile ra e amohela ka thabo. Re ile ra qala ka ho ea Brooklyn, New York, moo ke ileng ka fuoa koetliso ea ho hlokomela mosebetsi oa boboleli Guyana. Re ile ra fihla Guyana ka July 1969. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 16 mosebetsing oa ho tsamaea, e ile ea e-ba phetoho e khōlō hore motho a lule nģa e le ’ngoe. Gerri o ne a qeta nako e ngata mosebetsing oa boboleli e le moromuoa, athe ’na ke ne ke sebetsa ofising ea lekala.

Mosebetsi oo ke neng ke o etsa lekaleng o ne o akarelletsa ho kuta joang, ho sebetsa liodara tsa liphutheho tse 28, hammoho le ho buisana le ba ntlo-kholo e Brooklyn. Ke ne ke sebetsa lihora tse 14 ho isa ho tse 15 ka letsatsi. Bobeli ba rōna re ne re sebetsa ka thata, empa re ne re thabela mosebetsi oa rōna. Ha re fihla Guyana, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 950; kajeno ba feta 2 500.

Le hoja re ne re thabela maemo a leholimo a matle hammoho le litholoana le meroho ea sebakeng seo, ntho eo re neng re e thabela haholo, ke hore batho ba ikokobelitseng ba neng ba labalabela ho ithuta ’nete ea Bibele ba ne ba ithuta ka ’Muso oa Molimo. Hangata Gerri o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse 20 beke le beke, ’me batho ba bangata bao re ileng ra ithuta le bona ba ile ba tsoela pele ’me ba qetella ba kolobelitsoe. Hamorao, ba bang ba bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, baholo ba phutheho ’me ba bang ba ea Gileade le bona ea e-ba baromuoa.

Re Thulana le Mathata, Haholo-holo a Bophelo

Ka 1983 batsoali ba ka ba neng ba lula United States ba ile ba hloka ho thusoa. ’Na le Ausi Doris hammoho le Gerri, re ile ra ba le kopano ea lelapa. Ausi Doris ea neng a se a qetile lilemo tse 35 e le moromuoa Brazil, o ile a etsa qeto ea ho ea ba hlokomela. O ile a re, hobane’ng ha re ka ntša baromuoa ba babeli tšimong athe mosebetsi oo o ka etsoa ke motho a le mong feela? Ka mor’a lefu la batsoali ba rōna, Ausi Doris o ile a tsoela pele a lula Chattanooga moo a sebeletsang teng e le pula-maliboho ea khethehileng.

Ka 1995, ho ile ha fumanoa hore ke na le kankere ea tšoelesa ea senya, eaba re tlameha ho khutlela United States. Re ile ra lula Goldsboro, North Carolina, kaha e ne e le bohareng pakeng tsa lelapa leso le Tennessee le labo Gerri le Pennsylvania. Kankere ea ka e sa ile moriting ’me re sebetsa le phutheho ea Goldsboro, re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fokolloang ke bophelo.

Ha ke nahana ka lilemo tse fetang 65 tseo re li qetileng tšebeletsong ea nako e tletseng, ke leboha Jehova ka hore ebe o ile a re hlohonolofatsa ’na le Gerri ha re ile ra etsa liphetoho bophelong ba rōna e le hore re mo sebeletse. Ruri mantsoe ana a Davida ke ’nete ha a re: “Ho ea tšepahalang [Jehova o] tla etsa ka botšepehi”!—2 Sam. 22:26.

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Ntate le Mor’eso Nichols ba ile ba mpehela mohlala o motle

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Ke na le Gerri, re itokiselitse ho ea Gileade, ka 1952

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Ka mor’a ho ba sekolong sa Gileade, re ile ra fuoa kabelo ea mosebetsi oa potoloho karolong e ka Boroa ea naha

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Balebeli ba tsamaeang ba na le basali ba bona, ba itokisetsa ho ba kopanong ea batho ba merabe e sa tšoaneng, ka 1966

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Re ne re thabela tšebeletso ea boromuoa Guyana