Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Moea oa Molimo?

“U Molimo oa ka. Moea oa hao o molemo; e se eka o ka ntsamaisa.”—PES. 143:10.

1. Bontša hore na matla a sa bonahaleng a ka tataisa motho joang.

NA U kile ua sebelisa sesupa-tsela hore u fumane moo u eang? Sesupa-tsela ke sesebelisoa se sa rarahanang se nang le karolo e le ’ngoe feela e tsamaeang—e leng lenaka la makenete le lulang le shebile leboea. Ka lebaka la matla a khoheli ea makenete a sa bonahaleng, lenaka la sesupa-tsela le sheba moo matla a khoheli a tsamaeang teng ho likoloha lefatše pakeng tsa lintlha tsa lona tse peli. Ka lilemo tse makholo, bafuputsi le bahahlauli ba ’nile ba sebelisa sesupa-tsela ho ba tataisa e le hore ba fumane tsela ea moo ba eang teng, ha ba haola naheng kapa ba le leoatleng.

2, 3. (a) Ke matla afe ao Jehova a ileng a a sebelisa lilemong tse ngata-ngata tse fetileng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore matla a Molimo a sebetsang a sa bonahaleng a re tataise bophelong kajeno?

2 Ho na le matla a mang a sa bonahaleng ao re a hlokang haholo hore a re tataise. Ke afe? Ke ao ho buuoang ka ’ona litemaneng tse qalang tsa Bibele. Ha lengolo la Genese le bua ka seo Jehova a ileng a se finyella lilemong tse ngata-ngata tse fetileng le re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” E le ho phethahatsa seo, Molimo o ile a romela moea o matla kaha tlaleho e buang ka pōpo e re: “Matla a sebetsang a Molimo a ne a e-ea koana le koana.” (Gen. 1:1, 2) Ke matla afe ao Molimo a neng a a sebelisa? Ke moea o halalelang—e leng matla ao a a sebelisitseng ha a bōpa. Re leboha Jehova ka hore ebe o ile a sebelisa moea ona ho re fa bophelo le ho bōpa lintho tse ling tsohle.—Jobo 33:4; Pes. 104:30.

3 Rea tseba hore Jehova o sebelisitse matla a hae a sebetsang ha a re bōpa, empa na moea oo o ka re susumetsa ka litsela tse ling bophelong? Mora oa Molimo o ile a bolella barutuoa ba hae hore o ka ba susumetsa. O ile a re: “Moea . . . o tla le tataisetsa ’neteng.” (Joh. 16:13) Moea oo ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho tataisoa ke oona?

Moea o Halalelang ke Eng?

4, 5. (a) Ka phoso batho ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong ba nahana hore moea o halalelang ke eng? (b) U ka re moea o halalelang ke eng?

4 Ho ka etsahala hore ebe maikutlo ao batho bao u buang le bona tšebeletsong ea tšimo ba nang le ’ona ka moea o halalelang ha a lumellane le mangolo. Batho ba lumelang thuto ea Boraro-bo-bong, ka phoso ba nahana hore moea o halalelang ke motho oa moea ea lekanang le Molimo Ntate. (1 Bakor. 8:6) Empa ka tsela e bonolo feela ho ka bontšoa hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e lumellane le Mangolo.

5 Joale, ha e le hantle moea o halalelang ke eng? Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Genese 1:2, ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References o re: “Ka ntle le hore ebe ‘moea,’ o fetoleloa e le ruʹach [ka Seheberu] o boetse o fetoleloa e le ‘moea o fokang’ le ka mantsoe a mang a bontšang hore ke matla a sebetsang a sa bonahaleng.” (Bapisa le NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Genese 3:8; 8:1.) Feela joalokaha moea o fokang o sa bonahale empa matla a oona a bonahala, hoa tšoana le ka moea o halalelang, ha o bonahale ebile hase motho empa lintho tseo o li etsang lia bonahala. Moea ona ke matla a tsoang ho Molimo ao a a sebelisang ho batho kapa linthong tse itseng ho phethahatsa thato ea hae. Na ho thata ho lumela hore matla ao a tsotehang a tsoa Mohloling o halalelang, e leng Molimo ea Matla ’Ohle? Che ha ho joalo!—Bala Esaia 40:12, 13.

6. Ke kōpo efe e tiileng eo Davida a ileng a e etsa ho Jehova?

6 Na Jehova a ka tsoela pele ho sebelisa moea o halalelang ho re tataisa bophelong? O ile a tšepisa mopesaleme Davida sena: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Pes. 32:8) Na Davida o ne a batla seo? E, hobane o ile a kōpa Jehova ka tieo a re: “Nthute ho etsa thato ea hao, etsoe u Molimo oa ka. Moea oa hao o molemo; e se eka o ka ntsamaisa.” (Pes. 143:10) Ka tsela e tšoanang, le rōna re lokela ho ba le takatso le boikemisetso ba hore re tataisoe ke moea oa Molimo. Hobane’ng? Nahana ka mabaka a mane.

Ha re Tšoanelehe Hore re ka Itataisa

7, 8. (a) Ke hobane’ng ha re sa khone ho itataisa ntle ho thuso ea Molimo? (b) Bontša hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho leka ho itataisa tsamaisong ena ea lintho.

7 La pele, re lokela ho batla hore re tataisoe ke moea oa Molimo kaha ha re khone ho itataisa. “Ho tataisa” ho bolela ho “ho fana ka litaelo tsa hore na ntho e etsoe joang kapa hore na motho a tsamaee ka tsela efe.” Leha ho le joalo, Jehova ha aa re bōpa re e-na le bokhoni ba ho itataisa, haholo-holo boemong boo re leng ho bona ba ho se phethahale. Moprofeta oa hae Jeremia o ile a ngola a re: “Morena, kea hlokomela hore tsela ea motho ha e matleng a hae: motho ha a na matla a ho tataisa mehato ea hae.” (Jer. 10:23, The Bible in Basic English) Ke hobane’ng ha ho le joalo? Jeremia o ile a utloa tlhaloso eo Molimo a ileng a fana ka eona ea hore na ke hobane’ng ha re sitoa ho itataisa. Ha Jehova a bua ka seo lipelo tsa rōna li leng sona, o ile a re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang?”—Jer. 17:9; Mat. 15:19.

8 Na e ne e ke ke ea e-ba ho ipeha kotsing hore motho ea se nang boiphihlelo a tsamaee a le mong lehoatateng, ho se na motho ea mo tataisang ea tsebang tsela kapa a se na sesupa-tsela? Ha motho a sa tsebe hore na o lokela ho sebetsana joang le maemo a boima a lehoatateng a bile a sa tsebe hore na o lokela ho tsamaea le hokae e le hore a fihle sebakeng seo a eang ho sona a ntse a bolokehile, o ne a tla be a beha bophelo ba hae kotsing. Ka tsela e tšoanang, motho ea nahanang hore a ka khona ho itataisa lefatšeng lena le khopo a sa lumelle Molimo hore a mo bontše tsela e nepahetseng, o beha bophelo ba hae kotsing e khōlō. Ntho feela e ka re thusang hore re atlehe ho tsamaea tsamaisong ena ea lintho, ke ho kōpa se tšoanang le seo Davida a ileng a se kōpa ha a ne a rapela Jehova a re: “Mehato ea ka e ke e hate litseleng tsa hao, tseo ho tsona ka sebele mehato ea ka e ke keng ea therekelisoa.” (Pes. 17:5; 23:3) Re ka fumana tataiso e joalo joang?

9. Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 17, moea oa Molimo o ka re tataisa joang?

9 Haeba re ikokobelitse ’me re ikemiselitse ho itšetleha ka Jehova, o tla re fa moea oa hae hore o tataise mehato ea rōna. Matla ao a sebetsang a tla re thusa joang? Ha Jesu a hlalosetsa barutuoa ba hae, o ile a re: “Mothusi, moea o halalelang, oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka, o tla le ruta lintho tsohle ’me a le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” (Joh. 14:26) Ha re rapela ’me kamehla re ithuta Lentsoe la Molimo hammoho le lipolelo tsohle tsa Kreste, moea o halalelang o tla eketsa kutloisiso ea rōna ea bohlale bo tebileng ba Jehova e le hore re ka etsa thato ea hae kahohle-hohle. (1 Bakor. 2:10) Ho phaella moo, haeba ho etsahala lintho tseo re sa li lebellang bophelong, moea o tla re tataisa. O tla re hopotsa melao-motheo ea Bibele eo re seng re ithutile eona ’me o re thuse ho utloisisa hore na re ka e sebelisa joang hore e re tataise.

Jesu o ne a Tataisoa ke Moea oa Molimo

10, 11. Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ne a lebeletse hore moea o halalelang o mo etsetse’ng, ’me o ile oa mo thusa joang?

10 Lebaka la bobeli la hore re batle ho tataisoa ke moea o halalelang ke hore Molimo o ile a tataisa Mora oa hae ka oona. Pele a e-tla lefatšeng, Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ne a tseba boprofeta bona bo reng: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova.” (Esa. 11:2) Nahana feela hore na Jesu o ne a labalabela hakae hore a thusoe ke moea oa Molimo ha a ntse a le mona lefatšeng!

11 Mantsoe a Jehova a ile a phethahala. Tlaleho ea Kosepele e bolela hore na ho ile ha etsahala’ng hang-hang ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, e re: “Joale Jesu, a tletse moea o halalelang, a tloha Jordane, ’me moea oa mo isa lefeelleng.” (Luka 4:1) Ha Jesu a le moo ’me a ntse a itima lijo, a rapela a bile a thuisa, ho ka etsahala hore ebe Jehova o ile a fa Mora oa hae litaelo a ba a mo bolella hore na o ne a tla hlaheloa ke lintho life. Matla a Molimo a sebetsang a ne a susumetsa kelello le pelo ea Jesu, a tataisa monahano oa hae a bile a mo tataisa ha a etsa liqeto. Ka lebaka leo, Jesu o ne a tseba hore na boemong bo bong le bo bong o lokela ho etsa’ng, ’me o ile a etsa hantle seo Ntate oa hae a neng a batla hore a se etse.

12. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re kōpe moea oa Molimo hore o re tataise?

12 Kaha Jesu o ne tseba hore na moea oa Molimo o ile oa mo tsoela molemo hakae bophelong ba hae, o ile a thusa barutuoa ba hae hore ba bone bohlokoa ba hore ba kōpe moea o halalelang le hore ba tataisoe ke oona. (Bala Luka 11:9-13.) Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa hakaale ho rōna? Hobane se ka fetola monahano oa rōna hore o tšoane le kelello ea Kreste. (Bar. 12:2; 1 Bakor. 2:16) Ha re lumella moea oa Molimo hore o re tataise bophelong ba rōna, re ka nahana ka tsela eo Kreste a nahanang ka eona ra ba ra etsisa mohlala oa hae.—1 Pet. 2:21.

Moea oa Lefatše o ka re Ntša Tseleng

13. Moea oa lefatše ke eng, hona o hlahisa litholoana life?

13 Lebaka la boraro la hore re batle ho tataisoa ke moea oa Molimo ke hore kantle ho oona re ka ntšoa tseleng ke moea o sa halaleleng o susumetsang batho ba bangata kajeno. Lefatše le na le tšusumetso ea lona e matla e hlohlelletsang batho hore ba etse lintho tse fapaneng hōle le tseo moea o halalelang o re susumelletsang ho li etsa. Ho e-na le ho susumetsa batho hore ba be le kelello ea Kreste, moea oa lefatše o etsa hore monahano oa bona le liketso tsa bona li tšoane le tsa ’musi oa lefatše, e leng Satane. (Bala Baefese 2:1-3; Tite 3:3.) Ha motho a inehella moea oa lefatše ’me a etsa mesebetsi ea nama, o khola litholoana tse bosula, ’me seo se mo thibela hore a rue ’Muso oa Molimo.—Bagal. 5:19-21.

14, 15. Re ka atleha ho hanela moea oa lefatše joang?

14 Jehova o re file lintho tse ka re thusang ho hanela moea oa lefatše. Moapostola Pauluse o ile a re, ‘tsoelang pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo.’ (Baef. 6:10, 13) Jehova o re matlafatsa ka moea oa hae hore re tsebe ho hanyetsa boiteko ba Satane ba ho re khelosa. (Tšen. 12:9) Moea oa lefatše o matla ’me re ke ke ra khona ho o qoba ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho silafatsoa ke oona. Moea o halalelang o matla le ho feta ’me o tla re thusa!

15 Ha a bua ka batho ba ileng ba furalla Bokreste lekholong la pele la lilemo, moapostola Petrose o ile a re: “Ka ho tlohela tsela e otlolohileng, ba khelositsoe.” (2 Pet. 2:15) Ruri re lokela ho thaba hore ebe ha rea amohela “moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo”! (1 Bakor. 2:12) Haeba re lumella moea o halalelang ho re tataisa re bile re sebelisa litokisetso tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona e le hore kamano ea rōna le eena e lule e le matla, re ka etsa se nepahetseng ’me ra hanela moea oa lefatše lena le khopo.—Bagal. 5:16.

Moea o Halalelang o Hlahisa Tholoana e Molemo

16. Moea o halalelang o ka hlahisa tholoana efe ka hare ho rōna?

16 Lebaka la bone la hore re batle ho tataisoa ke moea oa Molimo ke hore o hlahisa tholoana e molemo bophelong ba batho ba tataisoang ke oona. (Bala Bagalata 5:22, 23.) Ke mang har’a rōna ea sa batleng ho bontša lerato haholo, ho thaba le ho ba le khotso? Ke mang oa rōna ea ke keng a rata ho bontša tiisetso, mosa le molemo haholoanyane? Ke mang ea ke keng a rata ho rua molemo hobane a loanela ho ba le tumelo e matla, bonolo le boitšoaro? Moea oa Molimo o hlahisa ka hare ho rōna litšobotsi tse re tsoelang molemo le tse bileng li tsoelang batho bao re phelang le bona le bao re ba sebeletsang molemo. Re lokela ho lula re loanela ho ba le tholoana ena kaha ha ho na moeli oa hore na re hloka tholoana e kae ea moea le hore na re lokela ho bonahatsa e kae.

17. Re ka loanela ho bonahatsa tšobotsi e itseng ea tholoana ea moea haholoanyane joang?

17 E ka ba bohlale hore re itlhahlobe e le ho tiisa hore mantsoe le liketso tsa rōna li bontša hore re tataisoa ke moea o halalelang ebile re bonahatsa tholoana ea oona bophelong ba rōna. (2 Bakor. 13:5a; Bagal. 5:25) Haeba re bona hore re lokela ho loanela ho bonahatsa litšobotsi tse itseng tsa tholoana ea moea, re ka sebelisana le moea o halalelang ka tsela e itseng hore re bonahatse litšobotsi tseo. Re etsa sena ka hore re ithute ka tšobotsi ka ’ngoe ho ea kamoo e hlalosoang kateng ka Bibeleng le kamoo e tšohloang kateng ka hare ho lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste. Kahoo, re hlokomela hore na re lokela ho bonahatsa litšobotsi tsa tholoana ea moea ka tsela efe bophelong ba rōna letsatsi le leng le le leng ’me re loanela ho e bonahatsa haholoanyane. * Ha re bona liphello tsa moea oa Molimo bophelong ba rōna le ba Bakreste-’moho le rōna, re bona ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tataisoa ke oona.

Na U Ikobela Moea oa Molimo?

18. Jesu o re behela mohlala joang mabapi le ho lumella moea oa Molimo hore o re tataise?

18 Kaha Jesu e ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Molimo ha ho ne ho bōptjoa bokahohleng, o ne a tseba ka tšusumetso ea matla a khoheli ea lefatše ao batho ba a sebelisang ha ba hahlaula lefatšeng. (Liprov. 8:30; Joh. 1:3) Leha ho le joalo, ka Bibeleng ha ho na bopaki ba hore Jesu o ile a sebelisa matla ao ho mo tataisa ha a ntse a tsamaea lefatšeng mona. Bibele e bolela hore ha a ne a phela lefatšeng mona e le motho oa nama, o ile a bona matla a moea oa Molimo bophelong ba hae. O ile a lumela ho tataisoa ke oona ’me ha o ne o mo susumetsa, o ne a ikobela oona a bile a etsa lintho tumellanong le oona. (Mar. 1:12, 13; Luka 4:14) Na le uena u etsa joalo?

19. Re lokela ho etsa’ng e le hore moea o halalelang e be oona o re tataisang bophelong?

19 Kajeno matla a sebetsang a Molimo a ntse a tataisa batho ba ikemiselitseng hore a ba tataise. U ka etsa joang hore a u tataisetse tseleng e nepahetseng? Rapela Jehova kamehla hore a u romele moea oa hae le ho u thusa hore u lumele ho susumetsoa ke oona. (Bala Baefese 3:14-16.) Etsa lintho ka tsela e lumellanang le lithapelo tsa hao ka hore u batle keletso Bibeleng, e leng Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ka tšusumetso ea moea o halalelang. (2 Tim. 3:16, 17) Mamela litaelo tse bohlale tseo Bibele e fanang ka tsona ebe ka mafolofolo, u latela tataiso ea moea o halalelang. Ha u etsa lintho tsena, u tla be u bontša hore ua lumela hore Jehova o na le matla a ho u tataisa ka tsela e nepahetseng ka ho fetisisa lefatšeng lena le khopo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 E le hore u fumane boitsebiso bo batsi ka tšobotsi ka ’ngoe ea tholoana ea moea, sheba li-Watch Tower Publications Index moo taba e tšohloang e leng “Fruitage of God’s Spirit” le sehlooho se reng “List by Aspect”; sheba le w11 4/15 leqepheng la 18-27.

Na U Fumane Lintlha Tsa Sehlooho?

• Moea o halalelang o ka ama bophelo ba rōna joang?

• Ke mabaka afe a mane a lokelang ho re susumelletsa hore re batle ho tataisoa ke moea oa Molimo?

• Re ka lumella moea o halalelang hore o re tataisetse tseleng e nepahetseng joang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jesu o ne a susumetsoa ke moea oa Molimo bophelong ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Moea oa Molimo o susumetsa likelello le lipelo tsa batho e le hore o ba tataise