Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u balile ka hloko limakasine tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Olivétan e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella mosebetsi oa hae?

Monna oa Mofora ea bitsoang Pierre Robert ke eena ea neng a tsejoa ka lebitso leo. Nakong ea Phetohelo lekholong la bo16 la lilemo, o ile a fetolela Bibele puong ea Sefora. O ne a rata ho sebelisa lentsoe “molebeli” ho e-na le “mobishopo” le “phutheho” ho e-na le “kereke.” Libakeng tse ling o ile a sebelisa lebitso la Molimo, e leng “Jehova.”—9/1, leqepheng la 18-20.

• Molimo o ne a bolela’ng ha a re ho Balevi: “Ke ’na kabelo ea [lōna]”?

Meloko e meng ea Iseraele e ile ea fumana lefa la naha, empa “kabelo” ea Balevi e ne e le Jehova. (Num. 18:20) Ba ne ba ke ke ba fuoa lefa la naha, empa ba ne ba tla fuoa mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba lokela ho o phetha. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba hlokomela ka lintho tseo ba li hlokang nameng. Kajeno, batho ba nang le tlotla ea ho ntšetsa mosebetsi oa ’Muso pele ba ka kholiseha hore ba tla hlokomeloa ka lintho tseo ba li hlokang bophelong.—9/15, leqepheng la 7-8, 13.

• Re tseba joang hore na Jerusalema ea boholo-holo e ile ea hapuoa neng ke Bababylona?

Bo-rahistori ba khale ba fana ka boitsebiso bo kopakaneng, bo hanyetsanang mabapi le marena a Babylona le puso ea ’ona. Leha ho le joalo, litsebi lia lumela hore Cyruse II o ile a hlōla Babylona ka 539 B.C.E., e leng nako ea bohlokoa haholo. Bajuda ba ile ba lokolloa botlamuoeng ’me ba fihla naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. Bibele e re ba bile kholehong ka lilemo tse 70. Kahoo e tlameha ebe Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E. (2 Likron. 36:21, 22; Jer. 29:10; Dan. 9:1, 2)—10/1, leqepheng la 26-31.

• Mokreste a ka thusoa ke’ng ho etsa qeto ea hore na boithabiso bo itseng bo molemo kapa che?

Ha re etsa qeto ea hore na boithabiso bo tla re tsoela molemo le hore na bo tla khahlisa Molimo, e ka ba hantle hore re ipotse lipotso tse latelang: Bo akarelletsa eng? Ke ithabisa neng? Ke ithabisa le bo-mang?10/15, leqepheng la 9-12.

• Ke hobane’ng ha e le phoso hore motho a ntše mpa?

Molimo o nka bophelo bo halalela ’me o nka lesea le sa tsoa emoloa e le motho ea phelang, ea ikemetseng. (Pes. 139:16) Ho bolaea ngoana ea e-s’o hlahe ke ho bolaea motho, joalokaha ho bontšoa ke taba ea hore tlas’a Molao, motho o ne a lokela ho ikarabella haeba a ne a ka ntša ngoana ea e-so hlahe kotsi. (Ex. 21:22, 23)—11/1, leqepheng la 6.

• Tlaleho e ho Liproverbia 7:6-23 e ka re thusa joang hore re qobe ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso?

Tlaleho eo e re bolella ka mohlankana ea neng a tsamaea sebakeng seo mosali ea boitšoaro bo bobe a lulang ho sona. Mosali eo o ile a mo eka. Kajeno, e ka ba hantle hore re qobe liwebsaete tsa Inthanete tse nang le litšoantšo tse tsosang takatso, ’me ke habohlokoa hore re kōpe thuso ea Molimo ka thapelo le pele re kopana le litšoantšo tse joalo Inthaneteng.—11/15, leqepheng la 9-10.

• Re tseba joang hore na lefatše le tla timetsoa ka 2012 kapa che?

Ka lebaka la linako tse behiloeng k’halendareng ea boholo-holo ea Bamaya, batho ba bang ba lumela hore lefatše le tla fela ka selemo sa 2012. Empa seo se ke ke sa etsahala hobane Jehova o bōpetse lefatše hore le be le baahi. Bibele e re lefatše le tla ba teng ka ho sa feleng. (Moek. 1:4; Esa. 45:18)—12/1, leqepheng la 10.

• Ke bangoli bafe ba Bibele ba neng ba le teng ka Pentekonta ea 33 C.E.?

Ho bonahala eka banna ba tšeletseng ba ngotseng Mangolo a Segerike a Bakreste ba ne ba le teng. Baapostola ba bararo ba ne ba le teng—e leng Matheu, Johanne le Petrose. Barab’abo Jesu ba babeli le bona ba ne ba le teng moo—e leng Jakobo le Juda. Hape ho ka etsahala hore ebe mohlankana ea bitsoang Mareka le eena o ne a le teng.—12/1, leqepheng la 22.