Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?

Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?

Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?

“Molimo oa Jakobo o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.”—ESA. 2:3.

1, 2. U ka rua molemo mehlaleng e ka Bibeleng ka litsela life?

NA U kholisehile hore se ngotsoeng ka Bibeleng se ka u ruisa molemo? Ka har’a eona u fumana mehlala ea banna le basali ba tšepahalang bao u ka ratang ho etsisa tsela eo ba neng ba phela ka eona hammoho le makhabane a bona. (Baheb. 11:32-34) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe u boetse u hlokometse mehlala e lemosang, ea banna le basali bao u lokelang ho qoba liketso tsa bona le maikutlo ao ba neng ba e-na le ’ona.

2 Ha e le hantle, batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba beha mohlala o motle oa tsela eo re ka e latelang ’me mohlala oa bona o boetse o re lemosa lintho tseo re lokelang ho li qoba. Nahana ka Davida, eo e neng e le molisa ea ikokobelitseng ’me hamorao ea e-ba morena ea matla. E ne e le mohlala o motle oa motho ea neng a rata ’nete a bile a tšepile Jehova. Leha ho le joalo, Davida o ne a le molato oa liphoso tse tebileng, tse kang e neng e amana le Bathe-sheba, Uria hammoho le booatla ba ho bala sechaba. Leha ho le joalo, a re ke re bueng ka mora oa hae—eo e neng e le morena ebile e le mongoli oa Bibele—e leng Solomone. Re tla qala ka ho tšohla litsela tse peli tseo ka tsona a ileng a beha mohlala o motle.

“Bohlale ba Solomone”

3. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Solomone o re behetse mohlala o motle?

3 Solomone e Moholo, e leng Jesu Kreste, o ile a bua hantle ka Morena Solomone, a bontša hore o re behela mohlala o motle. Ha Jesu a bua le Bajuda ba neng ba e-na le lipelaelo o ile a re: “Mofumahali oa boroa o tla tsosoa kahlolong le moloko ona ’me o tla o ahlola; hobane o ile a tla a tsoa lipheletsong tsa lefatše ho tla utloa bohlale ba Solomone, empa, bonang! ho hong ho fetang Solomone ho teng mona.” (Mat. 12:42) Ka sebele, Solomone o ne a tumme ka lebaka la bohlale ba hae, ’me o ile a re khothalletsa hore re bo fumane.

4, 5. Solomone o ile a fumana bohlale joang, empa tsela eo rōna re fumanang bohlale ka eona e fapane joang?

4 Qalong ea puso ea Solomone, Molimo o ile a hlaha ho eena torong ’me a re a kōpe seo a se hlokang. Kaha Solomone o ne a hlokomela hore ha a na boiphihlelo, o ile a kōpa bohlale. (Bala 1 Marena 3:5-9.) Kaha Molimo o ile a khahloa ke hore ebe Solomone o kōpile bohlale ho e-na le maruo le khanya, o ile a mo fa “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso”—hammoho le maruo. (1 Mar. 3:10-14) Joalokaha Jesu a boletse, bohlale ba Solomone bo ne bo babatseha hoo mofumahali oa Sheba a ileng a utloela ka bona eaba o nka leeto le lelelele ho ea inoesa ka nkho.—1 Mar. 10:1, 4-9.

5 Ha rea lebella ho fumana bohlale ka mohlolo. Solomone o ile a bolela hore “Jehova o fana ka bohlale,” empa o ile a ngola hore re lokela ho loanela ho ba le tšobotsi eo ea Molimo, ha a ne a re: “U ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong.” Mabapi le taba eo, o ile a sebelisa lipoleloana tse kang “hoeletsa,” ‘u ntse u bo batla,’ le ‘u ntse u batlisisa’ bohlale. (Liprov. 2:1-6) Ho hlakile hore re ka khona ho fumana bohlale.

6. Re ka bontša hore re rua molemo mohlaleng o motle oa Solomone mabapi le bohlale ka litsela life?

6 E ka ba hantle hore re ipotse, ‘Na ke nka ka botebo mohlala oa Solomone oa ho ananela bohlale bo tsoang ho Molimo?’ Ho se tsitse ha moruo ho entse hore batho ba bangata ba amehe haholo ka mesebetsi ea bona ea boipheliso le lichelete ebile ho amme liqeto tseo ba bang ba li etsang mabapi le hore na ba hahamalle thuto ea mofuta ofe le hore na ba lokela ho ithuta hakae. Ho thoe’ng ka uena le ba lelapa la hao? Na liqeto tseo u li etsang li bontša hore u batla bohlale bo tsoang ho Molimo ebile ua bo ananela? Na u lokela ho fetola tsela eo u nahanang ka eona ka chelete le thuto e le hore u ka sebetsa ka thata ho fumana bohlale? Ka sebele, ho fumana bohlale le ho bo sebelisa ho tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. Solomone o ile a ngola, a re: “Tabeng eo u tla utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”—Liprov. 2:9.

Ho Phahamisa Borapeli ba ’Nete ho Ile ha Tlisa Khotso

7. Ho tlile joang hore Molimo a be le tempele e khōlō?

7 Qalong ea puso ea hae, Solomone o ile a etsa hore tabernakele eo esale e sebelisoa ho tloha mehleng ea Moshe, e nkeloe sebaka ke tempele e ntle haholo. (1 Mar. 6:1) Le hoja re e bitsa tempele ea Solomone, o ne a sa e haha hobane a batla botumo, etsoe khopolo ea ho haha tempele e ne e se ea hae. Ha e le hantle, Davida ke eena ea tlileng ka tlhahiso ea ho haha tempele, ’me ka mor’a moo Molimo o ile a mo fa moralo o qaqileng oa tempele hammoho le thepa ea eona. Davida o ile a fana ka chelete e ngata ho tšehetsa mosebetsi oo oa kaho. (2 Sam. 7:2, 12, 13; 1 Likron. 22:14-16) Ho ntse ho le joalo, Solomone ke eena ea ileng a lokela ho tsoela pele ka mosebetsi oa kaho o ileng oa nka lilemo tse supileng le halofo.—1 Mar. 6:37, 38; 7:51.

8, 9. (a) Solomone o re behela mohlala ofe o motle mabapi le ho tsoela pele re etsa lintho tse molemo? (b) Kaha Solomone o ile a phahamisa borapeli ba ’nete, seo se ile sa hlahisa litholoana life?

8 Kahoo, Solomone o re behetse mohlala o motle ka hore a tsoele pele a etsa lintho tse molemo le ho tsepamisa kelello linthong tse nepahetseng. Ha tempele e qeta ho hahoa ’me areka ea selekane e kenngoa ka har’a eona, Solomone o ile a etsa thapelo ea phatlalatsa. Ha a ne a rapela Jehova, a mang a mantsoe ao a ileng a a bua ke ana: “[E se eka] mahlo a hao a ka tutubolohela ntlong ena bosiu le motšehare, sebakeng seo ka sona u itseng, ‘Lebitso la ka le tla ba moo,’ ho mamela thapelo eo mohlanka oa hao a e rapelang sebakeng sena.” (1 Mar. 8:6, 29) Baiseraele le basele ba ne ba ka rapela tempeleng ena e leng moo lebitso la Molimo le neng le bitsoa teng.—1 Mar. 8:30, 41-43, 60.

9 Kaha Solomone o ile a phahamisa borapeli ba ’nete, seo se ile sa hlahisa litholoana life? Ka mor’a ho keteka ho khakoloa ha tempele, sechaba se ne se “thabile ’me se ikutloa se nyakaletse lipelong ka lebaka la molemo oohle oo Jehova a neng a o etselitse mohlanka oa hae Davida le sechaba sa hae sa Iseraele.” (1 Mar. 8:65, 66) Ha e le hantle, lilemong tse 40 tsa puso ea Solomone ho ne ho rena khotso ho bile ho e-na le nala. (Bala 1 Marena 4:20, 21, 25.) Pesaleme ea 72 e bua ka seo ’me e re thusa ho utloisisa hore na ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana pusong ea Solomone e Moholo, e leng Jesu Kreste.—Pes. 72:6-8, 16.

Mohlala oa Solomone o Lemosang

10. Ke liphoso life tseo Solomone a ileng a li etsa tseo re ka ’nang ra li hopola kapele?

10 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re ka re tsela eo Solomone a phetseng ka eona e boetse ke mohlala o lemosang? Ntho ea pele eo u ka ’nang ua nahana ka eona ke basali ba hae ba basele le lirethe. Bibele e re: “Nakong ea ho tsofala ha Solomone basali ba hae ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella ho Jehova.” (1 Mar. 11:1-6) Ha ho pelaelo hore u ikemiselitse ho se latele tsela eo ea hae e booatla. Empa na ke temoso eo feela eo re e fumanang bophelong ba Solomone? Hlokomela lintho tse ling bophelong ba hae tseo ho leng bonolo ho li hlokomoloha ’me u bone hore na ke temoso efe eo u ka e fumanang.

11. Ke’ng eo re ithutang eona lenyalong la Solomone la pele?

11 Solomone o ile a busa ka lilemo tse 40. (2 Likron. 9:30) Kahoo, ke’ng eo re ka ithutang eona ho 1 Marena 14:21? (E bale.) Ho latela temana eo, ha Solomone a shoa, mor’a hae Roboame e ile ea e-ba morena a le lilemo li  41, ’mè oa hae e ne e le “Naama mosali oa Moammone.” Sena se bolela hore pele Solomone e e-ba morena, o ile a nyala mosali oa basele sechabeng sa ba lireng se neng se sebeletsa melimo ea litšoantšo. (Baahl. 10:6; 2 Sam. 10:6) Na mosali eo o ne a rapela melimo eo? Le haeba ka nako e ’ngoe o kile a e rapela, e ka ’na eaba o ne a se a tlohetse ho rapela melimo ea litšoantšo ’me e se e le morapeli oa ’nete, joalokaha Rahaba le Ruthe ba ile ba etsa. (Ruthe 1:16; 4:13-17; Mat. 1:5, 6) Ho ntse ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe ba bohoeng ba Solomone ba Baammone le beng ka bona, ba ne ba sa sebeletse Jehova.

12, 13. Solomone o ile a etsa qeto efe e booatla qalong ea puso ea hae, hona e ka ’na eaba o ile a ikemela ka tsela efe?

12 Lintho li ile tsa senyeha haholo ka mor’a hore e be morena. Solomone o ile a etsa “selekane sa lenyalo le Faro morena oa Egepeta ’me a nka morali oa Faro a mo tlisa Motseng oa Davida.” (1 Mar. 3:1) Na mosali eo oa Moegepeta o ile a etsisa Ruthe ka hore a amohele borapeli ba ’nete? Ha ho na letho le bontšang hore o ile a etsa joalo. Ho e-na le hoo, ka mor’a nako e itseng Solomone o ile a mo hahela ntlo (mohlomong le makhabunyane a hae a Baegepeta) ka ntle ho Motse oa Davida. Hobane’ng? Mangolo a bolela hore o ile a etsa joalo hobane ho ne ho sa lokela hore barapeli ba bohata ba lule haufi le areka ea selekane.—2 Likron. 8:11.

13 E ka ’na eaba Solomone o ne a nahana hore ho nyala morali oa morena oa Egepeta e ne e le ntho e ntle kaha ho ne ho tla tiisa setsoalle pakeng tsa Iseraele le Egepeta, leha ho le joalo na leo e ne e le lebaka le utloahalang? Nako e telele pele ho moo, Molimo o ne a ile a thibela Baiseraele ho nyalana le bahetene ba Bakanana, a ba a bolela hore na ke lichaba life tseo ba neng ba lokela ho li qoba. (Ex. 34:11-16) Na Solomone o ile a nahana hore o ne a ka nyala Moegepeta hobane Baegepeta ba ne ba sa oele har’a lichaba tseo Molimo a buileng ka tsona? Le haeba o ile a ikemela ka tsela eo, na monahano o joalo o ne o nepahetse? Ha e le hantle, tsela eo a ileng a etsa lintho ka eona e bontša hore o ile a hlokomoloha kotsi e hlakileng eo Jehova a neng a e boletse—e leng ea ho khelosa Baiseraele borapeling ba ’nete ho ba isa ho ba bohata.—Bala Deuteronoma 7:1-4.

14. Re ka rua molemo joang ha re nka ka botebo mohlala oa Solomone o lemosang?

14 Na tsela eo Solomone a ileng a etsa lintho ka eona ke mohlala o re lemosang? Morali’abo rōna a ka ’na a leka ho ikemela ha a sa mamele molao oa Molimo oa hore a nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Motho a ka ’na a ikemela ka tsela e tšoanang haeba a kopanela lipapaling kapa mekhatlong e itseng ka mor’a nako ea sekolo, a sa lefe lekhetho la chelete eo a e amohelang kaofela, kapa a bua leshano ha a botsoa ka lintho tseo a li entseng tse ka ’nang tsa mo hlabisa lihlong. Taba ke hore, e tlameha ebe Solomone o ile a ikemela ka mabaka a sa utloahaleng e le hore a se ke a mamela melao ea Molimo, ’me kajeno le rōna re ka ba kotsing e tšoanang.

15. Jehova o ile a bontša mohau joang ha a ne a sebetsana le Solomone, empa ke’ng eo re lokelang ho e hopola ka seo?

15 Hoa thahasellisa hore ebe ka mor’a ho bua ka hore Solomone o ile a nyala khosatsana eo ea molichaba, Bibele e bolela hore Molimo o ile a mo fa bohlale boo a neng a bo kōpile a ba a mo fa le maruo. (1 Mar. 3:10-13) Solomone o ne a sa mamela litaelo tsa Molimo, leha ho le joalo ha ho na letho le bontšang hore Jehova o ile a potlakela ho mo lahla hore e se ke ea hlola e e-ba morena kapa hore o ile a mo khalemela ka matla. Seo se lumellana le taba ea hore Molimo oa hlokomela hore re batho ba sa phethahalang, ba entsoeng ka lerōle. (Pes. 103:10, 13, 14) Leha ho le joalo, hopola hore: Liketso tsa rōna li ka hlahisa litholoana tse ka re amang hona joale kapa mohlomong ha nako e ntse e e-ea.

Basali ba Bangata Hakaalo!

16. Ha Solomone a ne a nyala basali ba bangata o ne a hlokomoloha eng?

16 Bukeng ea Sefela sa Lifela, morena Solomone o ile a lumela hore moroetsana e mong ea itseng o ne a le motle ho feta mafumahali a 60 le lirethe tse 80. (Sefela 6:1, 8-10) Haeba taba eo e bua ka boemo boo Solomone a neng a le ho bona, o ne a e-na le basali ba bangata, nakong eo ea puso ea hae. Esita le haeba bongata ba basali bao e ne e le barapeli ba ’nete, taelo ea Molimo ka Moshe e ne e le hore morena oa Iseraele “a se ke a ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.” (Deut. 17:17) Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lahla Solomone. Ha e le hantle, Molimo o ile a ’na a hlohonolofatsa Solomone, a mo sebelisa hore a ngole buka ea Bibele ea Sefela sa Lifela.

17. Ke ’nete efe eo re sa lokelang ho e hlokomoloha?

17 Na seo se bolela hore Solomone o ne a ka hlokomoloha litaelo tsa Molimo ebe ha a khole litholoana tse bosula tsa seo kapa hore le rōna re ka etsa se tšoanang? Che. Ho e-na le hoo, seo se bontša hore Molimo o na le mamello. Leha ho le joalo, taba ea hore e mong oa batho ba Molimo a ka hlokomoloha litaelo tsa hae ebe ha a fumane litholoana tse bosula hang-hang, ha e bolele hore qetellong a ke ke a li fumana. Hopola seo Solomone a ileng a se ngola ha a ne a re: “Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako, ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.” O ile a phaella ka ho re: “Ke boetse kea hlokomela hore lintho li tla tsamaea hantle ho ba tšabang Molimo oa ’nete, hobane ba ne ba mo tšaba.”—Moek. 8:11, 12.

18. Taba ea Solomone e bontša joang hore se ngotsoeng ho Bagalata 6:7 ke ’nete?

18 Ka masoabi, Solomone ha aa ka a ela hloko ’nete eo ea Molimo! Ke ’nete hore o ne a entse lintho tse ngata tse molemo ’me Molimo o ne a ile a mo hlohonolofatsa ka nako e telele. Empa ha nako e ntse e e-ea, o ile a lula a etsa liphoso. O ile a qala ho ba le mokhoa o mobe. Ruri seo moapostola Pauluse a ileng a bululeloa hore a se ngole hamorao, e ne e le ’nete ha a ne a re: “Le se ke la thetsoa: Molimo a ke ke a songoa. Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule”! (Bagal. 6:7) Ha nako e ntse e e-ea, Solomone o ile a khola litholoana tse bosula ka lebaka la ho hlokomoloha litaelo tsa Molimo. Bibele e re: “Morena Solomone o ne a rata basali basele ba bangata hammoho le morali oa Faro, basali ba Bamoabe, Baammone, Baedomo, Basidone le Bahethe.” (1 Mar. 11:1) Ho ka etsahala hore ebe ba bangata ba bona ba ile ba khomarela melimo ea bohata, ’me Solomone le eena o ile a ameha. O ile a kheloha tseleng e nepahetseng eaba ha a sa fumana mohau oa Molimo oa rōna ea nang le mamello.—Bala 1 Marena 11:4-8.

Ithute Mohlaleng oa Hae—O Motle le o Mobe

19. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore Bibele e na le mehlala e metle e mengata?

19 Ka mosa, Jehova o ile a bululela Pauluse hore a ngole a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Bar. 15:4) Lintho tseo tse ileng tsa ngoloa li akarelletsa mehlala e mengata ea banna le basali ba neng ba e-na le tumelo e matla. Pauluse o ile a re: “Ke eng hape eo nka e buang? Etsoe ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta ka Gideone, Barake, Samsone, Jafeta, Davida hammoho le Samuele le baprofeta ba bang, bao ka tumelo ba ileng ba hlōla mebuso likhohlanong, ba tlisa ho loka, ba fumana litšepiso, . . . boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla.” (Baheb. 11:32-34) Re ka rua molemo mehlaleng e fumanoang ka Mangolong ebile re lokela ho rua molemo ho eona, ka hore re latele se boletsoeng litlalehong tseo tsa Bibele.

20, 21. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho rua molemo mehlaleng e lemosang e ka Lentsoeng la Molimo?

20 Leha ho le joalo, litlaleho tse ling tsa Bibele li na le mehlala e lemosang. Re ka fumana mehlala eo bophelong ba banna le basali bao ka nako e ’ngoe Jehova a ileng a ba amohela ’me a ba sebelisa e le bahlanka ba hae. Ha re ntse re bala Bibele, re ka hlokomela moo ba bang ba bahlanka ba Molimo ba ileng ba kheloha teng le hore na ke hobane’ng ha ba ile ba kheloha, ’me ka tsela eo ea e-ba mehlala e lemosang. Re ka hlokomela hore butle-butle ba bang ba ile ba e-ba le maikutlo a mabe le mekhoa e mebe eo qetellong e ileng ea hlahisa litholoana tse bosula. Re ka ithuta’ng litlalehong tseo? Re ka ’na ra ipotsa lipotso tse kang tsena: ‘Mekhoa eo e ile ea qala joang? Na ho ka etsahala hore ke be le mekhoa e joalo? Nka etsa’ng e le hore ke se ke ka ba le mekhoa eo, empa ke rue molemo mohlaleng oo o lemosang?’

21 Ka sebele re lokela ho nahana ka mehlala ena ka ho teba, hobane Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole a re: “Lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.”—1 Bakor. 10:11.

U Ithutile Eng?

• Ke hobane’ng ha u ka fumana mehlala e metle le e lemosang ka Bibeleng?

• Solomone o ile a itumella ho ba le mokhoa o mobe joang bophelong ba hae?

• U ka rua molemo joang mohlaleng oa Solomone o lemosang?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Solomone o ile a sebelisa bohlale boo a neng a bo filoe ke Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na u rua molemo mohlaleng o lemosang oa Solomone?