Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Lumella ho Kula Hore ho U Amohe Thabo

U se ke Ua Lumella ho Kula Hore ho U Amohe Thabo

U se ke Ua Lumella ho Kula Hore ho U Amohe Thabo

AK’U nahane u tsoha hoseng empa u lakatsa eka u ka be u sa tsoha. U tlameha ho mamella bohloko boo u bo utloang ’meleng kapa maikutlong letsatsi le leng hape. U ka ’na ua ikutloa joaloka Jobo, ea ileng a re: “Nka ikhethela ho shoa ho e-na le hore ke utloe bohloko.” (Jobo 7:15, The New English Bible) U tla etsa’ng haeba boemo boo bo tsoela pele, esita le ka lilemo tse ngata?

Mefiboshethe, e leng mora oa motsoalle oa Morena Davida, Jonathane, o ne a le boemong bo joalo. Ha Mefiboshethe a ne a le lilemo li hlano, o ile “a oela ’me a holofala.” (2 Sam. 4:4) E tlameha ebe ho sareloa hoo a ileng a ba le hona ha a ne a etselletsoa ka hore o tsoile morena tlaase ’me a amohuoa lintho tsa hae, ho ile ha mo utloisa bohloko le ho feta. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele e le mohlala o babatsehang oa ho mamella ho holofala, ho etselletsoa le ho soetseha, a sa lumelle lintho tseo hore li mo amohe thabo.—2 Sam. 9:6-10; 16:1-4; 19:24-30.

Moapostola Pauluse le eena o re behetse mohlala. O ile a ngola ka “moutloa nameng” oo a ileng a tlameha ho o mamella. (2 Bakor. 12:7) Moutloa oo a buileng ka oona e ka ’na eaba e ne e le ho holofala ka nako e telele kapa e ka ’na eaba e ne e le batho ba neng ba le khahlanong le hore ebe ke moapostola. Ho sa tsotellehe hore na bothata ba hae e ne e le bofe, bo ile ba nka nako e telele, ’me o ile a tlameha ho mamella bohloko boo a neng a bo utloa ’meleng le maikutlong ka lebaka la bothata boo.—2 Bakor. 12:9, 10.

Ba bang ba bahlanka ba Molimo kajeno ba na le khatello ea maikutlo kapa bokuli bo sa foleng bo ba fokolisang. Ha Magdalena a le lilemo li 18, o ile a tšoaroa ke lefu le bitsoang systemic lupus erythematosus, e leng lefu leo masole a ’mele a hlaselang litho tsa oona. O re, “Ke ne ke tšohile haholo. Ha nako e ntse e ea, boemo ba ka bo ile ba mpefala ’me bo ne bo mpefatsoa ke bothata ba tšilo ea lijo, ba kolu le liso tse ileng tsa ntsoa ka hanong.” Ka lehlakoreng le leng, Izabela o tlameha ho mamella boemo boo batho ba sa bo hlokomeleng habonolo. O re: “Ho tloha bongoaneng haesale ke e-na le khatello ea maikutlo. Sena se entse hore ke be le letsoalo le sa laoleheng, bothata ba ho hema ke be ke tšoaroe ke mala. Hangata ke lula ke khathetse haholo.”

Ho Amohela Boemo

Ho kula le bofokoli li ka u sithabetsa. Ha seo se etsahala, e ka ba hantle hore u lule fatše ’me u hlahlobe boemo ba hao ka botšepehi. Ho ka ’na ha se ke ha e ba bonolo ho amohela bofokoli boo u nang le bona. Magdalena o re: “Lefu leo ke nang le lona lea tota. Hangata ke khathala hoo ke tsoafang le ho tsoha betheng. Ha ho bonolo ho hlophisa lintho tseo ke batlang ho li etsa esale pele, kaha ha ke khone ho tseba esale pele hore na boemo ba ka ba bophelo bo tla be bo le joang. Ntho e nkutloisang bohloko haholo ke hore ha ke sa khona ho sebeletsa Jehova kamoo ke neng ke tloaetse kateng.”

Zbigniew o re: “Ha lilemo li ntse li feta, lefu la ramatiki leo ke nang le lona le nqeta matla, le senya manonyello a ka hanyane ka hanyane. Ka linako tse ling, ha ke ruruhile haholo ha ke khone le ho etsa mesebetsi e bonolo. Seo se etsa hore ke ikutloe ke nyahame.”

Lilemo tse ’maloa tse fetileng, ho ile ha fumanoa hore Barbara o na le hlahala bokong. O re: “’Mele oa ka o bile le liphetoho ka tšohanyetso. Ke ikutloa ke le monyebe, ke tšoaroa ke hlooho khafetsa ’me ke na la bothata ba ho tsepamisa mohopolo. Kaha ha ke sa khona ho etsa lintho tse ling, ke ile ka tlameha ho hlahlobisisa lintho bocha.”

Batho bana kaofela ke bahlanka ba Jehova ba inehetseng. Ho etsa thato ea Molimo ho tla pele bophelong ba bona. Ba tšepa Molimo ka ho feletseng ’me ba rua molemo thusong eo a ba fang eona.—Liprov. 3:5, 6.

Jehova o re Thusa Joang?

Ha rea lokela ho nahana hore ha re utloa bohloko seo ke bopaki ba hore Molimo ha a re amohele. (Lillo 3:33) Nahana ka boemo boo Jobo a ileng a ba ho bona le hoja e ne e le motho “ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng.” (Jobo 1:8) Molimo ha a leke leha e le mang ka lintho tse mpe. (Jak. 1:13) Bokuli bohle—ho akarelletsa le bo sa foleng le ba maikutlo—ke lefa le bohloko le tsoang ho batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva.—Bar. 5:12.

Leha ho le joalo, Jehova le Jesu ba ke ke ba tlohela batho ba lokileng ebe ha ba ba thuse. (Pes. 34:15) Re hlokomela hore Molimo ke ‘setšabelo le qhobosheane ea rōna,’ haholo-holo nakong e boima bophelong ba rōna. (Pes. 91:2) Kahoo, ha u tobane le maemo ao ho leng thata ho fumana tharollo ea ’ona, ke eng e ka u thusang hore u lule u thabile?

Thapelo: Ha u latela mohlala oa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba boholo-holo, u ka lahlela moroalo oa hao ho Ntate oa rōna ea leholimong ka thapelo. (Pes. 55:22) Ha u etsa joalo, u ka ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” Khotso eo “e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” (Bafil. 4:6, 7) Magdalena o mamella lefu la hae le mo fokolisang ka hore a kōpe thuso ea Molimo ka thapelo. O re: “Ho tšollela maikutlo a ka ho Jehova hoa nkimolla ’me ho ntlisetsa thabo. Hona joale kea utloisisa hore na ho itšetleha ka Molimo letsatsi le letsatsi ho bolela’ng.”—2 Bakor. 1:3, 4.

Jehova a ka arabela lithapelo tsa hao ka hore a u matlafatse ka moea oa hae o halalelang, ka Lentsoe la hae le ka Bakreste-’moho le uena. U ke ke ua lebella hore Molimo a u folise ka mohlolo. Leha ho le joalo, u ka mo kōpa hore a u fe bohlale le matla e le hore u ka mamella bohloko leha e le bofe. (Liprov. 2:7) A ka u matlafatsa, a u fa “matla a fetang se tloaelehileng.”—2 Bakor. 4:7.

Lelapa: Batho ba lerato le ba nang le kutloelo-bohloko ka lapeng ba ka u thusa hore u mamelle bokuli. Leha ho le joalo, u hopole hore baratuoa ba hao le bona ba utloa bohloko. Ba ka ’na ba felloa ke tšepo joaloka uena. Ho ntse ho le joalo, ba tla u tšehetsa, esita leha ho nyolosetsa. Ho rapela hammoho ho tla le thusa hore lipelo tsa lōna li be le khutso.—Liprov. 14:30.

Ha Barbara a bua ka morali oa hae le barali ba bang babo rōna ba bacha ka phuthehong, o re: “Ba nthusa hore ke kopanele tšebeletsong. Cheseho eo ba nang le eona ea nkhothatsa ebile ea nthabisa.” Zbigniew o nka thuso ea mosali oa hae e le ea bohlokoa haholo. O re: “O etsa mesebetsi e mengata ka lapeng. O boetse o nthusa ho apara ’me o atisa ho nkukela mokotla ha re ea libokeng tsa Bokreste le ha re le tšebeletsong ea tšimo.”

Balumeli-’moho le rōna: Ha re e-na le balumeli-’moho le rōna, baa re khothatsa ebile baa re tšelisa. Empa ho thoe’ng haeba u sa khone ho ea libokeng ka lebaka la bokuli ba hao? Magdalena o re: “Phutheho e entse bonnete ba hore ke rua molemo libokeng ka hore e nketsetse khatiso ea liboka. Barapeli-’moho le ’na ba atisa ho ntetsetsa ba mpotse hore na ba ka nthusa ka’ng. Ba boetse ba ’ngolla mangolo a nkhothatsang. Ho tseba hore baa nkhopola le hore baa tsotella hore na ke ntse ke phela joang ho nthusa hore ke mamelle.”

Izabela, ea nang le khatello ea maikutlo, o re: “Ka phuthehong, ke na le ‘bo-ntate’ le ‘bo-’mè’ ba ’mamelang le ba lekang ho nkutloisisa. Phutheho ke lelapa leso—ke hona moo ke fumanang khotso le thabo.”

Batho ba thulanang le liteko tse fapa-fapaneng ha baa lokela ho ‘itšehla thajana.’ Ho e-na le hoo, ba nka ho kopanela le phutheho e le ntho ea bohlokoa haholo. (Liprov. 18:1) Kahoo, ba khothatsa ba bang haholo. Qalong u ka ’na ua ba leqe ho bolella bara le baralib’abo rōna hore na ke lintho life tseo u li hlokang. Leha ho le joalo, balumeli-’moho le uena ba tla ananela ha u sa ba patele letho. Seo se tla ba fa monyetla oa hore ba u bontše “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi.” (1 Pet. 1:22) E ka ba hantle hore u ba tsebise hore u hloka sepalangoang sa ho ea libokeng le hore u ka rata ho sebetsa le bona tšebeletsong ea tšimo kapa u batla ho ba le puisano e khothatsang le bona. Ke ’nete hore ha rea lokela ho ba batho ba sa khotsofaleng empa re lokela ho ananela thuso ea bona.

E-ba le boikutlo bo nepahetseng: Hore na u tla mamella bokuli bo sa foleng u sa felloe ke thabo, hangata ho itšetlehile ka uena. Ho felloa ke tšepo le ho nyahama ho ka etsa hore u be le monahano o fosahetseng. Bibele e re: “Moea oa motho o ka mamella boloetse ba hae; empa ha e le moea o hlomohileng, ke mang ea ka o mamellang?”—Liprov. 18:14.

Magdalena o re: “Ke loanela hore ke se ke ka nahana haholo ka mathata a ka. Ke leka hore ke thabele matsatsi ao ke ikutloang ke le betere ka ’ona. Kea khothala ha ke bala lipale tsa bophelo tsa batho ba ileng ba lula ba tšepahala ho sa tsotellehe bokuli bo sa foleng.” Izabela o matlafatsoa ke ho tseba hore Jehova oa mo rata ebile o mo nka e le oa bohlokoa haholo. O re: “Ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa ebile ho na le motho eo ke lokelang ho mo phelela. Hape, ke na le tšepo e hlollang ka bokamoso.”

Zbigniew o re: “Bokuli ba ka bo nthuta boikokobetso le ho mamela. Bo nthuta hore ke bontše temoho le kahlolo e molemo le hore ke tšoarele batho ba bang ho tsoa boteng ba pelo. Ke ithutile ho sebeletsa Jehova ke sa iqenehele. Ha e le hantle, ke ’nile ka khothalletsoa hore ke ’ne ke tsoele pele moeeng.”

Hopola hore Jehova o ela hloko mamello ea hao. Oa u qenehela bohlokong boo u leng ho bona ebile oa u tsotella. A ke ke a ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheb. 6:10) Nka ka botebo sena seo a se tšepisang batho bohle ba mo tšabang: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheb. 13:5.

Haeba ka linako tse ling u ikutloa u nyahame, nahana ka tšepo e babatsehang ea ho phela lefatšeng le lecha. Nako ea ha mahlo a hao a tla bona litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng e atamela ka potlako!

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]

Ba Tsoela Pele ba Bolela le Hoja ba E-na le Bokuli bo sa Foleng

“Ha ke sa khona ho itsamaisa, kahoo mosali oa ka kapa bara le barali babo rōna ba tsamaea le ’na ha re ea tšebeletsong ea tšimo. Ke tšoara ka hlooho seo ke tla se bua hammoho le mangolo a Bibele.”—Jerzy, ha a bone hantle.

“Ho phaella tabeng ea ho paka ka thelefono, ke ngola mangolo ’me kamehla ke ngollana le batho ba seng bakae ba thahasellang. Ha ke le sepetlele, ke lula ke behile Bibele le lingoliloeng pel’a bethe ea ka. Seo se nthusitse hore ke qale moqoqo o monate le batho ba bangata.”—Magdalena, o na le boloetse ba systemic lupus erythematosus.

“Ke rata tšebeletso ea ntlo le ntlo, empa ha ke sa ikutloe hantle, ke paka ka thelefono.”—Izabela, o na le boloetse ba ho tepella ho hoholo ha maikutlo.

“Ke thabela ho etsa maeto a ho boela le ho thusa ba bang ha ba khanna lithuto tsa Bibele. Matsatsing ao ke leng betere ka ’ona, ke rata ho paka ka ntlo le ntlo.”—Barbara, o na le hlahala bokong.

“Ke nka mokotla o bobebe oa limakasine feela. Ke lula ka ntle hafeela manonyello a ka a le betere.”—Zbigniew, o na le boloetse ba ramatiki.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Ba banyenyane le ba baholo ba ka khothatsa ba bang