Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakreste ba ’Nete ba Hlompha Lentsoe la Molimo

Bakreste ba ’Nete ba Hlompha Lentsoe la Molimo

“Lentsoe la hao ke ’nete.”—JOH. 17:17.

1. Ha u ne u qala ho buisana le Lipaki Tsa Jehova, ke ntho efe ea bohlokoa eo u ileng ua e hlokomela eo li fapaneng ka eona le malumeli a mang?

NAHANA ka lekhetlo la pele ha u ne u qala ho buisana le Lipaki Tsa Jehova. Ke eng eo u e hopolang ka puisano eo? Batho ba bangata ba araba ka ho re, ‘Ke ile ka khahloa ke taba ea hore Paki eo ke neng ke bua le eona e ile ea araba lipotso tsa ka tsohle ka Bibele.’ Ruri re ile ra thaba haholo ha re fumana hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše, hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa le hore na ho tla etsahala’ng ka baratuoa ba rōna ba shoeleng!

2. Ke mabaka afe a ileng a etsa hore u ananele Bibele?

2 Leha ho le joalo, ha re ntse re tsoela pele re ithuta, re ile ra hlokomela hore Bibele ha e arabe lipotso tsa rōna tse mabapi le bophelo, lefu le bokamoso feela. Re ile ra boela ra hlokomela hore Bibele ke buka e molemo ka ho fetisisa lefatšeng. Keletso ea eona ha e siuoe ke nako, ’me batho ba e mamelang ka hloko ba tla atleha bophelong ba be ba thabe. (Bala Pesaleme ea 1:1-3.) Kamehla Bakreste ba ’nete ba ’nile ba amohela Bibele eseng “e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo.” (1 Bathes. 2:13) Ho hlahloba ka bokhutšoanyane hore na nakong e fetileng batho ba ile ba sebelisa Bibele joang kapa hore na ba ile ba iphapanyetsa eona joang, ho tla bontša phapang e teng pakeng tsa batho ba hlomphang Lentsoe la Molimo e le kannete le ba sa le hlompheng.

TABA E THATA EA RAROLLOA

3. Ke taba efe e neng e ka ’na ea baka karohano phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, hona ke eng e neng e ka senya litaba le ho feta?

3 Lilemo tse 13 ka mor’a hore Molichaba oa pele ea sa bollang e leng Korneliase, a tlotsoe ka moea, ho ile ha hlaha taba e neng e ka ’na ea baka karohano ka phuthehong ea Bokreste. Balichaba ba bangata ba ne ba amohela tumelo ea Bokreste. Potso e ne e le hore na banna bao ba lokela ho bolotsoa ho latela moetlo oa Sejuda pele ba kolobetsoa kapa che. Ho ne ho se bonolo hore Mojuda a arabe potso eo. Bajuda ba neng ba boloka Molao ba ne ba ke ke ba kena ntlong ea Molichaba, ebile ho hang ba ne ba ke ke ba thabela setsoalle le eena. Bakreste ba Bajuda ba ne ba se ntse ba hlorisoa haholo ka lebaka la ho tlohela bolumeli ba bona ba pele. Haeba ba ne ba ka amohela Balichaba ba sa bollang har’a bona, seo se ne se tla senya likamano le ho feta pakeng tsa Bajuda ba neng ba mamela Molao le Bakreste, ’me Bakreste ba ne ba tla hlorisoa le ho feta.—Bagal. 2:11-14.

4. Ke bo-mang ba ileng ba bitsoa hore ba tl’o rarolla taba eo, hona batho ba bang ba ne ba ka ’na ba ipotsa lipotso life?

4 Ka 49 C.E., baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema, bao e neng e le Bajuda ba bolotseng, ba ile ba “bokana ho bona taba ena.” (Lik. 15:6) Seboka seo ba ileng ba se tšoara e ne e se seboka se tepeletsang, moo ho buisanoang ka lintlha tsa bolumeli tseo e seng tsa bohlokoa, empa e ne e le puisano e thahasellisang moo ho tšohloang lithuto tsa Bibele. Mahlakore ka bobeli a ile a beha mabaka a matla. Na qeto ea bona e ne e tla susumetsoa ke se batloang ke bona kapa ke leeme? Na banna ba baholo ba ikarabellang ba ne ba tla beha taba eo molatsa ho fihlela ha maemo a bolumeli Iseraele a ntlafala bakeng sa Bakreste, ebe ke hona ba etsang qeto? Kapa mohlomong ba ne ba tla lumellana ka ntho eo ba hlileng ba sa lumeleng hore e nepahetse, ba se ba mpa ba etsa joalo feela hore ba fihlele tumellano?

5. Seboka ileng sa tšoaroa Jerusalema ka 49 C.E. se ne se fapane joang le liboka tsa likereke tse ’nileng tsa tšoaroa makholong a lilemo a latelang?

5 Kajeno, libokeng tsa likereke ho tloaelehile hore baeta-pele ba be teme-peli kapa ba thaothe ba bang hore ba tšehetse maikutlo a bona. Leha ho le joalo, sebokeng se ileng sa tšoareloa Jerusalema, ho ne ho se na batho ba teme-peli ebile ha ho na motho ea ileng a thaotha ba bang hore ba tšehetse maikutlo a hae. Ho feta moo, batho ba neng ba le sebokeng seo, ba ile ba fihlela qeto ba le ntsoe-leng. Ba khonne joang hore ba be ntsoe-leng? Le hoja e mong le e mong a ne a lumela ka tieo maikutlong a hae, kaofela ha bona ba ne ba hlompha Lentsoe la Molimo, ’me mangolo ao a halalelang ke ’ona a neng a ka fana ka tharollo tabeng eo.—Bala Pesaleme ea 119:97-101.

6, 7. Mangolo a ile a sebelisoa joang ho rarolla taba ea lebollo?

6 Litemana tse ileng tsa thusa ho rarolla taba eo ke Amose 9:11, 12. Joalokaha e qotsitsoe ho Liketso 15:16, 17, e re: “Ke tla khutla ’me ke tsosolose lephephe la Davida le oeleng; ke tla tsosolosa lithako tsa lona ’me ke le emise hape, e le hore batho ba setseng ba ka batla Jehova ka tieo, hammoho le batho ba lichaba tsohle, batho ba bitsoang ka lebitso la ka, ho bolela Jehova.”

7 Leha ho le joalo, motho e mong a ka ’na a re, ‘Butle hanyenyane, temana eo ha e re Balichaba ba amohelang Bokreste ha baa lokela ho bolla.’ Seo ke ’nete; empa e tlameha ebe Bakreste ba Bajuda ba ile ba e utloisisa joalo. Ba ne ba sa nke Balichaba ba bolotseng e le “batho ba lichaba” empa ba ne ba ba nka e le barab’abo bona. (Ex. 12:48, 49) Ka mohlala, ho latela phetolelo ea Septuagint ea Bagster, Esthere 8:17 e re: “Balichaba ba bangata ba ile ba bolla, ’me ea e-ba Bajuda.” Kahoo, ha Mangolo a ne a bolela esale pele hore masala a ntlo ea Iseraele (Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng) hammoho le “batho ba lichaba” (Balichaba ba sa bollang) e ne e tla ba sechaba se le seng se khethetsoeng lebitso la Molimo, molaetsa o ne o hlakile. Ho ne ho sa hlokahale hore Balichaba ba batlang ho ba Bakreste ba bolle.

8. Sebete se ile sa phetha karolo efe qetong e ileng ea fihleloa?

8 Bakreste bao ba ’nete ba ile ba thusoa ke Lentsoe la Molimo hammoho le moea oa hae hore ba ‘fihlele tumellano hammoho.’ (Lik. 15:25) Le hoja ho ne ho ka ’na ha etsahala hore qeto eo e etse hore Bakreste ba Bajuda ba hlorisoe le ho feta, ba tšepahalang ba ile ba tšehetsa qeto eo e thehiloeng Bibeleng.—Lik. 16:4, 5.

PHAPANG EA HLAKA

9. Ke ntho efe e ileng ea etsa hore borapeli ba ’nete bo silafatsoe, ’me ke thuto efe e ileng ea hlahella?

9 Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele hore ka mor’a lefu la baapostola, Bokreste bo ne bo tla silafatsoa ke lithuto tsa bohata. (Bala 2 Bathesalonika 2:3, 7.) Batho ba bang ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba ne ba tla ba har’a batho ba neng ba sa tl’o mamella “thuto e phelisang hantle.” (2 Tim. 4:3) Pauluse o ile a lemosa baholo ba mehleng ea hae a re: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Lik. 20:30) Ha The New Encyclopædia Britannica e hlalosa lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore batho ba bue lintho tse sothehileng, e re: “Bakreste ba ileng ba rutoa filosofi ea Bagerike ba ile ba sebelisa filosofi ena ha ba hlalosa tumelo ea bona. Sena se ile sa etsa hore ba ikotle sefuba ka tsebo eo ba neng ba e-na le eona ’me ba ne ba nahana hore e ne e ka thusa bahetene ba rutehileng hore ba amohele Bokreste.” Thuto e ’ngoe ea bohlokoa e ileng ea tsoakoa le lithuto tsa bohetene ke taba ea hore na Jesu Kreste ke mang. Bibele e re ke Mora oa Molimo, empa batho ba ratang filosofi ea Bagerike ba ile ba tsitlella hore ke Molimo.

10. Taba ea hore na Kreste ke mang e ka be e rarolotsoe joang?

10 Ho ile ha phehoa khang ka taba eo libokeng tse ngata tsa kereke. Taba eo e ka be e ile ea rarolloa habonolo haeba batho ba tlileng libokeng tseo ba ne ba hlompha Mangolo ka tsela e loketseng, empa ba bangata ba ne ba sa a hlomphe. Ha e le hantle, boholo ba bona ba ne ba e-tla libokeng tseo ba se ba entse qeto, ’me ba ne ba arohana ba sa lumellane le ho feta. Hangata liqeto tse neng li etsoa libokeng tsena ho ne ho se mohla li thehoang Bibeleng.

11. Bangoli ba Lithuto Tsa Bokreste ba nkeloa holimo ka tsela efe, hona ke hobane’ng ha ho le joalo?

11 Ke hobane’ng ha baeta-pele ba likereke ba ne ba sa sebelise Mangolo haholo ha ba etsa liqeto? Ha setsebi se seng e leng Charles Freeman, se araba taba eo, se bolela hore batho ba lumelang hore Jesu ke Molimo “ba thatafalloa ho hanyetsa lipolelo tsa Jesu tse ngata tse bontšang hore Molimo Ntate o moholo ho eena.” Ka lebaka leo, ho ile ha lateloa lineano tsa kereke le maikutlo a baeta-pele ho e-na le ho latela Likosepele. Ho tla fihlela joale, baruti ba bangata ba nkela holimo lipolelo tse sa bululeloang tsa bao ho thoeng ke Bangoli ba Lithuto Tsa Bokreste ho feta Lentsoe la Molimo! Haeba u kile ua buisana le seithuti se seminaring ka thuto ea Boraro-bo-bong, mohlomong u hlokometse seo.

12. Moemphera o ne a e-na le tšusumetso efe e mpe?

12 Ntho e ’ngoe eo re e hlokomelang ke hore moemphera oa Roma o ne a kena-kenana le liboka tseo. Ha Moprofesa Richard E. Rubenstein a ngola ka Seboka sa Nicaea, mabapi le taba ena, o ile a re: “Constantine o ile a ruisa [babishopo] haholo. Nakong e ka tlaase ho selemo, moemphera e mocha o ne a hahile hoo e ka bang likereke tsa bona kaofela, a ba khutliselitse mesebetsi ea bona hammoho le litlotla tseo ba neng ba li amohiloe . . . O ne a file baruti ba Bokreste litlotla tseo pele li neng li fuoa baruti ba bahetene.” Ka lebaka leo, “Constantine o ne a ka ba le tšusumetso e khōlō—mohlomong a be a fane ka litaelo—mabapi le hore na lintho li tsamaee joang Nicaea.” Charles Freeman o ile a re: “Ka mor’a seboka seo, moemphera o ile a qala ho ba le tšusumetso e khōlō ka Kerekeng, a e fa matla ’me a ba le tšusumetso lithutong tsa eona.”—Bala Jakobo 4:4.

13. U nahana hore makholo a lilemo hamorao baeta-pele ba likereke ba ile ba susumetsoa ke’ng hore ba iphapanyetse lithuto tsa Bibele tse totobetseng?

13 Le hoja ba boholong kerekeng ba ne ba sa tsebe hantle hore na Jesu Kreste ke mang, batho ba bangata ba maemo a tlaase ba ne ba se na bothata boo. Lebaka ke hore ba ne utloisisa ka ho hlaka seo ba neng ba ithuta sona ka Mangolong ba bile ba se lumela. Empa baeta-pele ba kereke bona ba ne ba batla chelete le matla ao moemphera a neng a ka ba fa ’ona, kahoo ba ile ba iphapanyetsa se boleloang ke Bibele. Setsebi sa thuto ea bolumeli sa ka nako eo, e leng Gregory oa Nyssa, o ile a bua ka tsela ena e phoqang mabapi le batho ba maemo a tlaase: “Barekisi ba liaparo, ba ananyang chelete le ba rekisang korosari, kaofela e se e le litsebi tsa bolumeli. Ha u ba botsa ka boleng ba chelete ea hao, rafilosofi e mong o u bolella hore na Mora o fapana joang le Ntate. Ha u botsa hore na bohobe ke bokae, u fuoa karabo ea hore Ntate o moholo ho Mora. Ha u batla ho tseba hore na u ka kena bateng, u bolelloa hore Mora o bōpiloe.” Ho fapana le baeta-pele ba bolumeli, batho ba bangata ba maemo a tlaase ba ne ba sebelisa Lentsoe la Molimo hore ba fihlele liqeto tsa bona. Gregory le bo-mphat’oa hae ba ne ba lokela hore ba ba mamele!

“KORO” LE “MOFOKA” LI HŌLA HAMMOHO

14. Ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore e tlameha ebe ho tloha lekholong la pele la lilemo haesale ho e-na le Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng lefatšeng?

14 Papisong e ’ngoe, Jesu o ile a bontša hore ho tloha lekholong la pele la lilemo ho ea pele, ho tla lula ho e-na le Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng lefatšeng. O ile a ba bapisa le “koro” e hōlang har’a “mofoka.” (Mat. 13:30) Ke ’nete hore ha re tsebe hantle hore na ke batho bafe kapa ke sehlopha sefe seo e neng e le sa batlotsuoa ba sehlopha sa koro, empa re ka tiisa hore kamehla ho ile ha lula ho e-na le batho bao ka sebete ba ileng ba emela Lentsoe la Molimo ’me ba pepesa lithuto tsa kereke tse sa lumellaneng le Mangolo. A re ke re tšohleng mehlala e ’maloa.

15, 16. Ke bo-mang ba ileng ba bontša hore ba hlompha Lentsoe la Molimo?

15 Moarekabishopo Agobard oa Lyons, Fora (ea phetseng ka 779-840 C.E.), o ile a hanyetsa borapeli ba litšoantšo, likereke tse rapelang bahalaleli hammoho le litšebeletso tsa kereke le mekhoa e sa lumellaneng le Mangolo. E mong oa batho ba phetseng mehleng ea hae e leng Mobishopo Claudius, le eena o ile a ba khahlanong le neano ea kereke, ho rapela bahalaleli le ho rapela lintho tse nkoang e le tsa bohlokoa likerekeng. Lekholong la bo11 la lilemo, Motlatsi oa Mobishopo Berengarius oa Tours, Fora, o ile a khaoloa kaha o ne a le khahlanong le thuto ea K’hatholike ea hore bohobe le veine li fetoha ’mele le mali a Jesu. Ho feta moo, o ne a lumela hore Bibele e phahametse neano ea kereke.

16 Lekholong la bo12 la lilemo ho ile ha e-ba le batho ba babeli ba ratang ’nete ea Bibele, e leng Peter oa Bruys le Henry oa Lausanne. Peter o ile a itokolla boruting kaha a ne a hlokometse hore Mangolo ha a lumellane le lithuto tsa K’hatholike tsa kolobetso ea masea, thuto ea hore bohobe le veine li fetoha ’mele le mali a Kreste, lithapelo tse etsetsoang bafu le ho rapela sefapano. Ka 1140, Peter o ile a bolaoa ka lebaka la litumelo tsa hae. Henry eo e leng moitlami oa monna, o ile a hanyetsa bobolu ka kerekeng hammoho le litšebeletso tsa kereke tse sa lumellaneng le Mangolo. O ile a tšoaroa ka 1148 ’me a hlola bophelo bohle ba hae chankaneng.

17. Ke bohato bofe ba bohlokoa bo ileng ba nkoa ke Waldo le balateli ba hae?

17 Nakong eo Peter oa Bruys a neng a chesoa ka eona a ntse a phela hobane a ile a tšoaea kereke liphoso, ho ile ha hlaha motho eo hamorao a neng a tla ba le tšusumetso e khōlō tabeng ea ho phatlalatsa ’nete ea Bibele. Fane ea hae e ne e le Valdès kapa Waldo. * Ho fapana le Peter oa Bruys le Henry oa Lausanne, eena o ne a sa ruteha empa o ne a nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa hoo a ileng a tela matlotlo a hae ’me a etsa litokisetso tsa hore likarolo tse itseng tsa Bibele li fetoleloe ka puo e neng e buuoa ke batho ba bangata karolong e ka boroa-bochabela, Fora. Batho ba bang ba ile ba thaba haholo ha ba utloa molaetsa oa Bibele o boleloa ka puo ea bona hoo le bona ba ileng ba tela lintho tsa bona eaba ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho bolella ba bang ’nete ea Bibele. Kereke e ile ea tšoenyeha haholo ka lebaka la sena. Ka 1184, banna le basali bana ba chesehang bao hamorao ba ileng ba bitsoa Mawaldense, ba ile ba khaoloa ke mopapa ’me mobishopo a ba leleka mahaeng a bona. Sena se ile sa etsa hore molaetsa oa Bibele o namele libakeng tse ling. Qetellong, balateli ba Waldo, ba Peter oa Bruys le ba Henry oa Lausanne hammoho le batho ba bang ba ileng ba ikarola kerekeng, ba ne ba fumaneha libakeng tse ngata tsa Europe. Batho ba bang ba ileng ba emela ’nete ea Bibele ka cheseho makholong a lilemo a ileng a latela ke: John Wycliffe (ea phetseng hoo e ka bang ka 1330-1384), William Tyndale (ea phetseng hoo e ka bang ka 1494-1536), Henry Grew (ea phetseng ka 1781-1862) hammoho le George Storrs (ea phetseng ka 1796-1879).

“LENTSOE LA MOLIMO HA LEA TLANGOA”

18. Hlalosa mokhoa oo liithuti tsa Bibele tse tšepahalang tsa lekholong la bo19 la lilemo li ileng tsa o sebelisa ha li ithuta Bibele le hore na ke hobane’ng ha o ile oa atleha.

18 Ho sa tsotellehe boiteko boo lira tsa Bibele li ileng tsa bo etsa, li ile tsa hlōleha ho thibela ’nete ea Bibele ho phatlalla. Ho 2 Timothea 2:9, Bibele e re: “Lentsoe la Molimo ha lea tlangoa.” Ka 1870, sehlopha sa liithuti tsa Bibele tse tšepahalang se ile sa qala ho batla ’nete. Li ile tsa sebelisa mokhoa ofe ho ithuta? Motho e mong o ne a botsa potso. Ka mor’a moo li ne li e tšohla. Li ne li sheba mangolo ’ohle a amanang le taba eo, ebe ha li ikhotsofalitse hore mangolo ao aa lumellana li fihlela qeto ’me li e ngola fatše. Na ha u khothale ha u tseba hore joaloka baapostola hammoho le banna ba baholo ba lekholong la pele la lilemo, banna bao ba tšepahalang bao re ka reng ke baholo-holo ba rōna ka tsela ea moea, ba qetellong ea lilemo tsa bo-1800, ba ne ba ikemiselitse hore litumelo tsa bona li lumellane ka botlalo le Lentsoe la Molimo?

19. Temana ea selemo ea 2012 e re’ng, hona ke hobane’ng ha e loketse?

19 Lithuto tsa rōna li ntse li thehiloe Bibeleng. Ka lebaka leo, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se khethile hore temana ea selemo ea 2012 e thehoe mantsoeng ana ao Jesu a ileng aa bua ka sebete ha a ne a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Kaha motho e mong le e mong ea batlang ho amoheloa ke Molimo o lokela ho tsamaea ’neteng, e se eka kaofela ha rōna re ka tsoela pele re loanela hore re tataisoe ke Lentsoe la Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 17 Ka linako tse ling Valdès o ile a bitsoa Pierre Valdès kapa Peter Waldo, empa ha ho tsebahale hantle hore na lebitso la hae e ne e le mang.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Temana ea rōna ea selemo ea 2012 e re: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Joh. 17:17

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Waldo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Wycliffe

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tyndale

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Grew

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Storrs