Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nalane ea Rōna

Ho Boloka Matlotlo a Khale

Ho Boloka Matlotlo a Khale

BAHLANKA ba Jehova ba na le letlotlo la moea. Tlaleho e tsotehang ea letlotlo leo ha e fumanehe libukeng feela, e fumaneha le lifotong, mangolong, litlalehong tse ngotsoeng ke batho ka bomong le linthong tse entsoeng ka matsoho tse amanang le borapeli ba rōna, mosebetsi oa rōna oa boboleli esita le histori ea rōna. Empa ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore lintho tse kang tseo li bolokoe le hore ho etsoe lipatlisiso ka lintho tsa nako e fetileng? Ha e le hantle, lihlooho tsa malapa Iseraeleng ea boholo-holo, li ne li lokela ho tsebisa bara ba tsona melao le liketso tsa Jehova tse hlollang e le hore “ba ka beha kholiseho ea bona ho Molimo.”—Pes. 78:1-7.

Haesale ho batlisisa ka lintho tsa khale ho phetha karolo ea bohlokoa e le hore merero ea Jehova e phethahale. Ka mohlala, ha bahanyetsi ba ne ba leka ho emisa mosebetsi tempeleng e Jerusalema, ho ile ha etsoa lipatlisiso litlalehong tse neng li bolokiloe motse-moholo oa Media, e leng Ekbatana, eaba ho fumanoa tokomane e neng e entsoe ke Morena Cyruse moo a fanang ka taelo ea hore ho etsoe mosebetsi oo oa kaho. (Esdr. 6:1-4, 12) Kahoo, tempele e ile ea tsosolosoa ho latela thato ea Molimo. Litlaleho tse bolokiloeng li ile tsa boela tsa sebelisoa ke mongoli oa Kosepele e leng Luka, ea ileng a ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.’—Luka 1:1-4.

Sehlopha se Busang se thahasella histori ea rōna ea puso ea Molimo haholo. Ha setho se seng sa Sehlopha se Busang se bua ka taba ea hore ho hlokahala hore ho bolokoe litlaleho tsa rōna tse amanang le lintho tsa moea ’me li fetisetsoe ho ba bang e le lefa, o ile a re, “E le hore re tsebe moo re eang, re lokela ho tseba moo re tsoang.” Ka lebaka leo, haufinyane tjena ho ile ha thehoa Lefapha la Pokello ea Lintho Tsa Khale, ntlo-khōlō Brooklyn, New York, ’me le oela tlas’a Komiti ea Bongoli.

“ALBAMO EA LELAPA” LE “LEFA” LA RŌNA

Ha nako e ntse e feta, re lebala lintho tse fetileng, kahoo bongata ba rōna re lakatsa eka re ka be re ile ra ipolokela tlaleho ea lelapa e feletseng. Hona joale, Lefapha la Pokello ea Lintho Tsa Khale le etsa mosebetsi o boima oa ho sireletsa le ho boloka lefa la rōna le lengata le bileng le ntseng le eketseha. Lifoto tse bolokiloeng ka hloko Polokelong ea Lintho Tsa Khale li nkoa e le karolo ea “albamo ea lelapa” labo rōna. Libuka tsa rōna tsa khale, litlaleho tse monate tse ngotsoeng ke batho ka bomong, hammoho le lintho tsa bohlokoa tse bokelletsoeng, ke a mang a matlotlo a fumanehang Polokelong ea Lintho Tsa Khale. Lintho tse kang tseo ke “lefa” le re hlahang leseling mabapi le lefa la rōna la moea ’me li re thusa hore re lebelle bokamoso ba lelapa labo rōna la moea re e-na le kholiseho.

Re u khothalletsa hore u ke u shebe se etsahalang Lefapheng la Pokello ea Litlaleho Tsa Khale u sebelisa sehlooho sena se secha se reng, “Nalane ea Rōna.” Se tla hlaha khafetsa khatisong e ithutoang ea Molula-Qhooa. Ka mohlala, sehloohong se tlang re rerile ho hatisa sehlooho se tsamaeang le litšoantšo se tla araba lipotso tsena: Dawn Mobile e ne e le eng? E ne e sebelisoa ke bo-mang? E ne e sebelisoa neng hona e sebelisetsoa eng?

Joalokaha albamo ea lelapa e re hopotsa lintho tse fetileng, pokello e entsoeng ke Lefapha la Pokello ea Lintho Tsa Khale, e re bolella lintho tse ngata ka rōna le ka baholo-holo ba rōna ba moea—e re bolella ka tumelo le sebete sa ba tlileng pele ho rōna, ka thabo eo re bang le eona le mathata ao re thulanang le ’ona ha re ntse re sebeletsa Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato, le kamoo Molimo a tataisang a bileng a tšehetsang bahlanka ba hae kateng. (Deut. 33:27) Re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko boo re tla tsoela pele re bo etsa ba ho boloka histori ea mokhatlo oa rōna e le hore re lule re momahane haholo re bile re na le matla a ho etsa thato ea hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ho Etsahala’ng Lefapheng Lee?

Nakong eo ho lokisetsoang ho etsa lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste, li-DVD le lintho tse ling tse thehiloeng Bibeleng, batho ba ngolang, ba etsang litšoantšo, ba etsang lipatlisiso le ba bang, ba sebelisa boitsebiso bo bolokiloeng pokellong ea lintho tsa khale. Ka hona Lefapha la Pokello ea Lintho Tsa Khale le sebetsa ka hloko le bile le nka mehato e hlokahalang e le hore le bokelle le be le boloke boitsebiso bo fapa-fapaneng ba histori bo tsoang liofising tsa makala, mafapheng a Bethele, liphuthehong, ho batho ka bomong le litsing tse ling tsa lefatše. Hlokomela kakaretso e latelang ea mosebetsi o etsoang:

Ho Fumana Thepa le ho e Hlahloba: Lefapha la Pokello ea Lintho tsa Khale le lula le ntse le eketsa lintho pokellong ea lona. Tse ngata tsa tsona li fanoa feela ke batho bao malapa a bona kapa a bo bona e leng khale a sebeletsa Jehova kapa lia alingoa. Ho hlahloba lintho tseo le ho li bapisa, ho re thusa hore re utloisise histori ea rōna le ho feta hammoho le ea batho ba phetseng nakong eo lintho li neng li etsahala ka eona.

Ho Beha Lintho ka Mahlofo: Lefapha la Pokello ea Lintho tsa Khale le bokeletse lintho tse likete, tse ling tsa tsona li na le lilemo tse fetang lekholo. Ke tsa mefuta-futa, tsa boholo le libōpeho tse sa tšoaneng ’me li lokela hore li hlophisoe ka hloko e le hore li tle li fumanehe habonolo ha li sebelisoa ka moso.

Ho Tsosolosa Lintho le ho li Boloka: Libuka kapa lintho tse ling tse entsoeng ka matsoho tse senyehang habonolo, lia lokisoa ebe lia bolokoa ho sebelisoa mekhoa ea ho li tsosolosa ea maemo a phahameng. Litokomane, lifoto, likhechana tse nkiloeng mehloling ea litaba, lifilime le lintho tse rekotiloeng, li kenngoa mechineng ea electronike. Ka hona li ka fumanoa ka tsela ea electronike ho qoba hore ho tšoaroe litokomane tsa sebele kapa lintho tse ling tsa bohlokoa tsa histori.

Ho Boloka Lintho le ho li Fumana: Lintho tse bolokoang li bolokoa ka tsela e hlophisehileng le e sireletsehileng ho qoba hore li senyehe le ho li sireletsa hore li se ke tsa senngoa ke khanya kapa mongobo. Ho ntse ho etsoa lethathamo le kenngoang k’homphieutheng le tla thusa ha ho etsoa lipatlisiso le hore matlotlo ana a bohlokoa a khale a fumanehe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

1. Boto e phatlalatsang “Photo-Drama of Creation.” 2. Lethathamo la lipeeletso. 3. Koloi e nang le sebuela-hōle. 4. Sekoahelo sa Molula-Qhooa oa April 15, 1912. 5. Foromo ea J. F. Rutherford ea chankaneng. 6. Sebuela hōle sa WBBR. 7. Keramafono. 8. Mokotla oa libuka. 9. Leqephe la lintlha tseo motho a ingoletseng tsona. 10. Molaetsa oa thelekramo o eang ho J. F. Rutherford.