Ithute ho Lula U Lebetse ho Baapostola ba Jesu
“Le lule le lebetse le ’na.”—MAT. 26:38.
1-3. Baapostola ba ile ba hlōleha ho lula ba lebetse joang bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatšeng, ’me ke sefe se bontšang hore ho na le seo ba ileng ba ithuta sona phosong eo ba ileng ba e etsa?
NAHANA ka se ileng sa etsahala bosiung ba ho qetela ha Jesu a le mona lefatšeng. Jesu o tlile ho se seng sa libaka tseo a li ratang ka ho fetisisa e leng serapa sa Gethesemane, se ka bochabela ho Jerusalema. O tlile mona le baapostola ba hae ba tšepahalang. Kaha Jesu o khathatsehile haholo, o hloka ho ba moo a leng mong e le hore a ka rapela.—Mat. 26:36; Joh. 18:1, 2.
2 Baapostola ba Jesu ba bararo—e leng Petrose, Jakobo le Johanne—ba tsamaea le eena ho ea sebakeng se hare-hare ho serapa. O re ho bona, “Salang mona ’me le lule le lebetse le ’na,” ha eena a tsamaea a il’o rapela. Ha a khutla, o fumana metsoalle ea hae e ile le sephume sa boroko. O boetse o e kōpa ka tieo o re: “Lulang le lebetse.” Leha ho le joalo, ka makhetlo a mabeli e boetse e robetse! Hamorao hona bosiung boo, baapostola kaofela ba hlōleha ho lula ba falimehile moeeng. Ba bile ba siea Jesu baa baleha!—Mat. 26:38, 41, 56.
3 Ho hlakile hore hamorao baapostola ba ile ba ikoahlaela hore ebe ba ile ba hlōleha ho lula ba lebetse. Kapele banna bao ba tšepahalang ba ile ba ithuta ho hong phosong eo ea bona. Buka ea Bibele ea Liketso e bontša hore ba ile ba beha mohlala o ikhethang oa ho lula ba lebetse. E tlameha ebe mohlala oa bona o bontšang botšepehi o ile oa susumetsa Bakreste-’moho le bona hore ba etse se tšoanang. Hona joale, re lokela ho lula re lebetse ho feta nakong efe kapa efe. (Mat. 24:42) Joale, a re ke re tšohleng lintho tse tharo tseo re ka ithutang tsona bukeng ea Liketso mabapi le ho lula re lebetse.
BA ILE BA LULA BA LEBETSE MABAPI LE HORE NA BA BOLELE LITABA TSE MOLEMO HOKAE
4, 5. Pauluse le bo-mphato’a hae bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba tataisoa joang ke moea o halalelang?
4 Ntho ea pele, baapostola ba ile ba lula ba lebetse mabapi Lik. 2:33) A re ke re tsamaeeng le bona.—Bala Liketso 16:6-10.
le hore na ba bolele litaba tse molemo hokae. Tlalehong e ’ngoe re ithuta kamoo Jesu a ileng a sebelisa moea o halalelang kateng, oo Jehova a mo fileng oona ho tataisa moapostola Pauluse le bo-mphato’a hae nakong eo ba neng ba nkile leeto le sa tloaelehang. (5 Pauluse, Silase le Timothea ba ne ba tlohile motseng oa Lystra o karolong e ka boroa ea Galatia. Matsatsi a seng makae hamorao, ba ile ba fihla ’mileng o moholo oa Roma o lebang ka bophirima, karolong e nang le batho ba bangata ka ho fetisisa seterekeng sa Asia. Ba ne ba batla ho tsamaea ka ’mila oo e le hore ba ee metseng eo ho eona ho neng ho hlokahala hore batho ba likete ba bolelloe ka Kreste. Leha ho le joalo, ho na le ntho e ileng ea ba thibela ho tsoela pele. Temana ea 6 e re: “Ba pholletsa le Frigia le naha ea Galatia, hobane ba ne ba hanetsoe ke moea o halalelang ho bolela lentsoe seterekeng sa Asia.” Le hoja ho sa hlalosoe hore na joang empa moea o halalelang o ile oa thibela bahahlauli bana ho etsa mosebetsi oa boboleli seterekeng sa Asia. Ho hlakile hore Jesu—a sebelisa moea oa Molimo—o ne a batla ho tataisa Pauluse le bo-mphato’a hae hore ba ee sebakeng se seng.
6, 7. (a) Ho ile ha etsahala’ng ho Pauluse le batho bao a neng a tsamaea le bona ha ba le haufi le Bithynia? (b) Barutuoa bao ba ile ba etsa qeto efe, ’me ke sefe se ileng sa etsahala ka mor’a moo?
6 Bahahlauli bao ba chesehang ba ile ba leba hokae? Temana ea 7 e re: “Ho ekelletsa moo, ha ba fihla tlaase Mysia ba etsa boiteko ba ho kena Bithynia, empa moea oa Jesu oa se ke oa ba lumella.” Ha ba thibeloa ho etsa mosebetsi oa boboleli Asia, Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba nka tsela e lebang ka leboea, ba ikemiselitse ho bolela metseng ea Bithynia. Leha ho le joalo, ha ba le haufi le Bithynia, Jesu o ile a boela a sebelisa moea o halalelang ho ba thiba. E tlameha ebe joale banna bana ba ne ba eme hlooho. Ba ne ba tseba hore na ba tla re’ng ha ba bolela litaba tse molemo le hore na ba tla li bolela joang, empa ba sa tsebe hore na ba tla li bolela hokae. Ka mantsoe a mang re ka re: Ba ne ba kokotile monyakong o kenang Asia—empa ba sitoa ho kena. Ba ne ba kokotile monyakong o kenang Bithynia—empa le teng ba sitoa ho kena. Na ba ile ba khaotsa ho kokota? Baboleli bao ba chesehang ba ne ba ke ke!
7 Nakong ena banna bao ba ile ba etsa qeto e neng e ka ’na ea bonahala e makatsa. Temana ea 8 e re: “Ba feta Mysia ’me ba theohela Troase.” Kahoo, banna bao ba ile ba leba ka bophirima ’me ba tsamaea lik’hilomithara tse 563, ba feta metse e mengata ho fihlela ba fihla koung ea Troase, e leng moo ba neng ba ka palama sekepe se eang Macedonia. Ha ba fihla moo, Pauluse le bo-mphato’a hae ba ile ba kokota monyako ka lekhetlo la boraro, ’me lekhetlong lena o ile oa buleha haholo! Temana ea 9 e bolela hore na ka mor’a moo ho ile ha etsahala’ng, e re: “Bosiu pono ea bonahala ho Pauluse: monna ea itseng oa Macedonia o ne a eme ’me a mo kōpa ka tieo a re: ‘Tšelela Macedonia ’me u re thuse.’” Qetellong, Pauluse o ile a tseba hore na ba ne ba lokela ho bolela litaba tse molemo hokae. Banna bao ha baa ka ba senya nako, ba ile ba ea Macedonia ka sekepe.
8, 9. Re ka ithuta’ng tlalehong ea leeto la Pauluse?
8 Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Hlokomela hore moea oa Molimo o ile oa kenella feela ka mor’a hore Pauluse a kene tseleng e eang Asia. Hape, ke feela ka mor’a hore Pauluse a atamele haufi le Bithynia moo Jesu a ileng a kenella. Qetellong, ke feela ka mor’a hore Pauluse a fihle Troase moo Jesu a ileng a mo bolella hore a ee Macedonia. Kaha Jesu ke Hlooho ea phutheho, a ka ’na a re tataisa ka tsela e tšoanang kajeno. (Bakol. 1:18) Ka mohlala, e ka ’na eaba u ’nile ua nahana ka ho ba pula-maliboho kapa ka ho fallela moo ho hlokahalang bahoeletsi ba bangata teng. Empa ho ka ’na ha etsahala hore ebe ke feela ka mor’a hore u nke bohato ba ho finyella sepheo sa hao moo Jesu a tla u tataisa ka moea oa Molimo. Ho tea mohlala: Mokhanni a ka tjekisetsa koloi ea hae ka ho le letšehali kapa ka ho le letona empa a ka etsa joalo hafeela koloi e tsamaea. Ka tsela e tšoanang, Jesu a ka re tataisa hore re eketse tšebeletso ea rōna, empa a ka etsa joalo hafeela re sa phutha matsoho—hafeela re ikakhela ka setotsoana hore re finyelle sepheo sa rōna.
9 Empa u tla etsa joang haeba boiteko ba hao bo sa behe litholoana hang-hang? Na u tla tela, u etse qeto ea hore moea oa Molimo ha o u tataise? Hopola hore Pauluse le eena o ile a ’na a thulana le mathata. Leha ho le joalo, o ile a ’na a tsoela pele a batla a bile a kokota ho fihlela a fumana monyako o ileng oa buleha. Ka tsela e tšoanang, haeba le uena ka mamello u tsoela pele ho batla “monyako o moholo o isang tšebetsong,” u ka ’na ua putsoa.—1 Bakor. 16:9.
HO FALIMEHA MABAPI LE LITHAPELO
10. Ke eng e bontšang hore ho hlokahala hore motho a falimehe mabapi le thapelo e le hore a lule a lebetse?
10 Joale, nahana ka ntho ea bobeli eo re ithutang eona mabapi le ho lebela ho barab’abo rōna ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: Ba ne ba falimehile mabapi le lithapelo. (1 Pet. 4:7) Ho hlokahala hore re phehelle thapelong e le hore re lule re lebetse. Hopola hore ha Jesu a ne a le serapeng sa Gethesemane, pele a tšoaroa, o ile a bolella baapostola ba hae ba bararo sena: “Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse.”—Mat. 26:41.
11, 12. Heroda o ile a hlorisa Bakreste ba akarelletsang le Petrose joang, hona lebaka e ne e le lefe?
11 Hamorao, Petrose ea neng a le teng ha seo se etsahala, o ile a hlokomela ka boeena hore na lithapelo tse etsoang ka ho phehella li matla hakae. (Bala Liketso 12:1-6.) Litemaneng tse qalang tsa tlaleho ena, re ithuta hore Heroda o ile a tšoara Bakreste hampe e le hore a khahlise Bajuda. Ha ho pelaelo hore Heroda o ne a tseba hore Jakobo e ne e le moapostola ea neng a le haufi haholo le Jesu. Kahoo, Heroda o ile a bolaea Jakobo “ka sabole.” (Temana ea 2) Kahoo, phutheho e ile ea lahleheloa ke moapostola eo e neng e mo rata. Ruri barab’abo rōna ba ile ba thulana le teko e matla!
12 Ka mor’a moo Heroda o ile a etsa’ng? Temana ea 3 ea hlalosa: “Kaha o ile a bona hore ho ne ho khahlisa Bajuda, a tsoela pele ho tšoara le Petrose.” Empa baapostola ba bang ba ne ba ’nile ba lokolloa chankaneng ka mohlolo, ’me Petrose e ne e bile e mong oa bona. (Lik. 5:17-20) E ka ’na eaba Heroda o ne a tseba seo hantle. Ralipolotiki eo ea masene o ne a sa batle ho llela metsotso. O ile a isa Petrose ho “lihlopha tse ’nè tse fapanyetsanang se seng le se seng e le sa masole a mane hore li mo lebele, kaha o ne a rerile ho mo hlahisa bakeng sa batho ka mor’a paseka.” (Temana ea 4) A k’u nahane feela! Heroda o ile a etsa hore Petrose a tlanngoe ka liketane pakeng tsa balebeli ba babeli, ’me balebeli ba 16 ba ne ba sebetsa ka lichifi ho mo lebela bosiu le motšehare ho tiisa hore ha a balehe. Sepheo sa Heroda e ne e le hore a tle a hlahise Petrose ho sechaba ka mor’a Paseka, a batla ho thabisa letšoele leo ka ho ahlolela Petrose lefu. Bakreste-’moho le Petrose ba ne ba tla etsa’ng maemong aa a bohloko?
13, 14. (a) Phutheho e ile ea etsa’ng ha Petrose a le chankaneng? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa Bakreste-’moho le Petrose mabapi le thapelo?
13 Phutheho e ne e tseba hantle hore na e lokela ho etsa’ng. Temana ea 5 e re: “Ka lebaka leo Petrose o ne a ntse a bolokiloe chankaneng; empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Molimo.” Ka sebele, ba ile ba rapella mor’abo bona ea ratehang ka tieo le ka lipelo tsohle tsa bona. Kahoo, lefu la Jakobo ha lea ka la ba nyahamisa moko, ebile ha lea ka la etsa hore ba nahane hore ho rapela ha ho na thuso. Ho e-na le hoo, ba ne ba tseba hore lithapelo tsa barapeli ba tšepahalang ke tsa bohlokoa haholo ho Jehova. Haeba lithapelo tseo li lumellana le thato ea hae, oa li araba.—Baheb. 13:18, 19; Jak. 5:16.
14 Seo Bakreste-’moho le Petrose ba ileng ba se etsa se re ruta’ng? Ho lula re lebetse ho akarelletsa hore re se ke ra ithapella re le bang empa re rapelle le bara le barali babo rōna. (Baef. 6:18) Na ho na le balumeli-’moho le uena bao u ba tsebang ba thulanang le liteko? Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba mameletse ho hlorisoa, ho thibeloa ke mebuso, ho kula kapa likoluoa tsa tlhaho. E ka ba hantle hore u ba rapelle ho tsoa botebong ba pelo. E ka ’na eaba u tseba batho ba bang ba nang le mathata a sa bonahaleng habonolo. E ka ’na eaba ba imetsoe ke mathata a lelapa, ho nyahama kapa ho kula. E ka ba hantle hore u nahane hore na ke batho bafe bao u ka ba bitsang ka mabitso ha u bua le Jehova, “Ea Utloang thapelo.”—Pes. 65:2.
15, 16. (a) Hlalosa hore na lengeloi la Jehova le ile la lokolla Petrose joang chankaneng. (Sheba setšoantšo se ka tlaase.) (b) Ke hobane’ng ha ho nahana ka tsela eo Jehova a ileng a lokolla Petrose ka eona chankaneng ho khothatsa?
15 Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ka Petrose? Bosiung ba hae ba ho qetela a le chankaneng, o ne a ile le sephume sa boroko pakeng tsa balebeli ba hae ba babeli, ’me o ile a bona letoto la lintho tse hlollang. (Bala Liketso 12:7-11.) Ak’u nahane ka sena se ileng sa etsahala: Ka tšohanyetso sele eo a neng a le ka ho eona e ile ea tlala khanya e khōlō. Lengeloi le ile la ema moo, ho totobetse hore balebeli ba ne ba sa le bone ’me la tsosa Petrose ka potlako. Liketane tse neng li mo tlamme matsoho li ile tsa ikoella feela! Joale lengeloi le ile la tataisa Petrose la mo ntša ka seleng, la mo fetisa pel’a balebeli ba neng ba eme ka ntle, ’me qetellong la mo fetisa hekeng ea tšepe e ileng “ea ipula.” Ha ba fihla ka ntle ho chankana, lengeloi le ile la nyamela. Eaba ke ho lokoloha ha Petrose!
16 Na tumelo ea rōna ha e matlafale ha re nahana ka matla ao Jehova a a sebelisang ho pholosa bahlanka ba hae? Ke ’nete hore kajeno ha rea lebella hore Jehova a re pholose ka mohlolo. Leha ho le joalo, re na le tumelo e tiileng ea hore o sebelisa matla a hae ho thusa batho ba hae kajeno. (2 Likron. 16:9) Ka moea oa hae o halalelang o matla, a ka re thusa hore re mamelle teko efe kapa efe eo re ka ’nang ra thulana le eona. (2 Bakor. 4:7; 2 Pet. 2:9) Hape, haufinyane Jehova o tla fa Mora oa hae matla a hore a tsose batho ba limilione ba shoeleng bao e kang ke batšoaruoa chankaneng ea lefu. (Joh. 5:28, 29) Tumelo eo re nang le eona litšepisong tsa Molimo e ka re fa sebete se makatsang ha re thulana le liteko kajeno.
HO PAKA KA HO PHETHAHETSENG HO SA TSOTELLEHE LITŠITISO
17. Pauluse o ile a beha mohlala o tsotehang joang mabapi le ho bolela ka cheseho le ka potlako?
17 Ntho ea boraro eo re ka ithutang eona ho baapostola mabapi le ho lebela ke ena: Ba ile ba tsoela pele ho paka ka ho phethahetseng ho sa tsotellehe litšitiso. E le hore re lule re lebetse, ho hlokahala hore re etse mosebetsi oa boboleli ka cheseho le ka potlako. Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o ikhethang tabeng ena. O ile a ikitlaetsa ka mafolofolo, a etela libaka tse ngata ’me a theha liphutheho tse ngata. O ile a mamella mathata a mangata, leha ho le joalo ha ho mohla a ileng a etsa lintho ka monyebe kapa a nka hore mosebetsi oa hae ha o sa potlakile.—2 Bakor. 11:23-29.
18. Pauluse o ile a tsoela pele a paka joang ha a ne a le litlamong Roma?
18 Nahana ka tlaleho ea ho qetela e khutšoanyane e buang ka Pauluse eo re e balang bukeng ea Liketso, e leng tlaleho e ho Liketso khaolo ea 28. Pauluse o ile a fihla Roma moo a neng a lokela ho hlaha ka pel’a Nero. O ile a bolokoa litlamong, mohlomong a tlameletsoe ho molebeli oa hae. Leha ho le joalo, ha ho litlamo tse neng li ka koala moapostola eo ea chesehang molomo! Pauluse o ile a tsoela pele a batla litsela tsa ho paka. (Bala Liketso 28:17, 23, 24.) Ka mor’a matsatsi a mararo, Pauluse o ile a bitsa banna ba ka sehloohong ba Bajuda e le hore a ba pakele. Joale, ka letsatsi le ileng la khethoa, Pauluse o ile a paka ka matla le ho feta. Joale temana ea 23 e re: “[Bajuda ba sebakeng seo] ba lokisetsa ho qeta letsatsi le eena, ’me ba tla ka bongata bo boholo ho eena sebakeng sa hae sa bolulo. Eaba o ba hlalosetsa taba eo ka ho paka ka ho phethahetseng malebana le ’muso oa Molimo le ka ho ba susumetsa malebana le Jesu ho tsoa molaong oa Moshe hammoho le Baprofeteng, ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.”
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a atleha ho paka? (b) Pauluse o ile a etsa’ng ha batho ba bang ba ne ba sa amohele litaba tse molemo?
19 Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a atleha ho paka hakaale? Hlokomela hore temana ea 23 e totobatsa mabaka a ’maloa. (1) O ne a bua haholo ka ’Muso oa Molimo le ka Jesu Kreste. (2) O ne a leka ho tsosa thahasello ea batho ba mo mametseng “ka ho ba susumetsa.” (3) O ne a beha mabaka ka Mangolo. (4) O ne a bontša moea oa ho itela, ka ho paka “ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.” Pauluse o ile a fana ka bopaki bo matla, empa hase motho e mong le e mong ea ileng a amohela litaba tse molemo. Temana ea 24 e re: “Ba bang ba qala ho lumela lintho tse boleloang; ba bang ba ne ba sa lumele.” Ho ile ha tsoha ho hloka kutloano, ’me batho ba ile ba tsamaea.
20 Na Pauluse o ile a nyahamisoa ke hore batho ba bang ha baa ka ba amohela litaba tse molemo? Le letho! Liketso 28:30, 31 e re: “A lula lilemo tse peli kaofela ntlong ea hae e hiriloeng, ’me o ne a amohela ka mosa bohle ba kenang ho tla ho eena, a ba bolella ka ’muso oa Molimo le ho ruta lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste ka bolokolohi bo boholo, ntle ho tšitiso.” Buka ea Liketso e qetella ka mantsoe ao a khothatsang.
21. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pauluse ha a ne a sa lumelloe ho tloha ntlong ea hae?
21 Re ithuta’ng mohlaleng oa Pauluse? Nakong eo a neng a sa lumelloe ho tloha ntlong ea hae, Pauluse o ne ke ke a fana ka bopaki ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, o ile a lula a e-na le maikutlo a matle, a pakela batho bohle ba neng ba tla ho eena. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba Molimo ba bangata ba lula ba thabile ’me ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe hore ba kentsoe lichankaneng ka leeme ka lebaka la tumelo ea bona. Ba bang ba bara le barali babo rōna ba ratehang ha ba khone ho tloha mahaeng a bona, kapa mohlomong ba lula mahaeng a maqheku kapa a batho ba hlokang tlhokomelo ka lebaka la botsofali kapa ho kula. Ha ba khona, ba bolela litaba tse molemo ho lingaka le basebetsi, baeti le batho ba tlil’o ba bona. Takatso ea lipelo tsa bona ke hore ba pake ka ho phethahetseng ka ’Muso oa Molimo. Ruri re ananela mohlala oo ba o behang!
22. (a) Ke tokisetso efe e re thusang hore re rue molemo bukeng ea Bibele ea Liketso? (Sheba lebokose le ka holimo.) (b) U ikemiselitse ho etsa’ng ha u ntse u lebeletse bofelo ba tsamaiso ee ea lintho ea khale?
22 Ho hlakile hore ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona mabapi le ho lebela ho baapostola hammoho le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo bao ho buuoang ka bona bukeng ea Bibele ea Liketso. Ha re ntse re lebeletse bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea khale, e se eka re ka ikemisetsa ho etsisa mohlala oa Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ka hore re fane ka bopaki ka sebete le ka cheseho. Tlotla e khōlō ka ho fetisisa eo re nang le eona hona joale ke ea hore re ‘pake ka ho phethahetseng’ ka ’Muso oa Molimo!—Lik. 28:23.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
[Lebokose le leqepheng la 13]
“NKE KE KA HLOLA KE TALIMA BUKA EA LIKETSO KA TSELA E TŠOANANG”
Ka mor’a hore molebeli ea tsamaeang a bale buka ea “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo, o ile a re: “Nke ke ka hlola ke talima buka ea Liketso ka tsela e tšoanang. Ke ’nile ka bala buka ena ea Bibele ea Liketso ka makhetlo a mangata, empa kaha joale ke balile buka ena e ncha, ke tla rua molemo haholo ha ke bala buka ea Liketso.”
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lengeloi le ile la ntša Petrose hekeng ea tšepe e khōlō