Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete!

Ba Ile ba Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete!

Ba Ile ba Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete!

Bakreste ba ’nete ba ile ba bontša sebete leha ba ne ba hlorisoa, joalokaha ho hlalositsoe libukeng tse kang “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo le Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. Joaloka balumeli-’moho le rōna ba lekholong la pele la lilemo, re kōpa Jehova ka thapelo hore a re fe moea oa hae le hore a re thuse ho bolela lentsoe la hae ka sebete.—Lik. 4:23-31.

Mabapi le mosebetsi oa rōna oa boboleli nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, mora e mong oabo rōna o ile a ngola a re: “Ka mafolofolo bahlanka ba Molimo ba ne ba aba buka ea bosupa ea Studies in the Scriptures, eo sehlooho sa eona se neng se re, The Finished Mystery. Ho ne ho se buka e kileng ea abjoa joaloka eona. Ka 1918 ho ile ha lokolloa Kingdom News No. 1. Hamorao ho ile ha lokolloa Kingdom News No. 2, e neng e hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba boholong ba ile ba e-ba khahlanong le buka ea The Finished Mystery. Ka mor’a moo ho ile ha latela Kingdom News No. 3. Lingoliloeng tsena li ile tsa abjoa haholo ke sehlopha sa batlotsuoa ba tšepahalang. Ho ne ho hlokahala sebete e le hore batho ba abe Kingdom News.”

Kajeno, hangata baboleli ba bacha ba ’Muso baa koetlisoa e le hore ba ka etsa mosebetsi oa boboleli, empa nakong e fetileng hase kamehla seo se neng se etsahala. Ha mora e mong oabo rōna oa Mopolishe a hopola se ileng sa etsahala ha a ne a qala ho ea tšimong United States ka 1922, o re: “Le hoja ke ne ke sa tsebe hore na ke lokela ho aba lingoliloeng joang ke bile ke sa tsebe Senyesemane hantle, ke ile ka ea ofising ea ngaka ke le mong eaba kea kokota. Mooki o ile a bula monyako. Nke ke ka lebala se ileng sa etsahala mohlang oo kaha ke ne ke thabile empa ke tšohile ka nako e tšoanang. Eitse ha ke re ke bula mokotla oa ka oa libuka, libuka tseo li ile tsa oela maotong a mooki kaofela. Ha ke sa hopola hore na ke ile ka re’ng empa ke ile ka mo siela sengoliloeng. Ha ke tloha moo, ke ne ke le sebete ke bile ke utloa hore Jehova o ntlhohonolofalitse. Letsatsing leo, ke ile ka aba libukana tse ngata seterateng seo se nang le likhoebo tse ngata.”

Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Hoo e ka bang ka 1933, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba sebelisa likoloi tse nang le libuela-hōle ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso.” Ka lekhetlo le leng eena le banyalani ba bang ba Lipaki ba ne ba ntse ba bolela sebakeng se lithaba se California, U.S.A. O re: “Mor’abo rōna o ile a nyollela koloi holimo lithabeng, ’me rōna re ile ra sala tlaase motseng. Ha a qala ho letsa molaetsa o rekotiloeng, o ne o utloahala eka o theoha leholimong. Batho ba motse ba ile ba etsa matsapa a ho batla mor’abo rōna empa ha baa ka ba mo fumana. Ha mor’abo rōna a se a qetile ho letsa molaetsa o rekotiloeng, re ile ra etela batho eaba rea ba pakela. Ke ile ka boela ka sebetsa likoloing tse peli hape tse nang le libuela-hōle ’me ho hang batho ba bangata ba ne ba sa batle ho utloa molaetsa. Leha ho le joalo, ho ne ho se seo ba ka se etsang kaha molaetsa o tsoang likoloing tseo o ne o fihla malapeng a bona. Re ne re hlokomela hore kamehla Jehova o ne a etsa hore ho sebelisoe mokhoa o nepahetseng ka nako e nepahetseng. Mokhoa oo o ne o hloka hore re be sebete, empa kamehla o ne o finyella sepheo sa oona, ’me lebitso la Jehova le ne le tlotlisoa.”

Lilemong tsa bo-1930 le mathoasong a lilemo tsa bo-1940, tšebeletsong ea boboleli ho ne ho sebelisoa likeramafono hammoho le lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. Mosali e mong oa Mokreste o re: “Morali e mong oabo rōna e mocha o ne a ntse a ea ka ntlo le ntlo a sebelisa keramafono. Ka mor’a hore a qale ho bapalla mong’a ntlo rekoto lelapeng le leng, mong’a ntlo eo oa monna o ile a halefa hoo a ileng a rahela keramafono hōle le foranta ea hae. Leha ho le joalo, ha ho rekoto le e ’ngoe e ileng ea robeha. Banna ba bararo ba neng ba ntse ba e-ja lijo tsa bona tsa motšehare ba le ka har’a teraka e emeng, ba ile ba bona se ileng sa etsahala eaba ba kōpa morali eo oabo rōna hore a tle ho bona a tl’o ba bapalla rekoto eo ’me ka mor’a moo ba ile ba amohela lingoliloeng tseo a ileng a ba fa tsona. Seo se ile sa etsa hore a lebale tsela e mpe eo monna eane e mong a ileng a mo tšoara ka eona.” Ho ne ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a ka mamella liteko tsa mofuta oo.

Morali eo oabo rōna o phaella ka ho re: “Ke sa hopola ha limakasine li ne li qala ho tsamaisoa seterateng ka 1940. Pejana ho ne ho ile ha e-ba le mekoloko ea phatlalatso. Bara le barali babo rōna ba ne ba etsa mokoloko o le mong ba tsamaea ka thōko ho ’mila ba jere liplakate tse neng li ngotsoe mantsoe ana, ‘Bolumeli ke Leraba le Khoebo ea Bomenemene’ le a reng, ‘Sebeletsa Molimo le Kreste Morena.’ Ka mor’a moo, batho ba ile ba fuoa lipampitšana tse sa lefelloeng. Ho ne ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a ka etsa mosebetsi oa mofuta ona, empa o ile oa phetha morero oa oona oa ho etsa hore batho ba ele hloko lebitso la Jehova hammoho le bahlanka ba hae.”

Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ho ne ho le thata haholo ho etsa mosebetsi oa ho fana ka limakasine seterateng metseng e menyenyane. Nakong ena Lipaki li ne li hanyetsoa ka matla. . . . Ruri ho ne ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a ka ema hukung ea seterata a tšoere limakasine a bile a ntse a pheta mantsoe ao Lipaki li neng li khothalletsoa hore li ’ne li a phete. Leha ho le joalo, hoo e batlang e le Moqebelo o mong le o mong re ne re e-ba teng seterateng. Ka linako tse ling batho ba ne ba e-ba le botsoalle. Ka linako tse ling re ne re bokaneloa ke batho ba halefileng ’me re ne re ee re tlamehe ho nyenyelepa e le ho qoba ho hlaseloa ke mahoohoo.”

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tsoela pele li phetha mosebetsi oa boboleli ka sebete ho sa tsotellehe mahloriso ao li ileng tsa thulana le ’ona nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Letšolong le ileng la nka matsatsi a 43 ho tloha ka la 1 December, 1940, ho fihlela ka la 12 January, 1941, bahoeletsi ba ka bang 50 000 ba ile ba aba libukana tse ka bang limilione tse robeli United States, nakong e ileng ea bitsoa Nako ea ho Bontša “Sebete.”

Batho ba bangata ba baholo ba mokhatlong oa Molimo ba hopola hantle mathata ao ba ileng ba thulana le ’ona a ileng a hloka hore ba bontše sebete. Ba bang ba hopola hore ka lilemo tse ngata ba ile ba bontša sebete ka hore ba lule ba pheta lepetjo le neng le re, A re boleleng ka cheseho ho fihlela qetellong! Ha re tsebe hore na molaetsa oo re o filoeng ke Molimo o sa ntse o tla boleloa joang pele ho bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo re tla tsoela pele re phatlalatsa lentsoe la Jehova re bontša tumelo le sebete.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Kamehla ho ’nile ha hlokahala hore batho ba be sebete e le hore ba ka etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso