Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Boloka Moea o Motle ka Phuthehong

Boloka Moea o Motle ka Phuthehong

Boloka Moea o Motle ka Phuthehong

“Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.”—BAFIL. 4:23.

RE KA ETSA JOANG HORE HO RENE MOEA O MOTLE KA PHUTHEHONG . . .

ha re e-na le bara le barali babo rōna?

ka ho bontša cheseho tšebeletsong ea tšimo?

ka ho tlaleha sebe se tebileng?

1. Phutheho ea Filipi le ea Thyatire li ile tsa babatsoa ka eng?

BAKRESTE ba Filipi ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba futsanehile. Leha ho le joalo, ba ne ba fana ka seatla se bulehileng ba bile ba rata balumeli-’moho le bona haholo. (Bafil. 1:3-5, 9; 4:15, 16) Kahoo, ha moapostola Pauluse a lihela likhala lengolong leo a neng a ba ngoletse lona, o ne a ka re: “Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.” (Bafil. 4:23) Kaha Bakreste ba Thyatire ba ile ba bontša moea o tšoanang, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ile a re ho bona: “Ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.”—Tšen. 2:19.

2. Boikutlo boo re nang le bona bo susumetsa moea oo phutheho ea habo rōna e o bontšang joang?

2 Ka tsela e tšoanang, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova kajeno e bontša moea o itseng kapa ka har’a eona ho rena boikutlo bo itseng. Liphutheho tse ling li tsebahala haholo ka ho ba le mosa le lerato. Liphutheho tse ling li ipabola ka ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka cheseho ’me li nka tšebeletso ea nako e tletseng e le ea bohlokoa. Ha e mong le e mong oa rōna a loanela ho bontša moea o motle, re kenya letsoho hore ho be le bonngoe ka phuthehong ’me re thusa hore ka kakaretso phutheho e tsoele pele moeeng. (1 Bakor. 1:10) Ka lehlakoreng le leng, haeba re bontša moea o mobe seo se ka etsa hore phutheho e otsele moeeng, e se ke ea cheseha tšebeletsong ’me e be le boitšoaro bo bobe. (1 Bakor. 5:1; Tšen. 3:15, 16) Phutheho ea heno e bontša moea o joang? U ka kenya letsoho joang hore ho rene moea o motle ka phuthehong?

ETSA HORE HO RENE MOEA O MOTLE KA PHUTHEHONG

3, 4. Re ka “roka [Jehova] phuthehong e khōlō” joang?

3 Mopesaleme o ile a bina a re: “Ke tla u roka [Jehova] phuthehong e khōlō; ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.” (Pes. 35:18) Mopesaleme ha aa ka a ba leqe ho rorisa Jehova ha a ne a e-na le bahlanka ba bang ba Molimo. Liboka tsa phutheho tsa beke le beke, ho akarelletsa le Thuto ea Molula-Qhooa, li re fa monyetla o motle oa hore re bontše cheseho ha re fana ka litlhaloso ’me re bolela tumelo ea rōna phatlalatsa. Kaofela ha rōna re ka ipotsa: ‘Na ke sebelisa ka botlalo tokelo eo ke nang le eona ea ho ba le seabo libokeng? Na ke li lokisetsa hantle le ho fana ka litlhaloso tse utloahalang? Joaloka hlooho ea lelapa, na ke thusa bana ba ka hore ba lokisetse litlhaloso esale pele le ho ba ruta hore ba arabe ka mantsoe a bona?’

4 Mopesaleme Davida o ile a amahanya ho tiea ha lipelo tsa rōna le ho bina. O ile a re: “Pelo ea ka e tiile, Molimo, pelo ea ka e tiile. Ke tla bina ’me ke tsanyaole lipina tsa thoriso.” (Pes. 57:7) Lipina tse binoang libokeng tsa Bokreste li re fa monyetla o motle oa hore re ‘binele Jehova ’me re tsanyaole lipina tsa thoriso’ ka lipelo tse tiileng. Haeba ho na le lipina tseo re sa li tsebeng hantle, ekaba hantle hore re itloaetse tsona ka ho li bina Borapeling ba Lelapa ba mantsiboea. E se eka re ka ikemisetsa ho ‘binela Jehova bophelong bohle ba rōna ’me re mo binele lipina tsa thoriso hafeela re ntse re le teng.’—Pes. 104:33.

5, 6. Re ka amohela baeti le ho fana ka seatla se bulehileng joang, hona see se ka thusa phutheho joang?

5 Ho bontša bara le barali babo rōna kamohelo ea baeti ke tsela e ’ngoe eo ka eona re etsang hore ho be le lerato ka phuthehong. Khaolong ea ho qetela ea lengolo leo a ileng a le ngolla Baheberu, Pauluse o ile a ba khothatsa a re: “Lerato la lōna la bara ba motho le ke le tsoele pele. Le se ke la lebala ho amohela baeti.” (Baheb. 13:1, 2) Ho memela balebeli ba tsamaeang le basali ba bona lijong kapa basebeletsi ba nako e tletseng, ke tsela e babatsehang ea ho amohela baeti. Nahana hape ka bahlolohali, malapa a motsoali a le mong, kapa batho ba bang ba ka ’nang ba rua molemo haeba ka linako tse ling re ba memela lijong kapa borapeling ba rōna ba lelapa.

6 Pauluse o ile a bolella Timothea hore a eletse ba bang “hore ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:17-19) Pauluse o ne a khothalletsa barapeli-’moho le eena hore ba loanele ho ba le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng. Esita le tlas’a maemo a thata a moruo, re ka bontša moea oa ho fana ka seatla se bulehileng. Ka mohlala, haeba u e-na le koloi, mohlomong u ka thusa ba bang ka hore u ba ise tšebeletsong ea tšimo kapa libokeng. Ke eng eo batho ba bontšoang mosa o lerato ba ka e etsa’ng? Ba ka etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong ka hore ba bontše kananelo, mohlomong ka hore ba fane ka seo ba ka se khonang ho thusa ho lefella litšenyehelo tsa mafura tse ntseng li phahama. Ho feta moo, haeba re hlophisa ho qeta nako e ngata le bara le barali babo rōna ba moea, seo se tla ba thusa hore ba ikutloe e le ba bohlokoa ebile ba ratoa. Haeba re etsa lintho tse molemo “ho ba amanang le rōna tumelong” ’me re ikemiselitse ho qeta nako le ho arolelana matlotlo a rōna le bona, re tla ba rata haholo ’me hape re tla etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong.—Bagal. 6:10.

7. Ho boloka litaba tsa batho ba bang e le lekunutu ho ka thusa phutheho joang hore e be le moea o motle?

7 Nahana hape ka lintho tse matlafatsang lerato leo re ratang balumeli-’moho le rōna ka lona, e leng: botsoalle le ho boloka lekunutu. (Bala Liproverbia 18:24.) Metsoalle ea sebele e boloka litaba tsa eona e le lekunutu. Ha barab’abo rōna ba re phetlela sefuba ’me ba tiisehile hore re ke ke ra bolella batho ba bang litaba tsa bona, tlamahano ea lerato eo re nang le eona e tla tiea le ho feta. E se eka re ka ba metsoalle e bolokang lekunutu ’me re etse hore phutheho e be joaloka lelapa le nang le lerato.—Liprov. 20:19.

BONTŠA CHESEHO HA U LE TŠEBELETSONG

8. Balaodisia ba ile ba fuoa keletso efe, hona hobane’ng?

8 Ha Jesu a ne a bua le phutheho ea Laodisia, o ile a re: “Ke tseba liketso tsa hao, hore ha u bate ha u chese. Ke lakatsa eka u ka be u bata kapa ho seng joalo u chesa. Kahoo, kahobane u foofo ’me ha u chese ha u bate, ke tla u hlatsa molomong oa ka.” (Tšen. 3:15, 16) Balaodisia ba ne ba sa chesehele tšebeletso ea Bokreste. Ho ka ’na ha etsahala hore mokhoa oo o ile oa ama le likamano tsa bona. Kahoo, Jesu o ile a ba eletsa ka lerato a re: “Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea. Ka hona cheseha ’me u bake.”—Tšen. 3:19.

9. Tsela eo re ikutloang ka eona ka tšebeletso ea tšimo e ama moea o renang ka phuthehong joang?

9 Haeba re batla hore ho rene moea o motle ka phuthehong, re lokela ho chesehela tšebeletso ea tšimo. Phutheho e hlophisitsoe ka morero oa ho batla batho ba kang linku tšimong le ho ba matlafatsa moeeng. Ka lebaka leo, re lokela ho kenya letsoho mosebetsing oa ho etsa barutuoa ka cheseho joalokaha Jesu a ile a etsa. (Mat. 28:19, 20; Luka 4:43) Ha re cheseha haholo tšebeletsong, seo se tla etsa hore re momahane le ho feta joaloka “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Ha re bona ba bang ba emela tumelo ea bona tšebeletsong ea tšimo ’me ba bontša hore ba ananela lintho tsa moea, seo se etsa hore re ba rate re be re ba hlomphe le ho feta. Hape, ho sebetsa tšebeletsong ea tšimo “ka mahetla a bapileng” ho etsa hore ho be le bonngoe ka phuthehong.—Bala Sofonia 3:9.

10. Haeba re ntlafatsa tšebeletso ea rōna ea tšimo, seo se ka ama moea oo ba bang ba o bontšang ka phuthehong joang?

10 Boiteko ba rōna ba ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna bo ka khothatsa ba bang. Ha re bontša hore re amehile ka batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo, ’me re loanela ho finyella lipelo tsa bona, re tla ba mafolofolo ha re etsa tšebeletso ea rōna. (Mat. 9:36, 37) Hangata ho ba mafolofolo hoa tšoaetsanoa. Jesu o ile a romela barutuoa ba hae hore ba bolele litaba tse molemo ka bobeli, ho e-na le hore e mong le e mong a tsamaee a le mong. (Luka 10:1) Sena se ile sa ba khothatsa le ho ba koetlisa, sa ba sa etsa hore ba be mafolofolo tšebeletsong. Na ha re ananele ho sebetsa le baboleli ba ’Muso ba chesehang? Mafolofolo a bona aa re khothatsa ’me a re thusa hore re tsoele pele mosebetsing oa boboleli.—Bar. 1:12.

ITEBELENG HORE LE SE KE LA KOROTLA KAPA LA ETSA BOBE

11. Mehleng ea Moshe, Baiseraele ba bang ba ile ba ba le moea ofe, hona see se ile sa ba ama joang?

11 Libeke tse ’maloa ka mor’a hore Jehova a etse Baiseraele sechaba, ba ile ba ba le moea oa ho se khotsofale le ho korotla. Sena se ile sa etsa hore ba fetohele Jehova le baemeli ba hae. (Ex. 16:1, 2) Ke Baiseraele ba seng ba kae feela ba tsoileng Egepeta ba ileng ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Esita le Moshe o ile a haneloa ho kena naheng eo ka lebaka la tsela eo a ileng a sebetsana le phutheho ea Baiseraele ka eona ha e ne e bontša moea o mobe! (Deut. 32:48-52) Ke’ng eo re ka e etsang kajeno e le hore re se ke ra tšoaetsoa ke moea o mobe?

12. Re ka itebela joang hore re se ke ra ba le moea oa ho korotla?

12 Re lokela ho itebela hore re se ke ra ba le moea oa ho korotla. Le hoja ho leka ka matla ho ikokobelletsa le ho hlompha bolaoli ho tla re thusa, re lokela ho ameha ka hore na re tloaelana le batho ba joang. Ho khetha boithabiso bo fosahetseng kapa ho qeta nako e ngata le batho bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona ba sa hlompheng melao-motheo e lokileng ho ka hlahisa litholoana tse bosula. Re tla be re le bohlale haeba re qoba ho tloaelana le batho ba nang le moea oa ho korotla kapa ba bontšang moea oa ho itaola.—Liprov. 13:20.

13. Tšusumetso e senyang ea ho korotla e ka etsa hore ka phuthehong ho be le lintho life tse ka senyang kamano ea motho le Jehova?

13 Moea o senyang oa ho korotla o ka etsa hore motho a etse lintho tse ling tse ka senyang kamano ea hae le Jehova. Ka mohlala, ho korotla ho ka senya khotso le bonngoe ba phutheho. Ho feta moo, ho tletleba ka balumeli-’moho le rōna ho ka ’na ha se ke ha ba utloisa bohloko feela empa ho ka boela ha etsa hore re etse sebe sa ho senya ba bang lebitso kapa sa ho nyefola. (Lev. 19:16; 1 Bakor. 5:11) Bakorotli ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba “hlokomoloha borena ’me ba nyefola ba khanyang.” (Juda 8, 16) Ka sebele, Molimo o ne a sa amohele hore batho ba korotle ka tsela eo ka banna ba filoeng boikarabelo ka phuthehong.

14, 15. (a) Haeba motho ea entseng sebe se tebileng a sa nkeloe bohato seo se ka ama phutheho joang? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore mora kapa morali’abo rōna o etsa sebe sephiring?

14 Ho thoe’ng haeba re tseba hore Mokreste e mong o etsa sebe sephiring, mohlomong o noa joala ho tlōla, o shebella litšoantšo tse tsosang takatso kapa o phela bophelo ba boitšoaro bo bobe? (Baef. 5:11, 12) Ho iphapanyetsa libe tse tebileng tseo batho ba bang ba li entseng ho ka etsa hore moea oa Jehova o se ke oa sebetsa ka bolokolohi ’me ha luka khotso ea phutheho eohle. (Bagal. 5:19-23) Feela joalokaha Bakreste ba Korinthe ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tlameha ho tlosa bobe ka phuthehong, le kajeno re lokela ho tlosa tšusumetso le ha e le efe e silafatsang phutheho e le hore e ka lula e e-na le moea o motle. U ka kenya letsoho joang e le hore ho ka ba le khotso ka phuthehong?

15 Joalokaha ho boletsoe pejana, ke habohlokoa hore re boloke lekunutu litabeng tse ling, haholo-holo ha batho ba bang ba re tšollela maikutlo a bona. Ruri ho fosahetse ebile ho ka utloisa bohloko haeba re phahla makunutu a motho e mong! Leha ho le joalo, ha motho e mong a entse sebe se tebileng, baholo ba phutheho ba lokela ho bolelloa kaha ke bona ba nang le boikarabelo ba Mangolo ba ho sebetsa taba eo. (Bala Levitike 5:1.) Kahoo, haeba re tseba hore mora kapa morali’abo rōna o entse sebe, re lokela ho mo khothalletsa hore a ee ho baholo ’me a kōpe thuso. (Jak. 5:13-15) Leha ho le joalo, haeba a sa ee ho baholo ka mor’a nako e itseng, re lokela ho tlaleha sebe seo.

16. Re sireletsa phutheho joang ha re tlalehela baholo haeba re tseba ka motho ea entseng sebe se tebileng?

16 Phutheho ea Bokreste ke moo re sireletsoang teng moeeng, kahoo re lokela ho e sireletsa ka hore re tlalehe batho ba etsang libe tse tebileng. Haeba baholo ba ka thusa motho ea entseng sebe hore a hlokomele phoso ea hae ’me eba oa baka ebile o amohela taeo le khalemelo, ha a sa beha phutheho kotsing. Empa ho tla etsahala’ng haeba motho ea entseng sebe se tebileng a sa bake ebile a sa mamele keletso e lerato ea baholo? Ha a lelekoa ka phuthehong, seo se tla etsa hore “ho timetsoe” kapa ho tlosoe batho ba nang le tšusumetso e mpe har’a rōna ’me ho tla rena moea o motle ka phuthehong. (Bala 1 Bakorinthe 5:5.) Ka sebele, e le ho etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong ho hlokahala hore e mong le e mong oa rōna a nke bohato bo loketseng, a sebelisane le sehlopha sa baholo ’me a sireletse balumeli-’moho le eena.

ETSA HORE HO BE LE “BONNGOE BA MOEA”

17, 18. Re tla thusoa ke’ng “ho boloka bonngoe ba moea”?

17 Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba thusa hore ho be le bonngoe ka phuthehong ka hore ebe ba ile ba “inehela thutong ea baapostola.” (Lik. 2:42) Ba ne ba nka keletso ea Mangolo le tataiso eo ba neng ba e fumana ho banna ba baholo e le ea bohlokoa. Kaha kajeno baholo ba sebelisana le sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, bohle ka phuthehong baa khothala ebile ba thusoa hore ba lule ba le bonngoeng. (1 Bakor. 1:10) Ha re mamela taelo e tsoang mokhatlong oa Jehova e thehiloeng Bibeleng re bile re mamela tataiso ea baholo, re bontša hore re ‘leka ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.’—Baef. 4:3.

18 Kahoo, e se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna ho etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong. Haeba re etsa joalo, re ka kholiseha hore ‘mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o tla ba le moea oo re o bontšang.’—Bafil. 4:23.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong ka hore u lokisetse litlhaloso tse utloahalang?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Etsa hore ho rene moea o motle ka phuthehong ka hore u ithute lipina tsa rōna