Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nalane ea Rōna

‘E Ile ea Mpitsetsa Mahlo a Batho’

‘E Ile ea Mpitsetsa Mahlo a Batho’

Batho ba ile ba makala ha ’moleli oa kamehla oa litaba tse molemo e leng Charlotte White, a ne a fihla Louisville, Kentucky, U.S.A., a khanna sutuk’heise e tsamaeang ka mabili.

E NE e le ka 1908, ’me joang kapa joang batho ba ile ba hlokomela Morali’abo rōna White ha a fihla a khanna mofuta o mocha oa sutuk’heise—e bitsoang Dawn-Mobile. Morali’abo rōna White o ile a re: “E ile ea bula batho melomo ’me ea mpitsetsa mahlo a bona.”

Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo, li ile tsa hlokomela hore ho hlokahala hore li bolelle batho ba bang linnete tsa bohlokoa tseo li neng li ithutile tsona Mangolong. Tse ngata tsa tsona li ne li fumane tsebo ea Bibele li sebelisa libuka tse neng li bitsoa Millennial Dawn (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa Studies in the Scriptures). Bakreste ba neng ba khona ho etsa mosebetsi oa boboleli le ba neng ba rata ho o etsa, ba ile ba tsamaea libakeng tse ngata—metseng e meholo, metsaneng le metseng ea mahaeng—ba fa batho ba neng ba e-na le tjantjello ea ho bala libuka tsena tse neng li ba thusa.

E ka ’na eaba ka 1908, Morali’abo rōna White hammoho le baboleli ba bang ba ’Muso ba chesehang, ba ne ba fana ka libuka tseo tse tšeletseng tse neng li phutheloa ka lesela, ka $1.65 (U.S.). Ho e-na le hore ba fane ka libuka tseo hang-hang ha motho a li batla, ba ne ba nka liodara ebe hamorao baa khutla—hangata ba ne ba khutla letsatsing leo batho ba lefshoang ka lona—ba tlisa libuka tseo ’me ba amohela chelete e seng kae ho koahela litšenyehelo tsa khatiso. Mohanyetsi e mong o ile a tletleba ka hore batho ba ne ba fana ka monehelo o monyenyane ha ba ne ba fuoa libuka tseo!

Malinda Keefer o re o ne a ee a fumane liodara tsa libuka tse makholo a mabeli ho isa ho tse makholo a mararo ka beke. Leha ho le joalo, kaha batho ba ne ba rata libuka tsena tsa Millennial Dawn, seo se ile sa baka bothata. Buka ea botšelela e le ’ngoe feela e ne e e-na le maqephe a 740! Molula-Qhooa o mong o ile oa re: “Libuka tse 50 li boima ba lik’hilograma tse 18,” ’me sena se etsa hore ho li isetsa batho “ho be boima haholo,” haholo-holo ho baralib’abo rōna.

E le ho rarolla bothata ba ho isetsa batho libuka tsa Millennial Dawn, Mor’abo rōna James Cole o ile a qapa foreime e menehang e nang le mabili a mabeli eo sutuk’heise e neng e ka kurufelloa ho eona ka lipekere. Kaha moqapi oa eona o ne a se a sa tlameha ho tsamaea a nkile mabokose a boima a libuka, o ile a re: “’Na ha ke batle ho ithoba mahetla.” O ile a bontša bamameli ba thabileng ba neng ba tlile kopanong ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Cincinnati, Ohio ka 1908, sutuk’heise eo e ncha. Makonopong a qetellong ea tšepe ka mahlakoreng a mabeli a sutuk’heise, ho ne ho ngotsoe lebitso Dawn-Mobile, kaha ntho e ka sehloohong eo sutuk’heise eo e neng e e tšela e ne e le libuka tsa Millennial Dawn. Ha motho a ntse a itloaetsa ho khanna sutuk’heise e tšetseng libuka tseo tse ngata, qetellong ho ne ho e-ba bonolo hore a e khanne ka letsoho le le leng feela. Ho ne ho ka etsoa liphetoho hore sutuk’heise eo e tsamaisane le bolelele ba motho ea e khannang, ebile e ne e ka khannoa litseleng tse sa lokisoang. Ha motho a qetile mosebetsi oa hae oa boboleli, o ne a ka koba mabili lehlakoreng la sutuk’heise ha a khutlela hae, ebang o tsamaea ka maoto kapa ka koloi ea baeti.

Baralib’abo rōna ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba ne ba etsetsoa Dawn-Mobile mahala. Empa batho ba bang ba ne ba e reka ka $2.50 (U.S.). Morali’abo rōna Keefer, ea setšoantšong mona o ne a tseba ho khanna Dawn-Mobile hoo a neng a khona ho khanna sutuk’heise e tletseng ka letsoho le le leng a be a khone ho nka mokotla oa libuka ka le leng. Kaha o ne a fumana batho ba bangata ba amohelang molaetsa torotsoaneng e ’ngoe e nang le merafo ea Pennsylvania, U.S.A., o ne a nka maeto a mararo kapa a mane ka letsatsi a feta holim’a borokho, letsatsing leo a neng a isetsa batho libuka ka lona.

Ka 1987, mofofisi e mong oa sefofane o ile a qapa lisutuk’heise tse nang le mabili tseo hona joale re tloaetseng ho li bona boema-fofaneng le literateng tse phetheselang. Empa lilemong tse lekholo tse fetileng, ho ka etsahala hore Liithuti tsa Bibele tse chesehang li ne li thaba ha li bona batho ba li shebile ha li khanna lisutuk’heise tsa tsona tsa Dawn-Mobile, li e-ea holimo le tlaase ha li ntse li jala peō ea bohlokoa ea ’nete ea Bibele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

Hangata Morali’abo rōna Keefer o ne a nka maeto a mararo kapa a mane ka letsatsi a feta holim’a borokho, letsatsing leo a neng a isetsa batho libuka ka lona

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 32]

E ile ea rarolla bothata ba ho isetsa batho libuka tsa Millennial Dawn