Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mokhoa o ka Senyang Likelello Tsa Rōna—Mohono

Mokhoa o ka Senyang Likelello Tsa Rōna—Mohono

Mokhoa o ka Senyang Likelello Tsa Rōna—Mohono

Napoleon Bonaparte o ne a e-na le oona. Julius Caesar o ne a e-na le oona. Alexandere e Moholo o ne a e-na le oona. Ho sa tsotellehe matla le botumo boo banna bana ba neng ba e-na le bona, lipelong tsa bona ho ne ho e-na le mokhoa o ka senyang kelello ea motho. Kaofela ha bona ho ne ho e-na le motho eo ba mo honohelang.

Rafilosofi oa Lenyesemane, Bertrand Russell o re: “Napoleon o ne a honohela Caesar, Caesar a honohela Alexandere [e Moholo], ’me Alexandere eena o ne a honohela Hercules eo e seng motho ea kileng a ba teng.” Motho ofe kapa ofe a ka ba mohono, ho sa tsotellehe hore na o ruile hakae, o na le makhabane afe kapa hore na o atlehile hakae bophelong.

Mohono ke ho utloa bohloko ka lebaka la lintho tseo batho ba bang ba nang le tsona, katleho ea bona, menyetla eo ba nang le eona, joalo-joalo. Ha buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e bontša phapang e teng pakeng tsa mohono le mōna e re: “‘Mōna’ . . . ke ho lakatsa ho ba le lintho tseo motho e mong a nang le tsona, athe ‘mohono’ ke ho batla ho amoha motho e mong seo a nang le sona.” Motho ea mohono ha a utloe bohloko feela ka lebaka la lintho tseo batho ba bang ba nang le tsona empa o batla ho ba amoha tsona.

Re tla be re le bohlale haeba re ka ela hloko hore na ke ka tsela efe re ka bang mohono le hore na litholoana tsa ho ba mohono ke life. Habohlokoa le ho feta ke hore re lokela ho tseba hore na ke mehato efe eo re lokelang ho e nka e le hore re se ke ra laoloa ke mohono.

MOEA O KA TOTISANG MOHONO

Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ba le “tšekamelo ea ho ba mohono,” ho na le lintho tse ka hlohlelletsang tsa ba tsa totisa tšekamelo ena. (Jak. 4:5) Ha moapostola Pauluse a bolela hore na e ’ngoe ea tsona ke efe, o ile a ngola a re: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” (Bagal. 5:26) Moea oa tlhōlisano o mpefatsa tšekamelo ea ho se phethahale eo re se ntse re e-na le eona ea ho ba mohono. Bakreste ba babeli e leng Cristina le José * ba ile ba hlokomela hore sena ke ’nete.

Cristina, eo e leng pula-maliboho oa kamehla o re: “Hangata ke iphumana ke honohela batho ba bang. Ke bapisa seo ba nang le sona le seo ke se nang sona.” Ka lekhetlo le leng, Cristina o ne a le lijong le banyalani ba bang ba etsang mosebetsi oa ho potoloha. Ha a hlokomela hore eena le monna oa hae Eric, ba ne ba batla ba lekana ka lilemo le molebeli ea potolohang le mosali oa hae le hore nakong e fetileng ba ne ba ’nile ba etsa mesebetsi e tšoanang, Cristina o ile a re: “Monna oa ka le eena ke moholo! Kahoo, ho tla joang hore ebe lōna le etsa mosebetsi oa ho potoloha empa rōna ha re letho?” Mohono o totisoang ke moea oa tlhōlisano o ile oa etsa hore a se ke a bona mosebetsi o motle oo eena le monna oa hae ba neng ba o etsa ’me oa etsa hore a se ke a khotsofalla bophelo ba bona.

José o ne a labalabela ho ba mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. Ha ho ne ho khethoa ba bang empa eena a sa khethoe, o ile a ba honohela eaba o jara mohokahanyi oa sehlopha sa baholo ka pelo. José o re: “Mohono o ile oa etsa hore ke hloee mora enoa oabo rōna le hore ke nahane hore ha a batle ha ke e-ba le boikarabelo ka phuthehong. Ha u laoloa ke mohono, u inahana bouena feela ’me ha u nahane hantle.”

MEHLALA E KA MANGOLONG E RE RUTA ENG?

Bibele e na le mehlala e mengata e lemosang. (1 Bakor. 10:11) E meng ea eona ha e bontše feela hore na ho ka tla joang hore motho a be mohono, empa e boetse e bontša kamoo mohono o ka senyang bophelo ba motho kateng haeba a o lumella hore o mo laole.

Ka mohlala, mora oa letsibolo oa Adama le Eva e leng Kaine, o ile a halefela Jehova ha a amohela sehlabelo sa Abele empa a sa amohele sa hae. Kaine a ka be a ile a hlōla boemo boo, empa o ile a foufatsoa ke mohono hoo a ileng a ba a bolaea mor’abo. (Gen. 4:4-8) Ha ho makatse hore ebe Bibele e re Kaine ke “ea ileng a simoloha ho ea khopo,” e leng Satane!—1 Joh. 3:12.

Barab’abo Josefa ba leshome ba ile ba mo honohela ka lebaka la kamano e ikhethang eo a neng a e-na le eona le ntate oa bona. Ba ile ba mo hloea le ho feta ha a ne a ba bolella ka litoro tsa hae tsa boprofeta. Ba ne ba bile ba batla ho ’molaea. Qetellong, ba ile ba mo rekisa hore ebe lekhoba ’me ka sehlōhō ba etsa hore ntate oa bona a nahane hore Josefa o shoele. (Gen. 37:4-11, 23-28, 31-33) Lilemo hamorao ba ile ba lumela hore ba ne ba entse sebe ’me ba ile ba buisana ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le mor’abo rōna, hobane re bone mahlomola a moea oa hae ha a kōpa hore re mo qenehele, empa ha rea ka ra mamela.”—Gen. 42:21; 50:15-19.

Kora, Dathane le Abirame ba ile ba ba mohono ha ba ne ba bapisa mesebetsi eo ba neng ba e etsa le e neng e etsoa ke Moshe le Arone. Ba ile ba nyatsa Moshe ba re o “iketsa khosana” le hore o iphahamisetsa batho ba bang. (Num. 16:13) Qoso ena e ne e se ’nete. (Num. 11:14, 15) Jehova e ne e le eena ea khethileng Moshe. Leha ho le joalo, marabele ana a ne a honohela Moshe ka lebaka la mosebetsi oa hae. Qetellong, Jehova o ile a ba timetsa ka lebaka la mohono oa bona.—Pes. 106:16, 17.

Morena Solomone o ile a bona ka mahlo hore na mohono o ka ba mobe hakae. Mosali e mong eo lesea la hae le neng le sa tsoa hlaha le ileng la shoa, o ile a leka ho qhekella mphato oa hae hore a nahane hore lesea le shoeleng e ne e le la hae. Nakong ea nyeoe, mosali eo ea neng a sa bue ’nete o ile a ba a lumela hore lesea le phelang le bolaoe. Leha ho le joalo, Solomone o ile a tiisa hore lesea le phelang le fuoa motho eo e hlileng e leng ’mè oa lona.—1 Mar. 3:16-27.

Mohono o ka hlahisa litholoana tse bosula. Mehlala ea Mangolo eo ho builoeng ka eona ka holimo e bontša hore mohono o ka baka lehloeo, ho hloka toka le polao. Ho feta moo, maemong ao kaofela mahlatsipa a ne a sa etsa letho le neng le ka etsa hore a tšoaroe ka tsela eo. Na ho na le seo re ka se etsang ho tiisa hore ha re laoloe ke mohono? Re ka nka mehato efe ho thibela mohono?

LINTHO TSE MATLA TSE KA THIBELANG MOHONO!

Loanela ho ba le lerato le ho rata barab’eno. Moapostola Petrose o ile a eletsa Bakreste a re: “Kaha joale le hloekisitse meea ea lōna ka ho mamela ha lōna ’nete phello e le lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi, le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.” (1 Pet. 1:22) Hantle lerato ke eng? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakor. 13:4, 5) Haeba re ka loanela ho ba le lerato le joalo, na seo se ke ke sa etsa hore re hlōle tšekamelo e mpe ea ho honohela ba bang? (1 Pet. 2:1) Ho e-na le hore Jonathane a honohele Davida o ile a “mo rata joaloka moea oa hae.”—1 Sam. 18:1.

Tloaelana le batho ba tšabang Molimo. Moqapi oa Pesaleme ea 73 o ile a honohela batho ba khopo ba neng ba se na mathata ba bile ba hafa ka nkatana. Leha ho le joalo, o ile a hlōla mohono oo a neng a e-na le oona ka hore a ee “sehalalelong se seholo sa Molimo.” (Pes. 73:3-5, 17) Ho tloaelana le balumeli-’moho ho ile ha thusa mopesaleme hore a hlokomele litlhohonolofatso tseo a ileng a li fumana ka hore a ‘atamele ho Molimo.’ (Pes. 73:28) Ho kopana le balumeli-’moho le rōna kamehla libokeng tsa Bokreste ho ka re thusa ka tsela e tšoanang.

Leka ho etsa se molemo. Ha Molimo a hlokomela hore Kaine o ne a le mohono a bile a e-na le lehloeo o ile a re ho eena: “Fetoha hore u etse se molemo.” (Gen. 4:7) ‘Ho etsa se molemo’ ho bolela’ng ho Bakreste? Jesu o ile a re ‘re tlameha ho rata Jehova Molimo oa rōna ka lipelo tsa rōna tsohle le ka moea oa rōna oohle le ka likelello tsa rōna tsohle le hore re rate baahelani ba rōna joalokaha re ithata.’ (Mat. 22:37-39) Khotsofalo eo re e fumanang ha re etsa hore ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna e be ho sebeletsa Jehova le ho thusa batho ba bang e etsa hore re hlōle mohono. Ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ke tsela e molemo ea ho sebeletsa Molimo le moahelani ’me ho etsa hore re fumane “tlhohonolofatso ea Jehova.”—Liprov. 10:22.

‘Thaba le batho ba thabileng.’ (Bar. 12:15) Jesu o ile a thabela katleho ea barutuoa ba hae, ’me a ba bolella hore ba ne ba tla finyella lintho tse ngata mosebetsing oa boboleli le ho feta tseo a li finyeletseng. (Luka 10:17, 21; Joh. 14:12) Kaha re sebeletsa Jehova re momahane, ha e mong a atleha seo se tlisetsa bahlanka bohle ba Jehova tlhohonolofatso. (1 Bakor. 12:25, 26) Ka lebaka leo, na e ke ke ea e-ba hantle hore re thabe ho e-na le hore re honohele ba bang ha ba fumana boikarabelo bo boholoanyane?

HASE NTOA E BONOLO!

Ho loantša mohono ho ka nka nako e telele. Cristina o re: “Ke ntse ke e-na le tšekamelo e matla ea ho ba mohono. Le hoja ese ntho eo ke e ratang, ke ntse ke e-ba le maikutlo ao ’me ke tlameha ho lula ke a loantša.” José le eena o loana le maikutlo a tšoanang. O re: “Jehova o ile a nthusa hore ke ananele makhabane ao mohokahanyi oa sehlopha sa baholo a nang le ’ona. Ho ba le kamano e ntle le Molimo ho nthusitse haholo.”

Mohono ke o mong oa “mesebetsi ea nama” eo Bakreste ba lokelang ho e loantša. (Bagal. 5:19-21) Haeba re sa lumelle mohono ho re laola, re ka lula re thabile ra ba ra khahlisa Ntate oa rōna ea leholimong, Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mabitso a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

‘Thaba le batho ba thabileng’