Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“U be Sebete ’me U be Matla Haholo”

“U be Sebete ’me U be Matla Haholo”

“U be Sebete ’me U be Matla Haholo”

“U be sebete ’me u be matla haholo . . . Jehova Molimo oa hao o na le uena.”—JOSH. 1:7-9.

U KA ARABA JOANG?

Enoke le Noe ba ile ba bontša sebete ka litsela life?

Basali ba bang ba boholo-holo ba re behetse mohlala o bontšang tumelo le sebete joang?

U khahliloe ke mehlala ea bacha bafe ba bontšitseng sebete?

1, 2. (a) Ka linako tse ling ho hlokahala’ng e le hore motho a ka etsa se nepahetseng bophelong? (b) Re tla tšohla lintlha life?

SEBETE ke lehanyetsi la ho tšaba le ho ba boi. Re ka ’na ra nahana hore motho ea sebete ke ea matla, oa senatla kapa ea sa tšabeng letho. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore feela a tsoele pele a etsa se nepahetseng bophelong.

2 Batho ba bang bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ile ba bontša sebete maemong a boima haholo. Ba bang ba ile ba bontša sebete maemong ao bahlanka ba bangata ba Jehova ba thulanang le ’ona ka kakaretso. Re ka ithuta’ng mehlaleng ea batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba bontša sebete? Re ka bontša sebete joang?

LIPAKI TSE SEBETE LEFATŠENG LE SE NANG BOMOLIMO

3. Enoke o ile a profeta hore ho tla etsahala’ng ka batho ba se nang bomolimo?

3 Ho ne ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore e ka ba paki ea Jehova har’a batho ba khopo ba neng ba phela lefatšeng pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. Leha ho le joalo, Enoke, e leng motho “oa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama,” o ile a bolela molaetsa ona oa boprofeta ka sebete: “Bonang! Jehova o ile a tla ka limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Enoke o ile a bua joalokaha eka lintho tseo a neng a bua ka tsona li ne li se li etsahetse kaha boprofeta boo bo ne bo tla phethahala. Ho feta moo, batho ba se nang bomolimo ba ile ba fela ba timetsoa moroallong oa lefatše lohle!

4. Noe ‘o ile a tsamaea le Molimo’ ho sa tsotellehe maemo afe?

4 Moroallo o ile oa tla ka 2370 B.C.E., e leng lilemo tse fetang 650 ka mor’a hore Enoke a etse mosebetsi oa hae oa boprofeta. Noe o ile a hlaha, a ba le lelapa ’me eena le bara ba hae ba ile ba haha areka. Mangeloi a khopo a ile a apara ’mele ea nama, a kopanela liphate le basali ba batle ’me a ba le bana ba Banefilime. Ho feta moo, bobe ba motho bo ne bo le bongata ’me lefatše le ne le tletse pefo. (Gen. 6:1-5, 9, 11) Ho sa tsotellehe maemo ao, “Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete” ’me o ile a fana ka bopaki ka sebete e le “’moleli oa ho loka.” (Bala 2 Petrose 2:4, 5.) Matsatsing ana a ho qetela ho hlokahala hore re be sebete.

BA ILE BA BONTŠA TUMELO LE SEBETE

5. Moshe o ile a bontša tumelo le sebete joang?

5 Moshe o re behetse mohlala oa ho bontša tumelo le sebete. (Baheb. 11:24-27) Ho tloha ka 1513-1473 B.C.E., Molimo o ile a mo sebelisa hore a etelle Baiseraele pele ho tsoa Egepeta le hore a ba tataise lefeelleng. Moshe o ne a ikutloa eka ha a na bokhoni ba ho phetha mosebetsi oo a neng a o filoe, empa o ile a o amohela. (Ex. 6:12) Eena le moholoane oa hae Arone, ba ile ba hlaha ka pel’a Faro oa Egepeta oa mohatelli ka makhetlo a mangata ’me ka sebete ba ile ba phatlalatsa Likotlo Tse Leshome tseo ka tsona Jehova a ileng a tlotlolla melimo ea Egepeta eaba o pholosa sechaba sa Hae. (Ex., likhao. 7-12) Moshe o ile a bontša tumelo le sebete hobane Molimo o ne a mo thusa kamehla, joalokaha le rōna A re thusa kajeno.—Deut. 33:27.

6. Haeba babusi ba lefatše ba re hloma lipotso, ke’ng e tla re thusa hore re fane ka bopaki ka sebete?

6 Re hloka sebete se kang sa Moshe, kaha Jesu o ile a re: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba. Leha ho le joalo, ha ba nehelana ka lōna, le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla bua joang kapa eng; kaha seo le tla se bua le tla se fuoa ka hora eo; etsoe hase lōna ba buang, empa ke moea oa Ntat’a lōna o buang ka lōna.” (Mat. 10:18-20) Haeba babusi ba lefatše ba re hloma lipotso, moea oa Jehova o tla re thusa hore re bontše tlhompho ha re fana ka bopaki ka tumelo le ka sebete.—Bala Luka 12:11, 12.

7. Ke hobane’ng ha Joshua a ne a le sebete a bile a atleha mosebetsing oa hae?

7 Ho ithuta Molao oa Molimo kamehla ho ile ha matlafatsa tumelo ea mohlahlami oa Moshe e leng Joshua ha ba ha mo thusa hore a be sebete. Ka 1473 B.C.E., Baiseraele ba ne ba le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Molimo o ile a re: “U be sebete ’me u be matla haholo.” Haeba Joshua a ne a ka mamela Molao, o ne a tla etsa ka bohlale a be a atlehe. Jehova o ile a re ho eena: “U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha, etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.” (Josh. 1:7-9) Ruri e tlameha ebe mantsoe ao a ile a matlafatsa Joshua! Ho hlakile hore Molimo o ne a e-na le eena, kaha ka 1467 B.C.E., karolo e khōlō ea Naha e Tšepisitsoeng e ne e se e hapiloe ’me e ile ea haptjoa ka lilemo tse tšeletseng feela.

BASALI BA ILENG BA SEBELETSA MOLIMO KA SEBETE

8. Rahaba o re behetse mohlala ofe oa ho ba le tumelo le sebete?

8 Ka lilemo tse makholo, basali ba bangata ba ile ba bontša sebete ha ba sebeletsa Jehova. Ka mohlala, Rahaba oa Jeriko eo e neng e le seotsoa, o ile a bontša tumelo ho Molimo ka hore ka sebete a pate lihloela tse peli tse neng li rometsoe ke Joshua ’me ka mor’a moo a lahle mahlahana a neng a rometsoe ke morena oa motse oo. Eena le ba ntlo eabo ba ile ba pholoha ha Baiseraele ba ne ba hapa Jeriko. Rahaba o ile a tlohela tsela ea boetsalibe eo a neng a phela ka eona, ea e-ba morapeli oa Jehova ea tšepahalang ’me qetellong ea e-ba nkhono oa Mesia. (Josh. 2:1-6; 6:22, 23; Mat. 1:1, 5) Ruri o ile a hlohonolofatsoa haholo ka lebaka la tumelo ea hae le sebete sa hae!

9. Debora, Barake le Jaele ba bontšitse sebete joang?

9 Ka mor’a lefu la Joshua hoo e ka bang ka 1450 B.C.E., baahloli e ne e le bona ba phethahatsang toka Iseraele. Morena oa Bakanana e leng Jabine, o ne a hateletse Baiseraele ka lilemo tse 20 ha Molimo a tla etsa hore moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora a susumetse Moahloli Barake hore a nke bohato. Barake o ile a bokella banna ba 10 000 Thabeng ea Tabore ’me o ne a itokiselitse ho loana le Sisera, e leng molaoli oa lebotho la Jabine, ea ileng a kena phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone hammoho le lebotho la hae le likoloi tsa hae tsa ntoa tse 900. Ha Baiseraele ba ne ba tsamaea phuleng, Molimo o ile a etsa hore ho be le sekhohola se ileng sa fetola lepatlelo la ntoa tebe-tebe e ileng ea qaea likoloi tsa ntoa tsa Bakanana. Banna ba Barake ba ile ba hlōla ’me ‘liahelo tsohle tsa Sisera li ile tsa oa ka bohale ba sabole.’ Sisera o ile a balehela tenteng ea Jaele, empa Jaele o ile a mo bolaea a sa ile le sephume sa boroko. Tumellanong le mantsoe a boprofeta ao Debora a ileng a a bolella Barake, “mokhabiso” oa tlhōlo ena o ile oa lebisoa ho mosali eo ea bitsoang Jaele. Kaha Debora, Barake le Jaele ba ile ba e-ba sebete, Iseraele “ha ea ka ea boela ea khathatsoa ka lilemo tse mashome a mane.” (Baahl. 4:1-9, 14-22; 5:20, 21, 31) Banna le basali ba bangata ba tšabang Molimo ba bontšitse tumelo le sebete se tšoanang.

MANTSOE A RŌNA A KA THUSA BA BANG HORE BA BE SEBETE

10. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore mantsoe a rōna a ka thusa batho ba bang hore ba be sebete?

10 Seo re se buang se ka thusa barapeli ba bang ba Jehova hore ba be sebete. Lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Morena Davida o ile a re ho mora oa hae Solomone: “E-ba sebete u be matla ’me u nke bohato. U se ke ua tšoha kapa ua haroha letsoalo, etsoe Jehova Molimo, Molimo oa ka, o na le uena. A ke ke a u lahla kapa a u tlohela ho fihlela mosebetsi oohle oa tšebeletso ea ntlo ea Jehova o phethiloe.” (1 Likron. 28:20) Solomone o ile a ba sebete ’me a haha tempele e tsotehang ea Jehova, Jerusalema.

11. Mantsoe a bontšang sebete a ngoananyana e mong oa Moiseraele a ile a ama bophelo ba monna e mong joang?

11 Lekholong la leshome la lilemo B.C.E., mantsoe a bontšang sebete a ngoananyana oa Moiseraele a ile a thusa molepera. Ngoananyana eo o ne a hapiloe ke sehlopha sa bafutuhi ’me e ile ea e-ba mosebeletsi oa Naamane, e leng molaoli oa lebotho la Syria ea neng a tšoeroe ke lepera. Kaha o ne a tseba ka mehlolo eo Jehova a ileng a e etsa a sebelisa Elisha, o ile a bolella mosali oa Naamane hore haeba monna oa hae a ne a ka ea Iseraele, moprofeta oa Molimo o ne a tla mo phekola. Naamane o ile a fela a ea Iseraele, a phekoloa ka mohlolo ’me ea e-ba morapeli oa Jehova. (2 Mar. 5:1-3, 10-17) Haeba u mocha ea ratang Molimo joaloka ngoananyana eo, Molimo a ka u fa sebete sa hore u pakele matichere, bana bao u kenang sekolo le bona hammoho le batho ba bang.

12. Mantsoe a Morena Ezekiase a ile a ama bafo ba hae joang?

12 Ha motho a le maemong a kotsi, mantsoe a khethiloeng hantle a ka mo fa sebete. Ha Baassyria ba ne ba hlasela Jerusalema lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Morena Ezekiase o ile a re ho bafo ba hae: “E-bang sebete ’me le be matla. Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo ka lebaka la morena oa Assyria le ka lebaka la bongata bohle bo nang le eena; etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le eena. Se nang le eena ke letsoho la nama, empa ea nang le rōna ke Jehova Molimo oa rōna ho re thusa le ho loana lintoa tsa rōna.” Mantsoe ao a ile a ba ama joang? “Batho ba [ile ba] qala ho itšetleha ka mantsoe a Ezekiase”! (2 Likron. 32:7, 8) Mantsoe a tšoanang le ao a ka re thusa—rōna hammoho le Bakreste ba bang—hore re be sebete ha re hlorisoa.

13. Motsamaisi oa ntlo ea Morena Akabe e leng Obadia o re behetse mohlala ofe o bontšang sebete?

13 Ka linako tse ling re bontša sebete ka ho se bolele lintho tse itseng. Lekholong la leshome la lilemo B.C.E., ka sebete motsamaisi oa ntlo ea Morena  Akabe e leng Obadia, o ile a pata baprofeta ba Jehova ba lekholo “ka lihlopha tsa ba mashome a mahlano ka lehaheng” e le hore ba se ke ba bolaoa ke Mofumahali Jezebele ea khopo. (1 Mar. 18:4) Joaloka Obadia ea neng a tšaba Molimo, kajeno bahlanka ba bangata ba Jehova ba tšepahalang, ba ile ba sireletsa balumeli-’moho le bona ka sebete ka hore ba se ke ba fa bahlorisi boitsebiso bo amang balumeli-’moho le bona.

ESTHERE—MOFUMAHALI EA SEBETE

14, 15. Mofumahali Esthere o ile a bontša tumelo le sebete joang, hona litholoana tsa seo e ile ea e-ba life?

14 Mofumahali Esthere o ile a bontša tumelo e matla le sebete ha ’momori oa Hamane ea khopo oa ho timetsa Bajuda, o ne o beha Bajuda bohle ba neng ba le tlas’a ’Muso oa Persia tsietsing lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Ha ho makatse hore ebe ba ile ba siama ba ba ba itima lijo ’me ha ho pelaelo hore ba ile ba boela ba rapela ka lipelo tsa bona tsohle! (Esth. 4:1-3) Mofumahali Esthere o ne a tšoenyehile haholo. Mordekai eo e leng mora oa mor’abo ntat’a Esthere, o ile a mo romella kopi ea molao o neng o fana ka taelo ea hore Bajuda ba bolaoe, eaba o mo laela hore a kene ho morena ’me a kōpele Bajuda ba habo mohau. Empa motho ofe kapa ofe ea neng a kena ho morena a sa bitsoa o ne a bolaoa.—Esth. 4:4-11.

15 Leha ho le joalo, Mordekai o ile a re ho Esthere: ‘Haeba u ka khutsa, topollo e tla tsoa sebakeng se seng. Empa ke mang ea tsebang haeba ke bakeng sa nako e kang ee u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?’ Esthere o ile a khothalletsa Mordekai hore a bokelle Bajuda Shushane le hore ba itime lijo bakeng sa hae. O ile a re: “Ke tla itima lijo ka ho tšoanang ’me ka mor’a moo ke tla kena ho morena, e leng ho seng tumellanong le molao; haeba ke timela, ke tla timela.” (Esth. 4:12-17) Esthere o ile a bontša sebete ’me buka e reheletsoeng ka eena e bontša hore Molimo o ile a lopolla batho ba hae. Mehleng ea rōna, Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea bona e inehetseng le bona ba bontša sebete se tšoanang ha ba lekoa ’me kamehla Jehova “Ea Utloang thapelo” o ba ka lehlakoreng la bona.—Bala Pesaleme ea 65:2; 118:6.

“E-BA SEBETE”

16. Jesu o behetse bacha mohlala ofe?

16 Ka lekhetlo le leng lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu ea neng a le lilemo li 12 o ile a fumanoa ka tempeleng, “a lutse har’a mesuoe ’me a e mamela le ho e botsa.” Ho feta moo, “bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:41-50) Le hoja Jesu a ne a le monyenyane, o ne a e-na le tumelo le sebete se hlokahalang hore a botse mesuoe e meholo ho eena e neng e le tempeleng lipotso. Ho hopola mohlala oa Jesu ho tla thusa bacha ba ka phuthehong ea Bokreste hore ba sebelise monyetla o mong le o mong ‘ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea ba batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho bona.’—1 Pet. 3:15.

17. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ‘ba be sebete,’ ’me ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be sebete?

17 Jesu o ile a khothalletsa ba bang hore ‘ba be sebete.’ (Mat. 9:2, 22) O ile a re ho barutuoa ba hae: “Bonang! Hora ea tla, ka sebele, e fihlile, ea ha le tla hasana e mong le e mong ho ea tlung ea hae ’me le tla ntšiea ke le mong; leha ho le joalo ha ke mong, hobane Ntate o na le ’na. Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka ba le khotso ka ’na. Lefatšeng le ba le matšoenyeho, empa le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Joh. 16:32, 33) Joaloka barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, lefatše le re hloile, empa ha rea lokela ho tšoana le lona. Ho nahana ka mohlala oa Mora oa Molimo oa ho bontša sebete ho ka re thusa hore re be sebete sa hore re lule re sa silafatsoa ke lefatše. O ile a hlōla lefatše ’me le rōna re ka le hlōla.—Joh. 17:16; Jak. 1:27.

18, 19. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o ne a e-na le tumelo a bile a le sebete?

18 Moapostola Pauluse o ile a mamella liteko tse ngata. Ka lekhetlo le leng, Bajuda ba Jerusalema ba ka be ba ile ba mo roba likoto hoja masole a Roma a se ke a mo pholosa. Bosiu, “Morena [o ile] a ema haufi le eena a re: ‘E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.’” (Lik. 23:11) Ke sona seo Pauluse a ileng a se etsa.

19 Ka sebete Pauluse o ile a khalemela ‘baapostola ba lokileng ho tlōla,’ ba neng ba batla ho silafatsa phutheho ea Korinthe. (2 Bakor. 11:5; 12:11) Ho fapana le bona, eena o ne a ka fana ka bopaki ba hore e ne e le moapostola oa ’nete—e leng ho kenngoa chankaneng, ho otloa, maeto a kotsi le likotsi tse ling, tlala, lenyora le ho se robale bosiu hammoho le ho tšoenyeha ka balumeli-’moho le eena. (Bala 2 Bakorinthe 11:23-28.) Mohlala oa Pauluse o babatsehang oa ho ba le tumelo le sebete o ile oa bontša hore Molimo e ne e le eena ea mo fang matla!

20, 21. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore re lokela ho tsoela pele re bontša sebete. (b) Ke maemong afe moo ho ka ’nang ha hlokahala hore re bontše sebete, ’me re ka kholiseha ka eng?

20 Hase Bakreste bohle ba tla hlorisoa haholo. Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba lokela ho ba sebete e le hore ba ka mamella mathata ao ba thulanang le ’ona bophelong. Ho tea mohlala: Mocha e mong oa Brazil e ne e le setho sa lequloana la linokoane. Ka mor’a hore a ithute Bibele, o ile a bona hore ho ne ho hlokahala hore a etse liphetoho, empa hangata motho ea neng a tsoa lequloaneng leo o ne a bolaoa. O ile a rapela eaba ka mor’a moo o sebelisa mangolo ho bontša moeta-pele oa lequloana leo hore na ke hobane’ng ha a ke ke a tsoela pele e le setho sa lona. Mohlankana eo o ile a lokolloa lequloaneng leo ntle le ho hlokofatsoa, ’me ea e-ba mohoeletsi oa ’Muso.

21 Re hloka sebete e le hore re ka bolela litaba tse molemo. Bacha ba Bakreste ba lokela ho ba sebete e le hore ba lule ba tšepahala ha ba le sekolong. Ho ka ’na ha hlokahala hore motho a be sebete e le hore a ka kōpa ho fuoa nako mosebetsing ea hore a be teng lenaneong lohle la kopano. Re ka fana ka mehlala e mengata. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona Jehova o tla utloa ‘lithapelo tsa rōna tsa tumelo.’ (Jak. 5:15) Hape, ha ho pelaelo hore a ka re fa moea oa hae o halalelang e le hore re ka ‘ba sebete ’me ra ba matla haholo’!

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Enoke o ile a bolela ka sebete lefatšeng la batho ba se nang bomolimo

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Jaele o ne a le sebete a bile a le matla