Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

A Re Thabeng Tšepong

A Re Thabeng Tšepong

A Re Thabeng Tšepong

“[Ho na le] tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—TITE 1:2.

TLHAHLOBO

Re tseba joang hore ho ba le thabo leholimong ha e mong oa batlotsuoa a tšepahala ho isa lefung?

Tšepo eo ba linku tse ling ba nang le eona e amana joang le tšepo ea batlotsuoa?

E le hore tšepo eo re nang le eona e phethahale, ke ‘liketso life tse halalelang tsa boitšoaro’ le ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ tseo re lokelang ho li bontša?

1. Tšepo eo Jehova a re fileng eona e ka re thusa joang hore re mamelle?

JEHOVA ke “Molimo ea fanang ka tšepo.” Seo ke se ileng sa boleloa ke moapostola Pauluse, ’me o ile a phaella ka hore Jehova a ka re ‘tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha rōna, e le hore re ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.’ (Bar. 15:13) Haeba re atetsoe ke tšepo, re tla khona ho mamella boemo bofe kapa bofe bo ka re hlahelang re thabile re bile re e-na le khotso. Joalokaha ho etsahala ho Bakreste ba tlotsitsoeng, tšepo e joalo e tla ba ‘ankora bakeng sa moea, ankora ea ’nete le e tiileng’ ho Bakreste ba bang. (Baheb. 6:18, 19) Re ka itšoarella ka tšepo ea rōna ha re thulana le mathata bophelong, e leng se tla re thusa hore re se ke ra ba le lipelaelo kapa ra felloa ke tumelo.—Bala Baheberu 2:1; 6:11.

2. Ke tšepo efe ea mefuta e ’meli eo Bakreste ba nang le eona kajeno, hona ke hobane’ng ha ba “linku tse ling” ba thahasella tšepo eo batlotsuoa ba nang le eona?

2 Bakreste ba phelang mehleng ena ea bofelo, ba na le tšepo ea mefuta e ’meli. Masala a “mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng a na le tšepo ea ho fumana bophelo ba ho se shoe leholimong, moo e tla ba marena le baprista hammoho le Kreste ’Musong oa hae. (Luka 12:32; Tšen. 5:9, 10) “Bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise e le bafo ba ’Muso oa Mesia. (Tšen. 7:9, 10; Joh. 10:16) Ba linku tse ling ha baa lokela ho lebala hore ba tla pholoha haeba feela ka mafolofolo ba tšehetsa ‘barab’abo’ Kreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. (Mat. 25:34-40) Batlotsuoa ba tla amohela moputso oa bona, ’me ka tsela e tšoanang, tšepo ea linku tse ling le eona e tla phethahala. (Bala Baheberu 11:39, 40.) A re qaleng ka ho tšohla tšepo eo batlotsuoa ba nang le eona.

‘TŠEPO E PHELANG’ EA BAKRESTE BA TLOTSITSOENG

3, 4. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘tsoaloa bocha ho ea tšepong e phelang’ joang, ’me tšepo eo ke efe?

3 Moapostola Petrose o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng bao a ileng a re ke “ba khethiloeng,” mangolo a mabeli. (1 Pet. 1:1) O ile a fana ka boitsebiso bo batsi mabapi le tšepo e tsotehang e filoeng mohlatsoana. Lengolong la hae la pele, Petrose o ile a ngola a re: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, kaha ho ea ka mohau oa hae o moholo o ile a re fa tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang ka tsoho ea Jesu Kreste bafung, ho tla lefeng le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng. Le bolokiloe maholimong bakeng sa lōna, ba ntseng ba sireletsoa ke matla a Molimo ka tumelo bakeng sa poloko e loketseng ho senoloa nakong ea ho qetela. Le thabisoa haholo ke ’nete ena.”—1 Pet. 1:3-6.

4 Palo e seng kae ea Bakreste ba khethiloeng ke Jehova hore ba tle ba buse le Kreste ’Musong oa hae oa leholimong, e ‘tsoaloa bocha’ e le bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea. Ba tlotsoa ka moea hore e be marena le baprista hammoho le Kreste. (Tšen. 20:6) Petrose o bolela hore “tsoalo [ena] e ncha” e ba fa ‘tšepo e phelang,’ eo a reng ke ‘lefa le ke keng la bola le le sa silafalang le le sa senyeheng’ leo ba le boloketsoeng “maholimong.” Ha ho makatse hore ebe batlotsuoa ba “thabisoa haholo” ke tšepo ea bona e phelang! Leha ho le joalo, e le hore tšepo eo e phethahale, ho hlokahala hore ba tšepahale.

5, 6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba etsa sohle se matleng a bona ho tiisa ho bitsetsoa ha bona leholimong?

5 Lengolong la hae la bobeli, Petrose o ile a khothalletsa Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba ‘etse sohle se matleng a bona ho tiisa ho bitsoa le ho khethoa ha bona.’ (2 Pet. 1:10) Ba lokela ho ikitlaetsa hore ba be le litšobotsi tsa Bokreste tse kang tumelo, boinehelo ba bomolimo, boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho le lerato. Petrose o ile a re: “Haeba lintho tsena li le teng ho lōna ’me li khaphatseha, li tla le thibela ho ba ba sa sebetseng kapa ba sa beheng.”—Bala 2 Petrose 1:5-8.

6 Molaetseng oa hae o eang ho baholo ba tsoetsoeng ka moea ba phutheho ea lekholong la pele la lilemo ea Filadelfia, e Asia Minor, Kreste ea tsositsoeng bafung o ile a re: “Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka, le ’na ke tla u phemisa hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho beha teko holim’a ba lulang lefatšeng. Ke tla kapele. U ’ne u tšoare ka tieo seo u nang le sona, e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka nkang moqhaka oa hao.” (Tšen. 3:10, 11) Haeba Mokreste ea tlotsitsoeng e ne e e-ba ea sa tšepahaleng, o ne a ke ke a fuoa “moqhaka o sa senyeheng oa khanya” o tšepisitsoeng bakhethoa ba tla lula ba tšepahala ho isa lefung.—1 Pet. 5:4; Tšen. 2:10.

HO KENA ’MUSONG

7. Ke tšepo efe e babatsehang eo Juda a buileng ka eona lengolong la hae?

7 Hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., Juda eo e leng ngoan’abo Jesu o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng lengolo, bao a ileng a re ke “ba bitsitsoeng.” (Juda 1; bapisa le Baheberu 3:1.) O ne a batla ho ba ngolla lengolo le buang haholo ka tšepo e khanyang ea poloko eo Bakreste ba bitselitsoeng ’Musong oa Molimo oa leholimo ba “nang le eona bohle.” (Juda 3) Le hoja ho ne ho e-na le litaba tse ling tse potlakileng tseo a neng a batla ho bua ka tsona, qetellong ea lengolo la hae le lekhutšoanyane, o ile a bua ka tšepo e babatsehang eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le eona, a re: “Joale ho ea khonang ho le lebela hore le se ke la khoptjoa le ho le emisa le se na sekoli pontšeng ea khanya ea hae ka thabo e khōlō, ho eo e leng eena feela Molimo Mopholosi oa rōna ka Jesu Kreste Morena oa rōna, e be khanya, boholo bo hlomphehang, bonatla le bolaoli bakeng sa nako eohle e fetileng e hlokang qalo le hona joale le ho kenella nakong eohle e hlokang qetello.”—Juda 24, 25.

8. Ho latela Juda 24, ke’ng e bontšang hore ho ba le thabo leholimong ha e mong oa batlotsuoa a tšepahala ho fihlela lefung?

8 Ha ho pelaelo hore Mokreste e mong le e mong ea tlotsitsoeng o batla hore Molimo a mo lebele hore a se ke a khoptjoa kapa a mo thuse hore ho se ke ha e-ba le letho le ka etsang hore a se ke a tšepahala eaba oa timetsoa. Batlotsuoa ba na le tšepo e thehiloeng Bibeleng ea hore Jesu Kreste o tla ba tsosa bafung, ’me a ba lumelle hore ba hlahe ka pel’a Molimo ka thabo e khōlō e le libōpuoa tsa moea tse phethahetseng. Ha e mong oa batlotsuoa a e-shoa a tšepahala, o na le tšepo e tiileng ea hore o tla “tsosoa e le ’mele oa moea,” a tsosetsoe ho se “boleng . . . , le khanyeng.” (1 Bakor. 15:42-44) Haeba ho ba le “thabo e [khōlō] leholimong ka lebaka la moetsalibe a le mong ea bakang,” nahana feela hore na ho ba le thabo e kaakang leholimong ha e mong oa barab’abo Kreste ea tsoetsoeng ka moea a e-shoa a tšepahala. (Luka 15:7) Jehova le libōpuoa tsa moea tse tšepahalang ba tla thaba hammoho le motlotsuoa ea amohelang moputso oa hae “ka thabo e khōlō.”—Bala 1 Johanne 3:2.

9. Batlotsuoa ba tšepahalang ba tla “ekeletsoa ka ho enneng” ho kena ’Musong joang, ’me tšepo ee e ama batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng joang?

9 Joaloka Juda, Petrose o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng a ba bolella hore haeba ba tiisa ho bitsoa ha bona ka hore ba lule ba tšepahala, ‘ba tla ekeletsoa ka ho enneng ho kena ’musong o sa feleng oa Morena le Mopholosi oa rōna Jesu Kreste.’ (2 Pet. 1:10, 11) Ha Petrose a ne a bolela hore ba tla “ekeletsoa ka ho enneng” ho kena ’Musong, e ka ’na eaba o ne a bolela hore ba tla kena leholimong ka khanya e khōlō. E ka ’na eaba o ne a boetse a bua ka mahlohonolo a mangata ao ba neng ba tla a fumana leholimong. Ha batlotsuoa ba nahana ka botšepehi boo ba bo bontšitseng bophelong ba bona, lipelo tsa bona li tla tlala thabo le teboho. Ha ho pelaelo hore tšepo ena e fa Bakreste ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng matla a hore ba ‘hlomelle likelello tsa bona bakeng sa tšebetso.’—1 Pet. 1:13.

“TŠEPO” EA LINKU TSE LING

10, 11. (a) Ba linku tse ling ba na le tšepo efe? (b) Ho phethahala ha tšepo ea ho phela lefatšeng ho amana joang le Kreste le “ho senoloa ha bara ba Molimo”?

10 Moapostola Pauluse o ile a ngola ka tšepo e khanyang eo “bara ba Molimo” ba tsoetsoeng ka moea ba nang le eona ea ho ba “majalefa hammoho” le Kreste. Ka mor’a moo, o ile a bua ka tšepo e hlollang eo Jehova a e fang linku tse ling tse se nang palo ha a ne a re: “Tebello e nang le tabatabelo ea pōpo [e leng batho] e letetse ho senoloa ha bara ba Molimo [e leng batlotsuoa]. Kaha pōpo e ile ea behoa tlas’a lefeela, eseng ka thato ea eona empa ka ea ileng a e beha tlaase, ka tšepo ea hore pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:14-21.

11 Jehova o file batho “tšepo” ha a ne a ba tšepisa hore o tla ba lokolla ho “noha ea pele” e leng Satane Diabolose, ka “peō” e tšepisitsoeng. (Tšen. 12:9; Gen. 3:15) Karolo e ka sehloohong ea “peō” eo, e ne e le Jesu Kreste. (Bagal. 3:16) Ka lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu o ile a fana ka tšepo e tiileng ea hore batho ba tla lokolloa bokhobeng ba sebe le lefu. Ho phethahala ha tšepo eo ho amana le “ho senoloa ha bara ba Molimo.” Batlotsuoa ba tlotlisitsoeng ke karolo ea bobeli ea “peō.” Ba tla “senoloa” ha ba sebetsa le Kreste ho timetsa tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. (Tšen. 2:26, 27) Sena se tla etsa hore ba linku tse ling ba tsoang matšoenyehong a maholo ba pholohe.—Tšen. 7:9, 10, 14.

12. Ho senoloa ha batlotsuoa ho tla tsoela batho melemo efe e babatsehang?

12 Ruri batho ba tla imoloha haholo nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete! Nakong eo, “bara ba Molimo” ba tlotlisitsoeng ba tla tsoela pele ba “senoloa” ha e e-ba baprista hammoho le Kreste, ’me ba thusa batho hore ba fumane melemo ea sehlabelo sa hae. Ha ’Muso oa Molimo o busa lefatšeng, butle-butle batho ba mamelang Molimo ba “tla lokolloa bokhobeng ba ho bola.” Ba tla lokolloa liphellong tsa sebe le lefu. Haeba ba ka lula ba tšepahala ho Jehova nakong eo ea Lilemo Tse Sekete le nakong ea teko ea ho qetela e tla tla qetellong ea lilemo tseo, mabitso a bona a tla lula a ngotsoe ‘moqolong oa bophelo.’ Ba tla kena ‘tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo.’ (Tšen. 20:7, 8, 11, 12) Ruri ena ke tšepo e khanyang!

HO LULA RE E-NA LE TŠEPO

13. Ke eng e etsang hore re be le tšepo, ’me Kreste o tla senoloa neng?

13 Seo Petrose a se ngotseng mangolong a hae a mabeli a bululetsoeng, se thusa batlotsuoa hammoho le ba linku tse ling hore ba lule ba e-na le tšepo. O ile a bontša hore ba na le tšepo eo ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova eseng ka lebaka la mesebetsi ea bona. O ile a ngola a re: “Behang tšepo ea lōna moseng o sa tšoanelang o tla tlisoa ho lōna tšenolong ea Jesu Kreste.” (1 Pet. 1:13) Kreste o tla senoloa ha a e-tla ho tla putsa balateli ba hae ba tšepahalang le ho liha likahlolo tsa Jehova ho batho ba sa tšabeng Molimo.—Bala 2 Bathesalonika 1:6-10.

14, 15. (a) E le hore re lule re e-na le tšepo, re lokela ho lula re hopola eng? (b) Petrose o ile a fana ka keletso efe?

14 E le hore re lule re e-na le tšepo, re lokela ho lula re hopola hore “letsatsi la Jehova” le haufi. Letsatsing leo, “maholimo” a hona joale kapa puso ea batho hammoho le “lefatše,” e leng batho ba khopo le ‘thepa ea bona ea motheo’ ba tla timetsoa. Petrose o ile a ngola a re: “Le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe . . . , le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova, leo ka lona maholimo ha a cha a tlang ho qhibiliha le thepa ea motheo ha e chesa ka matla haholo e tlang ho qhibiliha!”—2 Pet. 3:10-12.

15 “Maholimo” a hona joale le “lefatše” la hona joale li tla nkeloa sebaka ke “maholimo a macha [e leng ’Muso oa Kreste] le lefatše le lecha [e leng batho ba tla phela lefatšeng le lecha].” (2 Pet. 3:13) Kahoo, Petrose o ile a fana ka keletso e tobileng mabapi le hore na ke sefe seo re ka se etsang hore re lule re ‘letetse’ kapa re hopola tšepo eo re nang le eona ka lefatše le lecha le maholimo a macha tseo re li tšepisitsoeng. O ile a re: “Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.”—2 Pet. 3:14.

HO PHELA KA TSELA E LUMELLANANG LE TŠEPO EA RŌNA

16, 17. (a) Ke ‘liketso life tse halalelang tsa boitšoaro’ le ‘liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ tseo re lokelang ho li bontša? (b) Tšepo ea rōna e tla phethahatsoa joang?

16 Hase feela hore re lokela ho lula re e-na le tšepo empa re lokela ho phela ka tsela e lumellanang le eona. Re lokela ho ela hloko hore na re batho ba mofuta ofe moeeng. ‘Liketso tse halalelang tsa boitšoaro’ li akarelletsa hore re ‘boloke boitšoaro ba rōna bo le botle har’a lichaba,’ ka hore re itšoare hantle. (2 Pet. 3:11; 1 Pet. 2:12) Re lokela ho ba le ‘lerato har’a rōna.’ Seo se akarelletsa hore re etse sohle seo re ka se khonang ho etsa hore ho be le bonngoe har’a mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara esita le phuthehong ea habo rōna. (Joh. 13:35) ‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke liketso tse bontšang hore re na le kamano e haufi le Jehova. Li akarelletsa lithapelo tsa rōna tse utloahalang, ’malo oa rōna oa Bibele oa letsatsi le letsatsi, thuto ea botho, borapeli ba lelapa le ho kenya letsoho ka mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’—Mat. 24:14.

17 E mong le e mong oa rōna o batla hore e be motho eo Jehova a mo amohelang le eo a tla mo pholosa ha tsamaiso ea hona joale e khopo ea lintho e “qhibiliha.” Kahoo, tšepo ea rōna e tla phethahala, e leng “tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—Tite 1:2.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Bakreste ba tlotsitsoeng ba fuoa ‘tsoalo e ncha e ba fang tšepo e phelang’

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Etsa hore lelapa la hao le lule le e-na le tšepo