Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na mokhoa oa Mokreste oa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso o ka ba mobe hoo a ka qetellang a lelekiloe ka phuthehong ea Bokreste?

▪ E, ho joalo. Seo sea bontša hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse boiteko bo matla ba ho qoba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso—ebang ke lintho tse ngotsoeng kapa ke litšoantšo—tse limakasineng, lifiliming, livideong esita le Inthaneteng.

Litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li fumaneha hohle lefatšeng. Inthanete e etsa hore litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li fumanehe ho feta neng kapa neng ’me e entse hore lenane la batho ba angoang ke seoa sena se tšabehang le eketsehe. Batho ba bang ba baholo le ba banyenyane, ba ’nile ba thulana le Liwebsaete tse bontšang litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ba sa ikemisetsa. Athe ba bang bona ba ’nile ba kena ho tsona ka morero, ba nahana hore ha ho letho le ka ba thibang kaha ba ka bala kapa ba sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso sephiring—ebang ke lapeng kapa mosebetsing. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ameha ka taba ee ka matla?

Re fumana lebaka le ka sehloohong temosong ena ea Jesu: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Mat. 5:28) Ke ’nete hore ho kopanela liphate ho tloaelehileng ho loketse ebile ke ntho e ka thabisang batho ba nyalaneng. (Liprov. 5:15-19; 1 Bakor. 7:2-5) Empa oo hase morero oa litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Ho e-na le hoo, li bontša ho kopanela liphate ho litšila ho etsang hore batho ba be le menahano e litšila eo Jesu a ileng a lemosa batho ka eona. Ha e le hantle, ho bala kapa ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ho khahlanong le taelo ena ea Molimo: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”—Bakol. 3:5.

Ho thoe’ng haeba Mokreste a ile a sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ka lekhetlo le le leng kapa a mabeli? Boemo ba hae bo ka ’na ba tšoantšoa le boemo bo kotsi boo ka lekhetlo le leng mopesaleme Asafe a ileng a ba ho bona; o ile a re: “Ha e le ’na, maoto a ka a ne a batlile a kheloha, mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa.” Mokreste a ka ba le letsoalo le hloekileng joang e le hore a be khotsong le Molimo haeba a ’nile a sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso tsa banna kapa basali ba hlobotseng kapa a ile a shebella ha monna le mosali ba etsa bohlola? Asafe le eena o ne a hloka khotso; o ile a re: “Ke ile ka otloa letsatsi lohle, ke khalemeloa hoseng ho hong le ho hong.”—Pes. 73:2, 14.

Mokreste ea tšoasitsoeng ke bobe bo joalo o lokela ho phaphama ’me a kōpe hore a thusoe moeeng. Thuso e joalo e teng ka phuthehong: “Esita le hoja motho a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo, ha ka bomong le ntse le ipehile leihlo.” (Bagal. 6:1) Moholo a le mong oa Mokreste kapa ba babeli, ba ka mo fa thuso eo a e hlokang, e akarelletsang ‘lithapelo tsa tumelo tse tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me a ka tšoareloa sebe sa hae.’ (Jak. 5:13-15) Batho ba ’nileng ba batla thuso ea hore ba tlose letheba la litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, ba hlokometse hore ho atamela haufi le Molimo ho ba tsoetse molemo joalokaha ho ile ha tsoela Asafe molemo.—Pes. 73:28.

Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a bolela hore ba bang ba ileng ba etsa sebe, ha ba aa ka ba “bakela ho se hloeke le bohlola le boitšoaro ba bona bo hlephileng.” * (2 Bakor. 12:21) Mabapi le lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho se hloeke,” Moprofesa Marvin R. Vincent o ile a bolela hore le fana ka “moelelo oa ho se hloeke ho nyonyehang.” Ka masoabi, litšoantšo tse ling tse litšila tse tsosang takatso li mpe ho feta ho bona motho ea hlobotseng kapa monna le mosali ba etsang bohlola. Ho na le litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso tse nyonyehang tsa batho ba etsang bosodoma (e leng ho kopanela liphate ha batho ba bong bo tšoanang), ho kopanela liphate ha batho ba bangata, ho kopanela liphate le liphoofolo, ho betoa ke batho ba bangata, ho tlatlapa basali, ho tlama motho e le hore ho kopaneloe liphate le eena, ho hlokofatsoa ka sehlōhō esita le litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso tseo ho tsona ho sebelisoang bana. Batho ba bang ba mehleng ea Pauluse ba neng ba “le lefifing likelellong” ba ne ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro, ’me ba ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.’Baef. 4:18, 19.

Pauluse o ile a boela a bua ka “ho se hloeke” ho Bagalata 5:19. Setsebi se seng sa Brithani se ile sa bolela hore “e ka ’na eaba mona [ho se hloeke ho bolela] haholo-holo litakatso tsohle tseo e seng tsa tlhaho.” Na ho na le Mokreste ea ka latolang hore mekhoa e hlalositsoeng ka holimo ea litšoantšo tse litšila tse bontšang ho kopanela liphate ho nyonyehang ke “litakatso tseo e seng tsa tlhaho” ’me hoa nyonyeha? Ho Bagalata 5:19-21, Pauluse o ile a re “ba tloaetseng ho etsa” lintho tse sa hloekang joalo “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Ka lebaka leo, haeba motho a e-na le tloaelo e joalo ea ho sheba litšoantšo tse nyonyehang tse tsosang takatso, mohlomong a entse joalo ka nako e itseng ’me a sa bake a bile a sa fetohe, a ke ke a bolokoa ka phuthehong ea Bokreste. O tla lokela ho khaoloa e le hore phutheho e bolokoe e hloekile le hore ho rene moea o motle ka phuthehong.—1 Bakor. 5:5, 11.

Ke hantle ho tseba hore batho ba bang ba ’nileng ba tloaela ho sheba litšoantšo tse nyonyehang tse tsosang takatso, ba ile ba ea ho baholo ’me ba fumana thuso ea moea e ileng ea ba thusa hore ba etse liphetoho tseo ho neng ho hlokahala hore ba li etse ka potlako. Jesu o ile a kōpa Bakreste ba bang ba Sarda ea boholo-holo ka tieo a re: “U matlafatse lintho tse setseng tse neng li se li tla shoa, . . . u tsoele pele ho hopola kamoo u amohetseng le kamoo u ileng ua utloa, ’me u tsoele pele ho ho boloka, ’me u bake. Ka sebele ntle le hore u tsohe, . . . ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.” (Tšen. 3:2, 3) Hoa khoneha hore motho a bake ’me ho be joalokaha eka o hloibiloa mollong.—Juda 22, 23.

Leha ho le joalo, ruri ho ne ho tla ba molemo hore e mong le e mong oa rōna a etse qeto e tiileng ea hore ho hang a se ke be a ba boemong boo bo kotsi. Ka sebele, re lokela ho ikemisetsa ho qoba mefuta eohle ea litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Ho fumana hore na phapang ke efe pakeng tsa “ho se hloeke, bohlola le boitšoaro bo hlephileng,” sheba Molula-Qhooa oa July 15, 2006, leqepheng la 29-31.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

Mokreste ea tšoasitsoeng ke bobe o lokela ho phaphama ’me a kōpe hore a thusoe moeeng