Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Hhopola Hore Metsotso e se e Jele Babeli

Lula U Hhopola Hore Metsotso e se e Jele Babeli

Lula U Hhopola Hore Metsotso e se e Jele Babeli

“U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho potlaka.”—2 TIM. 4:2, NW.

NA U KA HLALOSA?

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bolela litaba tse molemo ka ho potlaka?

Re ka etsa joang hore re lule re hopola hore metsotso e se e jele babeli?

Ke hobane’ng ha hona joale mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o potlakile ho feta neng kapa neng?

1, 2. Ke lipotso life tse hlahang mabapi le hore re ‘bolele lentsoe ka ho potlaka’?

HANGATA batho bao mosebetsi oa bona e leng ho pholosa bophelo, ba sebetsa ba tseba hore ba tlameha ho potlaka. Ka mohlala, bo-ralitima-mollo baa potlaka ha ba bitsoa hore ba e’o thusa moo ho nang le maemo a tšohanyetso; baa tseba hore e ka ’na eaba bophelo ba batho bo kotsing.

2 Kaha re Lipaki Tsa Jehova, re batla ho thusa batho hore ba pholohe. Ka lebaka leo, re nka ka botebo thōmo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho hlakile hore ha re ee holimo le tlaase feela ka lehlaphahlapha. Kahoo, moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a fana ka keletso e reng: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho potlaka”? (2 Tim. 4:2, NW) Re ka bolela ka ho potlaka joang? Hona ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna o potlakile hakaale?

KE HOBANE’NG HA MOSEBETSI OA RŌNA OA BOBOLELI O POTLAKILE?

3. Ho ka etsahala’ng haeba batho ba amohela molaetsa oa ’Muso kapa ba sa o amohele?

3 Ha u nahana ka tsela eo mosebetsi oa rōna oa boboleli o ka pholosang bophelo ba batho ka eona, ho ka etsahala hore ebe ua hlokomela hore ho potlakile hore u bolelle batho ba bang litaba tse molemo. (Bar. 10:13, 14) Lentsoe la Molimo le re: “Ha ke re ho ea khopo: ‘Ka sebele u tla shoa,’ ’me a furalla sebe sa hae ’me a etsa toka le ho loka, . . . ka sebele o tla lula a phela. A ke ke a shoa. Ha ho libe tsa hae tseo a sitiloeng ka tsona tse tla hopoloa khahlanong le eena.” (Ezek. 33:14-16) Bibele e re ho batho ba bolelang molaetsa oa ’Muso: ‘Le tla ipholosa ’me le pholose le ba le mamelang.’—1 Tim. 4:16; Ezek. 3:17-21.

4. Ke hobane’ng ha bokoenehi bo ile ba etsa hore ho bolela litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo e be ho potlakileng?

4 E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khothalletsa Timothea ho bolela ka ho potlaka, nahana ka moelelo oa lengolo la rōna la sehlooho. Bibele e re: “U bolele lentsoe, u be ho lona ka ho potlaka nakong e tšoanelang, nakong e likhathatso, u khalemele, u nyatse ka matla, u eletse, ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta. Etsoe ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete.” (2 Tim. 4:2-4, NW) Jesu o ne a ile a bolela esale pele hore bokoenehi bo ne bo tla ba teng. (Mat. 13:24, 25, 38) Ha nako eo e ntse e atamela, ho ne ho potlakile hore Timothea a “bolele lentsoe” esita le ka har’a phutheho e le hore Bakreste ba se ke ba khahloa ke lithuto tseo tsa bohata ’me tsa ba khelosa. Bophelo ba batho bo ne bo le kotsing. Kajeno teng?

5, 6. Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ka ’na ra kopana le batho ba nang le maikutlo afe a tloaelehileng?

5 Hona joale ho koenehela borapeli ba ’nete ho atile ebile ho nametse libakeng tse ngata. (2 Bathes. 2:3, 8) Kajeno ke lithuto life tse tsikinyetsang litsebe tsa batho? Libakeng tse ngata, batho ba ’nile ba ruta thuto ea ho iphetola ha lintho ka cheseho e kang ea bolumeli. Le hoja hangata ho fanoa ka maikutlo a hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ea saense, empa e se eka ke bolumeli ’me e ama tsela eo batho ba talimang Molimo le batho ba bang ka eona. Thuto e ’ngoe e atileng ke ea hore Molimo ha a re tsotelle, kahoo le rōna ha rea lokela ho mo tsotella. Ke hobane’ng ha lithuto tsee li khahla batho hakaale ebile li ba koeetsa hore ba robale moeeng? Li fetisa molaetsa oa hore, ‘U ka iketsetsa ntho efe kapa efe eo u e batlang hobane ha ho na motho eo u tla ikarabella ho eena.’ Ka sebele, ona ke molaetsa o ’nileng oa tsikinyetsa litsebe tsa batho ba bangata.—Bala Pesaleme ea 10:4.

6 Empa ho na le litsela tse ling tseo litsebe tsa batho li tsikinyetsoang ka tsona. Batho ba bang ba ntseng ba e-ea kerekeng ba rata hore baruti ba ba bolelle mantsoe ana, ‘Molimo oa u rata ho sa tsotellehe hore na u etsa eng.’ Baprista le baruti ba tsikinyetsa litsebe tsa batho ka ho ba kholisa hore Molimo o hlohonolofatsa mekete, ’Misa, litšebeletso tsa bolumeli le litšoantšo. Batho bana ba eang likerekeng ha ba hlokomele hore na ba kotsing e kae. (Pes. 115:4-8) Leha ho le joalo, haeba re ka ba tsosa moeeng e le hore ba utloisise molaetsa oa Bibele oa ’nete, ba ka rua molemo ’Musong oa Molimo.

HO BOLELA KA HO POTLAKA HO BOLELA’NG?

7. Re ka bontša joang hore re etsa lintho ka ho potlaka?

7 Ngaka e hlokolosi e etsang opereishene, e lokela ho tsepamisa kelello mosebetsing oa eona hobane bophelo ba bakuli bo ka ba kotsing. Ha re le tšebeletsong ea rōna ea Bokreste, re ka bontša hore re etsa lintho ka ho potlaka ka hore re tsepamise likelello mosebetsing oa rōna, ka ho nahana ka litaba, lipotso, kapa boitsebiso boo batho bao re kopanang le bona ba ka ’nang ba bo thahasella. Ho etsa lintho ka ho potlaka ho ka ’na ha boela ha re thusa hore re fetole kemiso ea rōna e le hore re etele batho nakong eo ho ka bang bonolo hore ba re mamele.—Bar. 1:15, 16; 1 Tim. 4:16.

8. Hangata ho etsa lintho ka ho potlaka ho akarelletsa eng?

8 Ho etsa lintho ka ho potlaka ho boetse ho akarelletsa ho tseba hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong. (Bala Genese 19:15.) Ka mohlala, a re re u qeta ho fumana sephetho sa litlhahlobo tsa ngaka, ka mor’a moo e u bitsetsa ofising ’me e re ho uena: “U hloka ho fumana thuso ka potlako! U na le nako e ka etsang khoeli feela hore u fumane pheko.” Ho hlakile hore u ne u ke ke ua tsoa ka ofising ea hae u betseha joaloka monna ea sebetsang litima-mollong ea potlaketseng moo ntlo e chang. Empa u ne u tla mamela hore na ngaka eo e re u etse’ng, ebe u ea hae ’me u nahanisisa ka hore na ke lintho life tseo u lokelang ho li etsa.

9. Ke hobane’ng ha re ka re Pauluse o ile a etsa mosebetsi oa boboleli ka ho potlaka ha a ne a le Efese?

9 Ho na le seo re ka ithutang sona mohlaleng oa Pauluse oa ho etsa lintho ka ho potlaka, ka hore re hlokomele seo a ileng a se bolella baholo ba Efese ka mosebetsi oa hae oa ho bolela litaba tse molemo seterekeng sa Asia. (Bala Liketso 20:18-21.) Kamoo ho bonahalang kateng, ho tloha letsatsing leo Pauluse a fihlileng ka lona, o ile a phathahana ka ho etela batho ka ntlo le ntlo a ba bolella litaba tse molemo. Ho phaella moo, ka lilemo tse peli, o ile a latela kemiso ea kamehla ea ho ‘fana ka lipuo ka holong ea sekolo ea Tyranase letsatsi le leng le le leng.’ (Lik. 19:1, 8-10) Ho hlakile hore kaha Pauluse o ne a hlokomela hore metsotso e se e jele babeli, seo se ile sa ama tsela eo a neng a tloaetse ho etsa lintho ka eona. Keletso e reng re ‘etse mosebetsi oa boboleli ka ho potlaka’ ha ea rereloa ho etsa hore re ikutloe eka thomo ea rōna e boima. Leha ho le joalo, mosebetsi oa boboleli o lokela ho tla pele bophelong ba rōna.

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela hore ebe lilemo tse ka bang 100 tse fetileng Bakreste ba ile ba etsa lintho ka ho potlaka?

10 Mohlala oa sehlopha se senyenyane sa Liithuti tsa Bibele tseo pele ho 1914 li ileng tsa qala mosebetsi oa boboleli o bontša hore na ho etsa lintho ka ho potlaka ho bolela’ng. Le hoja li ne li le likete tse seng kae ka palo, li ne li hlokomela hore metsotso e se e jele babeli ’me ka cheseho li ile tsa ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa ho paka ka ’Muso. Li ile tsa phatlalatsa lipuo tsa Bibele likoranteng tse makholo ’me tsa bontša batho libaesekopo le li-slide tsa “Photo-Drama of Creation.” Ka tsela ena, li ile tsa finyella batho ba limilione ka litaba tse molemo. Haeba liithuti tseo li ne li sa ka tsa etsa mosebetsi oa boboleli ka ho potlaka, ba bangata ba rōna ba ka be ba sa utloa molaetsa oa ’Muso.—Bala Pesaleme ea 119:60.

U SE KE UA LEBALA HORE METSOTSO E SE E JELE BABELI

11. Ke’ng e entseng hore batho ba bang ba lebale hore metsotso e se e jele babeli?

11 Litšitiso li ka etsa hore motho a se ke a nahana kamoo mosebetsi oa boboleli e leng oa bohlokoa kateng. Tsamaiso ea Satane e etsa hore re phathahane ka mabaka a rōna le lintho tse ling tseo e seng tsa bohlokoa. (1 Pet. 5:8; 1 Joh. 2:15-17) Batho ba bang bao ka nako e ’ngoe ba neng ba nka ho sebeletsa Jehova e le eona ntho e tlang pele bophelong ba bona, ba se ba lebetse hore metsotso e se e jele babeli. Ka mohlala, Mokreste oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Demase e ne e kile ea e-ba ‘mosebetsi-’moho’ le Pauluse, empa Demase o ile a khelosoa ke tsamaiso ea lintho e sa tšabeng Molimo. Ho e-na le hore a tsoele pele a matlafatsa mor’abo nakong eo ho neng ho le thata, Demase o ile a lahla Pauluse kherehloa.—Filem. 23, 24; 2 Tim. 4:10.

12. Ke monyetla ofe oo re nang le oona hona joale, hona ke menyetla efe eo re tla ba le eona ka ho sa feleng?

12 Haeba re batla ho lula re hopola hore metsotso e se e jele babeli, re lokela ho qoba lintho tse re sitisang ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:18, 19) Ho hlakile hore u kholisehile hore bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo bo tla re fa menyetla e mengata ea hore re thabele ho etsa lintho tse thahasellisang. Empa monyetla oo re nang le oona hona joale oa ho thusa batho hore ba pholohe Armagedone, o ke ke oa hlola o e-ba teng.

13. Kaha re se re le Bakreste, re ka lula re hopola hore metsotso e se e jele babeli joang?

13 Kaha batho ba bangata bao re phelang har’a bona ka booatla ba robetse moeeng, ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra lebala hore metsotso e se e jele babeli? Re lokela ho hopola hore e ka ’na eaba ho na le nako eo ka eona re neng re sa tsebe Molimo re bile re se na tšepo ea bokamoso. Empa re ile ra ithuta ’nete ka Jehova le Jesu, ’me hona joale re na le tlotla ea ho ruta batho ba bang ’nete. (Bala Baefese 5:14.) Pauluse o ile a ngola a re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baef. 5:15, 16) Le hoja re phela har’a bokhopo bo joalo, a re ‘ithekeleng nako’ ea ho etsa mesebetsi e ka re thusang hore re lule re falimehile moeeng.

RE PHELA NAKONG EA BOHLOKOA

14-16. Ke hobane’ng ha hona joale mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o potlakile ho feta neng kapa neng?

14 Haesale tšebeletso ea Bokreste e potlakile, empa hona joale e potlakile le ho feta. Ho tloha ka 1914, pontšo ea mehla ea bofelo e nang le likarolo tse ngata e hlalositsoeng ka Lentsoeng la Molimo, e ’nile ea hlaka. (Mat. 24:3-51) Bophelo ba batho bo kotsing ho feta neng kapa neng. Ho sa tsotellehe litumellano tsa khotso tse fihletsoeng, mebuso e meholo ea lefatše e ntse e e-na le limisaele tsa libetsa tsa nyutlelie tse ka bang 2 000, tse ka ’nang tsa tsoibiloa neng kapa neng. Ba boholong ba etsa litlaleho tse makholo tsa hore thepa e etsang libetsa tsa nyutlelie e “nyametse.” Ebe e ’ngoe ea eona e matsohong a likhukhuni? Batho ba bang ba re moloko oa batho o ka timetsoa habonolo ke ntoa e ka qaloang ke likhukhuni. Leha ho le joalo, ntoa hase eona feela e ka timetsang moloko oa batho.

15 Tlaleho ea 2009 ea koranta ea The Lancet le K’holeje ea Univesithi ea London e re: “Bophelo ba batho bo kotsing e khōlō ka lebaka la ho fetoha ha maemo a leholimo lekholong lena la bo21 la lilemo. Mathata a bakoang ke ho fetoha ha maemo a leholimo a tla ama bophelo ba batho ba bangata lilemong tse mashome tse tlang ’me a tla beha bophelo ba batho ba libilione kotsing.” Mathata ao e ka ba tšenyo e bakoang ke ho phahama ha metsi leoatleng, komello, likhohola, mafu a seoa, maholiotsoana le lintoa tse bakoang ke ho tseka lihlahisoa tsa tlhaho tse ntseng li fokotseha. Ka sebele, lintoa le likoluoa li ka senya tsoelo-pele.

16 Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore kotsi ea hore ho ka ’na ha qhoma ntoa ea nyutlelie e ka ’na ea baka liketsahalo tse tla etsa hore boprofeta ba Jesu bo mabapi le “pontšo” ea matsatsi a ho qetela bo phethahale. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba utloisise hore na ha e le hantle pontšo eo e bolela’ng. E ’nile ea bonahala ka lilemo tse mashome, e leng se bontšang hore Kreste o teng le hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela ka potlako. (Mat. 24:3) Ha ho e-s’o be le mohla likarolo tse sa tšoaneng tsa pontšo li ileng tsa hlaka hakana. Ke nako ea hore batho ba tsohe borokong ba moea. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ka ba tsosa.

17, 18. (a) “Nako” e re ama joang? (b) Ke eng e ka susumetsang batho hore ba fetole maikutlo a bona ka molaetsa oa ’Muso?

17 Re saletsoe ke nako e nyenyane feela hore re bontše hore re rata Jehova le hore re qete mosebetsi oa boboleli o reretsoeng hore o etsoe matsatsing ana a ho qetela. Seo Pauluse a ileng a se bolella Bakreste ba Roma ba lekholong la pele la lilemo, ke sa bohlokoa haholo le ho rōna kajeno, o ile a re: “Le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe borokong, kaha joale poloko ea rōna e haufi ho feta nakong ea ha re e-ba balumeli.”—Bar. 13:11.

18 Liketsahalo tsa matsatsi a ho qetela tse boletsoeng esale pele li ka etsa hore batho ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea. Batho ba bang ba thahasella molaetsa oa ’Muso ha ba nahana kamoo mebuso ea batho e hlōlehileng kateng. Mebuso e hlōlehile ho felisa mathata a moruo, tšokelo ea nyutlelie, tlōlo ea molao e mabifi kapa ho senngoa ha lefatše. Batho ba bang ba thahasella molaetsa oa ’Muso ka lebaka la mathata ao ba nang le ’ona malapeng a bona, a kang ho kula, tlhalo kapa ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang. Kahoo, ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ka thusa batho bana ba thahasellang.

HO SUSUMETSOA KE HO TSEBA HORE METSOTSO E SE E JELE BABELI

19, 20. Ho hopola hore metsotso e se e jele babeli ho susumelitse Bakreste ba bangata joang hore ba fetole tsela eo ba neng ba phela ka eona?

19 Ho tseba hore metsotso e se e jele babeli ho susumelitse Bakreste ba bangata ho eketsa nako eo ba e qetang ba etsa mosebetsi oa boboleli. Ka mohlala, banyalani ba bang ba bacha ba Ecuador ba ile ba etsa qeto ea ho fokotsa lintho tseo ba sa li hlokeng ka mor’a ho mamela lenaneo la kopano e khethehileng ea letsatsi ka 2006, eo sehlooho sa eona se neng se re, “Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe.” Ba ile ba etsa lethathamo la lintho tseo ba neng ba sa li hloke, ’me nakong ea likhoeli tse tharo ba ile ba tloha ntlong ea bona e nang le likamore tse tharo tsa ho robala ’me ba ea ho e nang le kamore e le ’ngoe ea ho robala, ba rekisa lintho tse ling eaba ba tsoa likolotong. Ho e-s’o ee kae e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang ’me ba latela keletso ea molebeli oa potoloho ea hore ba e’o sebeletsa phuthehong eo ho eona ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōlō.

20 Mora e mong oabo rōna oa Amerika Leboea o ile a ngola a re: “Ha ’na le mohats’aka re ne re e-ea kopanong e khethehileng ea letsatsi ka 2006, re ne re se re e-na le lilemo tse 30 re kolobelitsoe. Ha re le tseleng re khutlela hae ka mor’a lenaneo, re ile ra buisana ka hore na re ka sebelisa keletso e fanoeng joang ea hore re fokotse lintho tseo re sa li hlokeng. (Mat. 6:19-22) Re ne re e-na le matlo a mararo, polasi, likoloi tse majabajaba, sekepe le koloi e khōlō e nang le libethe le lisebelisoa tsa ka tlung. Re ile ra utloa eka re ne re shebahala re le Bakreste ba maoatla, kahoo, re ile ra ipehela pakane ea ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng. Ka 2008 re ile ra ba bo-pula-maliboho joaloka morali oa rōna. Ruri re ile ra thabela ho sebetsa le bara le barali babo rōna haholo! Re ile ra khona ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōlō teng. Hape, ho eketsa tšebeletso ea rōna ho Jehova ho re thusitse hore re atamele ho eena haholo. Ntho e re thabisang haholo ke ho bona kamoo batho ba thabang kateng ha ba utloa le ha ba utloisisa ’nete ea Lentsoe la Molimo.”

21. Ke tsebo efe eo re nang le eona e re susumelletsang hore re bolele ka ho potlaka?

21 Rea tseba hore haufinyane ‘letsatsi la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo’ le tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. (2 Pet. 3:7) Tsebo eo re nang le eona ka Lentsoe la Molimo e re susumelletsa hore ka cheseho, re bolele ka matšoenyeho a maholo a tlang hammoho le lefatše le lecha. Re tsoela pele re hopola hore ho potlakile hore re bolelle batho ka tšepo ea sebele ea bokamoso. Ha re etsa sohle seo re ka se khonang mosebetsing ona o potlakileng, re bontša hore re rata Molimo le batho ba bang.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]