Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Re Kōpa U re Nke Senepe”

“Re Kōpa U re Nke Senepe”

“Re Kōpa U re Nke Senepe”

Ka mor’a letsatsi la bobeli la kopano ea setereke, Josué ea sebeletsang Bethele ea Mexico, o ne a ntse a tsamaea ho bona motse oa Querétaro. Bahahlauli ba Colombia, e leng Javier le Maru, bao e leng banyalani, ba ile ba kōpa hore a ba nke senepe. Kaha Josué le metsoalle ea hae ea Lipaki ba ne ba apere hantle ba bile ba qhoaetse libeche tsa kopano, banyalani bao ba ile ba ba botsa hore na ba ne ba e-tsoa moketeng oa likapeso kapa ketsahalong e ’ngoe ea bohlokoa. Josué o ile a ba hlalosetsa hore ba ne ba ntse ba e-ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ’me a ba mema hore ba be teng lenaneong la Sontaha.

Banyalani bao ba ile ba bolela hore ba ne ba tla ikutloa ba le basesaane kaha ba ne ba se na liaparo tse loketseng ketsahalo eo. Leha ho le joalo, Josué o ile a ba bolella lebitso la hae a ba a ba fa linomoro tsa thelefono tsa ofisi ea lekala, e leng moo a sebetsang teng.

Likhoeli tse ’nè hamorao Josué o ile a makala ha a fumana mohala o tsoang ho Javier. Javier le mohats’ae ba ne ba ile ba ea kopanong ’me joale ba ne ba batla hore Lipaki Tsa Jehova li ba etele moo ba neng ba lula teng ka nako eo e leng Mexico City. Ho e-s’o ee kae, Javier le Maru ba ile ba khanneloa thuto ea Bibele ’me hang-hang ba qala ho ea libokeng. Likhoeli tse leshome hamorao e ile ea e-ba bahoeletsi. Le hoja banyalani bao ba ile ba fallela Toronto, Canada, ba ile ba tsoela pele moeeng ’me ba kolobetsoa.

Hamorao, Josué o ile a fumana lengolo le tsoang ho Javier a mo hlalosetsa hore na ke eng e ileng ea mo susumelletsa hore a amohele ’nete. O ile a re: “Pele re e-ea kopanong, ’na le mosali oa ka re ne re ile ra buisana ka hore re hloka ho tataisoa moeeng. Ha re hlokomela kamoo le neng le apere hantle kateng re ile ra nahana hore e tlameha ebe le ne le tsoa sebokeng se khethehileng. Ha re le kopanong re ile ra khahloa ke tsela eo re ileng ra fuoa litulo ka lerato ka eona, le kamoo re ileng ra thusoa kateng hore re latele ha ho baloa Bibele hammoho le boitšoaro ba batho ba neng ba tlile kopanong. Ho ile ha bonahala ba se na taba le hore ebe re ne re apere joaloka bahahlauli.”

Ruri mantsoe a Morena Solomone ea bohlale a ile a phethahala ho Josué! Solomone o ile a ngola a re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moek. 11:6) Na u ka jala peō ka hore u sebelise monyetla oo u nang le oona ho bolella ba bang ka kopano e tlang kapa ka puo ea phatlalatsa? Jehova a ka ’na a u sebelisa hore u hohele batho ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho tataisoa moeeng joaloka Javier le Maru.—Esa. 55:1.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona: Alejandro Voeguelin, Maru Pineda, Alejandro Pineda, Javier Pineda, le Josué Ramírez, lekaleng la Mexico