Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusa Batho Hore ba “Tsohe Borokong”

Thusa Batho Hore ba “Tsohe Borokong”

Thusa Batho Hore ba “Tsohe Borokong”

“Le tseba nako, hore e se e le hora ea hore le tsohe borokong.”—BAR. 13:11.

NA U KA HLALOSA?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba lule ba falimehile moeeng?

Ke hobane’ng ha baboleli ba falimehileng ba lokela ho mamela le ho ba seli?

Mosa le bonolo li phetha karolo efe mosebetsing oa rōna oa boboleli?

1, 2. Batho ba bangata ba lokela ho tsoha ka tsela efe?

SELEMO le selemo, batho ba likete baa shoa hobane ba ile ba otsela kapa ba robala ba ntse ba khanna. Batho ba bang ba felloa ke mosebetsi hobane ba sa ka ba tsoha ka nako kapa hobane ba ile ba robala ha ba le mosebetsing. Empa ho otsela moeeng ho ka hlahisa litholoana tse bosula haholo. Ke ka lebaka leo Bibele e reng: “Ho thaba ea lulang a falimehile.”—Tšen. 16:14-16.

2 Ha letsatsi le leholo la Jehova le ntse le atamela, batho ka kakaretso ba robetse moeeng. Esita le baeta-pele ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba re mohlape oa bona ke ‘linatla tse robetseng.’ Ho robala moeeng ho bolela’ng? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba ’nete ba lule ba falimehile? Re ka thusa batho ba bang joang hore ba tsohe borokong ba moea?

BOROKO BA MOEA KE ENG?

3. U ka hlalosa motho ea sa falimehang moeeng joang?

3 Hangata batho ba robetseng ha ba etse letho. Ho fapana le hoo, ho ka etsahala hore ebe batho ba robetseng moeeng bona ba phathahane haholo—empa ba sa phathahana ka lintho tsa moea. E ka ’na eaba ba tšoenyehile ka lintho tseo ba li hlokang bophelong ba letsatsi le letsatsi kapa ba etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ka e khonang ho hahamalla boithabiso, botumo le chelete. Ha ba phathahane ka lintho tseo, ha ba natse litlhoko tsa bona tsa moea. Leha ho le joalo, batho ba falimehileng moeeng bona baa hlokomela hore re phela “matsatsing a ho qetela,” ka lebaka leo, ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba etse thato ea Molimo.—2 Pet. 3:3, 4; Luka 21:34-36.

4. Ke hobane’ng ha keletso e reng: “A re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala,” e le ea bohlokoa?

4 Bala 1 Bathesalonika 5:4-8. Mona moapostola Pauluse o khothatsa balumeli-’moho le eena hore ba se ke ba “tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala.” O ne a bolela’ng? Tsela e ’ngoe eo re ka ‘tsoelang pele ho robala’ ka eona ke ka ho iphapanyetsa melao ea Jehova ea boitšoaro. Tsela e ’ngoe hape eo re ka ‘tsoelang pele ho robala’ ka eona ke ka ho iphapanyetsa taba ea hore nako ea Jehova ea ho timetsa batho ba khopo e haufi. Re lokela ho etsa bonnete ba hore batho ba joalo ba sa tšabeng Molimo ha ba re susumetse hore re etse lintho le ho nahana joaloka bona.

5. Ke lintho life tse khethollang batho ba robetseng moeeng?

5 Batho ba bang ba nahana hore ha ho na Molimo ea tla ba ahlola ka lebaka la liketso tsa bona. (Pes. 53:1) Ba bang ba nahana hore Molimo ha a re tsotelle, ka hona ha ho na lebaka la hore re amehe ka eena. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba nahana hore ha ba kena kereke seo se tla etsa hore e be metsoalle ea Molimo. Batho bana kaofela ba robetse moeeng. Ba lokela ho tsoha borokong. Re ka ba thusa joang?

RE LOKELA HO LULA RE FALIMEHILE

6. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho etsa boiteko ba hore ba lule ba falimehile moeeng?

6 E le hore re tsebe ho tsosa batho ba bang, rōna ka borōna re lokela ho falimeha. Seo se bolela’ng? Lentsoe la Molimo le amahanya boroko ba tšoantšetso le “mesebetsi ea lefifi”—e leng mekete e lerata, ho inehella botahoa, ho kopanela liphate ho haneloang, boitšoaro bo hlephileng, ho qabana le poulelo. (Bala Baroma 13:11-14.) Ho qoba ho etsa lintho tse joalo ho ka ba thata. Ke habohlokoa hore motho a falimehe. Mokhanni ea sa eleng hloko hore ho kotsi ho robala ha a ntse a khanna, o beha bophelo ba hae kotsing. Ruri ke habohlokoa hore Mokreste a hlokomele hore na ho robala moeeng ho ka ba kotsi hakae!

7. Haeba re e-na le maikutlo a fosahetseng ka batho, seo se ka ’na sa re ama joang?

7 Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a nahana hore batho bohle ba tšimong ea habo ba sa amoheleng litaba tse molemo ba ke ke ba fetoha. (Liprov. 6:10, 11) A ka ’na a re, ‘Haeba ha ho na motho ea tla amohela molaetsa, na ke lokela ho cheseha ha ke leka ho thusa batho?’ Ke ’nete hore e ka ’na eaba hona joale batho ba bangata ba robetse moeeng, empa maemo a bona le tsela eo ba ikutloang ka eona e ka ’na ea fetoha. Ba bang baa tsoha ’me ba amohele molaetsa. Re ka ba thusa haeba rōna ka borōna re lula re falimehile, ka hore re leke ho ba bolella molaetsa oa ’Muso ka tsela eo ba tla o thahasella. Ntho e ’ngoe e tla re thusa hore re lule re falimehile ke ho ikhopotsa hore na ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa boboleli e le oa bohlokoa.

KE ENG E ETSANG HORE BOBOLELI BA RŌNA E BE BA BOHLOKOA?

8. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa rōna oa boboleli oa Bokreste e le oa bohlokoa haholo?

8 Hopola hore ho sa tsotellehe hore na hona joale batho ba amohela molaetsa kapa che, mosebetsi oa rōna oa boboleli o tlotlisa Jehova ebile o phetha karolo ea bohlokoa mabapi le hore morero oa hae o phethahale. Haufinyane batho ba sa amoheleng litaba tse molemo ba tla timetsoa. Batho ba tla ahloloa ka hore na ba amohela molaetsa oo re o bolelang kapa che. (2 Bathes. 1:8, 9) Ho feta moo, e ka ba phoso hore Mokreste a nahane hore ha ho hlokahale hore a ikitlaetse ha a etsa mosebetsi oa boboleli kaha “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Ha re bala Lentsoe la Molimo rea utloisisa hore batho ba ahloloang ka hore ke “lipōli” ba tla ea “phelisong e sa feleng.” Mosebetsi oa rōna oa boboleli o bontša hore Molimo o mohau, ’me o fa batho monyetla oa hore ba fetohe e le hore ba tle ba fumane ‘bophelo bo sa feleng.’ (Mat. 25:32, 41, 46; Bar. 10:13-15) Haeba re ne re sa etse mosebetsi oa boboleli, batho ba ne ba tla fumana monyetla oa hore ba utloe molaetsa o ka etsang hore ba fumane bophelo joang?

9. Ho bolela litaba tse molemo ho u tsoetse molemo joang hammoho le batho bang?

9 Ho bolela litaba tse molemo ho boetse ho re tsoela molemo. (Bala 1 Timothea 4:16.) Na u hlokometse hore ho bua ka Jehova le ka litšepiso tsa ’Muso ho u matlafatsa tumelo ebile ho etsa hore u rate Molimo haholo? Na hoo ha hoa u thusa hore u loanele ho ba le litšobotsi tsa Bokreste? Na ha u bontša hore u inehetse ho Molimo ka hore u bolelle ba bang litaba tse molemo seo ha se etse hore u thabe? Batho ba bangata ba nang le tlotla ea ho ruta ba bang ’nete ba ’nile ba thabela ho bona ha moea oa Molimo o thusa batho bao hore ba ntlafatse tsela eo ba phelang ka eona.

E-BA SELI

10, 11. (a) Jesu le Pauluse ba ile ba bontša joang hore ba seli? (b) Bontša hore na ho ba seli ho ka ntlafatsa mosebetsi oa rōna oa boboleli joang.

10 Ho ka sebelisoa litsela tse sa tšoaneng ho etsa hore motho a thahaselle molaetsa. Kahoo, baboleli ba Bakreste ba lokela ho lula ba le seli. Jesu o re behetse mohlala. Kaha Jesu o ne a phethahetse, o ile a khona ho lemoha hore Mofarisi e mong o ne a halefile le hoja Mofarisi eo a ne a khutsitse, hore mosali oa moetsalibe o ne a bakile e le ka ’nete le hore mohlolohali e mong o ne a e-na le moea oa boitelo. (Luka 7:37-50; 21:1-4) Jesu o ile a khona ho thusa batho bao hobane o ne a tseba seo ba se hlokang moeeng. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore mohlanka oa Molimo a phethahale e le hore a be seli. Moapostola Pauluse o ile a bontša seo. O ile a bolela molaetsa ka litsela tse sa tšoaneng e le hore a khone ho thusa batho bohle.—Lik. 17:22, 23, 34; 1 Bakor. 9:19-23.

11 Ha re etsa boiteko ba hore re be seli joaloka Jesu le Pauluse, re ka hlokomela hore na ke sefe seo re ka se etsang hore batho bao re kopanang le bona ba thahaselle molaetsa. Ka mohlala, ha u bua le batho, sheba lintho tse ka u thusang ho bona hore na setso sa bona ke sefe, ba rata eng le hore na ke masoha, ba lenyalong kapa ba na le bana. Mohlomong u ka hlokomela hore na ka nako eo ke sefe seo ba ntseng ba se etsa, ’me u ka bua ka sona ka tlhompho e le ho qalisa moqoqo.

12. Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ka seo re qoqang ka sona?

12 Motho ea seli o leka ho qoba lintho tse ka mo sitisang mosebetsing oa boboleli. Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ka khothatsana ha re qoqa le motho eo re sebetsang le eena. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ha re le tšebeletsong ea tšimo, morero oa rōna ke ho bolella batho ba bang litaba tse molemo. (Moek. 3:1, 7) Kahoo, re lokela ho ba hlokolosi hore nakong eo re tlohang ntlong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, moqoqo oa rōna o se ke oa kena-kenana le boboleli ba rōna. Tsela e ntle ea ho etsa hore likelello tsa rōna li lule li tsepame mosebetsing oa boboleli, ke hore re buisane ka seo re tla se bua le batho bao re kopanang le bona. Hape, le hoja ka linako tse ling selefouno e ka re thusa mosebetsing oa boboleli, re lokela ho tiisa hore ha e re sitise nakong eo re buisanang le beng ba matlo.

BONTŠA HORE U THAHASELLA BATHO BA BANG

13, 14. (a) Re ka hlokomela joang hore na motho o thahasella eng? (b) Ke eng e ka ’nang ea etsa hore batho ba thahaselle lintho tsa moea?

13 Baboleli ba falimehileng le ba seli ba mamela batho bao ba kopanang le bona tšimong ka hloko. U ka botsa motho eo u kopanang le eena tšimong lipotso life e le hore a ntše maikutlo a hae? Na o tšoenyehile ka bongata ba malumeli, pefo e sebakeng sa habo, kapa ho hlōleha ha mebuso? Na u ka etsa hore a thahaselle lintho tsa moea ka hore u bue ka tsela e hlollang eo lintho tse phelang li entsoeng ka eona kapa ka ho mo bolella kamoo keletso ea Bibele e leng molemo kateng? Batho ba litso tse ngata ba thahasella thapelo, esita le batho ba bang ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Batho ba bangata baa ipotsa hore na Molimo o mamela lithapelo. Ba bang ba ka ’na ba thahasella lipotso tsena: Na Molimo o mamela lithapelo tsohle? Haeba ha ho joalo, ke sefe seo re lokelang ho se etsa e le hore Molimo a mamele lithapelo tsa rōna?

14 Re ka ’na ra ithuta tsela e bohlale ea ho qala moqoqo ka hore re shebe hore na bahoeletsi ba nang le boiphihlelo ba etsa seo joang. Hlokomela kamoo ba botsang lipotso kateng empa ba sa etse hore motho a ikutloe a sa phutholoha. Hlokomela tsela eo ba buang ka eona le kamoo sefahleho sa bona se bontšang kateng hore ba leka ho utloisisa maikutlo a mong’a ntlo.—Liprov. 15:13.

MOSA LE BOHLALE

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša mosa ha re bolela litaba tse molemo?

15 Na u rata ho tsosoa ha u robetse boroko bo monate? Batho ba bangata baa halefa ha ba tsosoa ka potlako. Hangata ba rata ho tsosoa ka bonolo. Hoa tšoana leha re leka ho tsosa batho moeeng. Ka mohlala, haeba motho a halefa ha u mo etetse, hangata ho ka ba molemo hore u etse joang? Mo bolelle ka mosa hore oa utloisisa hore na o ikutloa joang, ebe ua mo leboha ka hore ebe o u boleletse ’nete ’me u itsamaele. (Liprov. 15:1; 17:14; 2 Tim. 2:24) Mosa oa hao o ka ’na oa susumetsa motho eo hore a amohele molaetsa ka lekhetlo le latelang ha Paki e ’ngoe e mo etela.

16, 17. Re ka bontša bohlale joang ha re le tšebeletsong ea tšimo?

16 Maemong a mang u ka ’na ua khona ho buisana le motho le hoja qalong a ne a sa batle. Motho e mong a ka ’na a re, “Che, kea leboha. Ke na le bolumeli ba ka” kapa “Ha ke thahaselle” mohlomong empa e le tsela e bonolo feela ea hore a khaotse moqoqo. Empa ka bohlale le ka mosa, u ka botsa lipotso tse ka etsang hore mong’a ntlo a thahaselle molaetsa oa Bibele.—Bala Bakolose 4:6.

17 Ka linako tse ling ha u kopana le batho ba nahanang hore ba phathahane hoo ba ke keng ba khona ho mamela, e ka ba hantle hore u ba bolelle hore ua utloisisa ebe ua tsamaea. Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua hlokomela hore ho ka khoneha hore u ba bolelle molaetsa o mo khutšoanyane le o utloahalang. Bara le barali ba bang babo rōna ba khona ho balla mong’a ntlo temana ea Bibele eo a ka salang a nahana ka eona, ebe ba mo botsa potso—ba etsa seo ka nako e ka tlaase ho motsotso. Ka linako tse ling molaetsa oo o mokhutšoanyane o khahla mong’a ntlo hoo a ka hlokomelang hore ha aa phathahana hoo a ke keng a khona ho qoqa ka bokhutšoanyane. E ka ba hantle hore u leke mokhoa oo haeba maemo a lumela.

18. Re ka ’na ra etsa’ng e le hore re atlehe ha re fana ka bopaki bo sa reroang?

18 Haeba re itokiselitse ho fana ka bopaki bo sa reroang ha re ntse re etsa mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi, hangata re ka etsa hore batho ba thahaselle litaba tse molemo. Bara le barali babo rōna ba bangata ba tsamaea ba nkile lingoliloeng ba li tšetse ka pokothong kapa ka mokotleng. Ba ka ’na ba nahana ka temana e itseng ea Bibele eo ba tla bua le batho ka eona haeba monyetla o hlaha. U ka ’na ua botsa molebeli oa tšebeletso phuthehong ea heno kapa bo-pula-maliboho hore na u ka itokisetsa ho fana ka bopaki bo sa reroang joang.

HO TSOSA BENG KA RŌNA KA BONOLO

19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela ho thusa beng ka rōna?

19 Ka tloaelo, re rata ho thusa beng ka rōna hore ba amohele litaba tse molemo. (Josh. 2:13; Lik. 10:24, 48; 16:31, 32) Haeba sethathong ba sa amohele molaetsa oa rōna, seo se ka ’na sa re nyahamisa eaba ha re sa batla ho leka hape. Re ka ’na ra nahana hore ha ho letho leo re ka le etsang kapa leo re ka le buang ho etsa hore ba fetole maikutlo a bona. Leha ho le joalo, bophelong ba bona ho ka ’na ha etsahala lintho tse ka etsang hore ba fetole maikutlo. Kapa e ka ’na eaba u se u ntlafalitse tsela eo u hlalosang ’nete ka eona hoo ha u bua le bona ba ka ’nang ba u mamela.

20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re nahanele maikutlo a beng ka rōna ha re bua le bona?

20 Re lokela ho nahanela maikutlo a beng ka rōna. (Bar. 2:4) Na ha rea lokela ho bua le bona ka mosa joaloka batho bao re kopanang le bona mosebetsing oa boboleli? Bua le bona ka mosa le ka tlhompho. Ha ho hlokahale hore u emelle beng ka uena ka ’nete empa u ka bontša ka liketso kamoo e u thusitseng kateng. (Baef. 4:23, 24) Ba bontše kamoo Jehova a entseng hore bophelo ba hao bo ntlafale kateng le kamoo ‘a u rutileng kateng hore u itsoele molemo.’ (Esa. 48:17) Etsa hore beng ka uena ba bone hore na bophelo ba Bokreste bo joang ka tsela eo u phelang ka eona.

21, 22. Pheta phihlelo e bontšang hore ke habohlokoa hore re mamelle ha re thusa beng ka rōna hore ba ithute ka Jehova.

21 Haufinyane tjena, morali e mong oabo rōna o ile a ngola a re: “Kamehla ke ’nile ka leka ho pakela banab’eso ba 13 ka lipolelo le ka liketso. Ha ke fetise selemo ke e-s’o ngolle e mong le e mong oa bona. Leha ho le joalo, ho se ho fetile lilemo tse 30 e le ’na feela Paki lapeng.”

22 Morali eo oabo rōna o ile a tsoela pele a re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka letsetsa ausi oa ka ea lulang sebakeng se hōle le moo ke lula teng. O ile a mpolella hore o ile a kōpa moruti oa hae hore a ithute Bibele le eena, empa ha aa ka a lumela. Ha ke mo bolella hore nka rata ho mo thusa o ile a re: ‘Ho lokile, empa kea u bolella, nke ke ka ba Paki ea Jehova.’ Ka mor’a hore ke mo romelle buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, ke ile ka lula ke mo letsetsa ka mor’a matsatsi a se makae. Empa o ne a ntse a e-s’o e bale. Qetellong, ha re ntse re bua ka founo ke ile ka mo kōpa hore a ntše buka eo ea hae, eaba ka metsotso e 15 rea e bala ’me re buisana ka a mang a mangolo a qotsitsoeng. Ka mor’a hore ke mo letsetse ka makhetlo a ’maloa o ne a se a batla hore re ithute ka nako e fetang metsotso e 15. Eaba o qala ho ntetsetsa hore re ithute, ka linako tse ling o ne a letsa hoseng le pele ke tsoha, ’me ka linako tse ling o ne a letsa habeli ka letsatsi. Selemong se latelang o ile a kolobetsoa, ’me selemo hamorao ea e-ba pula-maliboho.”

23. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khathala ha re ntse re leka ho thusa batho ba bang hore ba tsohe borokong ba moea?

23 Re lokela ho sebelisa bohlale ’me re ikitlaetse ho thusa batho hore ba tsohe borokong ba moea. Batho ba bonolo ba ntse ba mamela ha re leka ho ba thusa hore ba tsohe. Ka kakaretso, khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho kolobetsoa batho ba fetang 20 000 hore e be Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, a re mameleng keletso eo Pauluse a ileng a e fa mor’abo rōna oa lekholong la pele la lilemo e leng Arkipase, ha a ne a re: “U lule u lebetse bosebeletsi boo u ileng ua bo amohela Moreneng, hore u bo phethahatse.” (Bakol. 4:17) Sehlooho se latelang se tla re thusa kaofela hore re utloisise hore na ho etsa mosebetsi oa boboleli re ntse re hopola hore metsotso e se e jele babeli ho bolela’ng.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Lebokose le leqepheng la 13]

U KA LULA U FALIMEHILE JOANG?

▪ Lula u phathahane ka ho etsa thato ea Molimo

▪ Qoba mesebetsi ea lefifi

▪ Hlokomela kotsi ea ho robala moeeng

▪ Lula u e-na le maikutlo a matle ka batho ba tšimong ea heno

▪ Leka ho sebelisa mekhoa e mecha ha u bolella ba bang litaba tse molemo

▪ Hopola hore na mosebetsi oa hao oa boboleli ke oa bohlokoa hakae