Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Fana ka Keletso Joang?

U Fana ka Keletso Joang?

U Fana ka Keletso Joang?

Na ho na le motho ea kileng a u kōpa keletso? Ka mohlala, na ho na le motho ea kileng a u botsa lipotso tse kang tsee: ‘Ke lokela ho etsa’ng? Na ke lokela ho ea ’mokeng oo? Na ke lokela ho hahamalla mosebetsi oo? Na ke lokela ho tloaelana le motho eo ka morero oa ho kena lenyalong le eena?’

Batho ba lipelo li ntle ba ka ’na ba kōpa hore u ba thuse ho etsa liqeto—e leng liqeto tse ka ’nang tsa ama kamano ea bona le metsoalle ea bona, malapa a bona kapa abo bona kapa kamano ea bona le Jehova. U tla theha keletso ea hao hokae? Ke sefe seo u tloaetseng ho se etsa ha u eletsa batho ba bang? Ho sa tsotellehe hore na bothata ba motho eo bo bonahala bo le bonyenyane kapa bo le boholo, Liproverbia 15:28 e re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” Nahana kamoo melao-motheo ena e mehlano ea Bibele e ka re thusang kateng ha re eletsa batho ba bang.

1 Utloisisa Hantle Hore na Boemo ke Bofe.

“Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.”LIPROV. 18:13.

E le hore re fane ka keletso e molemo, re lokela ho utloisisa hore na motho ea kōpang keletso o boemong bofe le hore na maikutlo a hae ke afe. Ho tea mohlala: Haeba motho a ka u letsetsa a u botsa hore na ha a batla ho tla moo u lulang o lokela ho tsamaea ka tsela efe, ke eng eo u lokelang ho e tseba e le hore u ka mo thusa? Na u ne u tla mo bolella hore na a tsamaee ka tsela efe u sa mo botsa pele hore na o hokae? Ho hlakile hore u ne u ke ke ua etsa joalo! Ka tsela e tšoanang, haeba u batla ho fa motho keletso e molemo, u lokela ho utloisisa boemo boo a leng ho bona le maikutlo a hae. Na ebe ho na le lintho tseo u sa li tsebeng tse ka ’nang tsa ama keletso eo u tla mo fa eona? Haeba re sa tsebe maemo a motho hantle, re ka ’na ra mo fa keletso e ka etsang hore a ferekane le ho feta.—Luka 6:39.

Fumana Hore na o Entse Lipatlisiso Tse Kae. E ka ’na ea e-ba hantle hore u botse motho ea kōpang keletso lipotso tse kang tsena: “U nahana hore ke melao-motheo efe ea Bibele e ka u thusang?” “Lintho tseo u khethang ho li etsa hona joale li ka ’na tsa ba le melemo le mathata afe?” “Ke lipatlisiso life tseo u seng u li entse?” “Ke thuso efe eo batho ba bang ba kang baholo ba phutheho, batsoali ba hao, kapa motho ea u khannelang thuto ea Bibele ba seng ba u file eona?”

Likarabo tsa motho eo li ka ’na tsa re thusa ho bona hore na o se a entse boiteko bo bokae ba hore a fumane karabo. Hape, re tla mo fa keletso re nahanne ka seo batho ba bang ba seng ba se buile. Re ka ’na ra lemoha haeba motho eo o mpa feela a batla motho ea ka mo ‘tsikinyetsang litsebe’ ka keletso e batloang ke eena.—2 Tim. 4:3.

2 U se ke Ua Potlakela ho Araba.

“Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”JAK. 1:19.

Ka linako tse ling re ka ’na ra potlakela ho araba motho, empa e se ka moea o mobe. Empa na e tla be e le bohlale ho etsa joalo, haholo-holo ha re buisana ka taba eo re sa kang ra etsa lipatlisiso tse feletseng ka eona? Liproverbia 29:20 e re: “Na u bone motho ea lepotlapotla mantsoeng a hae? Ho na le tšepo bakeng sa ea hlokang kelello ho feta bakeng sa hae.”

Tiisa hore keletso ea hao e thehiloe bohlaleng bo tsoang Lentsoeng la Molimo. Ipotse, ‘Na monahano le “moea oa lefatše” lee o susumelitse tsela eo ke nahanang ka eona?’ (1 Bakor. 2:12, 13) Hopola hore ho fana ka keletso ka moea o motle ha hoa lekana. Ha Jesu a ne a re o tla utloa bohloko a be a shoe, Petrose o ile a mo eletsa a re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Seo Petrose a ileng a se bua se re ruta’ng? Se re ruta hore esita le motho ea nang le pelo e ntle haeba a sa hlokomele, a ka khothalletsa “menahano ea batho, eseng ea Molimo.” (Mat. 16:21-23) Ruri ke habohlokoa hore re nahane pele re bua! Ho feta moo, na boiphihlelo ba rōna ha bo fokole haholo ha bo bapisoa le bohlale ba Molimo?—Jobo 38:1-4; Liprov. 11:2.

3 Ka Boikokobetso Sebelisa Lentsoe la Molimo.

“Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.”JOH. 8:28.

Na u tla re, “Haeba ke ne ke le uena, ke ne ke tla . . . ”? Esita le haeba karabo ea potso eo motho a u botsang eona e bonahala e totobetse, e ka ba hantle hore u ithute mohlaleng oa boikokobetso le boinyenyefatso oo Jesu a re behetseng oona. Jesu o ne a le bohlale haholo a bile a e-na le boiphihlelo ho feta motho leha e le ofe; leha ho le joalo, o ile a re: “Ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate . . . o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua.” (Joh. 12:49, 50) Kamehla Jesu o ne a ruta batho le ho ba eletsa ho latela thato ea Ntate oa hae.

Ka mohlala, Luka 22:49 e re barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa hore na ba loane, ha a ne a le makhatheng a hore a tšoaroe. Morutuoa e mong o ile a sebelisa sabole. Hlokomela tlaleho e tšoanang le eo ho Matheu 26:52-54 e bontšang hore esita le tlas’a maemo ao, Jesu o ile a ipha nako ea hore a buisane le barutuoa ba hae ka thato ea Jehova. Kaha o ne a hlokomela melao-motheo e hlahang lengolong la Genese 9:6 le boprofeta bo Pesalemeng ea 22 le ho Esaia 53, Jesu o ile a fana ka keletso e bohlale eo ntle ho pelaelo e ileng ea pholosa bophelo eaba ea thabisa Jehova.

4 Sebelisa Laebrari ea Hao ea Lingoliloeng Tsa Mokhatlo.

“Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?”MAT. 24:45.

Jesu o behile sehlopha sa lekhoba seo a se tšepang hore se abe lijo tsa bohlokoa tsa moea. Ha u fana ka keletso mabapi le litaba tsa bohlokoa, na u ipha nako ea hore u etse lipatlisiso tse feletseng ka har’a lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng?

Watch Tower Publications Index le Watchtower Library * li etsa hore ho be bonolo ho fumana boitsebiso bo bongata le bo hlakileng. E tla be e le phoso e kaakang haeba re ka hlokomoloha boitsebiso bo bongata hakaale! Ho hlahisitsoe lihlooho tse likete tse ka thusang motho ea batlang keletso. Na u khona ho thusa batho ba bang hore ba batlisise melao-motheo ea Bibele le hore ba behe mabaka ka Lentsoe la Molimo? Feela joalokaha ’mapa o ka thusa motho hore a tsebe moo a leng teng le ho mo thusa hore a fihle moo a eang teng, ho etsa lipatlisiso ho ka thusa motho hore a tsebe tsela eo a leng ho eona le hore a hlokomele hore na a ka lula tseleng ea bophelo joang.

Baholo ba bangata ba ’nile ba koetlisa bahoeletsi hore ba sebelise Index kapa Watchtower Library ho sheba lihlooho tse itseng, ’me ka tsela eo ba thusitse bara le barali babo bona hore ba tsebe ho beha mabaka ka Mangolo. Koetliso eo ha e thuse bahoeletsi feela hore ba rarolle mathata ao ba nang le ’ona ka nako eo empa e boetse e ba thusa hore ba tloaele ho etsa lipatlisiso le hore ba itšetlehe ka litokisetso tsa Jehova tsa moea. Ka tsela ena, “matla a bona a ho lemoha a [koetlisetsoa] ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”—Baheb. 5:14.

5 Qoba ho Etsetsa Batho ba Bang Liqeto.

“E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”BAGAL. 6:5.

Qetellong, motho e mong le e mong o lokela ho ikhethela hore na ke temoso le keletso efe eo a tla e mamela. Kaofela ha rōna Jehova o re file bolokolohi ba hore re ikhethele hore na re tla laoloa ke melao-motheo ea hae kapa che. (Deut. 30:19, 20) Maemong a mang ho ameha melao-motheo e mengata ea Bibele, ’me qetellong, motho ea batlang keletso o lokela ho iketsetsa qeto. Ho itšetlehile ka taba eo motho a batlang hore re mo eletse ka eona kapa lilemo tsa hae, ho ka ’na ha hlokahala hore re ipotse, ‘Na ka sebele ke na le matla a ho rarolla bothata boo?’ Ho molemo hore litaba tse ling li isoe ho baholo kapa li isoe ho batsoali haeba motho ea kōpang keletso a sa le monyenyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 20 Hona joale, Watchtower Library e ho CD-ROM e fumaneha ka lipuo tse 39. Watch Tower Publications Index eona e fumaneha ka tse fetang 45.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lipatlisiso Tse ka Etsoang Borapeling ba Lelapa

E ka ba hantle hore nakong ea borapeli ba lelapa le etse lipatlisiso ka lipotso tseo batho ba sa tsoa le botsa tsona. Ke lihlooho life le melao-motheo efe ea Bibele eo u ka e fumanang e ka thusang motho hore a fumane likarabo tsa lipotso tsa hae? Ka mohlala, a re re mora kapa morali’abo rōna o u botsa ka taba ea ho ratana le motho ea itseng ka morero oa hore ba nyalane. Ha u sebelisa Index kapa Watchtower Library, qala pele ka ho batla sehlooho se amanang ka ho toba le taba eo u e batlang. Ka mohlala, ka har’a Index u ka ’na ua batla “Dating” kapa “Marriage.” Ka mor’a moo, sheba lihloohoana e le hore u fumane lihlooho tse loketseng tse tšohlang taba eo u e batlang. Ha u sheba lihlooho tse khōlō, hlokomela hore na ha ho na sehloohoana se reng “See also,” se ka ’nang sa u lebisa ka ho toba sehloohong se amanang le taba eo u e batlang.

[Lebokose le leqepheng la 9]

Re leboha Jehova hore ebe o sebelisa mokhatlo oa hae ho re thusa hore re fumane likeletso tse molemo le hore le rōna re fane ka tsona. Moeklesia 12:11 e re: “Mantsoe a ba bohlale a joaloka litsenene tsa likhomo, ’me ba inehellang ho bokelleng lipolelo ba joaloka lipekere tse khokhothetsoeng; ba fanoe ke molisa a le mong.” Joaloka “litsenene tsa likhomo”—e leng lithupa tse motsu tse neng li sebelisoa ho tataisa liphoofolo—keletso e lerato le e utloahalang e tataisetsa batho ba lipelo li ntle tseleng e nepahetseng. “Lipekere tse khokhothetsoeng” li etsa hore mehaho e tiee. Ka ho tšoanang, ho fana ka keletso e molemo ho ka thusa motho hore a etse liqeto tse tla mo tsoela molemo. Ba bohlale ba thabela ho latela ‘lipolelo tse bokelletsoeng’ kapa keletso e bohlale e tsoang ho ‘molisa oa bona a le mong,’ e leng Jehova.

Ha u fana ka keletso, etsisa Molisa oa rōna e leng Jehova. Ruri ke tlotla hore re mamele ha batho ba kōpa keletso ho rōna le hore re ba fe keletso e ka ba thusang haeba re khona! Haeba keletso ea rōna e thehiloe melao-motheong ea Bibele, e tla tsoela batho ba bang molemo ’me e tla ba thusa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.